Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 11/15 leq. 29
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bofokoli ba Botho bo Phahamisa Matla a Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ho Loana le “Moutloa Nameng”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Na U Na Le “Moutloa Nameng”?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • “Moutloa Nameng” ho Pauluse
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 11/15 leq. 29

Lipotso tse Tsoang ho Babali

◼ Na Pauluse o ne a bua ka Jehova kapa Jesu ha a ngola hore: “Morena a re ho ’na: Matla a ka a entsoe a phethahetseng mefokolong”?

Ho bonahala moapostola Pauluse a ne a bua ka Morena Jehova. Ka ho hlokomela mantsoe a Pauluse a likolohileng taba, ha re bone feela hore ke hobane’ng ho le joalo empa hape re ka boetse ra tebisa kananelo ea rōna ka kamano e mahareng a Molimo le Mora oa hae. Pauluse o ngotse:

“Hore ke se ke ka ikutloa ke phahame haholo, ke neiloe phatsa e hlabang ka nameng, e leng lengeloi la Satane, le tle le ’ne le nkoahlele, ke hore ke se ke ka iphahamisa haholo. Ka baka lena, ke rapetse Morena hararo, hore ntho eo e tlosoe ho ’na; empa leha ho le joalo Morena a re ho ’na: ‘Mosa oa ka u sa tšoanelang o u lekane; hobane matla a ka a entsoe a phethahetseng mefokolong.’ Ka baka leo, ka thabo, nka mpa ka ithorisa ka mefokolo ea ka, hore matla a Kreste a lule holim’a ka joaloka tente.”—2 Ba-Korinthe 12:7-9, NW.

Mohlomong phatsa e hlabang nameng ea Pauluse e ne e le bothata ba mahlo kapa baapostola ba bohata ba neng ba phephetsa mosebetsi oa hae oa boapostola. (Ba-Galata 4:15; 6:11; 2 Ba-Korinthe 11:15, 12-15) Ho sa tsotellehe hore na e ne e le eng, e ne e ikemiselitse ho nyahamisa Pauluse kapa ho mo sitisa ho itlotlisa ka tšebeletso ea hae. Kahoo ka makhetlo a mararo a kōpa hore e tlosoe. Empa o kōpile mang hona ke mang ea arabetseng ka hore “matla a ka”?

Kaha serapa se bua ka “matla a Kreste,” ho bonahala mohlomong Pauluse a ne a kōpa matla ho Morena Jesu. Ntle ho pelaelo, o na le matla ’me a ka a neha barutuoa ba hae. (Mareka 5:30; 13:26; 1 Timothea 1:12) Ha e le hantle, Mora oa Molimo o “boloka lintho tsohle ka lentsoe la matla a hae.”—Ba-Heberu 1:3, NW; Ba-Kolosse 1:17, 29.

Leha ho le joalo, Morena Molimo ke mohloli oa ho qetela oa matla, ao a ka a nehang ’me a bile a a nehang barapeli ba hae. (Pesaleme ea 147:5; Esaia 40:26, 29-31) Matla a joalo a tsoang ho Molimo a nolofalelitse Jesu ho etsa mehlolo ’me a ntse a tla mo nolofaletsa ho nka bohato. (Luka 5:17; Liketso 10:38) Ka ho tšoanang, baapostola ba Jesu le barutuoa ba bang ba fumane matla ho Jehova. (Luka 24:49; Ba-Efese 3:14-16; 2 Timothea 1:7, 8) Bana ba ne ba akarelletsa Pauluse, ea sebelelitseng “ho ea ka neo ea mosa o sa tšoanelang oa Molimo oo a o neiloeng [moapostola] ho ea ka tšebeletso ea matla a oona.”—Ba-Efese 3:7, NW.

Kaha Pauluse o ile a kōpa hore ‘phatsa e hlabang nameng, e leng lengeloi la Satane,’ e tlosoe, ke ho utloahalang hore o ile a lebella hore Morena Molimo a etse sena, kaha Jehova ke eena feela eo lithapelo li lebisoang ho eena. (Ba-Filippi 4:6; Pesaleme ea 145:18) Ho feta moo, ha Jehova a ne a khothatsa Pauluse ka mantsoe ana, “Matla a ka a entsoe a phethahetseng mefokolong,” ha a qhelele Jesu kathōkō. Matla a tsoang ho Morena Molimo a ka hlalosoa e le “matla a Kreste [a neng a le] joaloka tente” holim’a Pauluse, hobane ‘Kreste ke matla a Molimo le bohlale ba Molimo.’ (1 Ba-Korinthe 1:24) Kahoo, 2 Ba-Korinthe 12:7-9, ho ea ka New World Translation e re thusa ho ananela hamolemo tsela ea bohlokoahali eo ka eona Jehova a sebelisang Mora oa hae ho phethahatsa thato ea bomolimo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela