Paradeise e Tsosolositsoeng e Tlotlisa Molimo
“Ke tla tlotlisa sona sebaka sa maoto a ka.”—ESAIA 60:13, “NW.”
1, 2. (a) Ka moprofeta oa oona Esaia, ke eng eo Molimo o ileng oa e bolela esale pele mabapi le lefatše? (b) Ha re talima lilemong tse sekete tse tlang, re bona eng?
JEHOVA o bōpile lefatše e le naletsana e tlas’a maoto a hae, ke bonamelo ba maoto a hae ba tšoantšetso. Ka moprofeta oa oona Esaia, Molimo o ile oa bolela esale pele hore o ne o tla ‘tlotlisa sona sebaka sa maoto a oona.’ (Esaia 60:13, NW) Ka thuso ea Bibele e bululetsoeng, re ka talima, joalokaha eka ke ka mochini o matla o bonelang hōle, lilemong tse sekete tse tlang tsa batho. Mahlo a rōna a lumelisoa ke pono e hlollang hakaakang! Lefatše lohle le khanya ke botle bo se nang sekoli bo entsoeng ke Molemi e moholo ka ho fetisisa bokahohleng bohle. Paradeise e tla be e tsosolositsoe lefatšeng lohle bakeng sa batho!
2 E, Boleng bo Phahameng bo halalelang bo entseng hore motho a qale ho ba teng tšimong ea paradeise bo hopoletse motho thabo e khōlō ka ho fetisisa. Ka sebele ke ’Mōpi ea lerato hakaakang eo batho ba nang le eena, eo ho sa fetelletsoeng litaba ha ho thoe ka eena, “Molimo ke lerato”! (1 Johanne 4:8, 16, TLP) Paradeiseng e tsosolositsoeng, banna le basali ba hōlileng ba nang le phetheho ea botho e se nang sekoli ba lula hammoho e le baena le bo-khaitseli ba lerato. (Esaia 9:6) Ba susumetsoa ke lerato, ba ikokobetsa ka ho phethahetseng ho ’Mōpi ea khanyang oa leholimo le lefatše, Jehova Molimo.
3, 4. (a) Ke ka tsela efe leholimo le lefatše li tla tšoana? (b) Mangeloi a tla itšoara joang ha Paradeise e tsosolosetsoa lefatšeng?
3 Likete tsa lilemo esale pele, tlhalosong e bululetsoeng ke Molimo ea ’muso oa oona, Molimo o ile oa bua mantsoe ana a khahlisang ho batho ba oona ba khethiloeng: “Leholimo ke terone ea ka, ’me lefatše ke bonamelo ba maoto a ka.” (Esaia 66:1) Khanya e phethehileng ea “bonamelo ba maoto” a oona, lefatše la Paradeise, ka nepo e lokela ho tšoana le khanya ea terone ea oona maholimong a sa bonahaleng.
4 Nakong ea pōpo ea lefatše, ba neng ba le teng teroneng ea Molimo ’musong oa leholimo ba ile ba talimisisa pono e tlaase lefatšeng. E tlameha e be ba ile ba ikutloa ba hloletsoe hakaakang ha mahlo a bona a talimile phatsimo ea lona e khanyang! Ke joang ba neng ba ka ithiba hore ba se tlerole pina ka tšohanyetso? (Bapisa le Sofonia 3:17, Revised Standard Version; Pesaleme ea 100:2, The Jerusalem Bible.) ’Mōpi ea khotsofetseng le ea thabileng o ile a bululela mongoli oa hae oa lefatšeng ho hlahisa tlhaloso e nepahetseng ea pono ea leholimo, a re: “Linaleli tsa meso [tsa ntša] mehoo ea thabo, le bara bohle ba Molimo ba [bina] ka nyakallo.” (Jobo 38:7) Ho tla ba joalo hakaakang ha bara ba Molimo ba mangeloi ba tlerola ka thabo, ho tlotlisa Molimo, ha Paradeise e tsosolosoa!
5. Re lokela ho ikutloa joang ka ho finyelloa ha sepheo sa Molimo sa tšimolohong mabapi le lefatše?
5 Ka sebele ke ho thabisang bakeng sa rōna ho tiisetsoa ke Mangolo a Halalelang a bululetsoeng hore ho finyelloa ho hoholo ha lefatše la paradeise e ne e le sepheo seo Molimo o neng o se rerile ho tloha sethathong feela. Phethahatso ena e tlisang thabo, e hlohlelletsang thoriso ea morero oa Molimo ka lefatše lena ke eona feela ntho e nepahetseng e ka lebelloang ho Molimo o lulang khanyeng e sa feleng o ke keng oa hlōleha ho bontša bophahamo ba oona. Thoriso eohle e ea ho oona!—Pesaleme ea 150:1, 2; Esaia 45:18; Tšenolo 21:3-5.
Ba Tsositsoeng ba Thusa ho Tsosolosa Paradeise
6. Ka mor’a Harmagedone, lefatše le tla tlatsoa baahi joang?
6 Le hoja baphonyohi ba Harmagedone ba tla be ba fokola ka lenane, lefatše le ke ke la tlatsoa baahi ka ho felletseng ka ho beleha ha bona bana feela. Jehova o tla boela a ‘tlotlise sebaka sa maoto a hae’ ka ho tsosetsa bophelong bao ba mabitleng a khopotso le ba tlang tlas’a sehlabelo sa topollo sa Kreste. Ka lehlakoreng le leng, bana ba tla ba le tokelo ea ho kopanela mosebetsing o thabisang oa ho fetolela qitikoe ea rōna lefatše paradeiseng e nang le botle bo ke keng ba lekanngoa.—Liketso 24:15.
7. Ke mantsoe afe a Jesu ao baphonyohi ba Harmagedone ba tla lula ba a hopotse?
7 Baphonyohi ba Harmagedone ba tla lula ba hopotse ka mehla mantsoe a susumetsang moea a Morena Jesu Kreste ka lekhetlo le leng ha a ne a susumeletseha ho re: “Se makaleng ke hoo; hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona.” (Johanne 5:28, 29) Eo e tla ba nako e hlollang hakaakang eo ka eona bafu ba batho ba mabitleng a bona a khopotso ba tla qala ho utloa lentsoe la Mora oa Molimo le bua mantsoe a tšoanang le a neng a lebisitsoe ho Lazaro, eo setopo sa hae se neng se rapaletse ka lebitleng Bethania: “Lazaro, tsoa moo!”—Johanne 11:43.
8, 9. E ka ’na eaba ke bo-mang ba tla tsosetsoa pele bophelong bo nchafetseng lefatšeng, ’me hoo ho tla tlisetsa baphonyohi ba Harmagedone thabo efe?
8 Ke bo-mang bao e ka ’nang eaba ba tla tsosetsoa bophelong bo nchafetseng pele lefatšeng tlas’a Puso ea Lilemo tse Sekete ea Jesu Kreste ’me e le ha ba arabela taelo ea hae? E ne e tla ba ho utloahalang hore e be ba “linku tse ling” ba shoeleng mehleng ea qetello e etellang pele bofelo ba tsamaiso ena ea lintho. Ba tla latsoa tsoho ea pejana. (Johanne 10:16) Mohlomong ba ne ba tla ba le bothata bo fokolang ka ho fetisisa ba ho itloaetsa lefatše le lecha.—Bapisa le Mattheu 25:34; Johanne 6:53, 54.
9 E tla ba ho thabisang hakaakang bakeng sa baphonyohi ba Harmagedone ha ba bona bao ba “linku tse ling” ba shoeleng nakong ea moloko oa pele ho ‘mahlomola a maholo’ ba tsosoa! (Mattheu 24:21) Ba e-na le matla a felletseng a ho ba tseba, baphonyohi ba Harmagedone baa ba elelloa, baa ba amohela, ’me ba tsoela pele le bona ho nchafatsa tšebeletso ea bona ba kopane ho Molimo o Holimo-limo!
10. Ka ho phonyoha Harmagedone, ke eng eo u ka e bonang ka mahlo?
10 Ka ho ba e mong oa baphonyohi ba Harmagedone, u ka ’na ua bona ka mahlo tsoho ea motho oa pele ho beng ka uena ba lefatšeng. Ke joang tšusumetso ea maikutlo ea see e ka fapanang le ea batsoali ba ileng ba bona ha Morena Jesu a khutlisetsa morali oa bona ea lilemo li 12 a phela matsohong a bona a mo hlolohetsoeng? “Hang-hang ba ile ba itebala ke thabo e khōlō.” (Mareka 5:42, NW) E, ka sebele, u tla fumana thabo e ke keng ea boleloa ha bafu ba tsosoa Hades le leoatleng. (Tšenolo 20:13) E, boo e tla ba bokamoso bo khanyang hakaakang, bokamoso boo haufinyane bo tla fihla!
“Mahosana Lefatšeng Lohle”
11, 12. (a) Pesaleme ea 45:16 e hatisa eng? (b) Morena Jesu Kreste a ka ’na a khetha “mahosana lefatšeng lohle” har’a bo-mang?
11 A sebelisa matla a hae a ho tsosa batho ba shoeleng bao a ba teletseng bophelo ba hae bo phethahetseng ba botho e le sehlabelo sa topollo, Jesu o tla khona ho phethahatsa Pesaleme ea 45:16. Pesaleme ena e lebisitsoe ho Jesu Kreste ka boprofeta e le Morena ea behiloeng litulong: “Litulong tsa bo-ntat’ao [ba lefatšeng] ho tla lula bara ba hao, u tla ba bea mahosana lefatšeng lohle.” Pesaleme ena e hatisa ’nete ea hore Jesu Kreste e tla ba ntate oa leholimo oa bana ba tlaase mona lefatšeng le hore o tla beha litulong bara ba nkiloeng ho bona e le “mahosana lefatšeng lohle.” E le “mor’a Davida” ’me e le mora oa letsibolo oa moroetsana oa Judea Maria, Jesu o bile le bo-ntate-moholo ba lefatšeng ba batho ho tloha morao koana ho ntat’ae oa pele, Adama.—Luka 3:23-38.
12 Na Pesaleme ea 45:16 e bolela hore bao pele e neng e le bo-ntate-moholo ba Jesu ka tlhaho ba tla fetoha bara ba hae ka hore a ba tsose bafung? E. Na hape Pesaleme ea 45:16 e bolela hore ka baka la hore o tsoile lelokong la bona, Jesu o tla ba bontša tlotla e khethehileng ea borena ’me a khethe bona feela ho ba “mahosana lefatšeng” boemong ba lona ba Paradeise? Che. Ho phethahatsoa ha boprofeta ka tsela ena ho ne ho tla lumella feela batho ba fokolang ka lenane hore e be “mahosana” lefatšeng lohle. Ntle le ’nete eo, hase bo-ntate-moholo bohle ba hae ba neng ba hlahelletse hoo ba ka tšoaneloang ke bophahamo bo khethehileng lefatšeng nakong ea Puso ea hae ea Lilemo tse Sekete. Morena Jesu Kreste o tla ba le batho ba bangata haholo ho feta bo-ntate-moholo ba hae bao a tla ba khetha e le “mahosana”—batho ba tšoanelehang ba baphonyohi ba Harmagedone, ba “linku tse ling” tse tsositsoeng, ho akarelletsa banna ba tumelo ba pele ho Bokreste. Har’a bana bohle, a ka khetha ba tšoanelehang ba nang le tokelo hore ba be ofising ea bohosana joaloka baemeli ba hae ba lefatšeng.
13, 14. Ke batho bafe ba tsositsoeng bao baphonyohi ba Harmagedone ba tla fuoa tokelo ea ho ba bona ka mahlo a bona?
13 Nahana ka batho ba joalo ba letetsoeng ke tsoho tlas’a ’Muso oa Bomessia. Bona! Na re ka kholoa mahlo a rōna? Abele ke eo, motho oa pele oa moshoela-tumelo, le Henoke, ea neng a tsamaea le Molimo oa ’nete. Hape, Noe, moahi oa areka, ke eo. Ba bang ke Abrahama, Isaaka, le Jakobo, bo-ntate-moholo ba sechaba sa Iseraele. Ba bang ke Moshe (oa leloko la boprista la Levi) le Davida eo ho ileng ha etsoa selekane se sa feleng bakeng sa ’Muso le eena. ’Me ba bang ke Esaia, Jeremia, Ezekiele, Daniele, le baprofeta bohle ba bang ba Baheberu ba ngotseng Bibele ho fihlela ho oa ho qetela ho bona, Malakia, esita le Johanne Mokolobetsi hape le Josefa, ntat’a Jesu oa mohōlisi.
14 Ka lekhetlo le leng Jesu o ile a bolella Bajode hore ba ne ba tla “bona Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, le baprofeta bohle, ’musong oa Molimo, ’me [bona ba] lahletsoe ntle.” (Luka 13:28) “Bongata bo boholo ba batho” ba baphonyohi ba lefatšeng ba “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” ba tla fuoa tlotla ea tokelo ea ho bona ka sebele “Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, le baprofeta bohle” ba tsositsoeng ba khutletse hona mona lefatšeng la Paradeise ’me ba le tšebeletsong ea borena tlas’a ’Muso oa Molimo o matsohong a “Ra-bo-sa-feleng,” Jesu Kreste.—Tšenolo 7:9, 14; 16:14; Esaia 9:6.
15. Ke tokelo efe eo ho seng e ka bapisoang le eona e letetseng bao ba phonyohang Harmagedone?
15 Ho bapisa lintlha ka ho toba le “meea e robeli,” Noe le lelapa la hae le ileng la phonyoha bofelo ba lefatše la pele Moroallong oa qitikoe eohle ka 2370 B.C.E. e tla ba ho hlasimollang moea hakaakang bakeng sa lōna ba phonyohang bofelo ba lefatše lena le khopo! Ho isa ka ho sa feleng ha ho e mong hape ea tla be a bile le liphihlelo tse tšoanang le tsa lōna le eo ka hona a tla khona ho sebeletsa e le Paki ea Jehova Molimo ntlheng ena e hlahelletseng, e ke keng ea phetoa.—1 Petrose 3:20; Mareka 13:19; 2 Petrose 3:5-7.
Sesenyi se Nang le Kutloelo-bohloko Sea Hopoloa
16, 17. (a) Ha Jesu a hopola sesenyi se nang le kutloelo-bohloko, ke tokelo efe eo baphonyohi ba Harmagedone le ba bang ba tla beng ba phela ba tla ba le eona ka nako eo? (b) Ho na le tšepo efe mabapi le sesenyi se tsositsoeng?
16 Ntle le pelaelo, ka nako eo ho tsosolosoa ha Paradeise lefatšeng ho tla be ho se ho ntse ho tsoela pele. Senokoane se neng se khokhothetsoe Golgotha ka thōko ho Jesu seo ka baka la ho hlokomela letšoao le neng le le ka holim’a hlooho ea Hae se ileng sa re, “Jesu, u nkhopole ha u kena ’musong oa hao,” se tla tsosetsoa bophelong lefatšeng Paradeiseng e tsosolositsoeng. (Luka 23:42, NW) E tla ba tokelo ea baphonyohi ba Harmagedone le ba bang ba tla be ba phela ka nako eo ho se amohela tsohong ea bafu. Ba tla se ruta ka botlalo ka Morena ea busang hona joale, Jesu Kreste, eo se ileng sa bontša qenehelo e tebileng ho eena ka la 14 Nisane selemong sa 33 C.E.
17 Morena Jesu Kreste a ke ke a hlōleha ho se hopola neng-neng nakong ea puso ea Hae ea lilemo tse sekete. Ha ho pelaelo hore sesenyi seo se nang le kutloelo-bohloko, se tsositsoeng se tla bontša kananelo ea sona bakeng sa Morena ea busang, Jesu Kreste, eo se tla be se tsohile ka baka la hae, ka ho paka botšepehi ba sona ho ’Musi oa Bokahohleng, Jehova Molimo. Joale se tla nkoa se tšoaneleha ho thabela ho phela lefatšeng le lecha la Paradeise ho isa ka ho sa feleng hammoho le batho ba bang kaofela ba tsosolositsoeng, ba utloang.
Bophelo Tšimong ea Edene ea Qitikoe Eohle, e Tsosolositsoeng
18. Bophelo bo tla ba joang Paradeiseng e tsosolositsoeng?
18 Paradeiseng e tsosolositsoeng, bohle ke metsoalle. Litlamo tsa kamano ea lelapa la lefatše ka bophara li utluoa ho isa botebong ba moea oa e mong le e mong. Bohle baa utloisisana. Ba bua puo e tšoanang ea lefatše. Mohlomong ke puo ea batho ea tšimolohong, eo e mong le e mong lefatšeng a neng a e bua ka lilemo tse qalang tse 1 800 tsa ho ba teng ha batho—ho tloha pōpong ea Adama ka 4026 B.C.E. ho fihlela mehleng ea Pelege (2269 ho ea ho 2030 B.C.E.), hobane “lefatše [ke hore, baahi ba lefatše] le ’nile la arohanngoa mehleng ea hae.” (Genese 10:25; 11:1) E mong le e mong o thabela tokelo ea ho phela, ’me letsatsi le leng le le leng le lecha le lumelisoa ka teboho bakeng sa letsatsi le eketsehileng la bophelo. Ho kula ’meleng ha ho sa eketseha ha nako e ntse e e-ea. Matla a ’mele aa phaellana, ’me ’mele ha e khathale.—Bapisa le Jobo 33:25.
19. Ho tla hlokomeloa eng mabapi le ba neng ba holofetse pele?
19 Joale bona! Bao e kileng ea e-ba lihlotsa baa tsamaea, e, ba tlōla ka thabo. Matsoho le maoto a lahlehileng a khutlisitsoe ka mohlolo. Bao pele e neng e le lifofu baa bona, bo-tsebe-tutu baa utloa, limumu lia bua ’me li bina ka thabo e phethehileng. (Bapisa le Esaia 35:5, 6.) Lintho tse neng li sa shebahale hantle libopehong tsa batho le seemong sa bona lia nyamela. Bonna ba batho bo etsoa hore bo leka-lekane hantle le bosali ba batho. (Genese 2:18) Phetheho ea botho e tlotlisa Jehova Molimo, ’Mōpi oa ’mele oa motho o phethahetseng.
20. Ho tla hlokomeloa eng ka matla a tlhaho, tlhahiso ea lijo, liphoofolo tse bōpiloeng, le kamoo lefatše le tla sebelisoa kateng?
20 Lefatše lohle le fetoha sebaka se le seng se setle qitikoeng eohle. Ha ho sa le tlaleho leha e le efe e tsoang karolong efe kapa efe ea lefatše ea komello kapa pula ea sekhohola e senyang kapa meea le lipula tse senyang, lifefo tse khōlō, le maholiotsoana. (Bapisa le Mareka 4:37-41.) Matla ’ohle a tlhaho a etsoa hore a sebelisane ka mokhoa o phethahetseng ho etsa lefatše lohle sebaka seo ho thabisang ho phela ho sona. Ha ho khaello ea lijo kae kapa kae, hobane lefatše le hlahisa lijo tsa lona ka botlalo. (Pesaleme ea 72:16) Khotso le tšireletseho li tletse lefatše ka bophara bakeng sa motho le phoofolo, feela joalokaha Jehova a re: “Li ke ke tsa etsa kotsi ea letho kapa tsa hlahisa tšenyo ea letho thabeng eohle e halalelang ea ka.” (Esaia 11:9, NW; bona le litemana 6-8.) Ka tsela ena lefatše le tla etsoa sebaka seo ho thabisang ho phela ho sona le ho tsoela pele ka borapeli le tšebeletso ea Jehova Molimo, ’Mōpi le Mong’a lefatše. Kaha ke thepa ea hae ka baka la pōpo, le tšoanela ho sebelisoa ka tsela e mo khahlisang le e mo tlotlisang.—Bapisa le Esaia 35:1, 2, 6, 7.
21. Batho ba lopollotsoeng ba tla talima ntho e ’ngoe le e ’ngoe lefatšeng joang, ’me ho tla utloahala ’mino ofe?
21 Bocha bo khathollang—ke kamoo ntho e ’ngoe le e ’ngoe e leng kateng bakeng sa batho ba lopollotsoeng bao ho seng mohla ba kileng ba ba ka har’a tšimo ea Paradeise ea Edene moo bophelo ba batho bo qalehileng bo phethahetse hantle! (Tšenolo 21:5) Ke ’mino o thabisang hakaakang, oa liletsa le oa mantsoe, o tla utloahala—kaofela o rorisa Jehova!—1 Likronike 23:4, 5; Pesaleme ea 150:3-6.
22. Ho phela lefatšeng le lecha la Paradeise ho tla ba joang?
22 E tla ba ho babatsehang hakaakang ho phela lefatšeng leo ho lona bophelo ba batho bo sa haelloeng ke letho le leo ho lona mehato eohle ea tšebetso ea ho shoa e tlisitsoeng ke sebe sa tšimolohong sa Adama e tla be e hlakotsoe! (Bapisa le Johanne 10:10.) E, e tla ba lefatše leo ho lona sebopuoa se seng le se seng se amohetsoeng sa motho se bonahatsang setšoantšo le ho tšoana le Jehova Molimo tseo motho oa pele Adama a neng a bōpiloe ka tsona! (Genese 1:26, 27) Ka nako eo lefatše le ke ke la hlola le shebahala hampe ho lirafime, ho likerubime, le ho mangeloi a khanyang a leholimo. Ha a retelehela lefatšeng ka lifahleho tse ratehang, a le nyakurela le khabisitsoe ka botle ba paradeise, a tla lokela feela hore a bontše thoriso le teboho ho Eo ’ona a nang le tokelo ea ho bona sefahlelo sa hae ka ho toba—Jehova, ’Musi oa Bokahohle.—Mattheu 18:10.
Bokamoso bo Thabileng, bo sa Feleng
23. Ho ka ’na ha etsahala eng mabapi le Bakreste ba tlotsitsoeng, hona e le ka phello efe ho baahi ba Paradeise ea lefatše?
23 Ho na le monyetla e bile ho ka etsahala hore, ka letsatsi le leng ka moso, mabitso a Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ba tiisitseng “ho bitsoa le ho khethoa” ha bona ’Musong oa leholimo le ba hlohonolofalitsoeng ka tsoho ena ea leholimo a tla phatlalatsoa ka botlalo bakeng sa boitsebiso ba lelapa la batho Paradeiseng ea bona ea lefatšeng. (2 Petrose 1:10; Pesaleme ea 87:5, 6) Ka hona, ho ba sieo ha barutuoa ba 144 000 ba tlotsitsoeng ba tsoetsoeng ka moea ba Jesu Kreste Paradeiseng ea lefatšeng ho tla utloisisoa ka botlalo ho khotsofatsa e mong le e mong ’me e le ka ho nyakalla ka pelo eohle ka baka la bona le ho nyakalla hammoho le bona.
24. (a) Jehova o tla be a finyelletse eng mabapi le “bonamelo ba maoto” a hae? (b) Re tseba joang hore lefatše le lecha le ke ke la fela le ka mohla, ’me ke pina efe ea boprofeta e tla phethahatsoa?
24 Bokamoso e tla ba bo thabisang bakeng sa bohle ba lulang ba sa koenehe boinehelong ho Jehova, ’Musi ea phethehileng oa bokahohle bohle. Lefatše la Paradeise le tla be le tlatsitsoe hantle e tla ba sebaka se loketseng, se hlomphehang, sa ho ba “bonamelo ba maoto” seo ka tšoantšetso maoto a Molimo a ka phomolang ho sona. E, Jehova o tla be a tlotlisitse ‘sona sebaka sa maoto a hae’ ho isa ka ho sa feleng, ’me batho bohle ba tla be ba ikokobeletsa eena ka hohle! (Mattheu 5:34, 35; Liketso 7:49) Lefatše le lecha e tla ba lefatše le se nang ho fela hobane “khaphatseho ea puso ea khosana le khotso li ke ke tsa fela.” (Esaia 9:7, NW) Joale, pina ea boprofeta ea mangeloi a leholimo ha Jesu a tsoaloa Bethlehema oa Judea ka 2 B.C.E. e tla phethahatsoa: “Khanya e be ho Molimo maholimong a holimo, khotso e be lefatšeng ho batho bao o khahloang ke bona.”—Luka 2:13, 14.
25. (a) Bao e leng ba “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” ba ananela eng hona joale? (b) Takatso ea rōna e tlohang botebong ba pelo e lokela ho ba efe?
25 Bao ba “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” tsa Molisa ea Molemo ba ananela mantsoe a hlasimollang moea a tšepiso ea Paradeise e tsosolositsoeng. Ke tokelo ea bona ho kopanela le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo hona joale le ho kopanela ka cheseho mosebetsing o boletsoeng esale pele ke Morena Jesu Kreste, ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona bakeng sa bopaki ba ho qetela. (Mattheu 24:14; Mareka 13:10) Takatso ea rōna e tiileng, ea pelo eohle re le Lipaki tsa Jehova ke ho boloka botšepehi ba rōna bo sa silafatsoa ho isa ka ho sa feleng, ho tlotlisa le ho phahamisa ka ho sa feleng ’Musi oa Bokahohleng, Jehova Molimo, ’me re le tlas’a bobusi ba borena ba Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, Jesu Kreste. “Alleluya!”—Tšenolo 19:1, 3, 4, 6, RSV, New International Version; Liproverbia 10:9.
U ne u Tla Arabela Joang?
◻ Jehova o entse tšepiso efe mabapi le bonamelo ba maoto a hae ba tšoantšetso, lefatše?
◻ Ke bo-mang ba tla thusa ho tsosolosa Paradeise?
◻ Morena Jesu Kreste o tla khetha “mahosana lefatšeng lohle” har’a bo-mang?
◻ U ka ’na ua ba le phihlelo efe e hlasimollang moea ha tsoho e etsahala?
◻ Ke bokamoso bofe bo letetseng ba lulang ba sa koenehe boinehelong ho Jehova?