Na Botšepehi bo Siiloe ke Nako?
HO PHAHAMISA botšepehi e le tsela ea bophelo—na hoo ke ho siiloeng ke nako lefatšeng la kajeno, ho lahliloeng e le ho seng ho sa sebetse kapa ho se nang molemo oa sebele? Ho ne ho ka ’na ha bonahala ho le joalo. Ak’u nahane feela ka mehlala e fokolang ea kamoo ho hloka botšepehi ho atileng kateng, mekhoa eo ho leng ka eona, boemo boo ho phunyellelitseng ho fihla ho bona, le hore na ho fetohile moroalo o boima hakaakang.
Lilemong tsa morao tjena, tšenyehelo e bakoang ke bolotsana lekhethong la Jeremane Bophirimela e ’nile ea hakanyetsoa ho liranta tse limillione tse 20 000 ka selemo, ’me Sweden litšenyehelo tsa selemo le selemo li fihla ho liranta tse limillione tse 1 440 bakeng sa motho ka mong. Kahoo haeba u phela ho e ’ngoe ea linaha tseo, ho hloka botšepehi ho ama seo u se lefang makhethong. Ho qhekella tefong ea lekhetho la basebetsi ho atile haholo United States hoo ’muso o lahleheloang ke chelete e hakanyetsoang ho liranta tse limillione tse 200 000 selemo le selemo. Nahana hore na chelete eo kaofela e ne e tla thusa hakaakang ho lefa khaello e khōlōhali ea chelete e reretsoeng ho sebelisoa ke naha ka kakaretso! Ho feta moo, likhoebo tseo e seng tsa molao li qhekella ’muso oa U.S. ka liranta tse ling tse limillione tse 20 000. Bosholu ba mabenkeleng le ho utsoa lintho tse nyenyane United States ho bakela mabenkele tšenyehelo ea liranta tse limillione tse 8 000 ka selemo, e leng ho nyollang litheko tsa lintho tse rekisoang. Ho lefisa chelete ea ho letsetsa libakeng tse hōle ka bolotsana nomorong ea motho e mong ho bakela Maamerika litšenyehelo tsa liranta tse limillione tse 2 selemo le selemo.
“Masholu a nako,” Canada a senyang nako mosebetsing, a bakela bahiri ba ’ona litšenyehelo tsa liranta tse limillione tse 22 000 ka selemo, “e leng ho fetang ka makhetlo a mararo kakaretso ea chelete e lahlehileng ka bahiruoa ba letsoho, ho utsoa thepa ea mosebetsi, bolotsana cheleteng ea insurance, tšenyo ea ka boomo ea thepa, chelete e fokotsoang ka bolotsana ho eo moreki a neng a tšoanela ho e lefa, ho chesoa ha thepa ka sepheo sa ho ea batla matšeliso a insurance le litlōlo tse ling tse totobetseng tsa molao oa khoebo.” Ho latela phuputso ea 1986, tšenyehelo e bakoang ke bosholu ba nako United States ke liranta tse limillione tse 340 000 selemo le selemo.
Lifeme tse atlehileng tse nang le liranta tse baloang ka limillione ka meharo li utsoetsa mebuso ea habo tsona. Joang? Ka ho e rekisetsa thepa eo ho sebetsoang ka eona le likarolo tsa mechine ka litheko tse phahameng ho tlōla tekanyo: libobojane tsa lisente tse 24 li rekisoa liranta tse 19 212; lintho tse fokotsang matla a motlakase tsa ranta le lisente tse 34 li rekisoa liranta tse 1 628; likoahelo tsa polastike tsa maoto a litulo tsa lisente tse 34 li rekisoa liranta tse 2 236. Setho sa ntlo ea Senate ea U.S. se itse: “U bua ka liranta tse likete tsa limillione” tseo ’muso o lahlehetsoeng ke tsona.
Ho phaella ho se kaholimo, mehlala e mebe ea batho ba phahameng e teng hohle ha e khothalletse botšepehi. Joalokaha e ka ’na eaba u hlokometse, linaheng tse ling baeta-pele ba qala leshano, ha ba hlahise lintho ka sebopeho sa tsona se nepahetseng, ba pata lintho tse mpe, ’me ba qoba boikarabelo ba bona—e, ba bile ba bolaea ba qothisanang lehlokoa le bona lipolotiking ’me ba etsa hore ho bonahale eka molato ke oa motho e mong.
Kahoo na ho tšepahala ho siiloe ke nako? Na ha e sa le leano le molemo ka ho fetisisa? Na botšepehi bo molemo ka ho fetisisa hobane feela Lentsoe la Molimo le re bolella hore re tlameha ho tšepahala? Sehlooho se latelang ke sa bohlokoa ho uena haeba u batla likarabelo lipotsong tsena.