Phephetso ea Ho Latela Mehlaleng ea Hae
“Hobane Kreste o hlokofalitsoe bakeng sa lōna ’me a le siela mohlala oa botho, e le hore le ka latela mehlaleng ea hae.”—1 PETROSE 2:21, Phillips.
1, 2. (a) Ke eng eo e ka bang phephetso ea sebele, hona ke hobane’ng ha Bakreste ba thahasella hoo? (b) Ho phahamisoa lipotso life moo?
NA U kile ua tsamaea lehlabatheng la lebōpo la leoatle kapa sebakeng seo lehloa le khethehetseng ho sona ’me ua iphumana u hapiloe ke mophula oa mehlala e siiloeng ke motho ea tsamaileng moo pele ho uena? Na mohlomong u bile ua khetha mehlala ea motho e mong ’me ua leka ho e latela, u matahanya mehato ea hao le eona hantle ka hohle kamoo ho ka khonehang? Haeba ho joalo, u ile ua hlokomela hore hona ha ho bonolo. Ha e le hantle, ho latela haufi-ufi mehlaleng ea motho e mong—e-bang ke ka mokhoa oa sebele kapa oa tšoantšetso—ke phephetso ea sebele. Empa, ka hore e be re ipitsa Bakreste, re bontšitse takatso ea rōna ea ho etsa hona hoo, ho latela haufi-ufi mehlaleng ea Kreste.
2 Na u utloisisa ho etsa boiteko bo hlokahalang ho hlōla phephetso ee ka katleho? Ho feta moo, na u ikemiselitse ho etsa joalo, ho sa tsotellehe hore na ho ka hlaha eng? Haeba ho joalo, kutloisiso e feletseng ea mathata a ho latela mehlaleng ea sebele e tla u etsa ea atlehang haholoanyane ho lateleng mehlaleng ea Kreste ea tšoantšetso.XXXXXXX
Ithute ho Fetoha
3. Ke hobane’ng ha ho latela mehlaleng ea motho e mong ho ka ’na ha bonahala e se ha tlhaho qalong?
3 Motho e mong le e mong o na le mokhoa o ikhethang oa ho tsamaea. Ka mohlala, hore na motho o namalatsa hakae, ho fapana ho ea ka batho, joalokaha ho le joalo le ka tsela eo motho a beang mohato oa leoto. Menoana ea hae e ka ’na ea sheba pele hantle, kapa e ka sheba ka hare kapa ka ntle ka tekanyo e ’ngoe e itseng, tekanyo e ka ’nang ea e-ba khōlō haholo ka leotong le leng ho feta ka ho le leng. Na u hlokomela phephetso eo? E le hore u tsamaee haufi-ufi mehlaleng ea motho e mong, u tlameha ho fetola tsela eo uena u namalatsang ka eona le tsela eo u hatang ka eona hore e lumellane le eo eena a namalatsang ka eona le eo a hatang ka eona. Ha u qala, hona ho tla bonahala e se ha tlhaho, empa ho tlameha ho etsoa. Ha ho tsela e ’ngoe.
4. Ke hobane’ng ha ho latela mehlaleng ea Jesu e le phephetso e khethehileng?
4 Ka puo ea tšoantšetso, tsela eo Kreste a neng a tsamaea ka eona e ne e ikhetha, kahobane har’a batho ba mehleng ea hae ke eena feela eo e neng e le motho ea phethahetseng, “ea sa kang a tseba sebe.” (2 Ba-Korinthe 5:21) Kaha ka tlhaho batho ke baetsalibe ba sa phethahalang, ho tsamaea mehlaleng ea Jesu hase tsela ea bona e tloaelehileng ea ho tsamaea. Pauluse o ile a hopotsa Bakreste ba Korinthe sena, ha a re: “Hoba le sa le ba nama. Hobane ha e le moo mōna o sa le teng har’a lōna, le liphapang, na ha le ba nama na? na ha le ee ka mokhoa oa batho na?” Litšekamelo tsa mōna le phapang, “mesebetsi ea nama,” li tloaelehile bakeng sa batho ba sa phethahalang, empa Jesu o ile a tsamaea ka tsela ea lerato, ’me “lerato ha le na mōna; . . . ha le halefe.” Kahoo ho tsamaea mehlaleng ea Kreste ho fana ka phephetso e khōlō ho feta haeba feela re ne re kōptjoa ho latela mehlaleng ea motho ea sa phethahalang.—1 Ba-Korinthe 3:3; 13:4, 5; Ba-Galata 5:19, 20; bona le Ba-Efese 5:2, 8.
5, 6. (a) Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba sitiloe ho latela mehlaleng ea Kreste, ’me hoo ho ile ha etsa hore Pauluse a fane ka keletso efe? (b) Batho ba khothaletsoa joang hore ba tsamaee mehlaleng ea Kreste kajeno, ’me e le ka liphello life ho bona?
5 Ntle le ho se phethahale, ho se tsebe thato ea Molimo le hona ho ka sitisa motho ho tsamaea mehlaleng ea Kreste. Kahona Pauluse o ile a eletsa Bakreste ba Efese hore ba “se hlole [ba] phela joale ka ba-lichaba ba bang, ba eang ka bosaoana ba likelello tsa bona; bao mehopolo ea bona e leng lefifing, ’me ba hole le bophelo ba Molimo ke ho se tsebe ho leng ho bona, ka baka la bothata ba lipelo tsa bona.”—Ba-Efese 4:17, 18.
6 Ka mosebetsi oa boboleli ba ’Muso, kajeno batho ba phehelloa hore ba khaotse ho tsamaea ka tsela ea bona e tloaelehileng, ka ho se tsebe merero ea Molimo, ka kelello e lefifing, ba susumetsoa ke lipelo tse thata tse batlang lipakane tsa bosaoana. Ba khothaletsoa hore ba fetohele mohlaleng o phethahetseng oa Kreste, ba “tsamaee joalo ho eena,” ka ho etsa joalo ba “hapa mehopolo eohle, e tle e utloe Kreste.” (Ba-Kolosse 2:6, 7; 2 Ba-Korinthe 10:5) Batho ba utloisisang ho hlōla phephetso ena baa tiisoa tumelong ea bona. Ha ba tloaela ho tsamaea ka tsela eo Kreste a tsamaileng ka eona, butle-butle e fetoha e bonolo haholoanyane bakeng sa bona.
7. Re tiiselitsoe joang hore, le hoja e le phephetso, ho latela mehlaleng ea Jesu ke ntho e ka etsoang?
7 Leha ho le joalo, hona kamehla ke phephetso. Phapang e pakeng tsa sebōpuoa se phethahetseng le se sa phethahalang ke e khōlō. Kahoo libōpuoa tse sa phethahalang li tlameha ho etsa liphetoho tse khōlō e le hore li ka leka ho latela mohlala o phethahetseng. Batho ba bang, mohlomong e le ka baka la lefutso kapa tikoloho, ba na le bothata bo boholoanyane ba ho fetohela tseleng ea bophelo ba Bokreste ho feta ba bang. Empa Jehova o re tiisetsa hore motho ofe kapa ofe eo kannete a utloisisang ho ikitlaetsa a ka ho etsa. Moapostola Pauluse o itse: “Nka etsa tsohle ka Kreste ea mphang matla.” (Ba-Filippi 4:13; bona le 2 Ba-Korinthe 4:7, NW; 12:9.) Hoa tšoana le ka Bakreste bohle.
Ela Hloko
8, 9. (a) Ke hobane’ng ha ho ela hloko ka ho feletseng le ho bea kelello ka botlalo li hlokahala ha motho a latela mehlaleng ea motho e mong? (b) Ke ho latela keletso efe ea Bibele ho tla re thibela ho hlahlathela thōko le mehlala ea Jesu?
8 Re ke ke ra latela mehlaleng ea sebele ntle le ho sheba ka hloko moo re hatang teng. Haeba mahlo a rōna a qamaka koana le koana—a talima lintho tse etsahalang kathōko ho rōna kapa linthong tse ling—joang kapa joang re tla hata tseleng e fosahetseng hona hoo kapa hamorao. Ntle le hore re ele hloko ka ho feletseng le hore re behe likelello tsa rōna moo ka botlalo, re tla fapoha mehlala eo re lokelang ho e latela. Kahona, kamehla ho hlokahala hore re itebele, haholo-holo ha marata a tšohanyetso kapa lintho tse ling tse ferekanyang tse sa lebelloang li ka ’na tsa tlosa likelello tsa rōna mosebetsing oo re o tšoereng.—Bapisa Jobo 18:10, 11, NW.
9 Ka tsela ea tšoantšetso, hona ke ’nete hape ka ba latelang mehlala ea Jesu. Jesu o lemositse balateli ba hae hore ba itlhokomele ka hloko, esere lipelo tsa bona “tsa imeloa ke ho ja le ho noa hampe, le ke lipelaelo tsa bophelo.” (Luka 21:34) Satane o sebelisa lintho tsena tse ferekanyang tsa letsatsi le letsatsi ho etsa hore re tlose mahlo a rōna mehlaleng ea Jesu. O potlakela ho re tšoara re sa itebela ka ho nka monyetla ka maemo a sa lebelloang, a kang khanyetso, ho kula, kapa mathata a lichelete. Ho tiisa ‘hore le kamohla re se suthele thōko,’ re tlameha hore “re ele ka ho fetisisa litaba tsee re li utloileng hloko,” ka mantsoe a mang, re boloke mahlo a rōna a talimile haufi-ufi mehlaleng ea Kreste ho feta le ha e le neng pele.—Ba-Heberu 2:1; bona le 1 Johanne 2:15-17.
U se ke ua Fapoha
10. (a) Ho na le kotsi efe ha mehlala ea batho ba fapaneng e parolana? (b) Ka kutloisiso ea moea, ke hobane’ng ha liphello tsa ho latela mehlala e fosahetseng e le tse tebileng?
10 Lebōpong la leoatle le tletseng sephethe-phethe, ho ka ’na ha e-ba le mehlala e mengata ea batho ba fapaneng lehlabatheng le mongobo, ’me mephula e meng ea mehlala ea batho ba fapaneng e ka ’na ea parola oo re o latelang. Bonyane ha e habanngoa feela, mehlala e mengata ea batho ba fapaneng e ka ’na ea bonahala e tšoana. Ke habohlokoa hakaakang hore re kholisehe hore re latela e nepahetseng! Ho seng joalo re ka ’na ra ekoa hore re tsamaee ka tsela e fosahetseng. Ka kutloisiso ea moea, sena se ka ’na sa e-ba le liphello tse tebileng. Kotsi ea ho latela mehlala e ka ’nang ea bonahala e nepahetse empa ha e le hantle e sa nepahala e bontšoa ke maele a lemosang: “Mohlomong ho motho tsela e ’ngoe e ka e sasametse, athe phello ea eona ke lefu.”—Liproverbia 16:25.
11. Pauluse o file Bakreste ba pele keletso efe, ’me e behela bo-mang mohlala kajeno?
11 Ka baka la kotsi ena ea sebele, Pauluse o ile a ikutloa a tlameha ho lemosa baena ba hae phuthehong ea pele ea Bokreste: “Ke maketse kahobane le setse le tlohetse ea le bitsitseng ka mohau oa Kreste, la phakisa ho fetela Evangeling esele. . . . Batho ba teng ba le ferekanyang, ’me ba rata ho sokanya Evangeli ea Kreste. . . . Ekare ha e mong a fela a le bolella Evangeli esele ho eo le e amohetseng, a neeloe anathema.” (Ba-Galata 1:6-9) Tumellanong le mohlala oa Pauluse, Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova kajeno se re lemosa ka bakoenehi le baena ba bohata bao, kamoo ho neng ho le kateng, ba neng ba siea mehlala ea bolotsana. Bakreste ba ’nete ha ba batle ho fapoha tsela eo Kreste a ba sietseng eona ka tataiso ea Molimo.—Pesaleme ea 44:18.
12. (a) 2 Timothea 1:13 e ka re thusa joang ho qoba ho thetsoa hore re latele mehlala ea bolotsana? (b) Ke eng e khethollang mefuta e meng ea litaba tse molemo?
12 Ka ho ela hloko haufi-ufi matšoao a khethollang mehlala ea Kreste, re tla qoba ho thetsoa. Tsebo e nepahetseng ka Jesu, ka lithuto tsa hae, le ka tsela eo phutheho ea Bokreste e sebetsang ka eona e re thusa ho khetholla ‘mohlala oa litaba tsa pholoho’ o re sireletsang ho ba ‘sokanyang Evangeli ea Kreste.’ (2 Timothea 1:13) Mefuta e meng ea ho bitsoang litaba tse molemo—eo ha e le hantle e leng mehlala ea bolotsana—e sitoa ho nyalana le mohlala oo oa ’nete. Ea o sotha, e ntša lintho tseleng. Ho e-na le ho hlakisa linnete tsa Bibele tsa motheo le melao-motheo ea eona, ea li hanyetsa. Ho fapana le ho khothaletsa mafolo-folo a eketsehileng tšebeletsong ea Jehova, e phea khang e buellang hore re khoehlise. Molaetsa oa eona hase o molemo ’me ha o tlotlise lebitso la Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng; ke o fanang ka maikutlo a mabe, o tsōmang liphoso le o nyatsa-nyatsang. Ka sebele, ena hase mehlala eo re batlang ho e latela.
Boloka Lebelo le Loketseng
13. Lebelo le ameha joang ha re latela mehlaleng ea motho e mong?
13 Ka lehlakoreng le leng, hore na re namalatsa hakae ho reroa ke lebelo leo re tsamaeang ka lona. Ka kakaretso, ha re tsamaea ka matla, re namalatsa haholoanyane; ha re tsamaea butle, re namalatsa hanyenyane. Kahona ho ne ho tla ba bonolo haholoanyane ho rōna hore re latele mehlala ea sebele ea motho e mong haeba re etsa hore lebelo leo re tsamaeang ka lona le tšoane le leo a neng a tsamaea ka lona. Ka ho tšoanang, e le hore re ka tsamaea ka katleho mehlaleng ea tšoantšetso ea Moeta-pele oa rōna, Jesu Kreste, re tlameha ho boloka lebelo leo a tsamaileng ka lona.
14. (a) Ke ka litsela life re ka ’nang ra sitoa ho boloka lebelo le tšoanang le la Jesu? (b) Ke hobane’ng ha e le booatla ho leka ho mathela kapele ho “mohlanka ea khabane, ea bohlale”?
14 Ho se boloke lebelo leo Kreste a tsamaileng ka lona ho ne ho ka ’na ha bolela e ’ngoe ea lintho tsena tse peli. Ekaba hore re leka ho tsamaea kapele ho mo feta, ho matha re siea “mohlanka ea khabane, ea bohlale” eo Jesu a mo sebelisang ho phethahatsa morero oa Jehova, kapa re salla morao ho lateleng tataiso ea ‘mohlanka’ eo. (Mattheu 24:45-47) Ho etsa mohlala oa e qalang, linakong tse fetileng Bakreste ba bang ba ’nile ba fela pelo ka liphetoho tsa thuto kapa tsa tlhophiso kapa tsa ho hlokoloa tseo ba neng ba utloa hore lia hlokahala le hore li lieha ho etsoa. Ka ho belaela hobane ba ne ba ikutloa hore lintho ha li etsoe kapele ho lekana, ba ile ba ikhula bathong ba Jehova. Ke booatla le ho sitoa ho bonela litaba pele hakaakang! Hangata eona ntho e neng e ba khopisitse e ile ea fetoloa hamorao—ka nako ea Jehova e loketseng.—Liproverbia 19:2; Moeklesia 7:8, 9.
15. Morena Davida le Jesu e bile mehlala e metle joang ea ho boloka lebelo le loketseng?
15 Tsela e bohlale ke ho emela Jehova hore a nke bohato ho e-na le ho leka ho laela hore na lintho li lokela ho etsahala ka lebelo le lekae. Morena Davida oa boholo-holo o ile a beha mohlala o loketseng. O ile a hana ho fetohela Morena Saule ka boiteko ba ho inkela borena pele ho nako e loketseng ea hore Jehova a mo nee bona. (1 Samuele 24:1-15) Ka ho tšoanang, Jesu, “mor’a Davida,” o ile a hlokomela hore o ne a tla lokela ho emela ho kena ka ho feletseng boreneng ba hae ba leholimo. O ne a tseba polelo ea boprofeta e neng e sebetsa ho eena: “Lula letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee bao e leng lira ho uena bonamelo ba maoto a hao.” Kahoo ha sehlopha sa Bajode se ne se batla ho “mo nka ka matla ba tle ba ’mee morena,” ka potlako Jesu a ikhula. (Mattheu 21:9; Pesaleme ea 110:1; Johanne 6:15) Lilemo tse ka bang 30 hamorao, ho latela Ba-Heberu 10:12, 13, Jesu o ne a sa ntsane a emetse borena ba hae. Ha e le hantle, o ile a ema hoo e ka bang makholo a 19 a lilemo pele a hlomamisoa e le Morena ea loketseng oa ’Muso oa Molimo ha o hlongoa ka 1914.
16. (a) Bontša kamoo re ka ’nang ra tsamaea butle haholo ho feta kamoo re lokelang ho tsamaea kateng. (b) Morero oa mamello ea Jehova ke ofe, ’me re lokela ho qoba ho sebelisa mamello eo hampe joang?
16 Leha ho le joalo, ho sitoa ho boloka lebelo le loketseng, ho ka boela ha bolela ho khoehlisa, ho salla morao. Kahona, ha Lentsoe la Molimo le bontša hore re tlameha ho etsa liphetoho bophelong ba rōna, na re nka bohato ntle le tieho? Kapa re phea khang ea hore kaha Molimo o na le mamello, re ka ’na ra chechisa ho etsa liphetoho tse joalo ho fihlela neng-neng, re tšepile hore ho ka ’na ha e-ba bobebe haholoanyane ka nako eo? Ke ’nete hore Jehova o na le mamello. Empa hona hase hore re ka lieha ho etsa liphetoho tse hlokahalang. Ho e-na le hoo, “o sa mameletse ka baka la rōna; hobane ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong.” (2 Petrose 3:9, 15) Joale, ho molemo hakaakang ho etsisa mopesaleme ea itseng: “Kea phakisa, ha ke liehe ho boloka litaelo tsa hao.”—Pesaleme ea 119:60.
17. Ho boloka lebelo le loketseng ho amana joang le boboleli ba ’Muso, ’me ho etsa hore re ipotse potso efe?
17 Ho salla morao ho ka boela ha ama boboleli ba ’Muso. Ho latela Mattheu 25, hona joale Jesu o ahlōla batho, o arola “linku” ho “lipōli.” Karolo e khōlō ea hona e etsoa ka boboleli ba ‘litaba tse molemo tsa ’muso.’ (Mattheu 24:14, NW; 25:31-33; Tšenolo 14:6, 7) Hoa utloahala hore nako e behetsoeng ho finyella mosebetsi ona oa ho arola e lekanyelitsoe. (Mattheu 24:34) Ha nako eo re nang le eona e ntse e atamela pheletsong, re ka lebella hore Jesu a potlakise mosebetsi. Ha a etsa joalo, o nka bohato e le kofuto ea Molimo, oo, ha o bua ka mosebetsi oa ho bokella, o tšepisang: “’Na Jehova ke tla phakisa ke etse hoo ka nako ea teng.” (Esaia 60:22) Joaloka basebetsi-’moho le Molimo, ba latelang haufi-ufi mehlaleng ea Mora oa oona, na re potlakisa lebelo la boboleli ba rōna ba ’Muso ho isa boholeng boo boemo ba rōna ba ’mele le boikarabelo ba Mangolo li bo lumellang? Litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo li bontša hore Lipaki tsa Jehova tse limillione li etsa hona hoo!
Qoba ho Itšepa ho Tlōla, Loantša ho Nyahama
18. Ke hobane’ng ha motho a ka ’na a itšepa ho tlōla, ’me Bibele e lemosa ka kotsi ee joang?
18 Ha re mamella ka nako e telele ho lateleng mehlala ea motho e mong, tsela ea hae ea ho tsamaea e fetoha tloaelo ho rōna haholoanyane. Leha ho le joalo, haeba re fetoha ba sa tsotelleng, re tla hata tseleng e fosahetseng e-bang ke hona hoo kapa hamorao. Kahona ha re latela mehlaleng ea Jesu ea tšoantšetso, re tlameha ho hlokomela kotsi ea ho itšepa ho tlōla, ka ho se tsotelle re tšepa matla a rōna, re ikutloa hore re se re finyelletse tsela e phethahetseng eo a neng a tsamaea ka eona. Phihlelo ea Petrose e tlalehiloeng ho Luka 22:54-62 e sebeletsa e le temoso e nakong. E boetse e hatisa bonnete ba 1 Ba-Korinthe 10:12, e reng: “Ea lekanyang hore o sa eme, a ke a iponele hore a se ke a oa.”
19. (a) Nako le nako ho etsahala joang ka Mokreste e mong le e mong? (Jakobo 3:2) (b) Re lokela ho talima mantsoe a Pauluse ho Ba-Roma 7:19, 24 joang?
19 Ka baka la ho se phethahale, Mokreste e mong le e mong o tla hata tseleng e fosahetseng nako le nako. Ho fapoha e ka ’na ea e-ba ho honyenyane, ho ke keng ha bonahala habonolo ho ba bang. Kapa e ka ’na ea e-ba ho fosa pakane ho totobetseng hoo bohle ba tlang ho ho bona. Maemong ao ka bobeli, ho tšelisa hakaakang ho hopola boipolelo bo tšepahalang ba Pauluse: “Hobane molemo oo ke o ratang, ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo rateng, bona kea bo etsa. Ke motho ea soto hakaakang!” (Ba-Roma 7:19, 24) Ke ’nete hore mantsoe ana ha aa lokela ho talingoa e le boikemelo ba ho etsa ho fosahetseng. Ho e-na le hoo, ke khothatso ho Bakreste ba inehetseng ba loantšang mefokolo ea ho se phethahale, e ba thusang ho qophella boitekong ba bona ba ho hlōla phephetso ea ho tsamaea mehlaleng ea Jesu e phethahetseng.
20. (a) Liproverbia 24:16 e re thusa joang peisong ea rōna ea bophelo? (b) Re lokela ho ikemisetsa ho etsa joang?
20 Liproverbia 24:16 e re: “Hobane ea lokileng, leha a ka oa hasupa, o tla boela a tsohe.” Peisong ea rōna ea bophelo, ha ho ea lokelang ho ikutloa a tlameha ho tlohela. Peiso ena e tšoana le lebelo la mokoka, peiso ea mamello, e seng lebelo la sekhahla le lekhutšoanyane. Ho hata tseleng e fosahetseng ho honyenyane feela ha motho ea lebelong le lekhutšoanyane ho ka mo hlokisa menyetla eohle ea ho siea lebelong. Semathi sa lebelo la mokoka, le haeba se ka khōptjoa, se na le nako ea ho phahama le ho qetela lebelo. Kahoo ha ho hata tseleng e fosahetseng ho hong ha botho ho etsa hore u bokolle, “Ke motho ea soto hakaakang!” hopola hore u sa ntsane u e-na le nako ea ho phahama. U sa ntsane u e-na le monyetla oa ho khutlela mehatong ea hao le Moeta-pele oa hao, Jesu Kreste. Ha ho na lebaka la ho lahla tšepo! Ha ho na lebaka la ho inehela! Ikemisetse, ka thuso ea Molimo, ho hlōla ka katleho phephetso ea ‘ho latela haufi-ufi mehlaleng ea Jesu.’—1 Petrose 2:21.
Ke hobane’ng ha Bakreste ba tlameha
◻ ho ithuta ho fetoha?
◻ ho ela hloko ka ho feletseng?
◻ ho hopola mohlala oa ’nete?
◻ ho boloka lebelo le loketseng?
◻ ho qoba ho itšepa ho tlōla?
◻ ho loantša ho nyahama?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ka ho talima pakane ea hae, ka sebele ea lokileng o tla phahama