Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 2/1 maq. 3-4
  • Botle bo ka ’na ba E-ba ka Holimo Feela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Botle bo ka ’na ba E-ba ka Holimo Feela
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ntho a ’Ngoe e Fetang Botle
  • Maraba a Botle ba ’Mele
  • Botle ba Bonna
  • Botle Boo e Hlileng e Leng Bona ba Bohlokoa
    Tsoha!—2005
  • Botle ba ’Nete—U ka bo Hlaolela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Botle
    Tsoha!—2016
  • Ho Thoe’ng ka Bomotlelara le Litlholisano tsa Bo-’mabotle?
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 2/1 maq. 3-4

Botle bo ka ’na ba E-ba ka Holimo Feela

EVA, mosali oa pele eo hape e leng eena feela ea bōpiloeng ke Molimo, mohlomong e ne e le mosali e motle ka ho fetisisa ea kileng a phela. Empa eena le monna oa hae, Adama, ba ile ba fetohela Jehova. Kahoo Eva o ile a lahleheloa ke kamano ea hae e haufi-ufi le Molimo ’me a kopanela ho tliseng tlokotsi e tšabehang holim’a moloko oa motho. Ka mor’a moo, ha ho pelaelo hore o ne a ntse a le motle, empa botle ba hae bo ne bo le ka holimo feela.

Ha e le hantle botle ke mpho ea Molimo, ’me ba bang ba fumane karolo a khōlō ea mpho ena ka lefutso ho feta ba bang. Ba bang ba lakatsa eka ba ka be ba le batle haholoanyane—kapa ba khahleha—ho feta kamoo ba leng kateng, ’me ba bangata ba senya nako e ngata le chelete e ngata ba ntlafatsa litšobotsi leha e le life tse bohehang tseo ba nang le tsona. Empa joalokaha mohlala oa Eva o bontša, ka mor’a nako botle ka bobona bo fetoha bo sa thuseng letho ntle le haeba bo tsamaea le litšobotsi tse ling. Litšobotsi life tse ling? Phihlelo ea morao koana mehleng ea Morena Salomone e re thusa ho arabela hoo.

Ntho a ’Ngoe e Fetang Botle

Buka ea Bibele ea Sefela sa Lifela e re bolella ka ngoanana e monyenyane e motle oa mahaeng, Moshulame, ea neng a ratana le molisana oa sebaka seo. Botle ba hae bo ile ba khahla morena, ’me o ile a etsa hore a tlisoe Jerusalema a tšepile ho mo etsa mosali oa hae. Oo e ne e le monyetla o mokaakang bakeng sa moroetsana leha e le ofe! Ha a le moo, o ne a ka sebelisa litšobotsi tsa hae tse bohehang ho fumana boemo ba maruo, matla, le tšusumetso ’musong. Empa ka tieo ngoanana eo e monyenyane o ile a qhela boiteko ba morena eo ba ho mo fereha. O ile a furalla mabenyane le maruo a Jerusalema ’me a lula a tšepahala ho molisana oa hae. Ntlheng ea hae, botle e ne e le ho hong ho fetang hōle botle ba ka holimo. O ne a sa nahanele haufi, e se ea ipatlelang menyetla, kapa ea meharo. Ho fapana le hoo, o ne a e-na le botle ba ka bare boo nkhono’ae Eva a neng a bo hloka.—Sefela sa Lifela 1:15; 4:1; 8:4, 6, 10.

Maraba a Botle ba ’Mele

Le hoja bo lakatseha, botle ba ’mele bo ka lebisa mathateng ao le ka mohla botle ba ka hare bo ke keng ba a tlisa. Ka mohlala, hoo e ka bang lilemong tse 4 000 tse fetileng, mopatriareka Jakobo o ile a ba le morali ea bitsoang Dina eo ntle le pelaelo a neng a le motle haholo. Ha ka booatla a qeta nako e ngata a thabela setsoalle le “baroetsana ba naha eo,” mohlankana ea bitsoang Sikeme o ile a khahloa ke eena haholo hoo a ileng a mo beta.—Genese 34:1, 2.

Ho phaella moo, litšobotsi tse bohehang tse ka ntle, haeba li sa matahanngoe le botle ba ka hare, li ka tlatsa mong’a tsona boikakaso. Morena Davida o ne a e-na le mora ea bitsoang Absalome, eo ka eena re balang: “Ho no ho se motho hohle Iseraeleng, ea tumileng ka botle ba hae.” (2 Samuele 14:25) Empa botle ba ’mele ba Absalome bo ne bo khurumelitse bobe bo neng bo le ka hare: O ne a ikhantša, a lelekisa bophahamo, a bile a le sehlōhō. Ka masene mohlankana eo o ile a sebelisa khahleho ea hae ea botho ho iphumanela bolateli Iseraeleng eaba o etsa ’mommori khahlanong le ntat’ae eo e neng e le morena. Qetellong o ile a bolaoa empa hoo ho etsahetse mohlankana enoa ea khahlehang haholo a se a kentse ’muso ntoeng ea lehae.

Botle ba Bonna

Joalokaha taba ea Absalome e bontša, Bibele e bua ka banna hammoho le basali ba le batle. Mohlala oa monna ea sa kang a tšoasoa ke leraba la botle ba hae ba bonna ke Josefa, khaitseli e monyenyane oa Dina ka malapa. (Genese 30:20-24) Ha e sa ntsane e le mohlankana, ka lebaka la mohono banab’abo Josefa ba ile ba mo rekisa bokhobeng Egepeta. Ha a le moo, o ile a rekoa ke molaoli oa sesole ea bitsoang Potifaro, ’me ka lebaka la ho tšepahala le ho sebetsa ka matla, o ile a fetoha molebeli oa ntlo ea Potifaro. Khabareng, “Josefa o ne a le sebopeho se setle, le tšobotsi e ntle.”—Genese 39:6.

Mosali oa Potifaro o ile a rata Josefa ’me ka ho hloka lihlong a leka ho mo eka. Empa mohlankana eo o ile a bontša hore o ne a e-na le botle ba ka hare ’moho le khahleho ea ’mele. O ile a hana ho siteloa mong’a hae, Potifaro, ’me a baleha mosali eo. Ka lebaka leo, o ile a hlahleloa chankaneng. Hobane’ng? Mosali oa Potifaro ea aparetsoeng ke lihlong o ile a mo qosa ka bohata ka hore o ne a leka ho mo beta! Leha ho le joalo, esita le phihlelo ena e bohloko ha ea ka ea thatafatsa pelo ea Josefa, ’me mohlala oa hae o babatsehang tlas’a bothata bo boholo o ’nile oa khothatsa batho ba lipelo li ntle haesale ho tloha ka nako eo.

Joalokaha mehlala ena e bontša, botle ba ka hare—botle ba botho haholo-holo ha bo theiloe tumelong ho Molimo—ke ba bohlokoa haholo ho feta litšobotsi tse bohehang tsa ’mele. Ho hlokahala hore bacha ba nahanang ka lenyalo ba ele sena hloko. Ho hlokahala hore bahiri ba batlang basebetsi ba hopole sena. Hape ho hlokahala hore kaofela ha rōna re hopole hore ebang re hlohonolofalitsoe ka botle ba ’mele kapa che, re ka hlaolela botle bona ba ka hare boo e leng ba bohlokoa haholo. Empa botle boo bo entsoe ka eng? Hona ke joang re ka bo hlaolelang? Re tla buisana ka sena sehloohong se latelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela