Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 9/15 leq. 31
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Linaleli le Motho na ho na le Kamano?
    Tsoha!—1994
  • Matla a Molimo a Bonahala Linaleling
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Linaleli li U Tšoaretse Molaetsa!
    Tsoha!—1994
  • Matla a ho Bopa—“Ea Entseng Leholimo le Lefatše”
    Atamela ho Jehova
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 9/15 leq. 31

Lipotso tse Tsoang ho Babali

◼ Bo-ramahlale ba tiisa hore linaleli tse ling lia cha kapa lia phatloha, ka hona ke hobane’ng ha Esaia 40:26 e re “ha ho le e ’ngoe ho [linaleli] e hlokahalang”?

Mona Jehova ha a tšohle taba ea hore na o lumella linaleli hore li nyamele kapa che. O hatisa ho pharalla ha bohlale ba hae le matla.

Moprofeta Esaia o ile a fetisetsa temoso ea Molimo ho Morena Ezekiase ea hore Bababylona ba ne ba tla isa Bajode kholehong. (Esaia 39:5-7) Na Bababylona ba ne ba tla khona ho boloka batho ba Molimo ka ho sa feleng? Che. Jehova ha a ka a rera feela ho ba lokolla ka mor’a lilemo tse 70 empa o ne a tla ho etsa. Ha ho na letho le neng le ka sitisa Ea ka ‘lekanyang metsi ka seatleng sa hae ’me a lekanya maholimo ka boahlamo ba menoana.’ O ne a ke ke a lokela ho bonana le mang kapa mang, hobane ho eena “lichaba li joale ka lerotholi la metsi le lutlang nkhong.” (Esaia 40:12-17) E le ho hatisa matla a hae a tsotehang, Jehova o ile a lebisa tlhokomelo matleng a hae a bonahalang pōpong, ao Ezekiase a ileng a a hlokomela pejana. (Esaia 37:16, 17) Molimo o ile oa phatlalatsa:

“Le tla ntekanya le mang, hore ke tšoane le eena, ho botsa Mohalaleli? Lelalang holimo, le talime! Ea entseng ntho tseo ke mang? O tsamaisa makhotla a tsona ka lenaneo, o li thonya kaofela ka mabitso a tsona ka matla a hae a maholo, matla a hae a sa sitoeng ke letho; ha ho le e ’ngoe ho tsona e hlokahalang.”—Esaia 40:25, 26.

Bo-ramahlale ba hakanya hore ho na le likete tsa limillione tsa linaleli ho molala oa rōna oa Milky Way, ’me ho na le melala e ka bang limillione tse likete li lekholo. Empa Molimo o tseba naleli e ’ngoe le e ’ngoe ka lebitso, e-bang ke lebitso la eona e le ’ngoe kapa ho e khetholla joalokaha eka ke ka lebitso, mohlomong ka puo ea bomolimo. Ke eena ea laolang boemo ba tsona. Joaloka molaoli ea khonang ho khobokanya mabotho, Jehova o ne a ka khobokanya linaleli. Haeba a ile a etsa joalo, ha ho na le e le ’ngoe e neng e tla ‘hlokahala.’ A tseba boemo ba naleli e ’ngoe le e ’ngoe, esita le haeba tse ling tsa tsona ka sebele li fela, ha se ho makatsang ho Ea tsebang sohle se etsahalang.—Bapisa Esaia 34:16.

Balepi ba linaleli le litsebi tsa tšebeliso ea matla a tlhaho ba nahana hore linaleli lia cha kapa lia phatloha. Ho Red Giants and White Dwarfs, Robert Jastrow o fana ka khopolo ea kamoo sena se ka etsahalang ka teng: “Ka har’a . . . naleli ho na le liphetoho tse etsahalang khubung ea athomo, moo lintho tse ling tsohle tsa bokahohle li ileng tsa hlahisoa ka karoloana ea motheo, e leng hydrogen. Qetellong liphetoho tsena tse etsahalang khubung ea athomo li ile tsa fela, ’me naleli ea felloa ke bophelo. E se e hloka mohloli oa matla a eona a khubung ea athomo, e-ea pshatleha ka baka la boima ba eona, ’me ka mor’a ho pshatleha ho phatloha hoa etsahala, ho hasanyang sebakeng lintho tse neng li bopeletsoe ka har’a naleli nakong ea bophelo ba eona.”

Mohlomong linaleli tse ling, ha li qeta hydrogen ea tsona, li fetoha ho ba tse nang le mocheso o tlaase ’me e be li fetoha ho ba tse nang le khanya e fokolang kapa tse eketsang khanya ea tsona haholo, qetellong tse ling li qetella e le linaleli tse nang le neutron kapa, ho latela khopolo, li fetoha sebaka se sa bonahaleng sepaka-pakeng.

Le hoja litlhaloso tse joalo li amoheloa ka ho pharalletseng, e ka ’na eaba lentsoe la ho qetela ha lea utluoa; ho ka ’na ha ithutoa ho eketsehileng. Ka mohlala, nahana ka lintlha tse phahamisoang ho The New York Times ea la 24 Pherekhong, 1989: “Bo-ramahlale ba lumela hore ba mathuleng a tšibollo e khōlō ea ‘mehla e lefifi’ ea bokahohle, nako ea bohlokoa ea ho tloha ka metsotso e meraro ka mor’a nako ea ho phatloha ea pōpo ho fihlela ho hlaha melala ea linaleli e meholohali. . . . Ka bopaki bo tobileng bo fokolang hakaalo, qaleho ea sebōpeho sena e tsielehisitse bo-ramahlale ka hohle-hohle. James S. Trefil, setsebi sa tšebeliso ea matla a tlhaho sa Univesithi ea George Mason e Fairfax, Va., o ngotse: ‘Bothata ba ho hlalosa boteng ba melala ea linaleli bo ipakile e le bo bong ba mathata a rarahaneng ka ho fetisisa botsebing ba ho ba teng ha bokahohle. Ka ho loketseng, ha lia lokela ho ba teng, empa ke tseo li teng.’”

Sehlooho seo se ile sa bua ka hoo e ka ’nang eaba ho ile ha etsahala nakong ea “metsotso e meraro ea pele,” joalokaha ho hlalositsoe ke Dr. John Mather, setsebi sa tšebeliso ea matla le bolepi. Leha ho le joalo, rea bala: “Dr. Mather, ha a lemoha pherekano e hōlang ea mohlahlobi oa boitsebiso, o ile a mo kena hanong ha a ntse a pheta ho latellana ha liketsahalo tsa pōpo tse amoheloang ka kakaretso ka ho re, ‘Ha e le hantle, re etsa sena sohle,’ ho bolelang hore ke tlhaloso e batsi ea likhopolo tse theiloeng liqetong tse nang le bopaki.”

E, bo-ramahlale ba batho ba haelloa haholo mabapi le seo ba hlileng ba se tsebang le seo ba ka se tsebang. Leha ho le joalo, ho fapane hakaakang le ’Mōpi. Tsebo ea hae le matla a hae a maholo ka sebele li tšoanela ho re hlolla. Ka ho nepahetseng mopesaleme o itse: “O lekanya palo ea linaleli; o li rea mabitso kaofela. Morena oa rōna o moholo, matla a hae a maholo ka ho fetisisa; kutloisiso ea hae ha e na ho lekanngoa. . . . Bokang Jehova!”—Pesaleme ea 147:4, 5, 20.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]

Foto ea NASA

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela