Jehova o Ntšehelitse Joaloka Motsoalle
Joalokaha ho boletse Maria Hombach
HA KE sa le ngoananyana ea lilemo li tšeletseng, ke ile ka ithuta pina e monate ea batho ba Majeremane sekolong: “Na ua tseba hore ho na le linaleli tse kae leholimong le leputsoa? . . . Molimo, Morena, o li balile kaofela, ha ho le e ’ngoe e sieo . . . Le uena oa u tseba, ’me o u rata haholo.” (E fetoletsoe ho tsoa Sejeremaneng.) Ke ne ke ntse ke e bina ka letsatsi le leng ha ’mè a re: “Le uena oa u tseba ’me o bile oa u rata.” Ho tloha motsotsong oo ho ea pele, Molimo o ile oa ba joaloka motsoalle ho ’na. Ke ile ka etsa qeto ea hore le ’na ke tla o rata. Sena se etsahetse pele ho Ntoa ea I ea Lefatše ha re ne re lula Bad Ems nōkeng ea Lahn.
Lilemo tse leshome le metso e supileng hamorao, nakong ea matsatsi a phomolo ka 1924, ke ile ka kopana le ngoanana e mong eo e neng e ka ba thak’a ka. E ne e le e mong oa Liithuti tsa Bibele, tseo kajeno li tsejoang e le Lipaki tsa Jehova. Ka libeke tse ’nè, re ile ra ba le lipuisano tse matla ka bolumeli. Joale ho ile ha phahama taba ea “lihele.” O ile a botsa: “U ne u ke ke ua kenya katse e phelang ka ontong e chesang, na u ne u ka ho etsa?” Seo se ile sa nkotla joaloka sealuma, ’me ke ile ka hlokomela hore na ke ne ke thetsitsoe ka ho hlabisang lihlong hakaakang. Joale ke ne nka ithuta tsohle ka Molimo—hore na o hlile o joang, ha e le hantle, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng ke ntse ke batla ho e tseba ka oona ho tloha ha ke sa le ngoana!
Ho ’na ho ne ho tšoana le ho fumana “letlotlo le patiloeng tšimong.” (Mattheu 13:44) Ha ke fihla hae, ka mathela ka cheseho ho baahisani, pelo ea ka e tlōla ke takatso ea ho arolelana le ba bang lintho tse ncha tseo ke ithutileng tsona. Nakoana ka mor’a moo, ka fallela motseng o ka boroa ho Jeremane oa Sindelfingen, moo ho neng ho phela sehlopha sa Liithuti tsa Bibele tse ka bang 20. Ke ile ka kopanela le tsona ka cheseho mosebetsing ona o mocha oa ho bolela evangeli ka ntlo le ntlo.
Ha ke qala ho utloa ka tšebeletso ea bopula-maliboho e ne e le ka 1929 puong ea moena e mong eo e neng e le mosebeletsi ea tsamaeang. O ile a botsa hore na ke mang ea neng a ka ithaopela ho ba pula-maliboho. Ke ile ka phahamisa letsoho hang-hang. Ha kea ka ka re haeba le empa. Pelo ea ka e ne e re: “Ke ’na enoa, roma ’na!”—Esaia 6:8.
Ke ile ka itokolla mosebetsing oa ka oa ofisi ’me ka la 1 Mphalane, 1929, ka qala tšebeletso ea bopula-maliboho bo khethehileng, kamoo e bitsoang kateng kajeno, ka boroa-bophirimela ho Jeremane. Ha re le Limburg, Bonn, likepaneng tsa machaba tse koung ea Cologne, le libakeng tse ling, re ne re jala lipeō tsa ’nete ka potlako ’me re li jala ka bongata ka lingoliloeng.—Moeklesia 11:1.
Ho Latsoa Botsoalle ba Molimo
Ha Adolf Hitler a hloma ’muso oa hae oa bohatelli Jeremane ka 1933, ke ile ka lokela ho tlohela tšebeletso ea bopula-maliboho eaba ke khutlela Bad Ems. Kapele ba boholong ba fumana hore ke ne ke sa khetha likhethong. Matsatsi a mabaeli hamorao, mapolesa a mabeli a ile a tla secha kamore ea ka. Moqomo oa lithōle, oo motsotsoana o le mong feela pejana ke neng ke sa tsoa lahlela liaterese tsohle tsa Lipaki tse ling ka har’a oona, o ne o lutse o le mong hukung. Ho ne ho se nako ea ho o ntša! Mapolesa a ile a phahlolla ntho e ’ngoe le e ’ngoe—haese moqomo ona feela.
Ke ile ka ananela hakaakang hore e be nakong eo, ngoan’eso Anna le eena o ne a amohetse botsoalle ba Molimo oa ’nete! Re le ’moho, ka 1934, re ile ra fallela motseng oa Freudenstadt ’me ha re fihla moo ka hloko ra qala ho tsamaisa libuka tsa Bibele. Ka lekhetlo le leng, nakong ea matsatsi a phomolo, re ile ra khona ho etela motseng oa habo rōna oa Bad Ems ka potlako e khōlō, ka lehlapha-hlapha ra tsamaisa libukana tse lekanang le makasine tse 240 tse tletseng lebokose, eaba joale rea nyamela. Tlhekefetso ea banna ba Gestapo ba Freudenstadt e ile ea re susumelletsa ho fallela motseng o mong, ’me ka 1936 re ile ra ea Stuttgart. Ha ke le moo, ke ile ka ikopanya le tsamaiso ea rōna ea sekhukhu—’me hang-hang ka fuoa “mosebetsi” oo ke lokelang ho o etsa. Ka mehla ke ne ke amohela li-postcard tse nang le litumeliso. Ha e le hantle, e ne e le melaetsa e patiloeng. Mosebetsi oa ka e ne e le ho e tlisa sebakeng se seng sa sekhukhu ka har’a motse. Kahoo hore ke se behe mosebetsi ona kotsing, ke ile ka bolelloa hore ke se tsamaise libuka leha e le life. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ile ea tsamaea hantle ho fihlela ka Phato 1938.
Ka letsatsi le leng, ke ile ka fumana karete e ntaelang hore ke e’o ema ka pel’a kereke e ’ngoe e tsebahalang mantsiboeeng a mang. Ha ke fihla moo ke ne ke tla fumana boitsebiso bo eketsehileng. Ke ile ka ea sebakeng seo re laetsaneng ka sona. Ho ne ho le ho tšo ho re tšo! Monna e mong o ile a itsebisa ’na a re ke Julius Riffel. Ke ne ke tseba hore leo ke lebitso la moena e mong ea tšepahalang ea neng a sebetsa ka sekhukhu. Ka potlako o ile a mpolella hore ke ee Bad Ems ka letsatsi le itseng ho ea kopana le motho e mong. Ka potlako o ile a nyamela.
Leha ho le joalo, ha ke fihla seemelong sa terene Bad Ems, ke monna oa Gestapo feela ea neng a nkemetse. Phoso e ne e hlahile hokae? Monna ea neng a eme ka pel’a kereke—eo ha e le hantle e neng e kile ea e-ba moena oa Dresden, Hans Müller, ea neng a tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka mosebetsi oa sekhukhu Jeremane ’me a se a qalile ho sebelisana le banna ba Gestapo—o ne a nchehetse leraba. Empa ha lea ka la atleha. Nakoana pele ho moo, ’mè o ne a ntsebisitse hore o ile a batla a e-shoa lehlakore, ’me ’na, ha ke araba, ka tšepisa hore ke tla mo etela Bad Ems ka letsatsi le itseng. Ho thabisang letsatsi lena le ile la thulana le “thōmo,” ’me mangolo a rōna a ile a fana ka bopaki nyeoeng ea lekhotla e ileng ea latela hamorao. Ho ileng ha ’makatsa, ke ile ka lokolloa. E, ka Tlhakola 1939, ka mor’a likhoeli tse hlano le halofo chankaneng, ke ile ka boela ka lokolloa!
Ho Arabela Botsoalleng ba Hae
Ho totobetse hore ke ne ke sa rera ho lula ke sa etse letho, haholo-holo kaha baena ba bangata ba ne ba ntse ba hlokofatsoa likampong tsa mahloriso kapa ba tšoeroe libakeng tse ling.
Ka mor’a hore baena ba ikarabellang ba Majeremane ba tšoaroe ka thuso ea Müller, Ludwig Cyranek o ile a nka boikarabelo ba ho aba lijo tsa moea. Moena enoa, eo pele e neng e le mosebeletsi oa Bethele ea Magdeburg, o ne a qeta ho lokolloa chankaneng, ’me o ile a nketela Bad Ems. O ile a re: “Tloho, Maria! Ha re tsoele pele ho sebetsa.” O ile a nkhutlisetsa Stuttgart, moo ke ileng ka fumana mosebetsi oa boipheliso. Leha ho le joalo, mosebetsi oa ka oa sebele, ho tloha ka Tlhakubele 1939, e ne e le oa ho aba limakasine tse kopilitsoeng tsa Molula-Qhooa tse tletseng lisutuk’heisi Stuttgart le mathōko a eona. Ka sebete Lipaki tse ling li ile tsa kopanela mosebetsing ona.
Khabareng, Moena Cyranek o ile a sebetsa hohle ka har’a naha haese karolong e ka leboea-bochabela feela. Kaha matlo a Lipaki a ne a lisitsoe, o ne a lokela ho tsamaea ka hloko e khōlō ’me ka linako tse ling o ne a bile a lokela ho robala merung. Literene tse lebelo li ne li mo tlisa Stuttgart nako le nako, moo a neng a mpolella litlaleho tse khethehileng ka boemo ba rōna Jeremane. Ke ne ke ngola mangolo a tloaelehileng, ke kenya melaetsa ena pakeng tsa mela ka enke e sa bonahaleng e be ke a romela Bethele ea Netherlands, ka aterese e patang mohlala.
Ka masoabi, moena e mong hape o ile a fetoha mokoenehi ka tšepo ea ho pholoha chankana. Selemo hamorao, o ile a bolella banna ba Gestapo ka lihlopha tsohle tse Stuttgart le libakeng tse ling. Ka la 6 Tlhakola, 1940, re ile ra tšoaroa. Ludwig Cyranek o ile a ea tlung ea Müller e Dresden—a nahana hore Müller e sa le Paki—’me o ile a tšoaroa hona moo. Moena Cyranek o ile a ahloleloa lefu hamorao ’me a khaoloa hlooho ka la 3 Phupu, 1941.a
Joale lira tsa rōna li ne li lumela hore li sitisitse mosebetsi oohle oa rōna Jeremane. Empa ho ne ho se ho entsoe litokisetso tsa ho tiisa hore metsi a ’nete a tla lula a ntse a phalla, esita le haeba ho se ho setse lerotholi feela. Ka mohlala, sehlopha se Holzgerlingen se ile sa khona ho lula se le mafolo-folo ho fihlela qetellong ea ntoa ka 1945.
Le ka Mohla ha a Lahle Metsoalle ea Hae
’Na le Anna, hammoho le bo-khaitseli ba bang ba tšepahalang, re ile ra isoa chankaneng ea Stuttgart. Hangata ke ne ke utloa ha batšoaruoa ba otloa. Ho kenngoa ka seleng u le mong ho se letho leo u ka le etsang ke phihlelo e tšabehang. Empa kaha ho ne ho se mohla re kileng ra fosa seboka sa Bokreste ’me re ne re ntse re le bacha, re ne re ka hopola hoo e batlang e le lihlooho tsohle tsa Molula-Qhooa. Ka baka leo, tumelo ea rōna e ile ea lula e le matla, ’me re ile ra khona ho tiisetsa.
Ka letsatsi le leng, banna ba babeli ba Gestapo ba tsoang Dresden ba ile ba nkuka hammoho le Gertrud Pfisterer (eo joale e seng e le Wulle) eo ke neng ke tšoeroe le eena ho re isa moleng. Hangata, batšoaruoa ba ne ba lumelloa ho tsamaea ka literene tse tsamaeang butle feela, tse neng li nka matsatsi. Empa rōna re ne re boloketsoe lekareche kaofela tereneng e lebelo, le hoja e ne e tletse haholo. Liofisiri li ile tsa hlalosa: “Le batho ba bohlokoa haholo ho rōna. Ha re batle ho lahleheloa ke lōna.”
Ha re fihla Dresden, banna ba Gestapo ba ile ba nkopanya le mokoenehi oa boraro ea neng a tsoile ho rōna. Ke ile ka utloa hore ho ne ho e-na le ho hong ho phoso, kahoo ke ile ka khutsa, le ho mo lumelisa feela ka se ke ka mo lumelisa. Joale ka re ptjang-ptjang le monna e molelele, oa senatla ea apereng liaparo tsa masole: mokoenehi Müller, eo ke neng ke kopane le eena ka pel’a kereke. Ke ile ka tsoa ka tlung eo ke sa bua leha e le lentsoe le le leng feela. Ha ho letho leo banna ba Gestapo ba ileng ba le fumana ho ’na.
Bakoenehi bana kaofela ba ile ba tleloa ke phello e bohloko. Joalokaha Manazi a ne a bolela, a ne a rata keko empa eseng moeki. Boraro ba bona kaofela ba ile ba isoa ntoeng e ka bochabela ’me ha baa ka ba hlola ba khutla. Phello e bile e fapaneng hakaakang bakeng sa bao le ka mohla ba sa kang ba lahla botsoalle ba bona le Molimo le batho ba oona! Ba bangata har’a ba tšepahalang, bao ba bang ba bona e leng Erich Frost le Konrad Franke, ba ileng ba hlokofatsoa haholo ka baka la Morena ’me hamorao ba fetoha balebeli ba lekala Jeremane, ba ile ba khutla seboping sa mollo sa mahloriso ba ntse ba phela.b
Banna ba Gestapo ba Stuttgart—ba neng ba ikhantša haholo ka “ho pitla” ha bona—ka Motšeanong 1940 ba ile ba kōpa basebetsi ’moho le bona ba Dresden hore ba re khutlise. Linyeoe tsa rōna li ne li lokela ho bueloa Jeremane boroa. Empa ho bonahala eka banna ba Gestapo ba ka leboea ba ne ba se na tšebelisano e ntle le ba ka boroa, kahoo ofisi ea Dresden e ile ea hana, eaba ba tsoang Stuttgart baa tla ’me ba re khanna ka bobona. Ho ne ho tla latela eng joale? Ho palama koloi ho ea seteisheneng re ikhohlile ka nōka ea Elbe e ne e le leeto le monate; ha re le ka liseleng tsa rōna re ne re qetile nako e telele re sa bone lifate tse tala le leholimo le leputsoa. Joaloka pele, lekareche lohle la terene le ne le boloketsoe rōna feela, ’me re ne re bile re lumelletsoe ho bina lipina tsa ’Muso. Ha re theoha tereneng re ea ho e ’ngoe, re ile ra fumana lijo ntlong ea lijo seteisheneng. U ka inahanela, hoseng re ne re jele sekokotoana sa bohobe feela, ’me joale re ne re fumana sena!
Nyeoe ea ka e ile ea tla lekhotleng la Stuttgart ka la 17 Loetse, 1940. Ka ho ngola le ho romela mangolo a Ludwig Cyranek, ke ne ke tsebisitse batho ba phelang linaheng lisele ka mosebetsi oa rōna oa sekhukhu le mahloriso a rōna. Oo e ne e le molato o moholo khahlanong le ’muso, o neng o lokeloa ke kotlo ea lefu. Kahoo ho ile ha bonahala eka ke mohlolo hore ’na, moqosuoa oa sehlooho Stuttgart, ke ahloleloe lilemo tse tharo le halofo feela ke koaletsoe ke le mong ka seleng! Ka ho totobetseng, moofisiri oa Gestapo ea bitsoang Schlipf, ea neng a re hauhela ’me letsoalo la hae le bile le mo tšoenya, o ile a sebelisa tšusumetso ea hae. Ka lekhetlo le leng o ile a bolela hore ha a khone ho robala ka baka la rōna “banana.” Ha ke le Dresden ke ne ke sa tl’o khona ho tsoa habobebe hakaalo.
Ho Fumana Molemo Botsoalleng bo sa Feleng
Le hoja lijo tsa chankana li ne li se mpe joaloka tsa likampong tsa mahloriso, ke ile ka theoha haholo ’meleng ’me qetellong ka sala ke se ke le masapo feela. Lilemo tsa 1940 ho ea ho 1942 li ile tsa feta, ’me hangata ke ne ke nahana: ‘Ha kahlolo ea hao e fela, ba tla u kenya kampong ea mahloriso moo u tla kopana le bo-khaitseli ba bang ’me ha u sa tla hlola u lula u le mong.’ Ke ne ke sa tsebe se tlang.
Balebeli ba ne ba maketse ka ho felletseng ha kōpo ea hore ke lokolloe, e entsoeng ke batsoali ba ka ba Mak’hatholike, e amoheloa. (Ka makhetlo ke ne ke hanne ho etsa kōpo e joalo ka bonna.) Le hoja balumeli ’moho ba ile ba kenngoa likampong tsa mahloriso, ’na—ea neng a ahloletsoe molato o phahameng khahlanong le ’muso ’me ke sa sekisetsa ho hang—ke ile ka tsoa habobebe haholo! Kahoo ka 1943 ke ile ka lokoloha hape ’me ka ba boemong ba ho nka boitsebiso ba puso ea Molimo bo tsoang Holzgerlingen, ka hloko e khōlō. Ka mor’a ho bo kopitsa, ke ne ke bo pata pakeng tsa karolo e ka hare le e ka ntle ea flask e tletseng kofi e be ke e isa ho baena ba lulang pel’a Nōka ea Rhine le karolong ea Westerwald ea Jeremane. Ho tloha ka nako eo ho fihlela qetellong ea ntoa, ke ile ka khona ho sebetsa ke sa tšoenngoe ke letho. Hamorao ke ile ka tseba hore liofisiri tsa mapolesa tse tletseng botsoalle tse neng li fumane litsebiso tse khahlanong le rōna ha lia ka tsa li fetisetsa ho banna ba Gestapo.
Joale ho ile ha etsahala joang ka mor’a 1945? Ke ne ke e-na le takatso ea ho bula maliboho hape kapele kamoo nka khonang. Ka tšohanyetso ho ile ha tla memo e thabisang ka ho fetisisa eo nkileng ka e fumana. Litorong tsa ka ho ne ho se mohla nkileng ka nahana ka ho memeloa ho ea sebetsa Bethele ea Wiesbaden!
’Me ho tloha ka la 1 Tlhakubele, 1946, ke hona moo ke ’nileng ka sebeletsa teng, Bethele (eo hona joale e leng Selters/Taunus). Ka lilemo tse ngata ke ile ka thabela ho sebetsa ofising e neng e tsamaisoa ke Konrad Franke eo pele e neng e le molebeli oa lekala. Hape ke ile ka sebetsa ka thabo mafapheng a mang, ka mohlala, moo ho hlatsuoang liphahlo. Esita le kajeno, ha ke le lilemo li 87, ke ntse ke sebetsa hona moo lihora tse ’maloa ka beke ke mena lithaole. Haeba u kile ua etela Bethele ea rōna, mohlomong re kile ra bonana.
Ha nako e ntse e-ea, ke ile ka ba le tokelo ea ho thusa batho ba ’maloa ho amohela ’nete, ho akarelletsa ’mè le ngoan’eso e mong oa mosetsana. Ke fumane mantsoe a ’mè, “Le uena oa u tseba ’me o bile oa u rata,” e le ’nete feela joaloka mantsoe a mopesaleme, “O tla u tšehetsa.” (Pesaleme ea 55:22) Ho rata Jehova le ho tšehetsoa ke eena joaloka motsoalle e bile thabo e kaakang!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona 1974 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, maqephe 179-80.
b Bona The Watchtower, ea April 15, 1961, maqephe 244-9, le March 15, 1963, maqephe 180-3.