Etsa Jehova Tšepo Ea Hao
‘Tšepa Jehova ’me u etse molemo; . . . ithabele ka ho phethahetseng ho Jehova.’—PESALEME EA 37:3, 4, NW.
1, 2. (a) Ho ile ha etsahala joang ka ba neng ba sa tšepe Jehova lekholong la pele la lilemo, le ka ba neng ba mo tšepa? (b) Ho ka ’na ha botsoa lipotso life ka bolumeli mehleng ea rōna?
LEKHOLONG la pele la lilemo la Mehla ea rōna e Tloaelehileng, baeta-pele ba Bajode ba bolumeli ba ne ba ipolela hore ba rapela Molimo. Empa ba ne ba sa o tšepe. Ba ne ba roba litaelo tsa oona ’me ba hlorisa baemeli ba oona. (Mattheu 15:3; Johanne 15:20) Ka baka leo, Jehova o ile a ‘etsa ntlo ea bona lesupi.’ (Mattheu 23:38) Ka 70 C.E., mabotho a Roma a ile a timetsa Jerusalema le tempele ea eona, ka tahlehelo e khōlō ea bophelo ho baeta-pele bao ba bolumeli le balateli ba bona. Empa ba neng ba tšepile Jehova ba ile ba sireletsoa, hobane ba ne ba utloile litemoso tsa lenģosa la hae ’me ba ne ba ile ba baleha hore ba pholohe.—Mattheu 24:15-22; Luka 21:20-24.
2 Mehleng ena ea qetello ea tsamaiso ena ea lintho, na malumeli a lefatše lee a tšepile Molimo oa ’nete, Jehova? Na a utloa litaelo tsa hae le ho etsa thato ea hae, kapa a etsisa baeta-pele ba bolumeli ba lekholong la pele la lilemo bao Molimo o ileng oa ba lahla? Ke malumeli afe a kajeno a ka lebellang ho sireletsoa ke Jehova hobane a ‘tšepile Jehova ’me a etsa molemo’?—Pesaleme ea 37:3, NW.
Lerato la Boena Le Ile Kae?
3. Ke hobane’ng ha boiteko ba bolumeli ba ho tlisa khotso bo hlōlehile?
3 Haufinyane Mopapa John Paul II o ile a lemosa hore “batho bohle ba ne ba talimane le litšokelo tse matla tsa ho pholoha ha bona.” O ile a hatisa hore “litšokelo tseo li ne li ka hlōloa hamolemo ka boiteko bo kopanetsoeng har’a lihlopha tse fapa-fapaneng tsa bolumeli.” O ile a re ke thato ea Molimo hore baeta-pele ba bolumeli “ba sebetse hammoho” bakeng sa “khotso le poelano.” Leha ho le joalo, haeba hoo ke thato ea Molimo, ke hobane’ng ha Molimo o sa hlohonolofatsa makholo a lilemo a boiteko ntlheng ee? Ha oa etsa joalo hobane malumeli ana ha aa tšepa tsela ea Molimo ea ho tlisa khotso ka ’Muso oa oona oa leholimo. (Mattheu 6:9, 10) Ho e-na le hoo, a tšehelitse lipolotiki le lintoa tsa lichaba. Ka baka leo, nakong ea ntoa, balumeli ba sechaba se seng ba ’nile ba bolaea balumeli ba sechaba se seng, ba bile ba bolaea le batho ba bolumeli ba habo bona. Mok’hatholike o bolaile Mok’hatholike, Moprostanta o bolaile Moprostanta, ’me malumeli a mang a entse ho tšoanang. Empa na baena ba ’nete ba moea ba ka bolaeana empa ba ntse ba ipolela hore ba sebeletsa Molimo?
4. Jesu o ile a re tekanyetso ea bolumeli ba ’nete ke efe, hona ke hobane’ng ha hona e ne e le “molao o mocha”?
4 Jesu o behile tekanyetso ea bolumeli ba ’nete ha a ne a re ho balateli ba hae: “Ke le nea molao o mocha, ke hore le ratane; joale ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna. Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Johanne 13:34, 35) Kahoo ba leng bolumeling ba ’nete ba tlameha ho ratana. Hona e ne e le “molao o mocha” ka hore Jesu o itse: “Joale ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna.” O ne a ikemiselitse ho tella balateli ba hae bophelo ba hae. Ba tlameha ho ikemisetsa ho etsa ho tšoanang—che, e seng ho felisa bophelo ba balumeli-’moho, e mpa ho tela bophelo ba bona ka bobona haeba ho hlokahala. Hoo ho ne ho le hocha, hobane ntho e joalo e ne e sa hlokoe ke Molao oa Moshe.
5. Lentsoe la Molimo le hatella ka matla tlhokahalo ea lerato har’a barapeli ba hae ba ’nete joang?
5 Lentsoe la Molimo le bolela hore: “E mong ha a re: Ke rata Molimo, ’me a hloea ngoan’abo, o leshano; hobane ea sa rateng ngoan’abo eo a ’monang, a ka tseba joang ho rata Molimo oo a sa o boneng? ’Me re filoe ke oona taelo ena, e reng: Ea ratang Molimo a rate le ngoan’abo.” (1 Johanne 4:20, 21) Ka lerato lena, ba tšepang Jehova ba boloka bonngoe ba ’nete ba machaba. Moapostola Pauluse, ho 1 Ba-Korinthe 1:10, o re: “Kea le rapela banab’eso, ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste, ke re: Le ke le bolele bohle taba e le ’ngoe; likhaohano li se ke tsa e-ba teng har’a lōna, le mpe le phethehe boikutlong bo le bong le khopolong e le ’ngoe.”—Bona hape 1 Johanne 3:10-12.
6. Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li ka re ‘ha li na molato maling a batho bohle’?
6 The World Book Encyclopedia e re batho ba ka bang limillione tse 55 ba ile ba bolaoa Ntoeng ea II ea Lefatše. Ba bolailoe ke batho ba bolumeli bo bong le bo bong bo boholo ntle le ba Lipaki tsa Jehova. Ha ho lea mong oa batho bao ba ileng ba shoa ea neng a bolailoe ke paki ea Jehova hobane li ile tsa utloa taelo ea ho ratana ’me tsa hana ho kenella lintoeng tsa lichaba. Le hoja lipaki tse ngata li ile tsa bolaoa e le bashoela-tumelo ka baka la boemo ba tsona ba ho se nke lehlakore, li ne li ka bua joaloka moapostola Pauluse: “Ha ke na molato maling a batho bohle.”—Liketso 20:26, NW.
7, 8. Batho ba bang ba kenang kereke ba amohela molato oa bona oa mali joang?
7 Moprista oa K’hatholike eo e neng e bile moruti ntoeng bakeng sa masole a moeeng a ileng a lihela liqhomane tsa athomo Japane ka 1945 haufinyane o ile a re: “Ka lilemo tse fetileng tse 1 700 kereke e ’nile ea etsa hore ntoa e hlomphehe. E ’nile ea susumetsa batho hore ba lumele hore ke mosebetsi o hlomphehang oa Bokreste. Hona hase ’nete. Re thetsitsoe. . . . Molaetsa oa Ntoa e Lokileng hase molaetsa oo Jesu a kileng a o ruta. . . . Ha ho letho bophelong ba Jesu kapa thutong ea hae le neng le fana ka maikutlo a hore le hoja u sa lokela ho chesa batho ka seqhomane sa nuclear, ho chesa batho ka napalm kapa libetsa tse ntšang mollo hona ho loketse.”
8 Catholic Herald ea London e boletse hore: “Bakreste ba pele . . . ba ne ba kholoa lentsoe la Jesu ’me ba hana ho kenngoa lebothong la Roma le haeba kahlōlo e ne e le lefu. Na histori eohle e ka be e le e fapaneng hoja e be Kereke e ne e ile ea khomarela boemo ba eona ba qalong? . . . Haeba likereke tsa kajeno li ne li ka hlaha ka nyatso e kopanetsoeng ea ntoa . . . , ho neng ho tla bolela hore setho se seng le se seng se ne se tla tlangoa ke letsoalo, joaloka Bakreste, ho hanyetsa ntoa ka baka la letsoalo, ka sebele ho ne ho ka tiisoa hore khotso e ne e ka ba teng. Empa rea tseba hore le kamohla hona ho ke ke ha etsahala.”
9. Ke hobane’ng ha re etsa qeto ea hore Jehova o lahlile malumeli a lefatše lee?
9 Kahona, malumeli a lefatše lena a sekiselitse melaong ea Molimo ka mokhoa o bolaeang. Ha a o tšepe joalokaha Bafarisi ba ne ba sa o tšepe. “Ka molomo ba bolela hore ba tseba Molimo, empa ba o latola ka liketso; ke ba manyala le ba hanang ho utloa, ’me ba sitoa ke ho etsa mosebetsi o motle leha o le mong.” (Tite 1:16) Ka baka leo, ka sebele Molimo o lahlile malumeli a lefatše lena joalokaha o ne o lahlile bolumeli ba boikaketsi ba Bajode ba lekholong la pele la lilemo.—Mattheu 15:9, 14.
Ho Pholoha ka Ho Tšepa Jehova
10, 11. Morena Ezekiase o ile a etsa joang ha Assyria e ne e batla hore Jerusalema e inehele, hona Sankeribe o ne a nyelisa mang?
10 U se ke ua tšepa litharollo tsa batho tsa mathata a lefatše lena. Ho fapana le hoo, tšepa Ea ka phethahatsang litšepiso tsa hae. (Joshua 23:14) Ka mohlala, hlokomela se ileng tsa etsahala lekholong la borobeli la lilemo pele ho Kreste, mehleng ea Morena Ezekiase oa Juda. Bibele e re ka eena: “A etsa ho leng hotle mahlong a Jehova.” (2 Marena 18:3) Nakong ea puso ea hae, ’muso o matla oa lefatše oa Assyria o ile oa futuhela Jerusalema. Lenģosa la morena Sankeribe oa Assyria le ile la batla hore Jerusalema e inehele, la re: “Morena o re: Le se ke la thetsoa ke Ezekiase, hobane a ke ke a le namolela matsohong a ka. Ezekiase a se ke a le tšepisa Jehova.”—2 Marena 18:29, 30.
11 Ezekiase o ile a etsa joang? Bibele e bolela hore: “Ezekiase a rapela pel’a Jehova, a re: Oho, Jehova, Molimo oa Iseraele, ea lutseng holim’a likerubime, ke uena Molimo u ’notši oa mebuso eohle ea lefatše; u entse maholimo le lefatše. Jehova, sekeha tsebe ea hao, u utloe; Jehova, tutubolla mahlo a hao, ’me u bone, u utloe mantsoe ao Sankeribe a romileng motho ho nyelisa Molimo o phelang ka ’ona. . . . Jehova, Molimo oa rōna, u re namolele matsohong a hae, mebuso eohle ea lefatše e tle e tsebe hobane uena Jehova, u Molimo u ’notši.”—2 Marena 19:15-19.
12. Jehova o ile a arabela thapelo ea Ezekiase joang?
12 Jehova o ile a utloa thapelo ena ’me a romela moprofeta Esaia ho bolella Ezekiase hore: “Jehova o re bakeng sa morena oa Assyria: A ke ke a kena motseng ona, leha e le ho phosa ka motsu teng, leha e le ho tla pel’a teng ka thebe, leha e le ho o etsetsa tutulu.” Na Ezekiase o ne a lokela ho loantša lebotho la Assyria? Che, o ne a lokela ho tšepa Jehova, e leng hona hoo a ileng a ho etsa. Phello? “Ha tsoa lengeloi la Jehova, la bolaea batho ba likete tse lekholo le nang le mashome a robileng meno e ’meli a metso e mehlano liahelong tsa ba-Assyria.” Sankeribe ka boeena o ile a lefa bakeng sa ho nyelisa Jehova le bahlanka ba Jehova, hobane bara ba hae ba ile ba ’molaea. Ho phethahatsa lentsoe la Jehova, ha ho motsu leha o le mong o ileng oa tla khahlanong le Jerusalema.—2 Marena 19:32-37.
13, 14. Batho ba tsoang lichabeng tsohle ba tla pholoha bofelo ba tsamaiso e teng ea lintho motheong ofe?
13 Ho tla etsahala ntho e tšoanang mehleng ea rōna. Ba tšepang Jehova ba tla pholoha linyeliso tsa lefatše lena le bofelo ba lefatše lena. “Ba tsebang lebitso la hao ba itšepisa ka uena hobane uena, Jehova, ha u tlohele ba u batlang.” (Pesaleme ea 9:10) Empa pele Jehova a liha kahlōlo holim’a lefatše lena le molato oa mali, o mema bohle ba lipelo li tšepahalang hore ba tle ho eena bakeng sa tšireletseho. Bana ba etsa “bongata bo boholo ba batho” bo tsoang lichabeng tsohle, bo “tsoang mahlomoleng a maholo.” Ba pholoha bofelo ba tsamaiso ena hobane ba tšepa Jehova ’me ba mo sebeletsa “motšehare le bosiu.”—Tšenolo 7:9-15.
14 Bana ba arabela pitso e etsoang ka matla a eketsehileng lefatšeng ka bophara, joalokaha e profetiloe ho Esaia 2:2, 3: “Ho tla etsahala mehleng ea bofelo, hoba thaba ea ntlo ea Jehova [borapeli ba hae ba ’nete] e tla beoa hlorong, . . . Lichaba tse ngata li tla ea, li re: Tlong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova . . . o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona.” Temana ea 4 e re: “’Me ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”
15. Ke bo-mang ba phethahatsang boprofeta ba Esaia 2:2-4, hona joang?
15 Mehleng ea rōna, ke bo-mang ‘ba teang liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma’? Ke bo-mang ‘ba seng ba sa ithute ho loana’? Ke bo-mang ba nang le lerato le ke keng la senngoa bakeng sa baena ba bona ba moea le bo-khaitseli ba moea lefatšeng lohle le bonngoe le bona? Ke bo-mang bao ka sebele ba tšepang Jehova le ba memelang ba bang ho etsa ho tšoanang? Linnete tsa mehla ea rōna li bontša hore karabelo e ka ba feela: Lipaki tsa Jehova. Tsona, joaloka Ezekiase, li tšepa Jehova ka pelo ea tsona eohle ’me li paka hoo ka ho boloka litaelo tsa hae.
Bokamoso bo Khanyang
16, 17. Jehova o fa bohle ba mo tšepang bokamoso bofe bo khanyang?
16 Ho ba mo tšepang, Jehova o fana ka bokamoso bo khanyang ka ho fetisisa boo ho ka nahanoang ka bona ha a nkela mokhatlo oa lefatše la khale sebaka ka oa hae o mocha. Lefatšeng le lecha qitikoeng ena, ha ho sa tla ba le tšabo kapa ho hloka tšepo, leha e le bofuma, ho hloka tōka kapa tlōlo ea molao. Batho ba ke ke ba hlola ba bolaoa lintoeng kapa ka ho ntšoa ha limpa. Tšenolo 21:4, e bile e tšepisa hore “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko.”
17 Kamor’a nako, lefatše le tla fetoha paradeisi joalokaha Jesu a tšepisitse. (Luka 23:43) ’Me kaha le lefu le tla felisoa, ba tšepang Jehova ba tla khona ho phela ka ho sa feleng Paradeising. Mikea 4:4 e tla phethahatsoa ka ho feletseng: “Ba tla lula e mong le e mong ka tlas’a feiga ea hae le ka tlas’a morara oa hae, ho se ea ba tšosang.” Nahana u se u phela kahar’a mokhatlo oo ho oona motho e mong le e mong eo u kopanang le eena e tlang ho ba motho eo u ka mo tšepang! Ho tla ba joalo hobane’ng? Hobane, joalokaha Esaia 54:13 e re: “Bana ba hao bohle ba tla rutoa ke Morena [“Jehova,” NW]; khotso ea bana ba hao e tla ba kholo.”
18. Ba tšepang Jehova ba kotula melemo efe le hona joale?
18 Leha ho le joalo, le hona joale Lipaki tsa Jehova tse limillione lefatšeng ka bophara li kotula melemo ka ho tšepa Jehova. Ka mohlala, ka baka la ho utloa melao ea Jehova le melao-motheo ea hae, bahlanka ba Jehova ba lokolohile kankereng ea matšoafo e tlisoang ke ho tsuba koae. Ka baka la ho phela tikolohong e hloekileng boitšoarong, ka kakaretso ha baa behoa kotsing ke seoa sa lefatše ka bophara sa mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, ho akarelletsa AIDS. Ho se sebelise ha tsona lithethefatsi hampe ho li lebela mafung a senyang kelello haholo le a bolaeang a hlokofatsang batho ba bangata ba sebelisang lithethefatsi hampe. Hape kaha ha li amohele litšelo tsa mali, li qoba mafu a bolaeang a tšoaetsanoang ka mali a akarelletsang lefu la sebete, leo United States feela, ka selemo, le bolaeang kapa le holofaletsang ruri batho ba amohelang mali ba likete tse leshome.
19. Jehova o tla pholosa ba mo sebeletsang joang le haeba ba ka shoa hona joale?
19 Le haeba ba bang ba tšepang Jehova hona joale ba ka shoa ka lebaka la botsofali, ho kula, kapa kotsi, Jehova o tla ba pholosa. O tla ba lopolla ka tsoho. Kahona, moapostola Pauluse o ile a re khothalletsa hore “re se ke ra itšepa, re mpe re tšepe Molimo o tsosang bafu.”—2 Ba-Korinthe 1:9.
Jehova O Tšehetsa Bahlanka ba Hae
20, 21. (a) Re ka lebella khanyetso efe, joalokaha ho pakoa ke se ileng sa etsahalla Jesu? (b) Jehova o tlotlisa batho ba hae joang, joalokaha a ile a tlotlisa Jesu?
20 Hopola hore “lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe,” Satane Diabolose. (1 Johanne 5:19) Kahoo haeba u tšepa Molimo, u tla hanyetsoa ke Satane le lefatše la hae. Ba tla leka ho senya tšepo ea hao ka ho u soma kapa ka ho u hlorisa, joalokaha ho bile joalo ka Jesu. Kamor’a hore a khokhotheloe thupeng ea tlhokofatso, “ba fetang ba ne ba mo nyefola, ba mo sisinyetsa lihloho, ba re: . . . Ha u le Mor’a Molimo, theoha sefapanong! Ka mokhoa o joalo, le bona baprista ba baholo ba mo soma, ba e-na le bangoli le baholo, ba re: O pholositse ba bang, eena o sitoa ho ipholosa! . . . O tšepile Molimo; [Molimo] a o mo loele joale, ha o mo rata.”—Mattheu 27:39-43.
21 Matsatsi a mararo hamorao, ka sebele Molimo o ile oa loela Jesu ka ho mo tsosa bafung. Leha ho le joalo, moloko oo oa basomi o ile oa bolaoa kapa oa etsoa makhoba ke mabotho a Roma. Kaha Kreste joaloka Morena oa ’Muso oa Molimo oa leholimo o tla tsamaisa tsoho, haeba basomi bao ba ka khutla ka tsoho, ba tla lokela ho ikokobeletsa Eo ba ileng ba mo soma lilemong tse likete tse peli tse fetileng! E, Jehova o tlotlisa bahlanka ba hae, ba reng: “Ke itšepetse Molimo, nke ke ka tšaba letho: motho a ka nketsa’ng?”—Pesaleme ea 56:11.
22. Jehova o phatlalatsa eng ka ba mo tšepang, le ka ba sa mo tšepeng?
22 Mabapi le bahlanka ba hae, Jehova oa phatlalatsa: “Ho lehlohonolo motho ea itšepetseng Jehova, eo tšepo ea hae e leng Jehova. O joale ka sefate se hlomiloeng pel’a metsi, seo metso ea sona e namelang metsing; leha ho ka tla komello, ha se utloe letho, le mahlaku a sona a ntse a le matala; le selemong sa letsatsi ha se tšabe letho, ha se lese ho bea litholoana.” Empa Jehova o boetse oa phatlalatsa: “Ho rohakiloe motho ea itšepelang motho, ea etsang nama matla a hae, eo pelo ea hae e furaletseng Jehova. O joale ka ea itlhophereng nahathothe, a sa bone hobane ho fihla molemo.”—Jeremia 17:5-8.
23. Re tlameha ho etsa joang haeba re batla bophelo bo sa feleng?
23 Kahona, mehleng ena e thata, ‘tšepa Jehova ’me u etse molemo; lula lefatšeng, ’me u sebetse ka botšepehi. Hape ithabele ka ho phethahetseng ho Jehova, ’me o tla u nea likōpo tsa pelo ea hao.’ (Pesaleme ea 37:3, 4, NW) E se e ka likōpo tsa pelo ea hao tse arabetsoeng li ka akarelletsa mpho ea bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha le lokileng, le tšepisitsoeng ke Molimo oo re o tšepang.
Lipotso tsa Tlhahlobo
◻ Ba tšepang Jehova ba tlameha ho boloka tekanyetso efe?
◻ Na malumeli a lefatše lee a ruta ho tšepa Jehova?
◻ Ho tšepa ha Morena Ezekiase Jehova ho ile ha tlotlisoa joang?
◻ Mehleng ea rōna, boprofeta ba Esaia 2:2-4 bo phethahatsoa joang?
◻ Ba tšepang Jehova ba tla fumana bokamoso bofe?
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Lenģosa la morena oa Assyria le ile la nyelisa Jehova ’me la batla hore Jerusalema e inehele
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Lefatšeng le lecha, ba tšepang Jehova ba tla thabela khotso e feletseng le tšireletseho