Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼ Phoso ea Moshe e ileng ea mo amoha tokelo ea ho kena Lefatšeng la Pallo e ne e le efe? Na e ne e le hore o ile a otla lefika ho e-na le ho bua le lona feela kapa hore o ile a hlōleha ho tlotlisa Jehova Molimo?
Ho bonahala phoso ea Moshe e ne e le ho fetang feela hore o ile a otla lefika ho e-na le ho bua le lona, joalokaha Molimo o ne o laetse.
Ho isa qetellong ea lilemo tse 40 tsa ho lelera, Baiseraele ba ile ba hloma litente Kadesh-barnea lehoatateng la Tsine (kapa, Parane). Ba ne ba ile ba emisa moo mashome a lilemo pejana, mohlomong hobane melatsoana ea metsi e meraro sebakeng seo e etsa phula e talana, joalokaha ho bonoa setšoantšong sena. Leha ho le joalo, lekhetlong lena, metsi a ne a fokola, e leng hoo e ka ’nang eaba ke hona ho neng ho bolela hore batho ba ke ke ba fumana lijo tse ngata. Eaba ba ngangisana le Moshe, moemeli oa Jehova, ba re: “Na ke ka baka la’ng le re ntšitseng Egepeta, la re tlisa bakeng sena se sebe na? Hase naha eo re ka e lemang, ha ho lifate tsa feiga ho eona, leha e le tsa morara, leha e le tsa garnata, leha e le metsi a ka nooang.”—Numere 20:5.
Joale Molimo oa bolella Moshe le Aarone: “Nka lere la hao, ’me le bitse phutheho, . . . le tla bua le lefika pontšeng ea bona, ’me ho tla tsoa metsi ho lona; u tla ba ntšetsa metsi lefikeng, ’me u tla nosa phutheho le lintho tsa eona.” (Numere 20:8) Ho ile ha etsahala joang kamorao ho moo?
“Moshe le Aarone ba biletsa phutheho pel’a lefika. Moshe a re: Mamelang he, lōna bahanyetsi! A hleka re tla le ntšetsa metsi lefikeng lena na? Moshe a ntoo emisa letsoho la hae, a otla lefika habeli ka lere la hae. Metsi a tsoa a le mangata.”—Numere 20:10, 11.
Ba bang ba hlokometse hore Molimo o ile oa laela Moshe le Aarone ho “bua le lefika,” empa bona ba “otla lefika.” Na phapang ee e ile ea halefisa Jehova hoo a ileng a bolella Moshe le Aarone hore O ne a ke ke a ba lumella ho tsamaisa Iseraele ho ea kena Lefatšeng la Pallo?
Ha ho bonahale ho le joalo. Lebaka ke hore likhoeli tse seng kae feela kamor’a hore ba qale leeto batho ba ne ba ile ba korotla ka ho hloka metsi. Mona e ne e le haufi le Thaba ea Sinai (Horebe), sebakeng se ileng sa rehoa Meriba (sebakeng se bonoang tlaase mona). Hlokomela seo Molimo o ileng oa se bolella Moshe lekhetlong leo: “Ke tla ema pel’a hao mane lefikeng le Horebe, u tla tea lefika, ’me metsi a tla tsoa ho lona, sechaba se noe.” (Exoda 17:2-7; 33:6) Kahoo, Moshe ha a le Kadeshe, ha a bolelloa hore a bue le lefika, e ka ’na eaba o ile a sekamela ho etseng seo a neng a ile a se etsa pejana ka taelo ea Molimo, esita le haeba Molimo o ne o bolela hore ho bua le lefika ho ne ho tla be ho lekane.
Ho bonahala hore ntho e ’ngoe ntle le eno e ile ea lebisa kahlolong ea Molimo ho Moshe le Aarone. E be hoo e ne e le eng? Moshe o ile a re ho batho ba likhathatso: “A hleka re tla le ntšetsa metsi lefikeng lena na?” Pesaleme ea 106:33 e re fa tlhakisetso ho sena, hobane e bontša hore Moshe o ile a sebetsa ka moea o bohloko le hore o ile a ‘bua ka molomo oa hae ka potlako.’ Ka mantsoe a khalefo, o ile a lebisa tlhokomelo ho eena le ho Aarone ho fapana le Eo e hlileng e leng eena ea neng a ka fana ka metsi ka mohlolo. Ka hona, pejana feela ho ho shoela ha Moshe moeling oa Lefatše la Pallo, Molimo o ile oa supa ketsahalo eo ea Kadeshe-barnea ’me oa bontša hore phoso ea Moshe ke hore o ile a hlōleha ho ‘tlotlisa Molimo pel’a batho.’—Numere 27:12-14.
Re ka ithuta ho hong ho sena. Le hoja ka sebele e le habohlokoa hore re ithibe liketsong tsa khalefo, ke habohlokoa ka ho tšoanang ho laola meea ea rōna, haholo-holo ha ba bang ba sitoa. Haeba re itumella ho ferekana ho tlōla, re ka ’na ra qala ho talima bahlanka ba Molimo motheong oa botho, ho e-na le ho hlokomela hore e ntse e le “linku” tsa Molimo. Ke ’nete, ha baa phethahala ’me ba ka ’na ba etsa lintho tse khopisang, empa ke “sechaba sa hae, . . . mohlape o alosoang ke eena.” (Pesaleme ea 100:3) Haeba Molimo o ile oa lumella Mora oa oona ho shoela ba joalo, na ha rea lokela ho loanela ho ba le mamello ho bona, re sa talime haholo hore na re ikutloa joang kapa hore na re anngoe joang empa re talima haholo boemong ba bona le Molimo?
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
Nako ea selemo phuleng e nonneng e likolohileng o mong oa melatsoana ea metsi sebakeng sa Kadeshe-barnea
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Lifoto, maqepheng 10, 31: Polokelo ea litšoantšo (Near Eastern History) Est.