Na Sefapano sa Bokreste se Bile Teng Pele ho Constantine?
“LETŠOAO la sefapano ke letšoao la khale haholo, le teng hoo e ka bang moetlong o mong le o mong oa bophelo o tsejoang. Tlhaloso ea sona e ’nile ea phonyoha liithuti tsa litaba tsa bophelo ba batho, le hoja tšebeliso ea sona mabitleng e ka bontša hantle tšireletso khahlanong le bobe. Ka lehlakoreng le leng, crux ansata e tummeng ea Egepeta, e neng e bontšoa e hlaha ka hanong, e tlameha ho bolela bophelo kapa phefumoloho. Tšebeliso e akaretsang ea letšoao la sefapano e hlakisa haholoanyane hore na ke hobane’ng ha tšebeliso ea lifapano e le sieo mesaletseng ea Bokreste ba pele, haholo-holo linthong tse supang ka ho toba ketsahalong ea Golgotha. Liithuti tse ngata hona joale li lumela hore sefapano, e le ntho e tšoantšelitsoeng ho bontša mahlomola a Kreste, ha se fumanehe pele ho mehla ea Constantine.”—Ante Pacem—Archaeological Evidence of Church Life Before Constantine (1985), ea Moprofesa Graydon F. Snyder, leqephe 27.