Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 4/1 leq. 3
  • Sephiri—Seotsoa Babylona e Moholo ke Mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sephiri—Seotsoa Babylona e Moholo ke Mang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Tekatsang le Mosali oa Sephiri
  • Ho Ahlola Seotsoa se Tummeng Hampe
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Seotsoa se Tummeng Hampe—Ho Timetsoa ha Sona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Bolumeli ba Bohata bo Kaletse ho Leba Timetsong ea Bona!
    Tsoha!—1996
  • Ho Timetsa Babylona e Moholo
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 4/1 leq. 3

Sephiri—Seotsoa Babylona e Moholo ke Mang?

MOSALI, letekatse le tummeng hampe, ea susumelitseng bophelo ba batho ba likete tsa limillione, oa bolaoa, o ahloleloa lefu. Empa ena hase kahlolonyana feela tjee e tloaelehileng. Ke eng se e etsang e fapaneng? Mophethahatsi oa kahlolo ea lefu ke phoofolo, sebata se mo hlobolisang, se jang linama tsa hae, ’me se tlohela ho setseng ho eena hore ho timetsoe ka mollo. Mosali enoa ea nang le tšusumetso e kholo ke mang? Ke hobane’ng ha sebata se mo hlasela? O entse eng e etsang hore a lokeloe ke timetso ee e mabifi?a—Tšenolo 17:16, 17.

Sena e ka ba motheo oa pale e thahasellisang ea sephiri—haese feela hore hase pale e iqapetsoeng ka bolotsana. Ke ’nete ea histori e ntseng e phethahala. ’Me e-ea tsotelleha ho uena hobane e ka ’na eaba letekatse lena le tummeng hampe le susumetsa bophelo ba hao hona joale. Ho feta moo, hore na ua le khomarela kapa u ikhula ho lona ho tla bolela phapang pakeng tsa bophelo le lefu. Ka hona ke mang?

Ba Tekatsang le Mosali oa Sephiri

Mosali enoa ea ekang, mosali enoa ea se nang lihlong oa moeki, o hlalosoa ke Johanne bukeng ea Bibele ea boprofeta ea Tšenolo, moo re balang: “[Lengeloi] la nkisa feelleng ka moea, ’me ka bona mosali ea lutseng holim’a sebata se ’mala oa sekarelata, se tletseng mabitso a bonyefoli, se nang le lihloho tse supileng, le linaka tse leshome. Mosali eo o na a apere purepera le sekarelata, a khabile ka gauda, le mahakoe a bohlokoa, le liperela; letsohong la hae o na a tšoere pitsa ea gauda, e tletseng manyala le litšila tsa bootsoa ba hae. Ho no ho ngoliloe phatleng ea hae lebitso le reng: Sephiri: Babylona e moholo, ’m’a liotsoa le a manyala a lefatše.”—Tšenolo 17:3-5.

“Babylona e moholo” enoa, joale e tlameha e be ke mosali ea tšabehang, hoba tlaleho e temaneng ea 1 e bolela hore ‘o lutse holim’a metsi a mangata.’ Sena se bolela eng? Lengeloi la Molimo le ile la hlalosetsa Johanne: “Metsi ao u a boneng, ao seotsoa se lutseng ho ’ona, ke merabe, le matšoele, le lichaba, le lipuo.” (Tšenolo 17:15) Ntle ho pelaelo lena ke letekatse le nang le tšusumetso lefatšeng ka bophara. Empa hase sefebe feela tjee se tloaelehileng. Ke “’m’a liotsoa,” eena ea ka sehloohong ntlong ena ea botekatsi. Ha ho tluoa tabeng ea bohlola, oa laela. Empa o boetse o na le bao a tekatsang le bona ka ho khethehileng.

Lengeloi le senola hore na bana ba ratoang ba tekatsang le seotsoa se seholo ke bo-mang. Le ba khetholla joang? Le bolela hore Babylona e Moholo ke eena “eo marena a lefatše a febileng le [eena], le ba ahileng lefatšeng ba tahiloeng ke veine ea bootsoa ba [hae].” (Tšenolo 17:2) Sena e lokela ho ba seotsoa se ekang se nang le likamano tse ntle hore se tle se khone ho hohela babusi ba lefatše ba lipolotiki, ’ona “marena a lefatše”! Ka hona ke mang?

Lengeloi le bolela hore se na le lebitso, lebitso leo e leng sephiri, “Babylona e moholo.” Lintlha tse peli ke tsena tse tla re thusa ho se khetholla—e ’ngoe ke ba tekatsang le sona bao se ba ratang ’me e ’ngoe ke lebitso la sona, Babylona e Moholo. Lintlha tsee li re lebisa qetong efe?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ena ke tokollo ea rōna ea pele ea litokollo tse ’nè tsa Molula-Qhooa tse tla bua ka ho toba ka lipotso tsena le tse amanang le tsona mabapi le mosali enoa oa mohlolo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela