Ho Folisa ka Tumelo—Ke Eng se Etsang hore ho Hape Thahasello?
Kereke e etsisa melumo e etsoang ke ho lla ha katara, terompeta, meropa e meholo le e menyenyane, le licymbala tse otlanngoang. Banna, basali le bana baa tantša ’me ba bina ba thabile ka thabo e tletseng pherekano. Joale moea ke o loketseng hore lipholiso li ka qaleha.
Motho ea folisang ka tumelo, a apere liaparo tse tšoeu tse moholotso, o qala ka ho bea matsoho a hae holim’a monna ea holofetseng ea tsamaeang ka ho khasa. Ho latele monna oa sefofu, eo likhalase tsa hae tsa mahlo li patileng mahlo a hae a sa boneng. Ha lihlotsa li qala ho tsamaea le lifofu li qala ho bona bashebelli baa hoeletsa, “Ke mohlolo!” . . .
LIKETSAHALO tse kang ena li tloaelehile likerekeng tse ngata tse folisang ka tumelo tsa Maafrika. Ka sebele, batho ba folisang ka tumelo ba na le balateli ba bangata Afrika le linaheng tse ling ka baka la boipolelo ba bona ba hore ba ka rarolla mathata a mefuta eohle ka thapelo le ka tumelo ho Molimo. Kahona ba bang ba tla ho batho ba folisang ka tumelo ka mathata a lichelete. Hape erekaha hangata ho se be le bana ke sekhobo lichabeng tsa Maafrika, ba bang ba tla ho batho ba folisang ka tumelo ka tšepo ea ho fumana pheko bakeng sa ho hloka bana.
Leha ho le joalo, batho ba folisang ka tumelo ba shebane le mathata a bophelo ho feta ntho leha e le efe. Le hoja meriana ea sekhooa e tletse ’marakeng oa lefatše ’me ho etsoa boiteko bo babatsehang mabaleng a meriana ho phekola ba kulang, motho o sa ntsane a le hole le ho fumana karabelo bothateng ba ho kula. Ba bang ba hlasetsoeng ke ho kula ba sentse lichelete tse ngata ba batla pheko, phello ea e-ba feela ho hlōleha. Ha ho makatse hore ka lebaka la ho tsieleha, ba bangata ba retelehela ho batho ba folisang ka tumelo!
Ba bang ba ikutloa hore ho folisa ka tumelo ho ba tsoetse molemo ’me ha ba bone moo ho hohlanang teng le Bokreste. Ka sebele, kaha hangata bafolisi ba bolela hore ba sebetsa ka lebitso la Jesu, ho tloaelehile hore balateli ba bona ebe litho tsa malumeli a maholo e be e be litho tsa likereke tse folisang ka tumelo. Empa na ka nepo morapeli oa ’nete oa Molimo a ka itlisa ho motho ea folisang ka tumelo? (Johanne 4:23) Hape na kannete ho ka thoe lipholiso leha e le life tse tsoang ho ea joalo li tsoa ho Molimo?