Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 4/15 maq. 3-4
  • Ha Bana Ba E-ba le Bana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Bana Ba E-ba le Bana
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Batla Litharollo
  • Ho Ima ha Bacha—Koluoa ea Lefatše Lohle
    Tsoha!—2004
  • Ho Ntša Mpa—Hase Tharollo e se Nang Mathata
    Tsoha!—2009
  • Ho Ntša Mpa—Na ke Tharollo?
    Tsoha!—1995
  • Ho Ima ha Bacha—Ke Eng Seo Ngoanana a Lokelang ho se Etsa?
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 4/15 maq. 3-4

Ha Bana Ba E-ba le Bana

MOSALI e mong e monyenyane eo re tlang ho ’mitsa Sharon ka masoabi oa hopola: “Mohlankana eo e ne e ka motho oa tšōmong. O ne a atisa ho mpolella ka linako tsohle hore o ne a nthata le hore haeba kharebe ea hae e ne e ka ima, le kamohla o ne a ke ke a e lahla.”

Ka tsatsi le leng Sharon a etela ngaka ea hae ho ea hlahlobjoa bakeng sa hoo a neng a nahana hore ke lelana; ho ile ha fumaneha hore e ne e le moimana oa likhoeli tse tharo. Sharon oa hopola: “Ke ile ka letsetsa mohlankana oa ka hang-hang.” A itšoara joang? “U lokela ho ntša mpa! Etsa feela hore e tlohe tseleng!” Joale tšōmo e ne e fetohile boemo bo nyarosang.

Banana ba ka bang millione ba lilemong tsa bocha baa ima selemo le selemo United States feela. United States e tumme hampe ka ho ba le lenane le leholo ka ho fetisisa la kemaro bananeng ba lilemong tsa bocha linaheng tse tsoetseng pele—e le eona feela naha eo ho eona lenane lena le eketsehileng lilemong tsa morao tjena. Leha ho le joalo, phuputso ea linaha tse 37 e entsoeng ke Setsi sa Alan Guttmacher e bontša hore kemaro ea banana ba lilemong tsa bocha ba sa nyaloang ke bothata ba lefatše lohle.

Koranteng ea Adolescence bafuputsi Black le DeBlassie ba ngotse: “Banana ba lilemong tsa ho kena sekolo ba imang ba hlaha lihlopheng tsohle tsa moruo le tsa kahisano le likolong tsa sechaba le tsa beng ba tsona. Ho akarelletsoa merabe eohle, litumelo tsohle, le likarolo tsohle tsa naha, tsa mahae le tsa mabalane.” Mabapi le hore na ke hobane’ng ha manane a bana ba tsoaloang a phahame haholoanyane har’a banana ba tsoang malapeng a futsanehileng le a boemo bo tlaase, Journal of Marriage and the Family e re: “Banana ba basoeu le ba B[oemo] bo phahameng haholoanyane ba M[oruo] le ba K[ahisano] hangata ba ntša limpa.”

United States, basali ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba ikarabella bakeng sa karolo e le ’ngoe ho tse tharo ea limpa tsohle tse ntšoang ka molao. Leha re se re tlohela ho nahana ka boitšoaro bo botle, hangata qeto ea ho ntša mpa e ipaka e le e thata hore motho a ka phela le eona. Mosali e mong ea ileng a ntša mpa ha e sa ntsane e le ngoanana ea lilemong tsa bocha feela, oa hopola: “Ruri kea u bolella hore ho bohloko ho tseba hore e bile ’na sesosa sa polao, polao ea motho eo le kamohla a ke keng a tseba hore na ke soabile hakaakang.”

Ho Batla Litharollo

Sekhobo har’a baahisani, manyalo a sa tsitsang, bofuma—tsena ke liphello tse tloaelehileng tsa kemaro ea ngoanana ea lilemong tsa bocha. Ha ho makatse he, hore e be taba ena e fetohile ntho e ka sehloohong eo barupeli, lingaka, bo-ralipolotiki le batsoali ba amehileng ka eona. Ba bang ba re ho etsoe mananeo a thuto ea botona le botšehali, ba bile ba batla hore lithibela-kemolo le litšebeletso tsa ho ntša mpa li fumantšoe bacha habobebe.

Leha ho le joalo, bacha ba bang ba na le lintho tseo ba li hlokang maikutlong tseo thuto ea botona le botšehali e ke keng ea li finyella. Ka mohlala, banana ba bang ba ne ba hlile ba batla ho ima! Joalokaha ngoanana e mong e monyenyane a ile a ho beha tjena: “Ke ile ka leka ho kena khathatsong e le hore nka fumana tlhokomelo ea batsoali ba ka. Ke ne ke nahana hore [lesea] lena e ne e tla ba ntho e ’ngoe eo e neng e ka ba ea ka—ha ho motho ea neng a ka le nka ’me ke ne ke tla ba le karoloana ea ka e nyenyane e setseng e neng e tla mpha lebaka la ho phela.”

Ho feta moo, mananeo a thuto ea botona le botšehali ha a nee bacha tataiso ea boitšoaro. Linaha tse kang Sweden le Netherlands, moo mananeo a joalo a tloaelehileng, li ka ’na tsa e-ba le banana ba seng bakae ba lilemong tsa bocha ba imang empa li na le botekatse bo phahameng haholo. Ho phaella likemarong, na e be botekatse bo baka tahlehelo e khōlō maikutlong, boitšoarong le moeeng? Haeba ho joalo, na ho na le lebaka le utloahalang la ho khothaletsa bohloeki, e seng ho thibela kemolo? Ho arabela hoo, a re ke re talimeng seo buka ea khale ka ho fetisisa—Bibele—e se tšoereng tabeng ena.

Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]

“Banana ba lilemong tsa ho kena sekolo ba imang ba hlaha lihlopheng tsohle tsa moruo le tsa kahisano le likolong tsa sechaba ’moho le tsa beng ba tsona. Ho akarelletsoa merabe eohle, litumelo tsohle, le likarolo tsohle tsa naha, tsa mahae le tsa mabalane.”—Makasine Adolescence.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela