Temoho eo Jehova a Faneng ka Eona
“Ha e le ba nang le temoho har’a batho, ba tla kenya kutloisiso ho ba bangata.”—DANIELE 11:33, “NW.”
1, 2. (a) Le hoja Baiseraele ba ne ba latsoitse mosa o lerato oa Molimo, ke hobane’ng ha ba ile ba itšoara ka borabele? (b) Ho ka ba molemo hore re etse joang? (Jeremia 51:10)
BATHO ba Iseraele ea boholo-holo ba ne ba tseba hore Jehova ke Molimo o ’notši oa ’nete. Ba ne ba bolelletsoe ka litšebelisano tsa hae le bo-ntat’a bona moholo, ’me bona ka bobona ba ne ba latsoitse mosa oa hae o lerato. Empa ka makhetlo a itseng, ba ile ba itšoara ka tsela ea ho hloka temoho ho tšabehang. Ba “ile ba itšoara ka borabele” ho Jehova le baemeli ba hae. Hobane’ng? Hobane “ha baa ka ba hopola” seo a ba etselitseng sona. (Pesaleme ea 106:7, 13, NW) Hase hore ba ne ba sa tsebe lintho tsena; ba ile ba hlōleha ho nahanisisa ka tsona ka kananelo. Ka baka leo, ba ile ba ipaka e le ‘batho ba lakatsang tse mpe.’—1 Ba-Korinthe 10:6.
2 Mehleng ea rōna, tsela e khōlō eo ka eona Jehova a khethileng lipaki tsa hae e le sechaba se khethehileng ke ka temoho eo a faneng ka eona ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa hae o bonahalang. Kananelo ea rōna bakeng sa tsela eo ka eona Jehova a etellang batho ba hae pele e ka matlafatsoa ke ho ikhopotsa e meng ea mehlala ea temoho e joalo. O mong oa eona o ama eona khubu ea tumelo ea rōna—hore na Molimo ka booona ke mang.
Na Molimo ke Boraro-bo-bong?
3. Ke eng e thusitseng bahlanka ba Jehova, lilemong tse ka holimo ho lekholo tse fetileng, ho hlokomela ’nete ka hore na Molimo ke mang? (1 Ba-Korinthe 8:5, 6)
3 Ka manganga Bokreste-’mōtoana bo ’nile ba bolela hore ba sa tšehetseng tumelo ea Boraro-bo-bong ke bakhelohi. Empa ho e-na le ho tšosoa ke batho, bahlanka ba Jehova ba ’nile ba hlokomela hore, hase lineano le litaba tsa batho ba sa bululeloang tse fanang ka tekanyetso ea ho hlokomela seo e leng ’nete, empa ke Mangolo a Halalelang. Li itšetlehile ka motheo ona, morao koana ka 1882 liithuti tsena tse inehetseng tsa Bibele ka ho hlaka li ile tsa bolela ho Watch Tower: “Babali ba rōna baa hlokomela hore le hoja re lumela ho Jehova Molimo le Jesu, le Moea o halalelang, re hana ka ho felletseng thuto eo e seng ea Mangolo, ea hore bana ke Melimo e meraro ho motho a le mong, kapa kamoo ba bang ba e behang kateng, Molimo o le mong ho batho ba bararo.”—Johanne 5:19; 14:28; 20:17.
4. (a) Ka ho fata ho ea tlaase, ke eng seo batho ba Jehova ba ileng ba se hlokomela mabapi le motheo oa thuto ea Boraro-bo-bong le phello ea thuto e joalo? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a fa bahlanka ba hae temoho e joalo?
4 Barati bana ba ’nete ea Bibele ba ne ba ile ba fata ho ea tlaase ’me ba bone metso ea tumelo ea Boraro-bo-bong malumeling ao e seng a Bokreste. Ka ho ithuta Mangolo ka hloko, ba ne ba boetse ba hlokometse hore moo litemana tse itseng tsa Bibele li bonahalang eka li tšehetsa likhopolo tsa Boraro-bo-bong, lebaka la sena e ne e le maikutlo a leeme a bafetoleli, eseng se neng se le libukeng tse ngotsoeng ka letsoho ka puo ea pele tsa khale ka ho fetisisa. Ba ile ba hlokomela hore ha e le hantle thuto ena eo ka ho totobetseng e neng e tlotlisa Jesu e ne e hanyetsa lithuto tsa hae e bile e hlompholla Jehova. Ka hona, tokollo ea Watch Tower e boletsoeng ka holimo e ile ea re: “Hoa hlokahala hore rōna joaloka ba batlang ’nete, re se ithetse ’me re tšepahalle Lentsoe la Ntat’a rōna, le ka khonang ho re hlalefisa kannete. Ka hona, a re iphapanyetseng lineano le litaba tsa batho ba sa bululeloang le litsamaiso tse silafetseng, re itšoarelle ka tieo mokhoeng oa mantsoe a utloahalang ao re a fumaneng ho Morena oa rōna le Baapostola.” Kahobane kannete ba ne ba rata ’nete ’me ba sa ele hloko litemana tsa Bibele tse seng kae feela tseo ba li ratang empa ba ela hloko Lentsoe lohle la Molimo, Jehova o ile a ba neha temoho eo ntle le tika-tiko e neng e ba khetholla ho Bokreste-’mōtoana.—2 Timothea 3:16, 17; bona New World Translation Reference Bible, leqephe 1580, karolo 6B.
Sebaka se Loketseng sa Lebitso la Molimo
5. Ke eng e hlohlellelitseng phetoho ea ho siea lebitso la botho la Molimo liphetolelong tsa Bibele? (Tšenolo 22:18, 19)
5 Nahana ka mohlala oa bobeli: Ha liphetolelo tsa Bibele tse eketsehileng li pata kapa li siea ka ho felletseng lebitso la botho la Molimo, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa hatisa ka matla ho feta leha e le neng pele bohlokoa ba lebitso leo. Bokreste-’mōtoana bo ile ba pheha khang ea hore ho tlosoa ha lebitso la Jehova ho ne ho tla etsa hore Evangeli e ipiletse ka mokhoa o pharalletseng haholoanyane, empa bahlanka ba tlotsitsoeng ba Jehova ba ile ba hlokomela hore na ke mang ea neng a hlohlelletsa morero oo oa ho tlosa lebitso la bohlokoa ho feta mabitso ’ohle Mangolong a Halalelang. (Bapisa le Jeremia 23:27.) Batho ba Molimo ba ile ba hlokomela hore sena se ne se hlohlelletsoa ke Diabolose ka morero oa ho hlakola lebitso la Molimo oa ’nete khopolong ea batho.
6. Ho fapana le tsela eo Bokreste-’mōtoana bo e nkileng, bahlanka ba ’nete ba Molimo ba ile ba etsa eng ho tlotlisa lebitso la oona? (Liketso 15:14)
6 Ho fapana le tsela e neng e phehelloa ke Bokreste-’mōtoana, ho tloha selemong sa eona sa pele feela sa khatiso, (1879) Watch Tower e ile ea tsebahatsa lebitso la Molimo, JEHOVA. Ka 1926 makasine ona o ile oa phahamisa sehlooho “Ke Mang ea Tla Tlotlisa Jehova?” (Pesaleme ea 135:21) Ka 1931 liithuti tsa Bibele tse kopanelang le Mokhatlo oa Watch Tower li ile tsa nka lebitso Lipaki tsa Jehova. (Esaia 43:10-12) Hape li ile tsa ananela ka botlalo bohlokoa bo boholo ba ho halaletsa lebitso la Jehova. (Esaia 12:4, 5) Ka 1944 li ile tsa qala ho hatisa Bibele ea American Standard Version, e sebelisang lebitso Jehova ka makhetlo a fetang 6 800. Leha ho le joalo, mabapi le khatiso ea Bibele, ho ikhethang ka ho fetisisa e bile ho hlahisoa ha New World Translation, ho tloha ka 1950. E fa lebitso la Molimo sebaka sa lona se loketseng ka Mangolong a Seheberu hammoho le Mangolong a Bokreste a Segerike.
7. Ke joang khatiso e entsoeng ka lebitso la Molimo le sohle se amanang le lona e ammeng batho ba bangata ka tsela e molemo?
7 Ka hona khatiso e entsoeng lebitsong la botho la Molimo e thabisitse barati ba ho loka ba limillione lefatšeng ka bophara. E ba thusitse ho ananela Molimo oa ’nete e le Motho. Hape kaha ba tsebile litsela tsa oona, ba khonne ho itšoara ka masene, kapa ka temoho.—Mikea 4:2, 5.
Na Moea oa Motho ha o Shoe?
8. Qalong ea histori ea tsona ea mehleng ea kajeno, Lipaki tsa Jehova li ile tsa ithuta eng ka moea le boemo ba bafu?
8 Joale, mohlala oa boraro: Qalong ea histori ea mehleng ea kajeno ea bahlanka ba Jehova, lerato bakeng sa Lentsoe la Molimo le ile la bula mahlo a bona hore ba bone linnete tse ling tsa bohlokoa. Lilemong tse ka holimo ho lekholo tse fetileng, ka nepo “mohlanka ea khabane, ea bohlale” o ile a utloisisa hore moea hase boleng bo itseng bo bohlale bo ka arohanang le ’mele bo lulang ka hare ho batho empa hore ke motho ka boeena. (Mattheu 24:45-47) Ka 1880 Watch Tower e ile ea tšohla mantsoe a lipuo tsa pele a fetiselitsoeng ka Bibeleng e le Sheol le Hades ’me ea etsa qeto ea hore mantsoe ana a bolela lebitla. E ile ea boela ea bontša hore batho ba ahloleloang ho ea Gehenna ba ne ba timetsoa, ba sa hlokofatsoe.—Bona le New World Translation Reference Bible, maqephe 1573-5.
9. Ka 1894, Watch Tower e ile ea re’ng ka tšimoloho ea thuto ea hore ka tlhaho meea ea batho ha e shoe?
9 Ka 1894 Watch Tower e ile ea phahamisa potso, “Joale khopolo e tloaelehileng ea hore batho bohle ba na le ho se shoe, hoo ba tsoetsoeng ka hona, ka tlhaho, e hlahile hokae?” Ka temoho, ea arabela: “Ha re phetla maqephe a histori, re fumana hore, le hoja thuto ea hore motho ha a shoe e sa rutoe ke lipaki tse bululetsoeng tsa Molimo, ke eona thuto ea sehlooho ea malumeli ’ohle a bohedene. . . . Ka hona, hase ’nete hore Socrates le Plato e bile bona ba pele ba ho ruta thuto eo: ho na le ea a rutileng pele ho bona ka bobeli, e bile e le ea matla haholoanyane. Leha ho le joalo, bona ba ile ba ntlafatsa thuto eo . . . ’me ba etsa filosofi ka eona, ’me ka hona ba e fetola e khelosang le e amohelehang le ho feta sehlopheng sa barutehi ba mehleng ea bona le ka morao ho moo. Tlaleho ea pele ea thuto ena ea bohata e fumanoa historing ea khale ka ho fetisisa e kileng ea tsejoa ke motho—Bibele. Moruti eo oa bohata e ne e le Satane.”a
10. Ke liphello life tse mpe tse tlisitsoeng ke mashano a bolumeli ka moea le boemo ba bafu, empa ho entsoe joang ho thusa batho ba nang le kutloisiso?
10 Ka ho hasa leshano la hore batho bohle ba na le moea o sa shoeng le hore ba khopo ba tla hlokofatsoa ka ho sa feleng mollong oa lihele, Satane o ’nile a tlotlolla lebitso la Molimo le ho le nyefola. Mohlophisi oa pele oa Watch Tower, C. T. Russell, o ile a hlokomela hoo. O ile a bona ha batho ba bohlale ba hana khopolo ea tlhokofatso ea ka ho sa feleng empa, ka masoabi, ba boetse ba hana Bibele hobane ba ne ba nahana hore ke eona mohloli oa thuto eo e sa utloahaleng. E le ho tlosa mosi oa Mehla ea Lefifi likelellong tsa batho ba nang le kutloisiso, kamoo a ho behileng kateng, Moena Russell o ile a fana ka puo ea phatlalatsa e sa lebaleheng “Ho ea Liheleng le ho Khutla! Ke Bo-mang ba Leng Moo.”
11. (a) Ha tšebelisano le meea e hlahella haholoanyane, sehlopha sa ‘mohlanka ea khabane’ se ile sa hoeletsa temoso efe? (b) Ke bo-mang ba ruileng molemo temosong ee, hona joang?
11 Eo ke nako eo ka eona tšebelisano le meea e neng e qala ho hlahella haholoanyane. Empa ka temoho eo Jehova Molimo a entseng hore e fumanehe ka Lentsoe la hae, sehlopha sa ‘mohlanka ea khabane’ se ile sa hlokomela hore bao ho thoeng ke meea e tsamaileng eo batho ba neng ba buisana le eona e ne e le bademona. Ho ile ha fanoa ka likhang tse matla tsa Mangolo lipuong tsa phatlalatsa le ka lingoliloeng ho bula mahlo a batho ba lipelo li tšepahalang hore ba bone kotsi ea ho kenella mekhoeng ea tšebelisano le meea. (Deuteronoma 18:10-12; Esaia 8:19) Ka baka la temoho ena eo Jehova a e fileng bahlanka ba hae, batho ba likete lefatšeng ka bophara ba lokollotsoe tšabong ea bafu, tšebelisanong le meea, le meetlong e silafetseng e amanang le tšebelisano le meea.
Boitšoaro ba Bokreste Lefatšeng le Moluba-lube
12, 13. (a) Hlalosa Daniele 11:32, 33. (b) Linnete tse ling tsa mantlha tsa Bibele tse fanang ka motheo oa kutloisiso e fanoeng ke “ba nang le temoho” ke life?
12 Moprofeta Daniele o ile a bontša hore bahlanka ba Molimo ba ne ba tla bonahatsa temoho mabapi le taba e ’ngoe ea bone, tseko ea bohlokoahali—ho se nke lehlakore. Ka mor’a ho hlalosa ka ho qaqileng qhoebeshano pakeng tsa mekha ea lipolotiki e tummeng ea lefatše, Daniele 11:32, 33 e re: “Ka liqeko tsa hae o tla hulela ba tlōlang selekane bokoenehing.” Ke hore, morena oa leboea ea ikentseng ’mampoli o isa bokoenehing ba ipolelang e le Bakreste empa ba rata lefatše, ba batla ho amoheloa ke lona, ’me ka baka leo ba nyelisa selekane sa Jehova bakeng sa ’Muso oo ho oona Jesu Kreste a tla busa lefatše lohle. Daniele o tsoela pele: “Empa sechaba sa ba tsebang Molimo oa bona se tla tiea, se sebetse; ba hlalefileng [“ba nang le temoho,” NW] ba har’a sechaba ba tla ruta ba bangata.”
13 Temoho e hlokahalang bakeng sa ho sebetsana ka bohlale le maemo ao hangata e leng molubalube a re potileng e theiloe kananelong ea linnete tsa Bibele tsa motheo. Ka tataiso ea Jehova, sehlopha sa ‘mohlanka ea khabane’ se hlokometse linnete tsena. E ’ngoe ea tsona ke ’nete ea hore, joalokaha Jesu a bontšitse, ’musi ea sa bonahaleng oa lefatše lena ke Satane Diabolose. (Luka 4:5-8; Johanne 12:31) Tumellanong le ’nete ena, 1 Johanne 5:19 ae phaella ka hore hase mokha o itseng feela empa “lefatše lohle [batho bohle ba ka ntle ho phutheho ea ’nete ea Bokreste] le rapaletse ka tlase ho e mobe.” (Tšenolo 12:9) Kaha Jesu o boletse hore balateli ba hae e ne e ke ke ea e-ba “karolo ea lefatše,” sena se hloka ho se nke lehlakore ha Bokreste ho bona.—Johanne 17:16, NW.
14. (a) Ka 1939 le 1941 bahlanka ba Jehova ba ile ba hlokomelisoa litaba life tse neng li le nakong? (b) Temoho e joalo e thusitse Lipaki tsa Jehova ho itšoara ka bohlale joang?
14 Ka hona ha maru a Ntoa ea II ea Lefatše a aparela Europe, e ne e le nako ea hore tseko ea ho se nke lehlakore ha Bokreste e totobatsoe ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa November 1, 1939. Ho hong ho amanang le taba ena ke ’nete e ’ngoe ea mantlha—bohlokoa ba tseko ea bobusi ba bokahohleng le karolo ea ’Muso oa Bomessia ho rarolleng tseko ena. Ka ho loketseng, ka 1941 tseko ena e ile ea phahamisoa puong e ’ngoe kopanong ea Lipaki tsa Jehova St. Louis, Missouri, U.S.A., ’me selemong se latelang bukeng The New World. Ke tšireletso e kaakang eo temoho e joalo ea bomolimo e e fileng bahlanka ba Jehova lefatšeng lena le tsekolohileng le loanang! Le hoja litsamaiso tsa bolumeli tsa Bokreste-’mōtoana li tsekolohile kahobane li itumelletse ho kenella khohlanong ea lichaba le mesebetsing ea bokhukhuni ea ho ketola mebuso, Lipaki tsa Jehova linaheng tsohle li ’nile tsa tsoela pele li kopane ho inehela ho phatlalatseng ’Muso oa Molimo e le eona tšepo feela bakeng sa batho. Li lutse li tšoarehile mosebetsing o pholosang bophelo oo Jesu Kreste a buileng ka oona esale pele ha a re: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba bona bofelo bo hlahang.”—Mattheu 24:14.
Phethahatso ea Boprofeta ba Bibele
15. Ke hobane’ng ha bahlanka ba Jehova ba bile le temoho?
15 Ke hobane’ng ha bahlanka ba Jehova ba bile le temoho e joalo? Hobane ba na le tšepo e felletseng Lentsoeng la Molimo le ngotsoeng, baa le utloa, ’me moea oa Jehova o holim’a bona. Hape sena se ba thusitse ho utloisisa boprofeta ba bohlokoa ba Bibele, ’me ena ke ntlha ea bohlano eo re tla nahanisisa ka eona.
16, 17. (a) Ke hobane’ng ha ka linako tse ling lilemo tse sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova li fapana le tse fanoang ke bo-rahistori ba lefatše? (b) Lipaki tsa Jehova li fumane molemo joang ho tšepeng ha tsona Bibele mabapi le ho sebetsa selemo sa bo20 sa Artaxerxes le nako ea ho timetsoa ha Jerusalema ke Bababylona?
16 Bo-rahistori ba lefatše, ba itšetlehile ka tlhaloso ea bona ea seo maemong a mang e leng likotoana tsa matlapa a pshatlehileng a sibollotsoeng ke baepolli ba lintho tsa khale, ba fihletse qeto ea hore 464 B.C.E. ke selemo sa ho qala sa borena ba Artaxerxes Longimanus le hore 604 B.C.E. ke selemo sa ho qala sa borena ba Nebukadnezare II. Haeba hoo e ne e le ’nete, selemo sa bo20 sa Artaxerxes se ne se tla qala ka 445 B.C.E., ’me nako eo ka eona Jerusalema e ileng ea etsoa lesupi ke Bababylona (selemong sa bo18 sa puso ea Nebukadnezare) e ne e tla ba 587 B.C.E. Empa haeba seithuti sa Bibele se sebelisa lilemo tseo ha se sebetsa phethahatso ea boprofeta, se tla ferekana.
17 Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa thahasella se fumanoeng ke baepolli ba lintho tsa khale kaha sena se amana le Bibele. Leha ho le joalo, moo tlhaloso ea lintho tsena tseo ba li fumaneng e loantšanang le lipolelo tse hlakileng tse ka Bibeleng, re amohela ka kholiseho seo Mangolo a Halalelang a se buang, e-bang ke litabeng tse amanang le ho bala nako kapa taba leha e le efe e ’ngoe. Ka baka leo, bahlanka ba Jehova ba ’nile ba hlokomela ka nako e telele hore nako ea boprofeta e qalileng selemong sa bo20 sa Artaxerxes e ne e lokela ho baloa ho tloha ka 455 B.C.E. ’me ka hona Daniele 9:24-27 e ne e tšepahala ha e supa lehoetla la selemo sa 29 C.E. e le nako ea ho tlotsoa ha Jesu e le Messia.b Ka lebaka le tšoanang, ba ile ba hlokomela hore boprofeta ba Daniele khaolo 4 mabapi le ‘mehla e baloang hasupa’ bo qalile ho baloa ka 607-606 B.C.E. le hore bo ne bo supa 1914 C.E. e le lehoetla la selemo seo ka sona Kreste a behiloeng teroneng leholimong e le Morena ea busang ’me lefatše lena le kene nakong ea lona ea bofelo.c Empa ba ne ba ke ke ba hlokomela phethahatso ena e hlollang ea boprofeta haeba ba ne ba ile ba qea-qea ho tšepeng ha bona pululelo ea Mangolo a Halalelang. Ka hona, temoho eo ba e bontšitseng e ’nile ea amahanngoa ka ho toba le ho itšetleha ha bona ka Lentsoe la Molimo.
18. Esaia 65:13, 14 e tšepisa eng ka boemo ba moea ba bahlanka ba tšepahalang ba Jehova?
18 Ha a bapisa boemo ba moea ba bahlanka ba hae ba tšepahalang le ba batho le lihlopha tse qhelang Mangolo ’me li buella ntho leha e le efe e amohelehang ka nako eo, Jehova o re: “Bonang, bahlanka ba ka ba tla ja, empa lōna le tla lapa; bonang, bahlanka ba ka ba tla noa, empa lōna le tla nyoroa; bonang, bahlanka ba ka ba tla thaba, empa lōna le tla soaba. Bonang, bahlanka ba ka ba tla bina ka baka la thabo ea lipelo tsa bona, empa lōna le tla llisoa ke bohloko ba pelo, le bokolle ke moea o soabileng.”—Esaia 65:13, 14.
19. (a) “Mohlanka ea khabane, ea bohlale” o fana ka litlhaloso tsa Mangolo ka mocha ofe o ka sehloohong? (b) Ke lenaneo la mofuta ofe la ho ithuta le tla re thusa ho fumana molemo o felletseng lijong tsa moea?
19 Joalokaha tlhahlobo ena e khutšoaane ea histori e bontšitse, ke ka maqephe a Molula-Qhooa litlhaloso tsa linnete tsa bohlokoa tsa Mangolo li fetiselitsoeng ho rōna ke “mohlanka ea khabane, ea bohlale” oa Jehova. Molula-Qhooa ke kofuto ea sehlooho e sebelisoang ke sehlopha sa “mohlanka” ho aba lijo tsa moea. Na u rua molemo o felletseng ho oona? Na u bala tokollo e ’ngoe le e ’ngoe, ’me na lenaneo la hao la ho ithuta le akarelletsa ho bala mangolo a boletsoeng empa a sa qotsoa? Na hape u itloaelitse ho thuisa ka seo u ithutileng sona, ho haha kananelo bakeng sa sona, ho nahana kamoo se lokelang ho ama boikutlo ba hao, litakatso tsa hao, mesebetsi ea hao ea letsatsi le letsatsi, lipakane tsa hao bophelong? Ha u ka etsa joalo hoo e ka ba ntlha e khōlō e amang ho etsa ha hao liqeto tse theiloeng temohong ea sebele eo e leng Jehova feela ea faneng ka eona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Satane o ile a etsa hore Eva a lumele hore o ne a ke ke a shoa ho hang nameng. (Genese 3:1-5) Kahoo e bile feela hamorao a ileng a qapa thuto ea bohata ea hore batho ba na le moea o sa shoeng o lulang o ntse o phela ka mor’a lefu la ’mele.—Bona Molula-Qhooa, (oa Senyesemane) September 15, 1957, leqephe 575.
b Insight on the Scriptures, Moqolo 2, maqephe 614-16, 899-901.
c “Let Your Kingdom Come,” maqephe 186-9.
U Hopola Eng?
◻ Na Molimo ke Boraro-bo-bong, hona ke hobane’ng ha u arabela joalo?
◻ Ka nepo lebitso la Molimo le lokela ho ba hokae?
◻ Na moea oa motho ha o shoe?
◻ Ke temoho efe eo Jehova a faneng ka eona mabapi le boitšoaro ba Bokreste lefatšeng le moluba-lube?
◻ Lipaki tsa Jehova li fumane temoho efe mabapi le phethahatso ea boprofeta ba Bibele?
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Ka Molula-Qhooa, “mohlanka ea khabane, ea bohlale” o fana ka temoho mabapi le se boleloang ke mangolo le hore na a sebetsa joang mehleng ea rōna