Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 4/15 maq. 20-23
  • Babylona e Moholo o Qositsoe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Babylona e Moholo o Qositsoe
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Babylona ea Kajeno e Nyelisa Lebitso
  • Lebaka Leo ka Lona re Nyonyang Lithuto Tsa Babylona
  • Lebaka Leo ka Lona re Hanang Lifilosofi Tse Khahlanong le Molimo
  • Lebaka Leo ka Lona re Nyonyang Litholoana Tsa Babylona e Moholo
  • Lebaka Leo ka Lona re Nyatsang Boitšoaro bo Bobe ba Babylona
  • Lebaka Leo ka Lona re Nyonyang Botekatse ba Moea ba Babylona
  • Lebaka Leo ka Lona re Nyonyang Molato oa Mali oa Babylona
  • Babylona e Moholo—O Oele ’me o Ahlotsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Ho Ahlola Seotsoa se Tummeng Hampe
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Seotsoa se Tummeng Hampe—Ho oa ha Sona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Babilona e Moholo ke Eng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 4/15 maq. 20-23

Babylona e Moholo o Qositsoe

LETOTONG la likopano tse neng li tšoeroe lefatšeng ka bophara ka 1988-89, Lipaki tsa Jehova tse limillione li ile tsa amohela qeto e bolelang ho nyonya ha tsona boitšoaro ba Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata—haholo-holo bo emeloang ke Bokreste-’mōtoana. Batho ba bang ba lipelo li tšepahalang ba ka’na ba botsa, Na eo hase khato e matla haholo? Che, ho hang! Ha re talima kamoo baprofeta Iseraeleng ea boholo-holo ba ileng ba nyatsa ka sebete borapeli ba litšoantšo ba mehleng ea bona le hore na Jesu o ile a pepesa boikaketsi ba bolumeli ba mehleng ea hae ka puo e matla hakae, rōna re le Lipaki tsa Jehova re lumela hore khato ena e lokafalitsoe ka ho felletseng. E bile e laetsoe ke Molimo.—Esaia 24:1-6; Jeremia 7:16-20; Mattheu 23:9-13, 27, 28, 37-39.

Kahoo re nyonya boitšoaro ba Babylona e Moholo motheong ofe? Re na le bopaki bofe ba histori ba ho hlōleha ha bolumeli ho hlompha Morena ’Musi oa bokahohle, Jehova?

Babylona ea Kajeno e Nyelisa Lebitso

Morena ’Musi oa bokahohle hase Molimo o sa tsejoeng. O itsebahalitse ka makhetlo a ka bang 7 000 ka Bibeleng e le Jehova. O bontša bohlokoa bo boholo ba lebitso la hae. Oa boraro ho Melao e Leshome o re: “U se ke ua tlaela ka lebitso la Jehova, Molimo oa hao, hobane Jehova a ke ke a latola molato oa ea tlaelang ka lebitso la hae.” Hape Jesu o ile a totobatsa lebitso la Ntat’ae Thapelong ea Morena, a re, “Lebitso la hao le halaletsoe.”—Exoda 20:7; Mattheu 6:9, TLP.

Tlaleho ea Bokreste-’mōtoana ea ho hlompha lebitso la Molimo ke e soabisang. Esita le Bibele ea King James ea 1611 e sebelisa lebitso Jehova, le le leng kapa le kopane le mantsoe a mang, ka makhetlo a supileng feela.a Liphetolelo tse ling li siile lebitso leo ka ho felletseng. Malumeli a mangata ha a le hlomphe. Ho e-na le boo, a phahamisitse Boraro-bo-bong ba ’ona “bo halalelang” ’me, mabakeng a mang, Maria eo ho thoeng ke ’M’a Molimo o hloeselitsoe ka holimo ho Molimo oa Bibele. Lebitso la bohlokoa la Jehova le tlohelletsoe hore le nyamele le sa sebelisoe.b

Ka ho babatsehang, Maislame a lumela ho Molimo o le mong, oo a o bitsang Allah, tumellanong le buka ea ’ona e halalelang, Koran. Leha ho le joalo, ha a sebelise lebitso la oona, Jehova, joalokaha le senotsoe pele ka Bibeleng bonyane lilemo tse likete tse peli pele Koran a e-ba teng. Mahindu a rapela melimo le melimotsana e limillione, empa Jehova ha a eo har’a eona.

Ho khopisang ka ho fetisisa mabapi le lebitso la Molimo ke Bojode. Ka likete tsa lilemo, Bajode ba ’nile ba ipolela e le sechaba sa lebitso la Molimo, empa ka baka la neano ea bona, ba entse hore lebitso la ’nete la Molimo le se sebelisoe ho hang.

Ka hona, re le lipaki tsa Morena ’Musi Jehova, re lokela ho bontša kamoo re nyonyang ho hlokomoloha ha Babylona e Moholo lebitso la Molimo le halalelang.

Lebaka Leo ka Lona re Nyonyang Lithuto Tsa Babylona

Batho ba limillione ba ’nile ba tlatlapuoa ’me ba bolokoa tšabong ka thuto ea Babylona ea hore motho o na le moea o sa shoeng. Ho tloha mehleng ea boholo-holo, bolumeli ba bohata bo ’nile ba tlatlapa batho ka tšabo ea hore moea o ka ’na oa hlokofatsoa ka ho sa feleng mollong oa lihele ka mor’a lefu. Mofuta o ntlafalitsoeng haholoanyane oa thuto eo ke tlhokofatso ea nakoana mollong oa pelekatori. Batho ba lipelo li tšepahalang ba lefella hore ho tšoaroe ’Misa bakeng sa bafu empa ha ho mohla ba tsebang ha litefello li se li sa hlokahale! Lithuto tsena tse nyefolang Molimo ha li na motheo ka Bibeleng.—Bapisa le Jeremia 7:31.

Ha e le hantle, Bibele e ruta hore motho ke moea o phelang, o ka shoang. Bakeng sa ho se utloe ha hae Adama ha aa ka a ahloleloa mollo oa lihele kapa pelekatori empa o ahloletsoe lefu. Ka ho toba, “moputso oa sebe ke lefu.” (Ba-Roma 6:23; Genese 2:7, 17; 3:19) Tšepo ea Mangolo bakeng sa bafu ha ea theoa holim’a moea o sa shoeng, empa, ho fapana le hoo, e theiloe tšepisong ea Molimo ea ho tsohela bophelong bo phethahetseng lefatšeng la paradeise.—Johanne 5:28, 29; Tšenolo 21:1-4.

Thuto e ’ngoe ea Babylona ke Boraro-bo-bong “bo halalelang.” Ha ho mohla thuto ena ea batho ba bararo ho Molimo o le mong e kileng ea e-ba karolo ea tumelo ea Baheberu ba boholo-holo. (Deuteronoma 5:6, 7; 6:4) Jesu, eo ka boeena e neng e le Mojode, ka sebele ha ho mohla a kileng a lumela kapa a ruta hore eena ke Molimo o matla ’ohle. Ha aa ka a ipolela e le e mong oa melimo e meraro ho o le mong kamoo thuto ea Babylona e rutang kateng.—Mareka 12:29; 13:32; Johanne 5:19, 30; 14:28; 20:17.

Ka hona, re hana lithuto tse nyefolang Molimo tsa Babylona kamoo li rutoang kateng malumeling a bohata a lefatše. Re rapela Molimo o le mong oa ’nete, Jehova, ka Mora oa oona, ea sa kang a fetoha “pheko” bakeng sa libe tsa Bakreste ba tlotsitsoeng feela empa le bakeng sa lefatše lohle la batho.—1 Johanne 2:2.

Lebaka Leo ka Lona re Hanang Lifilosofi Tse Khahlanong le Molimo

Bapapa le baruti ba Bokreste-’mōtoana ba tletleba ka ho eketseha ha ho se lumele hore Molimo o teng, ’me ba bangata ba sebelisa hoo ho lokafatsa ho tšehetsa ha bona lipolotiki tse buellang liphetoho tse tlang butle. Empa, ho lokela ho botsoe potso: Ke mang ea lumelletseng ho hloka toka le ho se lekane ha batho tse butsoetseng keketseho ena ea ho se lumele hore Molimo o teng, haholo-holo lekholong le fetileng la lilemo? Hoo ho hlahile haholo-holo ’musong oa Bokreste-’mōtoana. Ka mohlala, Kereke ea Orthodox ea Russia e ile ea etsa setsoalle le marena a Russia, a neng a hatelletse batho ka sehlōhō. Khaello ea litekanyetso tsa ’nete tsa Bokreste ka lehlakoreng la ba neng ba itlhahisa e le baemeli ba Molimo e ile ea tlatselletsa maemong a ileng a fetoha motheo oa ho se lumele hore Molimo o teng.

Malumeli a Bokreste-’mōtoana a ile a boela a amohela thuto e hlomphollang ’Mōpi ea ho iphetola ha lintho. A bolela hore ho rarahana le ho fapa-fapana ha mefuta ea bophelo e ka holimo ho millione ho hlahisitsoe ke litšusumetso tse sefofu tsa tlhaho. Ha e le hantle, a bolela hore ho fapa-fapana hona ho hlahisitsoe ke letoto la mehato e molemo e hlahileng ka kotsi. Filosofi e joalo e behella Molimo ka thōko ’me e etsa hore motho a se ikarabelle ho mang kapa mang. Litekanyetso tsa boitšoaro li fetoha taba ea boikhethelo ba botho. (Pesaleme ea 14:1) Phello e ’ngoe ke hore joale palo ea limpa tse ntšoang e phahametse ho tse mashome a limillione selemo se seng le se seng—linaheng tse ipolelang e le tsa bolumeli!

Re hana lifilosofi le mekhoa ena e khahlanong le Molimo. Re rapela Jehova, “ea phelang ka mehla le mehla, ea bōpileng leholimo le tse ho lona, le lefatše le tse ho lona, le leoatle le tse ho lona.”—Tšenolo 10:6; 19:6.

Lebaka Leo ka Lona re Nyonyang Litholoana Tsa Babylona e Moholo

Bokreste-’mōtoana bo hlōlehile ho utloa melaetsa ea temoso e eang ho liphutheho tse supileng e boletsoeng ho Tšenolo likhaolo 2 le 3. Melaetsa ena e lemosa khahlanong le ho etsa lihlotšoana tsa bokhelohi, borapeli ba litšoantšo, le bohlola, le ho ba foofo le ho ba ea sa tsotelleng.

Ho etela hoo e ka bang sebaka sefe kapa sefe sa borapeli ho tla senola kamoo batho ba bangata ba bolumeli ba phahamiselitseng sebōpuoa ka holim’a ’Mōpi. Joang? Ka ho tlotlisa ha bona litšoantšo le litsǒantšo tse ferefiloeng le ka ho rapela ha bona “bahalaleli,” liemahale tsa Moroetsana Maria, le lifapano.—Bapisa le Pesaleme ea 115:2-8; 2 Ba-Korinthe 5:7; 1 Johanne 5:21.

Ka lehlakoreng la bona, mantsoe a Pauluse aa phethahala: “Hobane, leha ba tsebile Molimo, ha ba ka ba o tlotlisa ka ho re, ke Molimo . . . Ba fetohile mahlanya. ’Me khanya ea Molimo o sa boleng ba e fetotse litsǒantšo tse lekanyang motho ea bolang, le linonyana le liphoofolo tse maoto a mane, le lihahabi.”—Ba-Roma 1:21-23.

Lebaka Leo ka Lona re Nyatsang Boitšoaro bo Bobe ba Babylona

Lilemong tse 20 tse fetileng bosodoma bo ananetsoe kapa ba lumelloa e le mokhoa o mong oa bophelo. Basodoma ba limillione ba “tsoile ka sekhukhung” ’me joale ba tletse literateng, ba ikhantša ka ‘Boikakaso ba bona ba Bosodoma.’ Molimo o talima bosodoma ba bona joang?

Bibele e ile ea bolela ka ho hlaka hoo e ka bang lilemong tse 3 500 tse fetileng: “U se ke ua robala le monna, joale ka ha ho robaloa le mosali: ke ntho e manyala.” (Levitike 18:22) Hape hoo e batlang e le lilemong tse 2 000 tse fetileng Pauluse o ile a bontša hore litekanyetso tsa Molimo li ne li sa fetoha ha a ngola: “Ka baka leo, Molimo o ba neeletse litakatsong tse lihlong; hobane har’a bona basali ba fetotse mokhoa oa bona oa hlaho, ho etsa ka oo e seng oa hlaho. Ka mokhoa o joalo le bona banna ba lesitse ho etsa le mosali ka mokhoa oa teng, ’me ba chesitsoe ke ho lakatsana; banna ba etsa manyala le banna ba bang, ’me ba amohela ka ho bona moputso o loketseng bolahlehi ba bona.”—Ba-Roma 1:26, 27; 1 Ba-Korinthe 6:9, 10; 1 Timothea 1:10.

Empa, baruti ba bangata ba Bokreste-’mōtoana ke ba phelang ka bosodoma hoo ba khonneng ho theha mokhatlo o matla oa bosodoma malumeling a mangata a maholo. Ba batla hore mokhoa oa bona oa bophelo o amoheloe le hore ba lumelloe ka boemo ba mosebeletsi. Taba e amehang ke ea kereke ea Prostanta e khōlō ka ho fetisisa Canada, Kereke e Kopaneng ea Canada, eo ka la 24 Phato, 1988, baeta-pele ba eona ba 205 ba ileng ba hlōla likhetho khahlanong le ba 160, ba buella ho lumella basodoma tšebeletsong.

Lebaka Leo ka Lona re Nyonyang Botekatse ba Moea ba Babylona

Tšenolo e nyatsa bohlola ba Babylona le “marena a lefatše,” babusi ba lipolotiki. Seotsoa se tšoantšoa se lutse “holim’a metsi a mangata,” a bolelang “merabe, le matšoele, le lichaba, le lipuo.” (Tšenolo 17:1, 2, 15) Ka ho ba le kamano e haufi-ufi le babusi ba lipolotiki, ka makholo a lilemo bolumeli ba bohata bo ’nile ba sebelisa tšusumetso ea bona pepenene kapa ka sekhukhu ho hatella le ho tlatlapa batho ba tloaelehileng.

Mehlala ea khatello ena ke lilekane, kapa litumellano, tseo Ntlo-khōlō ea Mopapa e ileng ea li tekenela le babusi ba Manazi le ba Mafasista lekholong lena la bo20 la lilemo. Ka baka leo, tšusumetso ea kereke holim’a mehlape e ile ea lebisa ho ikokobeletseng ka ho felletseng babusi ba sehlōhō. Ka 1929 Ntlo-khōlō ea Mopapa e ile ea etsa selekane le mohatelli oa Fasi Benito Mussolini. Ke eng e ileng ea latela Jeremane? Mok’hadinale oa Lejeremane Faulhaber, a bolela mantsoe a latelang e le a Pius XI, o fana ka temoho ea hore na mopapa o ne a nahana joang ka Hitler: “Ke thabile; ke monna oa pele oa lipolotiki ea buileng khahlanong le Bokomonisi ba Russia.” Hamorao Faulhaber o ile a re: “Ho etela ha ka Roma ho ile ha tiisa seo e ka ’nang eaba ke ne ke ntse ke se belaella ka nako e telele. Roma, Puso ea ho arolelana moruo ka ho lekana sechabeng le Bofasista li talingoa e le eona feela topollo Bokomonising [bo tloaelehileng] le Bokomonising ba Russia.”

Babishopo ba K’hatholike ba Jeremane ba ne ba hanyetsa filosofi ea Bonazi pele ho 1933. Empa joalokaha mongoli oa Lejeremane Klaus Scholder a bolela bukeng ea hae The Churches and the Third Reich, babishopo ba ile ba laeloa ke lenģosa la Ntlo-khōlō ea Mopapa Jeremane, Mok’hadinale Pacelli, ho fetola boikutlo ba bona ka Puso ea ho arolelana moruo ka ho lekana sechabeng. Ke eng e ileng ea susumelletsa phetoho ee? E ne e le tebello ea ho etsa selekane pakeng tsa ’Muso oa Jeremane le Ntlo-khōlō ea Mopapa, se ileng sa etsoa ka la 20 Phupu, 1933.

Klaus Scholder oa tlaleha: “Likhethong tsa la 12 Pulungoana [1933] Hitler o ile a kotula litholoana tsa ho ba le selekane le ’Muso ka ho fumana likhetho tse phahameng ka ho makatsang ‘tse mo tšehetsang,’ ho feta bohle lihlopheng tsa bakhethi bao boholo ba bona e neng e le Mak’hatholike.”

Le hoja baeta-pele ba seng bakae ba Prostanta ba ile ba senola khanyetso ea bona ha Manazi a nka puso ka 1933, ka potlako mantsoe a bona a ile a nyamela lerateng la bochaba. Scholder oa hlalosa: “Ka ho hlakileng kereke ea Prostanta e ne e itokiselitse haholo ho lahla kelo-hloko e ’nileng ea sebelisoa ka nako e fetileng ’me joale qetellong le eona e itokiselitse ho kenella chesehong ea bochaba. . . . Ka lekhetlo la pele ho ile ha hlaha lipolelo tsa Molao tsa kereke tse neng li tšehetsa ’Muso o mocha ka ho felletseng.” Ha e le hantle, Boprostanta bo ile ba ithekisa moeeng oa bochaba oa Manazi ’me ba fetoha mohlanka oa oona e moholo, feela joaloka Kereke e K’hatholike.

Ho theosa le makholo a lilemo, tlaleho ea histori e bontša hore, bolumeli ba bohata bo ’nile ba etsa setsoalle le lihlopha tse matla tse busang ’me ba tiisa botumo ba bona ka ho ntša batho ba tloaelehileng kotsi. ‘Khopolo ea Kreste’ ha ea ka ea bontšoa ke baeta-pele ba bolumeli ba lefatše, ba neng ba lelekisa ka lenyora le leholo matla, leruo, le letlotlo. Re le Lipaki tsa Jehova, re nyonya botekatse bo joalo ba moea.—Johanne 17:16; Ba-Roma 15:5; Tšenolo 18:3.

Lebaka Leo ka Lona re Nyonyang Molato oa Mali oa Babylona

Bukeng ea Tšenolo, Babylona e Moholo o qosoa ka molato o moholo oa mali: “’Me ka bona mosali eo a tahiloe ke mali a bahalaleli le ke mali a lipaki tsa Jesu. ’Me ke ho [eena] ho fumanoeng mali a baprofeta, le a bahalaleli, le a bohle ba bolailoeng lefatšeng.”—Tšenolo 17:6; 18:24.

Histori ea bolumeli ba bohata ke ea lehloeo le tšollo ea mali, ’me Bokreste-’mōtoana ke bona bo molato oa mali ka ho fetisisa. Lintoa tse peli tsa lefatše li qalile ’musong oa lichaba tseo ho thoeng ke tsa Bokreste. Baeta-pele ba lipolotiki ba “Bakreste” ba ile ba retelehela lihlomong ka 1914 le 1939, ’me baruti ba lichaba tsohle tse loanang ba fana ka tlhohonolofatso ea bona. The Columbia History of the World e bolela tjena mabapi le Ntoa ea I ea Lefatše: “’Nete le bophelo ha lia ka tsa nkoa e le tsa bohlokoa ba letho, ’me ha hoa ka ha hlaha lentsoe la boipelaetso. Bahlokomeli ba lentsoe la Molimo ba ile ba etella pele mohoo oa ntoa. Ntoa e felletseng e ile ea bolela lehloeo le felletseng.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Baprista ba mabotho ba ile ba phehella masole a bona ho tsoela pele ka cheseho ea bochaba ha bacha mahlakoreng ka bobeli ba ile ba bolaoa ke lithunya. Buka eona eo ea histori e re: “Ho feptjoa ha likelello tsa batho chefu butle ka mehato e tlisoang ke bochaba . . . ho ile ha tsoela pele ho sitisa ho batla khotso.”

Bolumeli ba bohata lefatšeng ka bophara bo tsoela pele ho hlahisa lehloeo ha lintoa li ntse li loanoa pakeng tsa Bajode le Masolomane, Mahindu le Masikhi, Mak’hatholike le Maprostanta, Masolomane le Mahindu, Mabuddha le Mahindu. E, bolumeli ba bohata bo tsoela pele ho tlatsetsa tšollong ea mali “a bohle ba bolailoeng lefatšeng.”—Tšenolo 18:24.

Ha li talima bopaki bohle bo boletsoeng ka holimo, Lipaki tsa Jehova li ikutloa hore qeto e nkiloeng kopanong ea 1988 ke e loketseng le e nakong. Ka nepo, re nyatsa bolumeli ba bohata e le seotsoa se molato oa mali, Babylona e Moholo. Re tsebisa lefatše tsela e le ’ngoe feela ea ’nete ea ho fumana khotso le borapeli ba ’nete—ho retelehela ho Morena ’Musi oa bokahohle, Jehova Molimo, ka Eo a mo romileng lefatšeng, Kreste, kapa Messia, Jesu. Sena se bolela ho amohela ’Muso oa Molimo e le eona feela puso e lokileng, e sa feleng eo e leng eona feela e ka khotsofatsang litlhoko tsa batho. Hape se bolela hore joale ke nako ea ho utloa taelo: “Tlohang ho eena [Babylona e Moholo], lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae.”—Tšenolo 18:4; Daniele 2:44; Johanne 17:3.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Genese 22:14; Exoda 6:3; 17:15; Baahloli 6:24; Pesaleme ea 83:18; Esaia 12:2; 26:4.

b Bakeng sa ho hlahloba ka ho qaqileng bohlokoa le molemo oa lebitso la Molimo, bona bukana e boholo ba makasine e maqephe a 32 Lebitso la Molimo le Tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela