Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 10/1 leq. 30
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mantsoe a Mane a Ileng a Fetola Lefatše
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Buka ea Bibele ea 27—Daniele
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Daniele—Buka e Qosoang
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • ’Musisi oa Moikhohomosi o Lahleheloa ke ’Muso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 10/1 leq. 30

Lipotso tse Tsoang ho Babali

◼ Kaha pejana Daniele o ne a ile a re a ke ke a amohela limpho tse tsoang ho Morena Belshatsare bakeng sa ho hlalosa mongolo o leboteng, ke hobane’ng ha hamorao o ile a fumanoa a apere liaparo tseo ’me a roetse sefaha seo?

Pelenyana Bamede le Bapersia ba ketola Babylona, Morena Belshatsare le lekhotla la hae ba ne ba kena-kene moketeng. Nakong ea mokete, o ile a nka lijana tse neng li e-tsoa tempeleng ea Jehova ’me a li sebelisetsa ho noa veine ho rorisa melimo ea Babylona. Empa moketjana oo o ile oa khaoletsoa ka tšohanyetso ha letsoho le matla a phahametseng a batho le ngola lintho tse makatsang leboteng.—Daniele 5:1-5.

Banna ba bohlale le balepi ba Babylona ba ile ba sitoa ho hlalosa mongolo, le hoja Belshatsare a ne a tšepisitse hore o tla fana ka sefaha sa gauda le sebaka se hlahelletseng pusong ho mang kapa mang ea neng a ka bala a ba a hlalosa mongolo ona o makatsang.—Daniele 5:7-9.

Ha qetellong ho tlisoa Moheberu ea bitsoang Daniele, morena o ile a pheta hore na o tla fana ka eng—ho apesa Daniele purapera, ho mo roesa sefaha sa gauda, le ho mo etsa ’musi oa boraro pusong ea ’muso. Moprofeta a arabela ka tlhompho: “Boloka lineo tsa hao, u nee e mong limpho tsa hao! Leha ho le joalo, ke tla balla morena lengolo leno, ke mo qaqisetse koahollo ea lona.”—Daniele 5:17.

Ka hona ho ne ho sa hlokahale hore Daniele a qekoe ka limpho kapa hore a lefuoe hore a fane ka tlhaloso. Morena o ne a ka boloka limpho tsa hae kapa a li nea e mong osele. Daniele o ne a tla fana ka tlhaloso, e seng ka lebaka la moputso, empa hobane a ne a filoe matla a ho etsa joalo ke Jehova, Molimo oa ’nete, oo kahlolo ea oona holim’a Babylona e neng e le haufi.

Joalokaha re bala ho Daniele 5:29, kamor’a hore Daniele a bale le ho hlalosa mantsoe joalokaha a ne a itse o tla etsa, morena o ile a laela hore leha ho le joalo Daniele a ’ne a neoe meputso eo. Hase Daniele ka boeena ea ileng a ikapesa liaparo tseo le ho ithoesa sefaha seo. O ile a li neoa ka taelo ea ’musi ea neng a e-na le matla a feletseng, Morena Belshatsare. Empa hona ha ho hanane le Daniele 5:17, moo moprofeta a ileng a hlakisa hore sepheo sa hae e ne e se sa boikhabi.

Hamorao Jesu o ile a bolela hore “ea amohelang moporofeta, kahoba a e-na le lebitso la moporofeta, o tla neoa moputso oa moporofeta.” (Mattheu 10:41) Hoo ho hang ho ne ho sa sebetse ho Belshatsare, kaha o ne a sa sebelisane ka mosa kapa ka tlhompho le Daniele hobane a ne a hlompha monna enoa ea khabane joaloka moprofeta oa Molimo oa ’nete. Morena Belshatsare o ne a utloisisa ho fana ka limpho tsona tseo ho mang kapa mang ea neng a ka khona ho rarolla sephiri sa mongolo oo, le haeba e ne e ka ba molepi e mong feela oa mohetene. Morena o ile a fumana moputso o loketseng, o neng o le tumellanong le mongolo oa boprofeta o leboteng: “Ka bona bosiu boo, Belshatsare, morena oa baKalde, a bolaoa, ’me Dariuse moMede a inkela ’muso.”—Daniele 5:30, 31.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela