Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 6/1 maq. 3-4
  • Na Ke Lokela ho Fetola Bolumeli ba Ka?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Ke Lokela ho Fetola Bolumeli ba Ka?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Bolumeli ba ka Boa Nkhotsofatsa!’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Na Bolumeli Leha e le Bofe bo Lokile?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ho Sebelisa Bolumeli bo Hloekileng Bakeng sa Poloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ke Hobane’ng ha u Lokela ho Thahasella Malumeli a Mang?
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 6/1 maq. 3-4

Na Ke Lokela ho Fetola Bolumeli ba Ka?

MOQHOBI oa sefofane o ne a sa tsoa tloha Lebaleng la Lifofane la Naha Okinawa a nkile baeti ba 101. Hang-hang a hlokomela hore lifofane tse tharo tse lekolang boemo ba leholimo li tla li mo lebile ka mokhoa oo li neng li tla mo thula. A nka bohato ka potlako, moqhobi oa sefofane a thinyetsa ka ho le letšehali hang-hang, ’me ka ho etsa joalo a qoba ho thulana ha lifofane sebakeng, a pholosa bophelo ba hae le ba leng ka sefofaneng le eena. Tlaleho eo ea ho tsoa ka soba la nale, joalokaha e tlalehiloe koranteng ea Japane leboea, e bontša hantle hore ka linako tse ling ho hlokahala phetoho e potlakileng tseleng eo motho a e nkileng e le hore ho ka pholosoa bophelo.

Leha ho le joalo, batho ba bangata ba ikutloa hore ho fetola bolumeli ba motho ke taba e fapaneng. Ho ba le tšabo e matla. Ho na le tšabo ea ho kena tseleng e sa tloaelehang. Mofumahali Tachi, ea ileng a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, o ile a itlhalosa ka tsela ena: “Batho ba bangata bao ke ba tsebang ba na le lipelaelo ka bolumeli le ho buella ha bona chelete haholo. Empa sohle seo re se tsebileng le seo re se boneng ho tloha bocheng ke mekete ea bolumeli le meetlo ea bona. Ha re nahane haholo ka moelelo oa moea oa hoji [tšebeletso e tšoaroang khafetsa ea Mabuddha ea ho hopola motho ea shoeleng]. Re nahana haholo ka hoji e le nako ea thabo ea ho kopana le beng ka rōna le baahelani ba rōna. Khopolo ea ho tela seo sohle, kapa ho hobe le ho feta, ea ho lahloa ke lelapa, e ne e ntšosa.” Mohlomong boikutlo bo tjena ka bolumeli ke boo batho ba bangata ba nang le bona sebakeng sa heno.

Hape, ho na le lintho tse ling tse tšabjoang. Libakeng tse ngata, batho ba tšaba hore ka mokhoa o mong o itseng Molimo o tla ba otla haeba ba fetola bolumeli ba bona. Beng ka mosali e mong oa Japane ea ileng a qala ho ithuta Bibele ba ile ba mo bolella hore o ne a thulana le mathata a bophelo le a lelapa hobane o ne a “iphapanyelitse baholo-holo ba hae” ’me a tsositse khalefo ea bona ka ho ithuta “bolumeli ba melata.”

Ntho e ’ngoe e tšabjoang e thibelang batho ba bang ho fetola bolumeli ba bona ke hore motho a tšabe ho halefisa molekane kapa batsoali. Linaheng tse ngata tsa Bochabela, moo ho tšepahala ho batsoali le lelapa ho talingoang e le habohlokoa haholo, ka tloaelo ngoetsi e lebeletsoe hore e tšehetse maikutlo a bolumeli a lelapa leo e nyetsoeng ho lona. Esita le haeba balekane e hlile e se balumeli, ho boloka kamano e ntle le lelapa le ho boloka boemo bo teng ba litaba tsa bolumeli ho nkoa e le habohlokoa ka ho fetisisa. Banyalani ba bang ba bacha ba ile ba khaotsa thuto ea bona ea Bibele kamor’a hore ba tlisetsoe khatello e matla “sebokeng sa lelapa.” Monna, eo hamorao a ileng a tsosolosa ho ithuta, oa hlalosa: “Hantle-ntle, re ne re tšaba batho. Re ne re ikutloa hore re lokela ho latela litakatso tsa batsoali ba rōna, ’me re bile re sa batle ho ba khopisa ka ho fetola bolumeli ba rōna.”

Sena se re hopotsa lebaka le leng leo ka lona ba bangata ba tšabang ho fetola bolumeli ba bona: takatso e akaretsang ea ho se batle ho talingoa u le ea fapaneng. Lelapeng le boletsoeng kaholimo, le leng la mabaka a fanoeng ke batsoali bakeng sa hore banyalani bao ba bacha ba khaotse ho ithuta ha bona Bibele e ne e le hore ba ne ba sa batle hore bana ba bona ba talingoe e le mekhelo kapa ba khetholloe mesebetsing ea sechaba.

Kahona, ho ameha tšabo e matla potsong, Na ke lokela ho fetola bolumeli ba ka? Ka baka leo, ba bangata ba khetha pono ea bofilosofi ea hore: Ha ho hlile ha ho tsotellehe hore na u na le bolumeli bofe, na ha ho joalo? Na malumeli ’ohle hase feela litsela tse fapaneng tse isang qhooeng ea thaba e le ’ngoe? Tabeng ea bolumeli, bona, joaloka litšoene tse tharo tse boleloang ke maele, ha ba bone bokhopo, ha ba utloe bokhopo.

Empa ba bang ba ’nile ba fetola bolumeli ba bona. Hobane’ng? Ba bangata ho bona e mpa e le taba ea ho kena bolumeling bo bong bo neng bo tšepisa melemo e tlang hang-hang ea bophelo ’meleng kapa ea lichelete, ha ka nako e tšoanang ba ntse ba bolokile likhopolo tsa bolumeli ba bona ba moetlo le mekhoa ea bona. Empa ho ba bang, ho bile le phetoho ea sebele le e feletseng. Leha ho le joalo, e ka ’na eaba ua ipotsa, ‘Na ho hlile ho na le mabaka a lekaneng a hore ke fetole bolumeli ba ka? Ke hobane’ng ha ba bang ba ’nile ba utloisisa ho fetoha? Na phetoho e ka ba le tšusumetso ea sebele bophelong ba ka?’ Re u mema hore u hlahlobe sehlooho se latelang bakeng sa likarabelo.

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Ke eng e susumetsang batho hore ba khomarele mekhoa ea bolumeli ba bona ba neano?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela