Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 2/1 maq. 27-30
  • Lentsoe la Molimo—Bopaki ba Hore ke la ’Nete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lentsoe la Molimo—Bopaki ba Hore ke la ’Nete
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Nyarela Matlotlong a Chester Beatty
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Molaetsa oa Bibele ha oa Fetoha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Thuto ea 6—Taba e Ngotsoeng ka Segerike ea Bokreste ea Mangolo a Halalelang
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Ke ne ke Batla ho Iponela ka Mahlo
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 2/1 maq. 27-30

Lentsoe la Molimo—Bopaki ba Hore ke la ’Nete

’Nete kapa bohata?—Bibele e ’nile ea fetisoa ka lilemo tse ngata e sa fetoloa.

’Nete kapa bohata?—Liphapano tse likete meqolong e ngotsoeng ka letsoho ea Bibele li fokolisa ho ipolela ha eona hore ke lentsoe la Molimo.

PELE u araba lipotso tseo, nahana ka boitsebiso bo bong bo ileng ba fanoa moraonyana Pontšong ea “Lentsoe la Molimo” e neng e tšoaretsoe Laebraring ea Chester Beatty mane Dublin, Ireland.

Maqephe a litsekana, a likotoana a loli a ntse a fela le lilemo. Empa leha ho le joalo, maloli a Chester Beatty ke meqolo e ngotsoeng ka letsoho ea bohlokoa ka ho fetisisa laebraring eo. E ne e chekoe setseng sa mabitla sa Macopt (sa Egepeta) ka bo-1930. Sir Frederic Kenyon o itse: “[E ne e le] tšibollo, e neng e lekana le eane ea Codex Sinaiticus.”

Maqephe ana a ngotsoeng ka letsoho a loli, a le ka sebōpeho sa litlaleho, a ile a kopitsoa lekholong la bobeli, la boraro le la bone la Mehla e Tloaelehileng ea rōna. Wilfrid Lockwood, mohlokomeli oa laebrari, o itse: “A mang e ka ’na eaba a kopilitsoe nakong ea lekholo la lilemo la ho hatisoa ha mangolo a pele.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Tlaleho e ’ngoe e na le Mangolo a mane a buang ka Jesu le buka ea Liketso. E ’ngoe e na le mangolo a mangata haholo a moapostola Pauluse, ho akarelletsa le lengolo la hae le eang ho Baheberu.

Ho kopitsa meqolo e ngotsoeng ka letsoho ka tsela ena ho ne ho tena ho bile ho khathatsa, ’me ho le bonolo ho etsa liphoso. Ho ne ho le bonolo ho bala tlhaku hampe kapa ho tlola mola o mong, ho sa tsotellehe hore na mokopitsi o seli hakae. Ka linako tse ling mokopitsi o ne a thahasella ho fumana moko-taba le moelelo oa lengolo la pele ho feta mantsoe a nepahetseng a tobileng. Ha likopi li boetse li kopitsoa hape, liphoso li ne li ntse li tsoela pele ho ba teng. Liithuti tse itšetlehileng ka litemana li ile tsa bokella meqolo e ngotsoeng ka letsoho ’moho le liphapano tse tšoanang ka lihlopha tse lumellanang. Maloli ana a Chester Beatty, meqolo ea khale-khale ea bohlokoa e ngotsoeng ka letsoho ea Bibele ea Segerike, a ile a fa liithuti pono e ncha e neng e sa lebelloa, kaha a ne a sa lumellane ho hang le tse ling tsa lihlopha tseo tse amohelehang ka molao.

Pele ho nako ea Jesu, ’me haholo-holo ka mor’a timetso ea Jerusalema (607 B.C.E.) le ka mor’a ho qhalanngoa ha Bajode, likopi tse ngata tse ngotsoeng ka letsoho tsa Mangolo a halalelang a Seheberu li ile tsa etsoa. Hoo e ka bang ka 100 C.E., Bajode ba boholong ba ile ba sebelisa likopi tse joalo ho etsa lengolo la Seheberu le neng le amoheloa ke Bajode ba thuto ea neano.

Ba ile ba bea le melao e tiileng ho leka ho tiisa hore ho kopitsoa ha lengolo leo ho etsoa ka nepo. Ba bolela ka ho toba hore na ho ka sebelisoa eng ha esita le boholo ba litlhaku le sebaka se lipakeng tsa tsona, mantsoe, mela, le likarolo. Ba itse: “Ha ho lentsoe kapa tlhaku, leha e le yod [tlhaku e nyenyane ka ho fetisisa litlhakung tsa Seheberu], e tlamehang ho ngoloa ho tsoa mohopolong.” Ka hona bakopitsi ba etsa meqolo e kang Torah (thuto), e neng e e-na le libuka tse hlano tsa Bibele, le buka ea Esthere. Bukana ea litšoantšo ea lipontšo e boletse hore meqolo e joalo e ngotsoeng ka letsoho ea lengolo la Seheberu, “e bontša tekanyo e hlollang ea tumellano.”

Liphoso tse ileng tsa fetela ka Meqolong ea Seheberu le ea Bokreste ea Segerike e ngotsoeng ka letsoho li ne li tebile hakae? Monghali Lockwood o itse: “Ho lokela ho hatisoa hore, liphapano pakeng tsa meqolo ea Bibele e ngotsoeng ka letsoho ha lia teba ha li bapisoa le tse ileng tsa fumanoa meqolong e ngotsoeng ka letsoho ea tsa bohetene. . . . Boemong leha e le bofe ha ho ntlha ea thuto ea Bokreste e ileng ea angoa ke tšenyeho ea mongolo.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.

Libuka tsa Bibele ho tloha pele le ka mor’a mehla ea Jesu li ile tsa fetoleloa lipuong tse ling. E ’ngoe ea liphetolelo tsa khale-khale ke libuka tsa pele tse hlano tsa mangolo a Bakreste a Samaria. Basamaria e ne e le batho ba ileng ba nka naha ea ’muso oa meloko e leshome ea Iseraele ka mor’a hore Assyria e ise Baiseraele botlamuoeng (740 B.C.E.). Ba ile ba amohela litšobotsi tse ling tsa borapeli ba Bajode ’me ba amohela feela libuka tse qalang tse hlano tsa Bibele, libuka tsa pele tse hlano tsa mangolo a Bakreste. Temana ea Sesamaria ea libuka tsena, e ngotsoeng ka mokhoa oa Seheberu sa boholo-holo, e na le ho se tšoane ho baloang ka makhetlo a 6 000 temaneng ea Seheberu. Bukana ea litšoantšo ea lipontšo e itse: “Boholo ba ’ona, ke a bohlokoa bo fokolang temaneng le hoja a thahasellisa joalokaha a bolokile litšobotsi tsa boholo-holo tsa mokhoa oa ho a bitsa kapa ho a bala le ho a ngola.”

Lekholong la boraro la lilemo B.C.E., liithuti tsa Bajode Alexandria, Egepeta, li ile tsa etsa phetolelo ea Segerike Septuagint ea Mangolo a Seheberu, e ileng ea tla sebelisoa ke Bajode ba buang Segerike lefatšeng lohle. Ha nako e ntse e tsamaea Bajode ba khaotsa ho e sebelisa, empa e ile ea fetoha Bibele ea phutheho ea mehleng ea pele ea Bokreste. Ha bangoli ba Bakreste ba ne ba qotsa Mangolong a halalelang a Seheberu, ba ne ba sebelisa Septuagint. Mangolo a loli a Chester Beatty a Mangolo a Seheberu a akarelletsa maqephe a 13 a buka ea Daniele ho Septuagint.

Liphetolelo tsa morao tsa Bibele li ile tsa etsoa ka lipuo tse kang Selatine, Secoptic, Sesyria le Searmenia. Mohlala o mong pontšong eo e ne e le libuka tse ngotsoeng ka letsoho matlalong a bonojoana tsa phetolelo ea Coptic ea karolo ea Bibele ho tloha lekholong la botšelela kapa la bosupa la lilemo C.E. Liphetolelo tse kang tsee li thusa liithuti tsa Bibele le baphenya-phenyi ba mangolo joang? Liphetolelo tse joalo hangata ke liphetolelo tse fetoletseng ntho joalokaha e le joalo mangolong a ngotsoeng ka letsoho a Segerike ao bafetoleli ba neng ba a sebelisa. Monghali Lockwood o ile a hlalosa: “Haeba temana ea Segerike eo mofetoleli a e fetolelang e le molemo, ho hlakile hore phetolelo e tla fana ka thuso ea bohlokoa mosebetsing oa ho boela ba fumana hape mantsoe a pele-pele a Segerike.”

Pontšo ea bohlokoahali, le e ikhethang lilaebraring ke tlhaloso ea mongoli oa Syria oa lekholong la bone la lilemo, Ephraem, ho Diatessaron ea Tatian. Hoo e ka bang ka 170 C.E., Tatian o ile a bokella tlaleho e lumellanang ea bophelo le tšebeletso tsa Jesu, a sebelisa litemana tse qotsitsoeng Melaetseng e mene e buang ka Jesu (Diatessaron e bolela “ka [tse] ’ne”). Kaha ha ho likopi tse ileng tsa phonyoha, baphenya-phenyi ba bang ba lekholong le fetileng la lilemo ba ne ba belaela hore na le ka mohla tumellano e joalo ea Melaetsa e kile ea e-ba teng. Baphenya-phenyi bana ba ile ba hanyetsa hore Melaetsa e mene e buang ka Jesu ka boeona e ne e sa ngoloa ho fihlela bohareng ba lekholo la bobeli la lilemo.

Leha ho le joalo, lilemong tse lekholo tse fetileng, ho sibolloa ha liphetolelo tsa Diatessaron ka Searmenia le Searabia ho ile ha qobella baphenya-phenyi ba baholo hore ba ikhule. Joale, ka 1956, Sir Chester Beatty o ile a fumana tlhaloso ena e ikhethang ea lekholong la bohlano kapa la botšelela la lilemo e nang le lirapa tse telele tse qotsitsoeng bukeng ea pele ea Tatian. Monghali Lockwood o itse: “Ka sebele e felisitse maikutlo a hore Mangolo a mane a ne a e-s’o phatlalatsoe mehleng eo.”

Pontšo ea “Lentsoe la Molimo” e ne e le khopotso ea boitsebiso bo bongata bo teng ho liithuti tsa Bibele le baphenya-phenyi ba mangolo. Ak’u re e mong oa liithuti tsena, Sir Frederic Kenyon, a hlalose bohlokoa ba meqolo eohle ea Bibele e ngotsoeng ka letsoho e ileng ea fumanoa ’me ka nako e tšoanang a arabe lipotso tse botsitsoeng qalong:

“E ka ’na ea e-ba ho tšoenyang ho ba bang ho tela maikutlo a hore Bibele e ’nile ea sebelisoa lilemo tse ngata e sa fetoloa . . . Ke ho kholisang qetellong ho fumana hore phello e akaretsang ea lintho tsena kaofela tse sibolotsoeng le thuto ena eohle ke ho matlafatsa bopaki ba bonnete ba Mangolo, le kholiseho ea rōna ea hore re na le lentsoe la Molimo leo e leng ’nete ka botšepehi bohle.” (The Story of the Bible, leqephe 113)—Pesaleme ea 119:105; 1 Petrose 1:25.

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Maqephe a loli a lekholong la boraro la lilemo—2 Ba-Korinthe 4:13–5:4

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

E hatisitsoe hape ka tumello ea Laebrari ea Chester Beatty

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Meqolo ea letlalo le libuka tsa matlalo a bonojoana tsa Esthere tsa lekholong la bo18 la lilemo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

E hatisitsoe hape ka tumello ea Laebrari ea Chester Beatty

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Buka e ngotsoeng hape ka letsoho letlalong le bonojoana ea lekholong la botšelela kapa la bosupa la lilemo—Johanne 1:1-9, Phetolelo ea Coptic

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

E hatisitsoe hape ka tumello ea Laebrari ea Chester Beatty

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Buka e ngotsoeng ka letsoho letlalong le bonojoana ea lekholong la bohlano kapa la botšelela la lilemo—tlhaloso ea Ephraem e kopanyelletsang mantsoe a qotsitsoeng ho Diatessaron ea Tatian, ka Sesyria

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

E hatisitsoe hape ka tumello ea Laebrari ea Chester Beatty

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela