Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 5/1 maq. 3-6
  • Kamoo U ka Bang Motsoali ea Atlehileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo U ka Bang Motsoali ea Atlehileng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motsoali Ea Atlehileng Ke Ea Joang?
  • Ke Hobane’ng ha ho le Thata?
  • Polane ea ho Haha e Atlehileng Bakeng sa Batsoali
  • Tšoara e Mong le e Mong Joaloka Motho ka Mong
  • Rupela ‘Ho Tloha Boseeeng’
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Mathata a Mangata a Tobaneng le Batsoali ba se Nang Balekane
    Tsoha!—2002
  • Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Batsoali—Le be Mehlala e Metle ho Bana ba Lōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 5/1 maq. 3-6

Kamoo U ka Bang Motsoali ea Atlehileng

RAYMOND, ntate oa bana ba bahlano, o re, “Ke tla le bolella hore na ho hlokahala eng hore motho e be motsoali ea atlehileng. Mali, ho sehla ka thata, meokho le mofufutso!”

Mosali oa Raymond o lumellana le eena ka pelo eohle. Empa oa eketsa: “Ha ho bonolo ho hōlisa bana kajeno, empa joale ha u ba bona ba hōla ho ba batho ba baholo ba nang le boikarabelo, ntoa eo e-ba e tšoanelehang.”

Ha ho mohla ho hōlisa bana ho kileng ha hloka matsoalo ka ho feletseng. Leha ho le joalo, kajeno ho batsoali ba bangata ho bonahala eka ho hōlisa ngoana ho fetohile khathatso e khōlō. Elaine, ea lilemo li 40 ebile e le ’mè oa moshemane ea lilemong tsa bocha, o re, “maikutlo a ka ke hore ho ba motsoali kajeno ho thata ho feta mehleng ea batsoali ba ka hobane bophelo bo fetohile bo rarahaneng haholoanyane. Kamehla ha u tsebe hore na u ka ba thata neng le ho ba bonolo neng.”

Motsoali Ea Atlehileng Ke Ea Joang?

Motsoali ea atlehileng ke ea hōlisang ngoana oa hae ka tsela eo ngoana a nang le monyetla o mong le o mong oa ho hōlela ho ba motho e moholo ea nang le boikarabelo, ea tla tsoela pele ka mafolo-folo ho rapela Molimo le ho bontša lerato bakeng sa motho e mong. (Mattheu 22:37-39) Leha ho le joalo, ka masoabi hase bana bohle ba phethang karolo ea bona hore e be batho ba baholo ba nang le boikarabelo. Hobane’ng? Na ke kamehla e leng molato oa batsoali ha hona ho etsahala?

Nahana ka papiso ena. Motho oa konteraka ea ho haha a ka ’na a tšoara lipolane tsa ho haha tse ntle ka ho fetisisa le thepa ea ho haha e ntle ka ho fetisisa. Empa ho ka etsahala joang haeba motho oa konteraka a hana ho latela lipolane tsa ho haha ’me a bile a lumella hore ho nkoe litsela tsa booatla tsa ho khaoletsa kapa a lumela hore ho sebelisoe thepa ea moetso o tlaase ho e-na le thepa ea moetso o phahameng? Na mohaho o phethiloeng o ke ke oa e-ba le liphoso, mohlomong oa ba oa e-ba kotsi ho sebelisoa? Leha ho le joalo, ha re re mohlomong motho oa konteraka e ne e le ea seli ho latela lipolane tsa mohaho le ho sebelisa thepa e ntle ea ho haha. Na mong’a mohaho o phethiloeng joale o ne a sa tl’o ba le boikarabelo ba ho o boloka o le boemong bo botle? Na hape o ne a sa tl’o ba le boikarabelo ba hore a se ke a qhaqha thepa ea moetso o phahameng ho haha e be bakeng sa eona o sebelisa ea moetso o tlaase?

Ka tsela ea tšoantšetso, batsoali ba ameha mosebetsing oa ho haha. Ba batla ho haha ka ho bana ba bona botho bo botle. Bibele e fana ka polane e ntle ka ho fetisisa ea ho haha bakeng sa hona. Thepa ea moetso o phahameng ea ho haha, ‘gauda, silevera le majoe a bohlokoa,’ ka Mangolong a tšoantšoa le litšoaneleho tse kang tumelo e matla, bohlale ba bomolimo, temoho ea moea, botšepehi le kananelo e lerato bakeng sa Molimo o matla ’ohle le melao ea oona.—1 Ba-Korinthe 3:10-13; bapisa Pesaleme ea 19:7-11; Liproverbia 2:1-6; 1 Petrose 1:6, 7.

Ngoana le eena, ha a hōla-hōla, o nka boikarabelo bo eketsehileng ba ho haha ka ho eena botho ba ’nete bo khabane. O tlameha ho ithaopela ho latela polane eona eo ea ho haha, Lentsoe la Molimo, ’me a sebelise thepa ea moetso o phahameng ea ho haha e tšoanang le e sebelisitsoeng ke batsoali ba hae. Haeba ngoana ha e e-ba mocha ea tiileng a hana ho etsa sena kapa a qhaqha mosebetsi o motle joalo oa ho haha, joale ke eena ea molato bakeng sa koluoa e tla hlaha moo.—Deuteronoma 32:5.

Ke Hobane’ng ha ho le Thata?

Kajeno ho thata ho ba motsoali ea atlehileng ka mabaka a mabeli bonyane. Tabeng ea pele, batsoali le bana ha baa phethahala ’me ba etsa liphoso. Hangata, hona ho ama seo Bibele e se bitsang ho etsa sebe, ’me tšekamelo ea boetsalibe ea futsoa.—Ba-Roma 5:12.

Lebaka la bobeli ke lena: Bana ba hōlang ha ba susumetsoe ke batsoali ba bona feela. Motse ka kakaretso o na le phello e itseng linthong tseo ngoana a li nkang e le tsa bohlokoa le ponong ea hae bophelong. Ka lebaka la sena, boprofeta ba Pauluse mabapi le mehla ea rōna ke ba bohlokoa ho batsoali. O itse: “Le tlameha ho tobana le ’nete ena: mehla ea ho qetela ea lefatše lena e tla ba nako ea likhathatso. Ha ho letho leo batho ba tla le rata ha e se chelete le bona ka bobona, e tla ba baikhohomosi, baithorisi, le batlatlapi, ba sa hlompheng batsoali, ba se nang teboho, ba se nang borapeli, ba se nang lerato la hlaho; e tla ba ba melala e thata lehloeong la bona, ba hasanyang linyefolo, ba bohale bo sa laoloeng le ba sōrō, e be basele linthong tsohle tse molemo, baeki, ba-ha-malekele, ba tletseng ho inka e le ba bohlokoa. E tla ba batho ba etelletsang menate kapele ho Molimo, batho ba nang le sebopeho sa bolumeli empa ba latotse bonnete ba bona. Sutha pel’a batho ba joalo.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—2 Timothea 3:1-5, New English Bible.

Ka boleng ba batho ba kajeno bo hahiloeng ka lintho tseo e seng tsa ’nete joalo, na ke ho makatsang hore e be batsoali ba bang ba akha matsoho ke ho tsieleha ’me ba batla ba tela khōlisong ea ngoana? Hetla morao selemong sa 1914. Ka selemo seo sa tlokotsi ho ile ha bonoa liphetoho tse khōlō har’a batho, ’me e ne e se liphetoho bakeng sa ho molemo. Lintoa tse peli tsa lefatše tse ileng tsa loanoa ho tloha nakong eo ha lia tlosa khotso feela lefatšeng. Mokhatlo oa batho kajeno ha o na matla a boitšoaro a hlokahalang hore a phethe karolo ea ’ona ho lokisetsa bana ho ba batho ba baholo ba nang le boikarabelo. Ka baka leo, batsoali ba lipelo li lokileng ba talimane le tikoloho ea boahisani e mabifi linthong tsa bohlokoa tseo ba batlang ho li ruta bana ba bona.

Kahoo, batsoali ba na le bathusi ba seng bakae ba tšoarisanang le bona. Nakong e fetileng, ba ne ba itšetlehile ka likolo tsa sechaba ho ba thusa ho ruta bana ba bona lintho tsa bohlokoa tsa motheo tseo bona joaloka batsoali ba neng ba li nka e le tsa bohlokoa ka malapeng a bona. Ha ho sa le joalo.

Shirley, ea qetileng sekolong se phahameng ka 1960, o re, “Likhatello tse holim’a bacha kajeno li fapane. Re ne re se na lithethefatsi kapa ho kopanela liphate ka bolokolohi ha ke le sekolong se phahameng. Ho tsuba sakarete ka bolotsana ho ne ho nkoa ho le hobe lilemong tse fetileng tse 30. Ha morali oa ka e moholo a kena sekolo se phahameng ho tloha ka 1977 ho ea ho 1981, tšebeliso ea lithethefatsi e ne e le bothata bo boholo. Hona joale lithethefatsi li kenelletse le likolong tse tlaase. Morali oa ka oa ho fela, ea lilemo li 13, o ile a lokela ho talimana le khatello eo ea lithethefatsi tsatsi le leng le le leng sekolong ka lilemo tse peli tse fetileng.”

Hape, nakong e fetileng, batsoali ba ne ba tšepile bo-nkhono le bo-ntate-moholo, beng ka bona, le baahelani ho ba thusa ho laola boitšoaro ba “Maki.” Empa hoo le hona ho fetohile. Leha ho le bohloko ho ho bolela, malapeng a ntseng a eketseha, ha ho sa na le batho ba babeli feela ba sebelisanang; mojaro kaofela oa ho hōlisa ngoana o mahetleng a motsoali a le mong.

Polane ea ho Haha e Atlehileng Bakeng sa Batsoali

Le hoja khōliso ea ngoana e le thata haholoanyane kajeno, batsoali ba ka atleha haeba ba ipha sebaka sa ho fumana thuso e lekiloeng ka nako e telele—Bibele. Lentsoe la Molimo e ka ba polane ea hao ea ho haha, kapa lenaneo la se lokelang ho etsoa, bakeng sa ho ba motsoali. Joalokaha motho oa konteraka a sebelisa hamolemo polane e mo tataisang ho haha mohaho ho fihlela o phethoa ka katleho, u ka sebelisa Bibele e le tataiso ea hao ho hōliseng bana ba hao hore e be batho ba baholo ba nang le boikarabelo. Ke ’nete hore Bibele e ne e sa ngolloa feela ho ba buka ea ho ithuta ea botsoali bo atlehileng, empa e na le keletso e tobileng e eang ho batsoali le bana. Hape ke letlotlo le tletseng melao-motheo eo haeba e sebelisoa e ka u tsoelang molemo joaloka motsoali.—Deuteronoma 6:4-9.

Ka mohlala, nahana ka Diane. O bolela hore ha mora oa hae ea lilemo li 14, Eric, a ne a le monyenyane, e ne e le “ngoana ea bohale, eo ho neng ho le thata ho buisana le eena.” Ke mona moo a ileng a sibolla bohlale bo susumelitseng maele ana a Bibele: “Morero [boikemisetso] pelong ea motho e ka koetsa, ea nang le kelello o ea kha teng.” (Liproverbia 20:5) Ho bana ba bang, maikutlo a bona le mehopolo ea bona—boikemisetso ba bona ba sebele—li tebile lipelong tsa bona joaloka metsi a tlaase-tlaase selibeng se tebileng. Eric o ne a le joalo. Ho hloka hore motsoali a sebetse ka thata ho kha boikemisetso boo hore bo tsoele kantle. Diane o sa ntsane a hopola, “Ha a fihla a e-tsoa sekolong, o ne a sa fihle a tletse litaba tse ngata tseo a ka li phetang. Joale ke ne ke ipha nako ho fumana hore na o tobana le eng sekolong. Ka linako tse ling ke ne ke hlile ke bua lihora le Eric pele a ka senola hore na o hlile o nahana eng botebong ba pelo ea hae.”

Lebaka la bohlokoa bo phahameng ba Bibele e le motataisi le bonolo: Jehova Molimo ke Moqapi oa eona. Hape ke ’Mōpi oa rōna. (Tšenolo 4:11) O tseba tlhaho ea rōna ’me o utloisisa ho re ‘ruta hore re itsoele molemo le ho re etsa hore re tsamaee ka tsela eo re lokelang ho tsamaea ka eona.’ Hona ke ’nete ho sa tsotellehe hore na motho ke motsoali kapa ke ngoana. (Esaia 48:17, Pesaleme ea 103:14) Le hoja ho hlokahala hore batho ba bang ba sebetse haholoanyane ho feta ba bang hore e be batsoali ba molemo, bohle ba ka ba molemo ho beng batsoali ka ho latela litataiso tse thathamisitsoeng ka Mangolong.

Tšoara e Mong le e Mong Joaloka Motho ka Mong

Bana ba molemo ba ke ke ba hlahisoa ka hore ho lateloe melaoana e itseng e se nang thuso ea batho joalokaha e se motho e mong le e mong e moholo ea etselitsoeng ho ba motsoali ea “phethahetseng.” Ngoana ka mong o na le botho ba hae, ’me ngoana ka mong o tlameha hore ho sebetsanoe le eena joalokaha e le motho ka mong. Bibele e hlokomela sena. Ho thusa batsoali ho qoba hore ka mokhoa o seng motle ba bapise ngoana le ngoana e mong, molao-motheo o susumelitseng keletso e latelang ea Bibele ke o loketseng hantle haholo: “Empa e mong le e mong a ke a leke mesebetsi eo e leng ea hae, ’me ke moo a tla ba le sebaka sa ho ithorisa ka tsa hae, e seng ka tsa ba bang.”—Ba-Galata 5:26; 6:4.

John, ntate oa bana ba babeli, o fumana hore keletso e kaholimo ea Mangolo e mo thusa hore a boloke pono eo bana ba hae ba nang le eona ka e mong ho e mong, kapa le eona eo ba nang le eona ka malapa a mang e le e tsitsitseng. John o hlalosa hore, “Ke khothaletsa bana ba ka hore ba se ke ba sheba seo malapa a mang a nang le sona kapa seo a se etsang. Re na le tekanyetso ea rōna ea lelapa e lokelang ho bolokoa.”

Rupela ‘Ho Tloha Boseeeng’

Ke neng bolumeli e lokelang ho ba karolo ea botsoali bo atlehileng? Gary, eo mora oa hae a sa tsoa qala sekolo sa bana ba banyenyane, o re, “Ha ho mohla [ho tla thoe] u qalile kapele haholo.” Gary o lumela hore bana ba tlameha ho ba le metsoalle ea sebele phuthehong ea Bokreste ea sebaka seo le pele ba qala ho kena sekolo. Ke lebaka le leng leo ka lona Gary le mosali oa hae ba ’nileng ba tla le Evan libokeng tsa Bokreste hoo e ka bang ho tloha ka letsatsi leo a hlahileng ka lona. Gary o etsisa seo Eunice, motsoali ea babatsoang ka Bibeleng, a ileng a se etsa ka mora oa hae Timothea. Timothea o ile a ithuta nteteroane ea lithuto tsa Mangolo “ho tloha boseeeng.”—2 Timothea 1:5; 3:15, NW.

’Mè oa Timothea ’me mohlomong le nkhono’ae, Loise, ba ile ba tiisa hore ho tloha boseeeng a se ke a khahloa ke maikutlo a bona a botho; ho e-na le hoo, ba ne ba tseba hore ke lithuto tsa Jehova tse neng li tla mo hlalefisetsa pholoho. Lengolo leo Timothea a ileng a le ngolloa ke moapostola oa Mokreste Pauluse le re: “Ha e le uena, u eme ho tseo u ithutileng tsona: tseo u li tiiselitsoeng, u ntse u tseba eo u ithutileng tsona ho eena; etsoe le bonyenyaneng ba hao u hlile ua tseba Mangolo a halalelang, a lokelang ho u hlalefisetsa ho bolokeha, ka ho lumela ho Jesu Kreste.”—2 Timothea 3:14, 15.

Kahona Loise le Eunice ba ile ba thusa Timothea hore a nahanisise ka Lentsoe le ho bea tumelo ea hae ho sohle seo Lentsoe le ngotsoeng la Molimo le se bolelang. Ka tsela ena tumelo ea hae e ne e sa theoa feela ho batsoali ba hae empa bohlaleng ba bomolimo ba Lentsoe la Jehova. Ha aa ka a latela ’nete ea Bokreste feela hobane ’m’ae le nkhono’ae e ne e le barapeli ba Jehova, empa o ile a ikholisa hore seo a neng a se rutiloe ke bona ka sebele e ne e le ’nete.

Ha ho pelaelo hore Timothea o ne a boetse a nahana hore na ’m’ae le nkhono’ae e ne e le batho ba mofuta ofe—batho ba moea kannete. Ba ne ba ke ke ba mo qhekella kapa ba sotha ’nete bakeng sa melemo ea boithati; leha e le hore e ne e le baikaketsi. Ka baka leo, Timothea o ne a se na lipelaelo ka lintho tseo a neng a ithutile tsona. Kahona ha ho pelaelo hore bophelo ba hae ha e se e le motho e moholo oa Mokreste ea mafolo-folo bo ne bo thabisa pelo ea ’m’ae ea tšepahalang.

E, ho ba motsoali ea atlehileng ke mosebetsi o boima, empa joalokaha ’mè ea qotsitsoeng pele a boletse: “Ntoa eo e ba e tšoanelehang.” Hona ke ’nete ka ho khethehileng ha batsoali ba ka bua ka bana ba bona seo moapostola Johanne a ileng a se ngolla bana ba hae ba moea: “Ho ’na ha ho teboho e kang ena, ea ho utloa hoba bana ba ka ba tsamaea ’neteng.”—3 Johanne 4.

[Lebokose le leqepheng la 6]

Lenaneo la ho Ruta le Sebelisitsoeng ke Batsoali ba Iseraele

Iseraeleng ea boholo-holo, batsoali ba ne ba ikarabella bakeng sa ho ruta le ho koetlisa bana ba bona. Ba ne ba fetoha barupeli le batataisi ba bana ba bona. Bao ebang batsoali kajeno ba ka rua molemo ka ho ela hloko lenaneo le tšoanang. Lenaneo la ho ruta Iseraeleng le ka akaretsoa ka mokhoa o latelang:

1. Ho ne ho rutoa ho tšaba Jehova.—Pesaleme ea 34:11.

2. Ho ne ho khothaletsoa hlompho bakeng sa ’mè le ntate.—Exoda 20:12.

3. Ho ne ho hatisoa taeo Molaong, le mesebetsing ea Jehova.—Deuteronoma 6:7-21.

4. Ho ne ho hatisoa hlompho bakeng sa batho ba baholo.—Levitike 19:32.

5. Ho ne ho hatisoa kutlo.—Liproverbia 23:22-25.

6. Ho ne ho kenngoa ka botebo thuto ea mesebetsi ea boipheliso.—Mareka 6:3.

7. Ho ne ho fanoa ka thuto ea ho bala le ho ngola.—Johanne 7:15.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Lentsoe la Molimo ke polane ea ho haha, kapa lenaneo la se lokelang ho etsoa, bakeng sa ho ba motsoali

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela