Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 8/15 maq. 3-4
  • Khatello ea ho Atleha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khatello ea ho Atleha
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likhatello Tseo Batho ba Talimaneng le Tsona
  • Phello e ka ’na ea E-ba Efe?
  • Fumana Katleho ea Sebele Bophelong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Katleho—Joang Kapa Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • U ka Finyella Katleho ea Sebele Joang?
    Tsoha!—2014
  • Katleho ea Sebele ke Eng?
    Tsoha!—2014
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 8/15 maq. 3-4

Khatello ea ho Atleha

PHATLALATSO ea TV e phehella Manigeria hore e be “Ba atlehileng. Ba bohlokoa” ka ho sebelisa mofuta o itseng oa sesepa sa meno. Le hoja bohle re tseba hore sesepa sa meno ho hang ha se na senotlolo sa ho ba motho oa bohlokoa, baphatlalatsi ba bontša hore ba hlokomela hore batho ba batla ho tsebahala ka lintho tse nang le letšoao la “katleho.”

Takatso ea ho atleha le ho eloa hloko ke ba bang ke ea tlhaho. Leha ho le joalo, banna le basali ba atisa ho bea khatiso e matla linthong tse finyelloang ke batho hoo ba ipeang tlas’a khatello ea ho “ipapisa le ba ha ’Nyeo.” Na hoo ho ka ba kotsi? Na ho ka u ama?

Likhatello Tseo Batho ba Talimaneng le Tsona

Takatso e matla ea botho ea ho rua e ka ba le khatello e matla. Batho ba bangata ba batla hore ba khone ho ‘ikhantša ka lintho tsa bona tsa bophelo,’ hore e be ba hlomphehang le ba tummeng har’a batho.—1 Johanne 2:16.

Lelapa le ka ’na la ba le khatello e matla. Malapeng a mangata monna o tlameha hore a ’ne a loanele ho ntlafatsa chelete eo a e fumanang le boemo ba hae moo a sebetsang teng e le hore a phahamise boemo ba lelapa har’a batho. Kapa mosali a ka loanela hore e be mosali ea atlehileng ea sebetsang. Bana ba ka sutuletsoa hore ba sebetse ka mokhoa o phahameng ka ho sa utloahaleng sekolong. Hona ke bothata ka ho khethehileng lichabeng tse hōlang moruong moo ba bangata ba lumelang hore senotlolo sa hore motho a eketse leruo la hae ke thuto ea univesithi kapa ea koleche.

Sebaka seo motho a phelang ho sona le sona se ka ’na sa e-ba le khatello e matla ho motho bakeng sa ho hahamalla thuto ea univesithi kapa ea koleche, letlotlo, le maemo a hlomphehang le a nang le tšusumetso. Hangata katleho e lekanngoang ka chelete e ka ’na ea isa botumong, thorisong le tlhomphehong. Sehlooho sa mohlophisi sa Daily Times ea Nigeria se itse: “Ho sa tsotellehe hore na litšoaneleho tsa motho li hloekile ebile ke tse khahlehang hakae, [batho] ba bangata ha ba mo hlomphe le ho mo ela hloko, haeba a se na chelete.”

Phello e ka ’na ea E-ba Efe?

Katleho e joalo ea lefatše e ka ’na ea tlisa thabo eitseng, empa nahana ka theko e phahameng eo e boetseng e e hlokang. Sengoli sa likoranta Achike Okafo se ile sa ngola: “Malapa a tsitsitseng . . . a qhalana letsatsi le letsatsi, haholo-holo ka lebaka la chelete le seo chelete e ka se rekang. . . . Le bona banyalani ba sa ntsaneng ba khona ho khomarelana hammoho ke seoelo ba buang ka litlameho tsa bona tsa botsoali . . . hobane ba tšoarehile haholo telekisong ea se hlokoang ke katleho ea bona ea lintho tse bonahalang.” Ho sena phaella ka bothata ba bana ba hlokomolohuoang ba retelehelang lithethefatsing le tlōlong ea molao kapa ba balehang malapeng, ’me theko e fetoha e boima haholo.

Khatello ea ho atleha e sutulelitse batho ba bang ba e lakatsang ho se tšepahaleng le boitšoarong bo bobe. Baroetsana ba ’nile ba reka liphetho tse ntle tsa litlhahlobo le mosebetsi ka likamano tsa botona le botšehali. Le haeba katleho e ka fumanoa ka mokhoa o tšepahalang, batho ba atlehileng ba ka ’na ba talimana le lehloeo kapa mohono tsa ba sa atlehang haholo hammoho le boikaketsi ba “metsoalle” e hoheloang ke letlotlo le ho hlompheha. (Moeklesia 5:11) Na hona ka sebele ke katleho?

Mongoli ea bohlale oa Moeklesia ka Bibeleng o arabela ka hore ha ho joalo. Kamor’a hore a hlahlobisise letlotlo la hae le leholo, matla, le tlhompheho, hammoho le thabo e tlisoang ke tsena, o ile a fihlela qeto ea hore tsena e ne e le “lefeela le mosebetsi o nyopileng.”—Moeklesia 2:3-11.

Na hoo ho bolela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phehelloang bophelong ke lefeela? Kapa na ho na le ho leka-lekana ho loketseng hoo batho ba ka bang le hona ha ba ntse ba haha mosebetsi oa boipheliso o atlehileng? Phihlelo e bontša hore ke eng e ka ’nang ea ipaka hore e ka ba pakane ea bona e putsang ka ho fetisisa?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela