Toka Haufinyane Bakeng sa Lichaba Tsohle
“Toka—toka a lokela ho a phehella, a le hore a ka lula a ntse a phela ’me ka sebele ua rua lefatše leo Jehova Molimo oa hao a u nehang lona.”—DEUTERONOMA 16:20, “NW.”
1. Tšimolohong morero oa Molimo e ne e le ofe ka motho, ’me ke ka tsela efe feela a neng a ka o phethahatsa?
MORERO oa Jehova Molimo ha a ne a bōpa monna le mosali e ne e le hore lefatše le tlale libopuoa tse phethahetseng. Kaofela ha tsona li ne li tla mo rorisa ’me li ne li tla phetha karolo ea tsona ea ho busa lefatše. (Genese 1:26-28) Kaha motho o entsoe ka setšoantšo sa Molimo le ka ho tšoana le oona, o filoe litšobotsi tsa bohlale, toka, lerato, le matla. Ke feela ha litšobotsi tsena li sebelisoa ka ho leka-lekana motho a neng a ka phethahatsa morero oa ’Mōpi oa hae ka eena.
2. Ho phehella toka e ne e le habohlokoa hakae ho bana ba Iseraele?
2 Joalokaha ho boletsoe sehloohong se ka pele, motho o ile a fetohela tsela eo Molimo o etsang lintho ka eona ’me a ahloleloa lefu. Joale, ka baka la ho se phethahale, o ne a se a ke ke a khona ho phethahatsa morero oa Molimo oa tšimolohong bakeng sa batho. Hore motho ha a khone ho bonahatsa toka e phethehileng e bile ntlha e ’ngoe e totobetseng ho hlōleheng hona. Ka hona, ha ho makatse hore e be Moshe o ile a hopotsa bana ba Iseraele: “Toka—toka u lokela ho e phehella”! Bophelo ba bona le matla a bona a ho rua Lefatše la Pallo li ne li itšetlehile ka hore ba phehelle toka.—Deuteronoma 16:20, NW.
Seriti sa Lintho Tse Molemo Tse Tlang
3. Ke hobane’ng ha ho hlahloba litšebelisano tsa Jehova le Iseraele e le habohlokoa ho rōna kajeno?
3 Litšebelisano tsa Jehova le sechaba sa Iseraele li matlafatsa tšepo ea rōna ea hore ka sebele o tla bolella lichaba tsohle toka ka Mohlanka oa hae ea khethiloeng, Jesu Kreste. Moapostola Pauluse o hlalosa litaba ka tsela ena: “Hobane taba tsohle tse ngoliloeng pele, li ngoliloe ho re ruta, hore, ka ho mamella le ka ho tšelisoa ke Mangolo, re tle re be le tšepo.” (Ba-Roma 15:4) Kaha Molimo “o rata ho loka le toka,” o ne o batla hore Baiseraele ba o etsise litšebelisanong tsohle tsa bona. (Pesaleme ea 33:5, TLP) Sena se ka bonoa ka ho hlakileng ka ho hlahloba melao a seng mekae har’a e 600 e neng e nehiloe Iseraele.
4. Mathata a litokelo tsa botho a ne a sebetsoa joang tlas’a Molao oa Moshe?
4 Mathata a litokelo tsa botho a ne a sa be teng ha Molao oa Moshe o lateloa. Ha re nka mohlala oa motho eo e seng Moiseraele ea neng a jaka naheng eo, Levitike 19:34 e re: “Le etse molichaba joale ka ha le etsa ea tsoaletsoeng ha habo lōna, ’me le mo rate joale ka ha le ithata.” E ne e le tokisetso e lokileng le e lerato hakaakang! Ho feta moo, baahloli le lipaki ka ho tšoana ba ile ba lemosoa: “U se ke ua latela bongata ho ea etsa tse mpe; hape nyeoeng u se ke ua bua u sekamela bongateng, ho khopamisa ho loka. Empa le teng, u se ke ua etsetsa mofutsana leeme nyeoeng ea hae.” (Exoda 23:2, 3) Ak’u nahane ka seo—toka e se e sebelisoa ho barui le mafutsana ka ho tšoana!
5. Bapisa melao ea tlōlo ea molao tlas’a Molao oa Moshe le ea kajeno.
5 Tlas’a Molao oa Moshe, melao ea tlōlo ea molao a ne a phahametse hōle melao e libukeng tsa molao tsa lichaba kajeno. Ka mohlala, lesholu le ne le sa kenngoe chankaneng kaha hoo ho ne ho tla imetsa batho ba sebetsang ka thata ba utloang Molao. Le ne le lokela ho sebetsa ’me le lefe habeli kapa ho feta moo bakeng sa seo le se utsoitseng. Kahoo motho ea utsoelitsoeng o ne a sa lahleheloe. Ha re re lesholu le ne le ka hana ho sebetsa le ho lefa. Ntlheng eo, le ne le rekisoa bohlankeng ho fihlela ho fihla nako ea ho rekolloa. Haeba le ne le tsoela pele ho bontša manganga, le ne le bolaoa. Ka tsela ena, ho ne ho phethoa toka bakeng sa motho ea utsoelitsoeng, ’me sena e ne e le ntho e matla e thibelang ba bang hore ba ka ba le tšekamelo ea ho utsoa. (Exoda 22:1, 3, 4, 7; Deuteronoma 17:12) Ho feta moo, kaha bophelo boa halalela mahlong a Molimo, ’molai leha e le ofe o ne a bolaoa. Sena se ne se tlosa motho ea khopo, ea bolaeang sechabeng. Leha ho le joalo, ho ne ho bontšoa mosa ho ’molai eo e seng oa ka boomo.—Numere 35:9-15, 22-29, 33.
6. Ho hlahloba melao ea Iseraele ho re lebisa qetong efe?
6 Joale, ke mang ea ka hanang hore toka e ne e khetholla litšebelisano tsohle tsa boahloli tsa Molimo le sechaba sa Iseraele? Kahoo, re tlala matšeliso a makaakang, tšepo e kaakang, ha re nahanisisa kamoo tšepiso ea Molimo e ho Esaia 42:1 e tla sebelisoa kateng ka Kreste Jesu! Mono re nehoa tiisetso: “O tla tlisetsa lichaba ho loka.”
Toka e Sebelisoa ka ho Lekanang le Mohau
7. Hlalosa litšebelisano tse mohau tsa Jehova le Iseraele.
7 Toka ea Molimo e sebelisoa ka ho lekanang le mohau. Sena se ile sa bontšoa ka ho hlaka ha Baiseraele ba qala ho fetohela litsela tse lokileng tsa Molimo. Mamela kamoo Moshe a hlalosang tlhokomelo e mohau ea Jehova ho bona nakong ea lilemo tse 40 tseo ba li qetileng lefeelleng: “O mo fumane a le nahathothe, feelleng le tšabehang ka bobe le ka mehoo ea tšenyeho; a mo teela hare kahohle, a mo hlokomela, a mo boloka joale ka hoja e le thaka ea leihlo la hae. A etsa joale ka ntsu ha e tsosa malinyane a eona, ’me a okaokela holim’a ’ona, a emisa mapheo a eona, a nka bana ba eona, ’me e ba pepa mapheong a eona. Jehova o mo tsamaisitse e le eena a ’notši.” (Deuteronoma 32:10-12) Hamorao, ha sechaba seo se koeneha, Jehova o ile a ipiletsa: “Khutlang hle metsamaong ea lōna e mebe, le liketsong tsa lōna tse mpe!”—Zakaria 1:4a.
8, 9. (a) Jehova o bontšitse toka ea hae e mohau ho Bajode ho isa bohōleng bofe? (b) Ke tlokotsi efe ea ho qetela e ileng ea ba hlahela, empa ho ka thoe’ng ka tsela eo Molimo o neng o sebelisana le bona ka eona?
8 Ha ho ea ileng a mamela mpho ea Jehova ea mohau. Ka moprofeta Zakaria, Molimo oa re: “Empa ha ba ka ba mamela, ha ba ka ba hlokomela lentsoe la ka.” (Zakaria 1:4b) Kahoo toka e mohau ea Molimo e ile ea o susumelletsa ho romela Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši ho tla ba thusa ho khutlela ho Oona. Johanne Mokolobetsi o tsebahalitse Mor’a Molimo ka hore: “Bonang, ke Konyana ea Molimo e tlosang libe tsa lefatše.” (Johanne 1:29) Ka lilemo tse ’maloa, Jesu o ile a ruta Bajode litsela tse nepahetseng tsa Molimo a sa khathale, a etsa mehlolo e se nang palo ’me ka ho etsa joalo a paka hore e ne e le eena Molopolli ea boletsoeng esale pele. (Luka 24:27; Johanne 5:36) Empa batho ha baa ka ba mamela kapa ba lumela. Kahoo, Jesu o ile a susumelletsoa ho khotsa: “Jerusalema, Jerusalema, ea bolaeang baprofeta, ea tlepetsang ka majoe ba rongoang ho uena, ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao, joale ka khoho ha e bokella litsuanyana tsa eona tlas’a mapheo a eona, empa le hanne. Bonang, ntlo ea lōna e tla sala e le lesupi.”—Mattheu 23:37, 38.
9 Molimo ha oa ka oa phethahatsa kahlolo ea oona e bohale ka lilemo tse ling tse 37, ho fihlela ka 70 C.E. Joale o ile oa lumella Baroma ho timetsa Jerusalema le ho isa Bajode ba likete-kete botlamuoeng. Ha re nahana ka tiisetso ea Jehova le mamello ea hae ka nako e fetang makholo a mangata a lilemo, ke mang ea ke keng a bona letšoao la toka litšebelisanong tsohle tsa hae le ntlo ea Iseraele?
Toka Bakeng sa Lichaba Tsohle
10. Toka ea Molimo e bontšitsoe lichaba tsohle joang?
10 Ka mor’a hore Iseraele a furalle Jesu, Jakobo o itse: “Molimo o [qalile] ho etela lichaba hore o ikhethele har’a tsona sechaba se khethetsoeng lebitso la oona.” (Liketso 15:14) “Sechaba” sena, se akarelletsang Bajode ba seng bakae ba ileng ba amohela Jesu e le Messia, ha se kopane se bōpa “Iseraele [oa moea] oa Molimo” ’me se entsoe ka balateli ba 144 000 ba tsoetsoeng ka moea ba Kreste Jesu. (Ba-Galata 6:16; Tšenolo 7:1-8; 14:1-5) Molichaba oa pele ea sa bollang eo e ileng ea e-ba molumeli ke Kornele. Ha Kornele le ba ntlo ea hae ba amohela tsela ea Molimo ea poloko, Petrose o ile a re: “Ke lemoha ka ’nete hore Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho. Empa har’a lichaba tsohle, ea o tšabang, le ea etsang ho lokileng, ke eena ea o khahlisang.” (Liketso 10:34, 35) Pauluse o hlalosa ka ho eketsehileng kamoo ho hloka leeme ha Jehova ho lokileng kateng ha a re: “Ha ho sa le mo-Jode, leha e le mo-Gerike; ha ho sa le ea ruiloeng, leha e le ea sa ruoang; ha ho sa le monna, leha e le mosali; hobane kaofela ha lōna le ntho e le ’ngoe ho Jesu Kreste.’Me ha le le ba Kreste, ke moo le leng leloko [“peo,” NW] la Abrahama, le majalefa ka pallo.”—Ba-Galata 3:28, 29.
11. Abrahama o ile a nehoa tšepiso efe, ’me e tla phethahatsoa joang?
11 Mona re hopotsoa tšepiso e babatsehang eo Jehova a neng a e etsetse Abrahama. O ipapisitse le boikemisetso ba mopatriareka eo ba ho tela mora oa hae ea ratoang Isaaka, Molimo o ile oa ’molella: “Ka baka la hobane u entse taba eo, u sa ka ua nkhanela le mora oa hao, ea mong ho uena, ho hlohonolofatseng ke tla u hlohonolofatsa . . . Lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa lelokong [“ka peo,” NW] la hao.” (Genese 22:16-18) Tšepiso ee e tla phethahatsoa joang? “Peo ea Abrahama,” e entsoeng ka Jesu Kreste le balateli ba hae ba 144 000 ba tlotsitsoeng ba ipakang ba tšepahala ho isa lefung, e tla busa batho e le maholimong ka lilemo tse sekete. (Tšenolo 2:10, 26; 20:6) Mabapi le nako eo e hlohonolofalitsoeng, Jehova oa re tiisetsa: ‘Khaphatseho ea puso ea bohosana le khotso li ke ke tsa fela.’ Hobane’ng? Hobane “puso ea bohosana” ea ’Muso oo oa Bomessia e tla ‘tiisoa ka toka le ho loka ka ho sa feleng.’—Esaia 9:7, NW.
12. Mahlohonolo a selekane sa Abrahama a se a ntse a thabeloa ho isa bohōleng bofe?
12 Empa ha ho hlokahale hore batho ba eme ho fihlela Puso ea Lilemo tse Sekete ea Jesu Kreste e qala e le hore ba ka thabela mahlohonolo a selekane sa Abrahama. Mahlohonolo ana a se a ntse a thabeloa ke “bongata bo boholo” ba batho “ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle.” Ka hore e be ka tšoantšetso ‘ba hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele ’me ba li soeufalitse maling a Konyana,’ Jesu Kreste, ba fumane boemo bo lokileng pel’a Jehova. Joaloka Abrahama, ba fetohile metsoalle ea Jehova! Ka sebele toka e khetholla tsela ea Jehova ea poloko bakeng sa ba limillione ba tsoang lichabeng tsohle.—Tšenolo 7:9, 14.
Na u Arabela Litseleng Tse Lokileng Tsa Molimo?
13, 14. (a) Kaofela ha rōna re lokela ho hlahloba lipelo tsa rōna joang? (b) Teboho ea rōna ho Jehova e ka bonahatsoa joang?
13 Na pelo ea hao e anngoe le ho susumetsoa ka ho teba ke tsela ea Molimo ea toka le lerato ha o fana ka Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši e le topollo bakeng sa hao? Nahana hore na Abrahama o ne a ikutloa joang ha Jehova a mo kōpa hore a tele mora oa hae, eo a neng a mo rata haholo! Empa maikutlo a Molimo a ile a fetela pejana ho moo. Nahana hore na o ne o ikutloa joang ha Mora oa oona ea ratoang a hlokofatsoa ke mahlapa, lipuo tse nyefolang tsa batho ba fetang ka tsela, bohloko bo kenang pelong ba thupa ea tlhokofatso. Nahana hore na Jehova o ile a arabela joang sellong sa Jesu: “Molimo oa ka, Molimo oa ka, u ntloheletse’ng?” (Mattheu 27:39, 46) Leha ho le joalo, toka e ne e hloka hore Jehova Molimo a lumelle Mora oa hae hore a shoe ka tsela e joalo e le hore a pake botšepehi ba hae tlotlisong ea ho loka ha Molimo. Ho feta moo, ka ho lumella Mora oa hae ho shoa, Jehova o ile a re bulela tsela ea poloko.
14 Joale, ruri teboho ea rōna ho Jehova le Mora oa hae e lokela ho re susumelletsa ho lumela phatlalatsa: “Poloko ke ea Molimo oa rōna . . . le ea Konyana.” (Tšenolo 7:10) Ha re arabela hamolemo ka tsela ena, re bontša hore re lumela mantsoe a Moshe: “Litsela [tsa Jehova] kaofela ke toka.” (Deuteronoma 32:4, NW) E tlameha e be re thabisa lipelo tsa Jehova le Mora oa hae hakaakang ha re lumela ’me joale re phehella litsela tse lokileng tsa Molimo bakeng sa poloko ea motho!
15. Mantsoe a Jesu ho Nikodema a na le bohlokoa bofe ho rōna?
15 Na ha re thabe hore e be ka bo-1870 balumeli ’moho le rōna ba ile ba nka khato e tiileng tsekong ea sehlabelo sa topollo? Na ha re thabe hore e be rōna kajeno re karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng o ikemiselitseng ka ho tšoanang ho khomarela tsela e lokileng le e lerato ea Molimo bakeng sa poloko ea motho? Haeba re thabile, joale re lokela ho ela hloko ka ho khethehileng seo Jesu a se boleletseng Nikodema: “Molimo o romile Mora oa oona lefatšeng, e seng hore a ahlole lefatše, empa e le hore lefatše le bolokoe ke eena. Ea lumelang ho eena ha a ahloloe; . . . Ea etsang ’nete, o tla leseling, mesebetsi ea hae e tle e bonahatsoe hore e etselitsoe Molimo.” Hore re pholohe kahlolo e bohale ea Molimo, re tlameha ho paka tumelo ea rōna ho Mora ka ho etsa ‘mesebetsi e etsetsoang Molimo.’—Johanne 3:17, 18, 21.
16. Barutuoa ba Jesu ba ka tlotlisa Ntate oa leholimo joang?
16 Jesu o itse: “Moo Ntate a tlotlisoang teng, ke ha le bea haholo: le hona ke moo le tla ba barutuoa ba ka. Ha le boloka melao ea ka, le tla lula leratong la ka, joale ka ha le ’na ke bolokile melao ea Ntate, ’me ke lutse leratong la hae.” (Johanne 15:8, 10) E meng ea melao ee ke efe? O mong o fumanoa ho Johanne 13:34, 35, moo Jesu a boleletseng barutuoa ba hae: “Ke le nea molao o mocha, ke hore le ratane . . . Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” Tholoana ea lerato e totobetse har’a Lipaki tsa Jehova. Jesu o ile a boela a laela: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang; ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Mattheu 28:19, 20) Na uena ka bouena u etsa ‘mesebetsi ee e etsetsoang Molimo’?
17. Ke phello efe e bontšang hore mosebetsi oa boboleli le oa ho ruta ke pontšo ea toka ea Jehova?
17 Toka ea tsela ea Jehova ha a lumella balateli ba Jesu hore ba etse mesebetsi ena ea boboleli le ho ruta e totobala ha re nahana ka se finyelletsoeng ke Lipaki tsa Jehova selemong se le seng feela. Ka 1988, ho bile le barutuoa ba bacha ba 239 268 ba kolobelitsoeng! Na see ha se thabise pelo ea hao?
Molimo oa Toka o Tla Phakisa o Nke Khato
18. Ke lipotso life tse ka ’nang tsa phahamisoa ha ho talingoa mahloriso a batho ba Jehova?
18 Mosebetsi oa ho paka ha oa ka oa tsoela pele ntle ho khanyetso. Jesu o boleletse balateli ba hae: “Ha ba ntlhorisitse, ba tla le hlorisa le lōna.” (Johanne 15:20) Histori ea mehleng ea kajeno ea Lipaki tsa Jehova e paka hore polelo eo ke ’nete. Lithibelo, ho kenngoa chankaneng, ho otloa, esita le ho hlokofatsoa ke lintho tseo Lipaki li fetileng har’a tsona naheng e ’ngoe ka mor’a e ’ngoe. Mantsoe a boprofeta a Habakuke le ’ona a khutlela mehopolong ea rōna: “Molao o robetse, ha ho sa ahloleloa ka ho loka.” Kahoo, ka linako tse ling, esita le batho ba Jehova ba ka ’na ba batla ho botsa: ‘Ke hobane’ng ha Jehova a talima bathetsi? Ke hobane’ng ha A khutsa ha molotsana a metsa ea mo fetisang ka ho loka?’-Habakuke 1:4, 13.
19. Ke setšoantšo sefe seo Jesu a faneng ka sona se re thusang ho utloisisa litaba ka tsela eo Molimo o li bonang ka eona?
19 Jesu o fane ka setšoantšo se re thusang ho arabela lipotso tse joalo le se re thusang ho bona lintho kamoo Molimo o li bonang kateng. Ho Luka 17:22-37, Jesu o hlalositse maemo a mabifi a neng a tla khetholla bofelo ba tsamaiso ena ea lintho. O itse a ne a tla tšoana le a ileng a etella pele Moroallo oa mehleng ea Noe le timetso ea Sodoma le Gomorrha mehleng ea Lota. Ka hona, joalokaha ho hlalositsoe ho Luka 18:1-5, Jesu o ile a retelehela ho barutuoa ba hae ’me “a ba bolella setšoantšo sa ho re, e ka khona ba rapele ka mehla, ’me ba se ke ba khathala.” Jesu o ile a bua ka mohlolohali ea neng a hloka haholo le ka ‘moahloli e mong’ ea neng a le boemong ba ho mo neha seo a se hlokang. Mohlolohali eo a ’na a kōpa: “Nkahlolele ho ea ntsekisang.” Ka baka la qophello ea hae, qetellong moahloli ‘o ile a mo ahlolela.’
20. Setšoantšo sa Jesu se re tšoaretse thuto efe?
20 Ke eng seo re ithutang sona kajeno? Ha a bapisa moahloli eo ea sa lokang le Jehova, Jesu o itse: “Utloang se boleloang ke moahloli eo ea sa lokang. ’Me Molimo oona, na o ke ke oa ahlolela bakhethoa ba oona, ba bitsang ho oona motšehare le bosiu, leha o lieha ho halefa ka baka la bona na? Kea le bolella, o tla phakisa ho ba ahlolela.”—Luka 18:6-8a.
21. Re lokela ho talima le ho sebetsana le mathata a rōna a botho joang?
21 Ka mehla hopola hore ha ho tluoa mathateng a rōna a botho, tieho leha e le efe e bonahalang e le teng ea ho arabela likōpo tsa rōna ha e bakoe ke hore Molimo ha oa ikemisetsa ho arabela. (2 Petrose 3:9) Haeba re hlokofatsoa ke mahloriso a mofuta o itseng kapa ho hloka toka ho tšoanang le ha mohlolohali eo, re ka ba le tumelo ea hore qetellong Molimo o tla bona hore toka ea phethoa. Re ka bontša tumelo e joalo joang? Ka ho rapela re sa phetse le ho tšehetsa lithapelo tsa rōna ka ho boloka tsela ea botšepehi. (Mattheu 10:22; 1 Ba-Thessalonika 5:17) Ka botšepehi ba rōna, re tla paka hore ho na le tumelo lefatšeng, hore ho na le barati ba ’nete ba toka, le hore re ba bang ba bona.—Luka 18:8b.
“Etsang Litlatse Tsa Thabo, Lōna Lichaba, Hammoho le Sechaba sa Hae”
22. Moshe o ile a qetella pina ea hae ka mantsoe afe a tlhōlo?
22 Makholong a mangata a lilemo a fetileng, Moshe o ile a qetella pina ea hae ka mantsoe ana a tlhōlo: “Etsang litlatse tsa thabo, lōna lichaba, hammoho le sechaba sa hae; hobane o ea pheteletsa mali a bahlanka ba hae, a itefetse ho lira tsa hae; ’me o tla etsetsa lefatše la hae le sechaba sa hae pheko.” (Deuteronoma 32:43) Letsatsi la Jehova la phetetso le ntse le atamela. Re leboha hakaakang hore e be o sa ntsane a sebelisa mamello le toka!
23. Ke phello efe e thabisang e letetseng ba kopanelang thabong ea batho ba Molimo?
23 Tsela e sa ntsane e bulehile bakeng sa hore ba lichaba tsohle “ba finyelle pakong,” empa ha baa lokela ho senya nako. Petrose o lemositse: “Letsatsi la Morena lona le tla tla ka mokhoa oa lesholu.” (2 Petrose 3:9, 10) Toka ea Molimo e hloka hore tsamaiso ena e khopo e timetsoe haufinyane. Ha e timetsoa, e se eka re ka fumanoa re le har’a ba arabetseng mohoong ona o thabisang: “Etsang litlatse tsa thabo, lōna lichaba, hammoho le sechaba sa hae.” E, e se eka re ka ba har’a batho ba thabileng ba boneng hore toka e khetholla litsela tsohle tsa Molimo!
U ne u Tla Arabela Joang?
◻ Ke hobane’ng ha Molao oa Moshe o lokela ho matlafatsa tumelo ea rōna tokeng ea Molimo?
◻ Ke eng e lokelang ho re susumelletsa ho arabela litseleng tse lokileng tsa Molimo?
◻ Jehova a ka tlotlisoa joang?
◻ Kajeno, ke hokae feela moo thabo ea ’nete e ka fumanoang?
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
“Ke lemoha ka ’nete hore Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho. Empa har’a lichaba tsohle, ea o tšabang, le ea etsang ho lokileng, ke eena ea o khahlisang.”—Liketso 10:34, 35
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Molimo o tla etsa hore ho phethoe toka ho bakhethoa ba oona ba hooang ho oona