Bibele E Ngotsoe Ke Mang?
BATHO ba bang ba sa tšepeng Bibele ba bolela hore, “Bibele e tletse ho itoantša. Ntle le moo, e na le filosofi ea batho. Kahona, ke joang motho leha e le mang a ka tšepang Bibele e le tataiso e ka tšeptjoang bakeng sa bophelo?”
Na u bona litaba ka mokhoa o tšoanang le oa batho ba sa tšepeng Bibele ka hore Bibele hase letho haese buka e bontšang monahano oa batho o nang le liphoso? Baruti ba bang baa ho etsa. Setsebi sa thuto ea bolumeli sa Switzerland Karl Barth oa Moprostanta, se seng se hlokahetse, se ile sa ngola ho Kirchliche Dogmatik (Lithuto tsa Kereke) ea sona: “Baprofeta le baapostola ka bobona ba ne ba ka ’na ba etsa liphoso ha ba bua le ha ba ngola.” Ke ’nete hore phapang ea ho sebelisoa ha mantsoe e ka fumanoa litlalehong tsa ketsahalo e tlalehiloeng ke lingoli tse fetang bonngoe tsa Bibele. ’Me ho ka fumanoa lipolelo tseo, ha li sa tebisoe maikutlong, li bonahalang li fapane ka ho feletseng le lipolelo tse fumanoang libakeng tse ling ka Bibeleng. Empa na kannete hoo ke ho itoantša? Na Bibele e mpa e le ntho e entsoeng ke batho? Ka sebele, Bibele e ngotsoe ke mang?
Karabelo e bonolo: “Batho ba entsoe ke Molimo hore ba bue.” Empa ba ne ba tseba joang seo ba lokelang ho se bua le seo ba lokelang ho se ngola? Monna ea sa tsoa qotsoa, moapostola Simone Petrose, o tsoela pele ho hlalosa hore ba buile “ba tsamaisoa ke moea o halalelang.”—2 Petrose 1:21, NW.
Ha e le hantle, nako le nako Bibele e hatisa hore ke “lentsoe la Molimo.” Litemaneng tse 176 tsa Pesaleme ea 119 (NW), feela ntlha ena e suptjoa ka makhetlo a 176! Ho totobatsang sena ke hore ka tloaelo bangoli ba thahasella ho tsebahatsa hore ke tsona tse ngotseng buka e itseng. Empa batho ba ngotseng Bibele ba ne ba se joalo. Tlotla eohle e ne e lokela ho lebisoa ho Molimo. E ne e le buka ea oona, e seng ea bona.—1 Ba-Thessalonika 2:13; 2 Samuele 23:2.
“Ba Tsamaisoa ke Moea o Halalelang”—Joang?
Batho baa ba ne “ba tsamaisoa ke moea o halalelang” joang? Lengolo le eang ho Mokreste oa lekholong la pele la lilemo Timothea le fana ka karabelo: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.” “Bululetsoe ke Molimo” e fetolela lentsoe la pele la Bibele la mongolo oa Segerike the·oʹpneu·stos, leo hantle-ntle le bolelang “e hemetsoeng ke Molimo.” Molimo o ne o sebelisa matla a oona a sebetsang a sa bonahaleng—moea oa oona o halalelang—ho “hemela” likhopolo tsa oona ka likelellong tsa bangoli. Kahona, Jehova Molimo ke Mohloli le Moetsi oa Bibele. Mehopolo ea hae e ne e laola ho ngoloa hoo ho tšoana le ha rakhoebo a sebelisa mongoli ho mo ngolla mangolo.—2 Timothea 3:16, NW.
Hape, polelo ea Bibele e tšoanang le khopolo ena ea ho “hemeloa ke Molimo” ke ho “tsamaisoa ke moea o halalelang.” Ho joalo joang? “Tsamaisoa” e sebelisitsoe ka Segerike ho supa likepe tseo moea o li khannelang ka nģa e itseng. (Bapisa Liketso 27:15, 17, NW.) Kahona, joalokaha moea o foka ’me o khanna sekepe se sesang, kahoo lingoli tsa Bibele li ne li nahana, li bua, ’me li ngola tlas’a tšusumetso ea Molimo, li tsamaisoa ke moea oa oona o halalelang ha Molimo o ne o li “hemela.”
Banna ba Sebelisitsoeng ke Molimo ho Ngola
Re na le boitsebiso bo fokolang feela boo lingoli tsa Bibele li bo ngotseng ka bophelo ba tsona. Ho fapana le ho italima e le tsa bohlokoa haholo, kamehla li ne li loanela ho tlotlisa Molimo ka ho ipoloka li sa hlahella. Leha ho le joalo, rea tseba hore li ne li akarelletsa ba boholong kahare ho naha, baahloli, baprofeta, marena, balisa, balemi, le batšoasi ba litlhapi—banna ba ka bang 40 kaofela. Kahona, Bibele, leha e le molaetsa o tsoang ho Molimo, e na le mofuthu, motsoako, le khoheli ea ho tšoaroa ke batho.
Lingoli tse ngata tsa Bibele li ne li sa tsebane. Li bile li phetse ka makholo a arohaneng a lilemo ’me li ne li fapane haholo ka monahano le phihlelo, ’moho le semelo sa maemo bophelong le sa thuto. Empa, ho sa tsotellehe hore na e ne e le batho ba bacha kapa ba holileng, bongoli ba bona bo bontša bonngoe bo feletseng. Ba nkile nako e ka holimo ho lilemo tse ka bang 1 600, ba ile ba ngola ho fihlela buka e qetella e phethiloe. Kamor’a ho e hlahloba ka hloko, u tla fumana hore lipolelo tsa Bibele li bontša tumellano e tsotehang. Kahona Bibele e pheta-pheta monahano oa Mongoli a le mong, le hoja ho sebelisitsoe lingoli tse ngata.
Na hoo ha hoa lokela ho re susumelletsa ‘ho ela hloko ka ho fetisisa’ buka ee e sa tloaelehang, Bibele? Na ha rea lokela ho fihlela qeto e tšoanang le e ileng ea fihleloa ke Petrose, ea ileng a ngola: “Sena kaofela se mpa se tiisa molaetsa oa baprofeta bakeng sa rōna, oo le tla etsa hantle ha le o ela hloko, hobane o joaloka lebone le khanyang sebakeng se lefifi?”—Ba-Heberu 2:1; 2 Petrose 1:19, The New English Bible.
Empa joale ho thoe’ng ka polelo ea hore Bibele ea itoantša? Na ea ho etsa? U araba joang?
[Lebokose le leqepheng la 4]
“Ke buka e hlollang hakaakang! Ho ’makatsang ho feta likahare tsa eona ke mokhoa oo e behang litaba ka oona, o etsang hore lentsoe le fetohe ho bonahalang eka ke ntho ea tlhaho joaloka sefate, joaloka palesa, joaloka leoatle, joaloka linaleli, joaloka motho ka boeena. Lea hlōmela, lea thunya, lea phalla, lea khanya, lea tšeha, motho ha a tsebe hore na joang, motho ha a tsebe hore na hobane’ng, motho o fumana ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le ea tlhaho ka ho feletseng. Ke Lentsoe la Molimo kannete, ho fapana le libuka tse ling tse pakang bohlale ba batho feela.”—Litlhaloso ka Bibele tsa seroki sa Lejeremane sa lekholong la bo19 la lilemo Heinrich Heine eo e neng e bile e le moqolotsi oa litaba.
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Joalokaha moea o tsamaisa sekepe se sesang, kahoo lingoli tsa Bibele li ne li ‘tsamaisoa ke moea o halalelang oa Molimo’