Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 1/15 leq. 6
  • Nkhono ea Tletseng Kananelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nkhono ea Tletseng Kananelo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lelapa la Bokreste le Thusa ba Seng ba Hōlile
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • “Mabapi le Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe le Lebohe”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Ho Hlokomela Batho ba Hōlileng—Ke Boikarabelo ba Bakreste
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • ‘Ho Hlokomela’ Lithahasello tsa ba Hōlileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 1/15 leq. 6

Nkhono ea Tletseng Kananelo

Nkhono ea lilemo li 79 oa Japane o ile a susumeletseha ho ngola lengolo le latelang kamor’a ho bala tokollo ea June 1, 1987, ea Molula-Qhooa sehloohong se reng “Ke Mang ea tla Hlokomela Ba Hōlileng?”

Ho Baena Bao Ke Ba Ratang,

Ha ke ne ke bala tokollo ea June 1, 1987, e mabapi le batho ba hōlileng, ke fumane boitsebiso e le bo bontšang kutloisiso le mosa. Ha ke fihla serapeng sa 11, ke ile tlameha ho nka sakatuku sa ka hobane ke ne ke lla ke sa khaotse. Eo e ne e le meokho ea teboho e khōlō. E bontšitse lerato le leholo hakaakang le mosa! Ke etsa feela seo Pesaleme ea 150 e se bolelang—bokang Jah! Ka boikokobetso ke isa liteboho tsa ka tse khōlō ho lōna baena bakeng sa ho hatisa lihlooho tsena tse rutang tse mabapi le ho bontša mosa ho batho ba hōlileng, ho fihlela lintlheng tse nyenyane. Koana, ke leboha lihlooho tse ntle tseo le li hatisang khoeling e ’ngoe le e ’ngoe, ’me ha ke na mantsoe a ho hlalosa kananelo ea ka ka ho lekaneng. Ke boetse kea le leboha.

Ka thabo, e mong le e mong phuthehong ea rōna o bontša lerato le mosa. Ba nkisa tšimong le ho nkhutlisa ka likoloi tsa bona, ’me ka lebaka la mosebetsi oa bona o mosa, ke pula-maliboho ea thusang. Ke leboha haholo hore ebe letsatsi le leng le le leng ke phela mokhatlong o hlophisitsoeng o sireletsehileng le o hlollang.

Lefatšeng kajeno, moo batho ba hōlileng ba eketsehang haholo empa ba sa amoheloe, ha ho letho le bohlokoa ho feta mahlohonolo ao re a amohelang ho tsoa ho Molimo o lerato. Ke thapelo ea ka hore nka thusa batho ba bangata kamoo ho ka etsahalang ho ithuta ’nete hore ba thabe hammoho le rōna.

Thoriso ho Jehova le liteboho ho lōna, baena ba ka ba ratehang. Ke kōpa le ntšoarele ka mongolo oa ka o mobe, oo ke o soabelang. E se e ka Jehova a ka le hlohonolofatsa ’me a le nehe bophelo bo botle.

Nkhono ea ikutloang a sa tšoanelehe,

[le saenoe] Nogami

Mantsoe a kang ana a tiisa ’nete ea hore lerato la ’nete la Bokreste ha le na meeli kapa tekanyetso ea lilemo. Lipaki tsa Jehova, ba bacha le ba hōlileng, ba bontša borutuoa ba bona ka ho phelela mantsoe a Jesu: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.”—Johanne 13:35.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela