Part 4—Medo-Persia—’Muso oa Bone o Moholo oa Lefatše Historing ea Bibele
Bamede le Bapersia ba ne ba ameha liketsahalong tse ngata tse tlalehiloeng ka Bibeleng. Ba boetse ba boletsoe boprofeteng bo bongata ba Bibele. Na u ka thabela ho tseba ho eketsehileng ka lichaba tsee tsa boholo-holo tse thahasellisang?
BAMEDE le Bapersia ba boholo-holo ba ne ba nka leoto ka mokhoa oa sesole! Ba ne ba etelletsoe pele ke Cyruse e Moholo, ea neng a se a ntse a laola ’muso. Joale o ile a lebisa tlhokomelo ho Babylona e matla, ’muso o moholo oa lefatše oa mehleng eo.
Kahare ho motse-moholo oa Babylona, Morena Belshatsare, eo Bibele e reng o ne a le “tlas’a tšusumetso ea veine,” o ne a tšoaretse baeti ba hae ba phahameng ba sekete mokete. Ka mokete o lerata, ba ne ba rorisa melimo ea bona ea litšoantšo ha ba ntse ba noella lijaneng tse halalelang tse neng li nkiloe tempeleng ea Jehova Jerusalema. (Daniele 5:1-4, NW) Ba ne ba ikutloa ba sireletsehile kahare ho marako a matla a Babylona.
Leha ho le joalo, kantle lebotho la Cyruse le ne le fapositse metsi a Nōka ea Eufrate e neng e phalla bohareng ba Babylona. Ha mokoallo oo oa tlhaho o tlositsoe, masole a hae a ile a qhafutsa ka har’a nōka—a feta marako a Babylona ’me a kena motseng ka menyako e butsoeng e neng e shebile ka nōkeng. Pele letsatsi le chaba, Belshatsare o ne a shoele, Babylona e ne e oele, ’me Medo-Persia e ne e fetohile ’muso oa bone o moholo oa lefatše historing ea Bibele. Empa Bamede baa le Bapersia baa e ne e le bo-mang?
Bamede ba ne ba hlaha lihlabeng tse ka bochabela ho Assyria. Litšoantšo tse ling tse fumanoeng Assyria li ba bontša ba apere ho bonahalang eka ke lijase tsa matlalo a linku kaholim’a liaparo tse se nang matsoho ’me ba roetse lieta tse telele tse fasoang, tse loketseng mosebetsi oa bona oa ho alosa liphoofolo lihlabeng. Ho bonahala Bamede ba sa siea litlaleho leha e le life tse ngotsoeng. Boholo ba seo re se tsebang ka bona ke seo re ithutileng sona ka Bibeleng, ho tsoa mengolong ea Baassyria, le ho bo-rahistori ba Magerike kapa ba Baroma. Pele-pele Bapersia hangata ba ne ba phela e le bo-hloma-u-hlomole karolong e ka leboea ho Mochophoro oa Persia. Ha ’muso oa bona o ntse o hōla, ba ile ba ba le mokhoa o hlahelletseng haholo oa ho khetha matlotlo.
Qalong Bamede e ne e le bona ba kaholimo, empa ka 550 B.C.E., Cyruse e Moholo oa Persia, o ile a hlōla morena Astyages oa Mede ka ho potlakileng. Cyruse o ile a kopanya meetlo le melao ea lichaba tseo tse peli, a kopanya mebuso ea tsona, ’me a atolosa likhapo tsa tsona. Le hoja Bamede ba ne ba le katlaase ho Bapersia, ha ho pelaelo hore ’muso oa bona e ne e le o kopanetsoeng. Bamede ba ne ba le litulong tse phahameng ba bile ba laola mabotho a Persia. Batho ba lichaba tse ling ba ne ba bua ka Bamede le Bapersia, kapa haeba ba sebelisa lentsoe le le leng, e ne e le “Momede.”
Pele Bamede le Bapersia ba futuhela Babylona, moprofeta Daniele o ne a ile a neoa pono ea pheleu e nang le manaka a mabeli e neng e emela sechaba sena se neng se le likarolo li peli. Daniele o ngotse: “’Me manaka a mabeli a ne a le malelele, empa le leng le ne le le lelelele ho feta le leng, ’me le lelelele ke lona le ileng la hlaha kamorao.” Ho ne ho se pelaelo ea hore na pheleu eo e ne e le eng, hobane lengeloi le ile la bolella Daniele hore: “Pheleu eo u e boneng e e-na le manaka a mabeli e emela marena a Media le Persia.”—Daniele 8:3, 20, NW.
Daniele o ne a le kahare ho Babylona ha e oa ’me o ile a bona ho fihla ha Bamede le Bapersia ka mahlo. Dariuse Momede, ’musi oa pele oa motse o neng o sa tsoa haptjoa, o ile a khetha basireletsi ba ’muso ba 120 ’me a bea mahosana a mararo holim’a bona. Daniele e ne e le e mong oa mahosana ao a mararo. (Daniele 5:30–6:3) Ha re talima boemo bo phahameng ba Daniele ba tsamaiso pele ho ho oa ha Babylona le kamorao ho hona, ho ne ho ka ba thata ho nahana hore Cyruse o ne a sa tsebe boprofeta ba Seheberu boo, makholo a mabeli a lilemo pele ho nako, bo neng bo itse Babylona e ne e tla haptjoa ke monna eo lebitso la hae e leng Cyruse.—Esaia 45:1-3.
Jerusalema ea Tsosolosoa
Ho oa ha Babylona ho ile ha bula sebaee bakeng sa ho phahama ha motse o mong—Jerusalema. O ne o ile oa lula e le lithako ka lilemo tse ka bang 70 ho tloha ha o ripitloa ke Bababylona ka 607 B.C.E. Boprofeta ba Bibele bo ne bo boletse hore ka Cyruse, Jerusalema e ne e tla tsosolosoa ’me motheo oa tempele ea eona o hahuoe.—Esaia 44:28.
Na hoo ho ile ha etsahala? E. Moprista Esdrase, eo e neng e bile e le seithuti, le mongoli o tlaleha hore Cyruse o ile a fana ka taelo ea hore barapeli ba Jehova ba “nyolohele Jerusalema naheng ea Juda, ’me [ba] hahe ntlo ea Jehova, Molimo oa Iseraele; ke oona Molimo o leng Jerusalema.” (Esdrase 1:3) Esdrase 2:64, 65 e bolela ka batho ba ka bang 50 000 ba ile ba nka leeto la likhoeli tse ’nè ho khutlela Jerusalema, ba nkile matlotlo a tempele. Ka 537 B.C.E. naha e ile ea boela ea qala ho ba le baahi—lilemo tse 70 hantle kamor’a ho oa ha Jerusalema.—Jeremia 25:11, 12; 29:10.
Ho epolloa ha lintho tsa boholo-holo ho tiisitse hore taelo e joalo e ne e le tumellanong le leano la Cyruse. Nkhong ea letsopa e fumanoeng lithakong tsa Babylona, Cyruse o re: “Ke khutliselitse metseng (ena) e halalelang . . . lihalalelo tsa eona tseo e neng e bile lithako ka nako e telele, litšoantšo tse (neng) li phela moo ’me ka li etsetsa lihalalelo tse tla ba teng kamehla. (Hape) ke ile ka bokella baahi ba eona (ba pele) ’me ka khutlisetsa malulo a bona (ho bona).”
Hamorao Basamaria, lira tsa Bajode, ba ile ba etsa hore ho tsosolosoa ha tempele ho emisoe ka thibelo ea ’muso. Baprofeta ba Jehova Haggai le Zakaria ba ile ba susumetsa batho, ’me mosebetsi oa kaho o ile oa ntšetsoa pele. “Morena Dariuse” o ile a laela hore ho batloe taelo ea pele-pele ea Cyruse e neng e fana ka tumello ea hore ho tsosolosoe tempele. Bibele e bolela hore Akmetha, tulo ea Cyruse ea lehlabula, ho ile ha fumanoa buka e neng e e-na le taba ea khopotso e neng e tiisa hore mosebetsi oa tempele e ne e le oa molao. Mosebetsi oo o ile oa phethoa selemong sa botšelela sa morena Dariuse I oa Persia.—Esdrase 4:4-7, 21; 6:1-15.
Bopaki ba Bophahamo
Ponong e boletsoeng pejana, Daniele o ne a ile a bona “pheleu” e manaka a mabeli ea Medo-Persia esale pele“e thulela Bophirimela, le Leboea, le Boroa, ho se phoofolo [lichaba tse ling] e ka emellanang le eona, ho se motho ea ka namolelang matleng a eona; ea etsa kamoo e ratang kateng, ea natlafala.” (Daniele 8:4) Pono ena e ne e phethahalitsoe bonyane mehleng ea Dariuse. Ho paka liketso tsa hae tsa bonatla, Dariuse e Moholo o ile a itšoantša setšoantšong se seholo se sa ntsaneng se ka bonoa lehlakoreng la lefika le Bisitun, tseleng ea khale e pakeng tsa Babylona le Akmetha. Ho ekelletsa khapong ea Babylona, “pheleu” ea Medo-Persia e ne e hapile naha ka nģa tse tharo tse khōlō: ka leboea ho kena Assyria, bophirima ho fohla Asia Minor, le boroa ho kena Egepeta.
Lik’hilomithara tse ka bang 640 ka boroa-bochabela ho tulo ea bona ea lehlabula e Akmetha, babusi ba Persia ba ile ba haha ntlo e khōlōhali ea borena Persepolis. Setšoantšo se seng moo se bontša Dariuse a le teroneng ea hae, ’me mongolong o mong oa ithorisa: “Ke ’na Dariuse, morena e moholo, morena oa marena, morena oa linaha . . . ea hahileng ntlo ena ea borena.” Litora tse seng kae tsa motse-moholo ona o khahlehang li ntse li eme le kajeno. Motse-moholo o mong o ne o le Susane, e lutseng bohareng pakeng tsa Babylona, Akmetha, le Persepolis. Mono Dariuse e Moholo o ile a haha ntlo e ’ngoe e majaba-jaba ea borena.
Dariuse o ile a hlahlangoa ke mor’a hae Xerxes, eo ho bonahalang e ne e le “Assueruse” oa buka ea Bibele ea Esthere. E re Assueruse o ne “a busa linaha tse lekholo le nang le mashome a mabeli a metso e supileng, ho tloha India ho fihlela Ethiopia” ha a ntse a lutse “teroneng ea ’Muso oa hae, Susane, e leng motse oa moreneng.” Ke hona moo Assueruse a ileng a etsa Esthere e motle e monyenyane mofumahali oa hae. (Esthere 1:1, 2; 2:17) Ntlong ea polokelo ea lintho tsa khale e Louvre Paris, u ka bona poho e khabileng ea motse-moholo e neng e ema kaholim’a tora ntlong ena ea borena, ’moho le mekhabiso ea leboteng e neng e emela liphoofolo tse khahlehang le Bapersia ba ikhohomosang ba neng ba sebelisa liqha. Lijana tsa alabaster, mabenyane, le lintho tse ling tse ileng tsa fumanoa moo li tšoanela lipolelo tsa Bibele hantle mabapi le litlolo tse fapa-fapaneng tse neng li neoa Esthere, ’moho le letlotlo le neng le le teng Susane.—Esthere 1:7; 2:9, 12, 13.
Lipale tse boletsoeng ke lira tsa Xerxes tsa Magerike li ne li ama mathata a lenyalo le ho boleloang e le ho hatelloa ha morena oa Persia ke ba bang ba banna ba hae ba lekhotla. Le hoja e ka ’na eaba linnete li ’nile tsa ferekanngoa le ho sothoa, lipale tsena li bonahala li senola tse ling tsa lintlha tsa motheo tsa buka ea Esthere, e bolelang hore morena o ile a tlosa Mofumahali Vasthi ea manganga litulong ’me a bea Esthere sebakeng sa hae, le hore motsoal’a Esthere Mordekai o ile a fihlela boemo ba matla a maholo ’musong.—Esthere 1:12, 19; 2:17; 10:3.
Ho Bontšoa Mohau ho Barapeli ba Jehova
Ka selemo sa 468 B.C.E., mohlahlami oa Xerxes, Artaxerxes (Longimanus) o ile a fana ka taelo ea hore moprista Esdrase, ea neng a phela Babylona kamor’a ho lokolloa ha pele-pele ha Bajode ke Cyruse, a khutlele Jerusalema ’me a ntšetse pele borapeli bo hloekileng ba Jehova moo. Banna ba ka bang 1 500 le malapa a bona—mohlomong e le batho ba ka bang 6 000 kaofela—ba ile ba tsamaea le Esdrase, ba tla ba nkile monehelo o moholo bakeng sa tempele ea Jehova.—Esdrase 7:1, 6, 11-26.
Hape e ne e le hona ntlong eo ea borena e Susane moo eena Artaxerxes enoa, selemong sa hae sa bo20 (455 B.C.E.), a ileng a lumella Nehemia ka kōpo ea hae ea hore a romeloe ho ea tsosolosa Jerusalema le marako a eona. Sena se ile sa tšoaea ho qaleha ha ‘liveke tse mashome a supileng’ tsa lilemo tsa boprofeta ba Daniele, tse neng li supa ho hlaha ha Jesu e le “motlotsuoa Morena” hantle feela ka nako e loketseng ka selemo sa 29 C.E.a—Daniele 9:24, 25; Nehemia 1:1; 2:1-9.
Litokomane tse ling tsa loli tse ngotsoeng ka puo ea Searame li ile tsa fumanoa Elephantine, sehleke-sehleke se Nōkeng ea Nile ea Egepeta. Litokomane tsena li paka ho nepahala hoo ka hona lingoli tsa Bibele Esdrase le Nehemia li senolang maemo le mocha oa puisano tsa ba boholong nakong ea puso ea Persia. Ho Biblical Archaeology, Moprofesa G. Ernest Wright o bolela hore: “Joale . . . re khona ho bona hore Searame sa Esdrase se bonahala se tšoanelana hantle le sa mehleng eo, ha litokomane tsa ’muso e le tsa mofuta o tloaelehileng oo re seng re tloaetse ho o matahanya le puso ea Persia.” E ’ngoe ea litokomane tseo e ne e e-na le taelo ea borena ea Persia mabapi le ho ketekoa ha Paseka ke kolone ea Bajode e Egepeta.
Medo-Persia e Inehela ho Greece
Ponong, Daniele o ne a ile a bona Medo-Persia e emeloa ke pheleu e manaka a mabeli. Kamor’a moo, makholo a mabeli a lilemo pele ho etsahala, o ile a bona “phooko . . . e tsoa Bophirimela” e tsamaea ka lebelo le leholo hoo e neng “e sa hate fatše.” Phooko e tsamaeang ka lebelo le leholo e ile ea tsoela pele ho “thesela pheleu, ea e khorola linaka tse peli tsa eona, ’me matla a hlokahala pheleung a ho emellana le eona.” (Daniele 8:5-7) Na histori e bontša hore hoo ho hlile ha etsahalla Medo-Persia?
E, ka selemo sa 334 B.C.E., Alexander e Moholo o ile a tloha Greece ho ea bophirima. Ka lebelo la lehalima le tšoanang le la phooko, o ile a fohla Asia, a fumana tlhōlo hohle moo a fetang holim’a Bapersia. Qetellong, ka 331 B.C.E., ha a le Gaugamela, o ile a qhala lebotho la Persia la banna ba millione. Moeta-pele oa lona Dariuse III o ile a baleha, ’me hamorao a bolaoa ke bao e neng e kile ea e-ba metsoalle ea hae. ’Muso oa bone oa lefatše o ne o lihiloe, manaka a oona a robiloe, ’me ’muso oa Alexander o ile oa fetoha oa bohlano mebusong e meholo ea lefatše ea histori ea Bibele. Ho tla buisanoa ka oona tokollong ea rōna ea la 15 ’Mesa, 1988.
’Muso oa Lefatše oa Medo-Persia o ne o ile oa ba teng ka nako e fetang makholo a mabeli a lilemo hanyenyane feela—ho tloha bosiung boo o lihileng Babylona ka bona ka 539 B.C.E. ho fihlela o oela ho Alexander. Ena e batla e le nako e tšoanang le e ileng ea feta ho tloha Bofetoheling ba Fora kapa ho theoeng ha United States of America. Ka nako eo e khutšoanyane hakaalo ha ho bapisoa, Bamede le Bapersia ba ile ba e-ba le karolo e khōlō ho phethahatseng merero ea Jehova Molimo e se ka boikemisetso le ho phethahatseng boprofeta ba hae bo sa hlōleheng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa tlhaloso e qaqileng ea boprofeta bona le phethahatso ea bona, bona buka “Let Your Kingdom Come,” e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., maqephe 56-66.
[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 26]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
’Muso oa Medo-Persia
INDIA
Akmetha
Susane
Persepolis
Babylona
Jerusalema
EGEPETA
[Setšoantšo]
Lithako tsa Persepolis, Motse-moholo oa Litšebeletso oa Persia
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Manley Studios
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Lebitla la Cyruse Iran