Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 1/15 leq. 30
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Le Tla ba Lipaki Tsa Ka”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Batho ba Makholo ba Bona Jesu Pele ho Pentekonta
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Sejo sa Mantsiboea sa Sehopotso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Sejo sa Mantsiboea sa Sehopotso
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 1/15 leq. 30

Lipotso tse Tsoang ho Babali

◼ Ke bo-mang ba “leshome le metso e ’meli” bao Jesu a iponahalitseng ho bona, joalokaha ho boletsoe ho 1 Ba-Korinthe 15:5?

Ponahalo e boletsoeng ho 1 Ba-Korinthe 15:5 ho bonahala e le e tlalehiloeng ho Johanne 20:26-29, e mabapi le Thomase. Leha ho le joalo sena se supa ho baapostola e le sehlopha ’me mohlomong ho kopanyeletsoa le Matthiase.

Ha a bua ka tsoho, Pauluse o ngotse ka ho iponahatsa ha Jesu ho batho kamor’a hore A tsosoe. Moapostola o itse Kreste “o kile a bonoa ke Kefase, hamorao ke ba leshome le metso e ’meli. Hamorao a bonoa ka nako e le ’ngoe ke baena ba fetisang makholo a mahlano.”—1 Ba-Korinthe 15:5, 6.

Har’a ba ileng ba mo latela e le barutuoa, Jesu o khethile baapostola ba 12. (Mattheu 10:2-5) Judase Iskariota e ne e le e mong oa ba 12, empa o ile a fetoha moeki, a eka Jesu, ’me eaba oa iphanyeha. (Mattheu 26:20-25; 27:3-10) Kahoo nakong ea lefu la Jesu le tsoho ea hae, ho ne ho le teng feela baapostola ba hae ba tšepahalang ba 11 ba sehlopha sa pele sa ba 12. Jesu o iponahalitse ho barutuoa ba fapaneng mahareng a tsoho ea hae le ho nyolohela ha hae leholimong. Kamor’a moo baapostola ba bona bohlokoa ba ho fumana motho e mong ea tla nka sebaka sa Judase. Ka thuso ea Molimo, Matthiase o ile a khethoa, ’me “a ba a kenngoa palong ea baapostola ba leshome le motso o mong.”—Liketso 1:6-26.

Kahoo ba bang ba ’nile ba ipotsa hore ke hobane’ng ha Pauluse a ngotse hore Jesu o iponahalitse ho “ba leshome le metso e ’meli” kaha nakong eo Judase o ne a shoele ’me Matthiase a e-so khethoe. Ho toba taba, ho ne ho le teng feela “baapostola ba leshome le motso o le mong” ba ileng ba khethoa pele le ho rongoa ke Jesu.—Luka 6:13-16.

Ke ho tloaelehileng ho bua ka sehlopha le hoja setho se seng se le sieo. (“Sehlopha sa batsamaisi se qetile ka hore . . . ” “Sehlopha sa baholo se ile sa kopana . . . ”) Kahoo lentsoe “leshome le metso e ’meli” le sebelisitsoe hantle mabapi le sehlopha sohle sa baapostola, esita leha a le mong kapa ba babeli ba ne ba sieo sebokeng. (Bapisa Liketso 6:1-6.) Ha Jesu a ne a iponahatsa ho barutuoa ba hae ka lekhetlo la pele ka tlung e koetsoeng, “Thomase, . . . e mong oa ba leshome le metso e ’meli o ne a le sieo ho bona.” Matsatsi a robeli hamorao a ba teng ’me a kholisoa lipelaelong tsa hae. (Johanne 20:19-29) Le hoja Matthiase a ne a e-s’o khethoe ho nka sebaka sa Judase, e ne e le morutuoa oa nako e telele. (Liketso 1:21, 22) Kaha o ne a amana haufi le baapostola ba pele ’me nakoana kamor’a moo o ile a “kenngoa palong” le bona, tlaleho ea morao ka ponahalo ea Jesu ho “ba leshome le metso e ’meli” mohlomong e kopanyelelitse Matthiase.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela