Na Molemo oa Molimo oa u Hohela?
NA U na le motsoalle ea haufi-ufi haholo? Haeba ho joalo, na u kile ua nahanisisa hore na ke’ng se u hohetseng ho motho eo? Na e ne e le ponahalo ea hae? Na e ne e le taba ea hore le ne le thahasella lintho tse tšoanang? Kapa na e ne e le litšobotsi tse tebileng haholoanyane, tse kang mosa kapa bohlale? Haeba tšobotsi e tlamahantseng setsoalle sa lōna e ne e le molemo, joale le na le kamano e enneng ka sebele. Kajeno molemo oa sebele o fumanoa seoelo ha, ka karolo e khōlō, batho e le ba “hlokang lerato la se molemo.”—2 Timothea 3:3, NW.
Ho Mokreste, kamano ea bohlokoahali bophelong hase kamano le motho e mong, empa le Molimo. Kahoo ha u nahana ka kamano ena, na le ka mohla u kile ua nahanisisa: ‘Ke efe litšobotsing tsa Molimo e nkhulelang ho Molimo haholo?’
Litšoaneleho Tsa Molimo Tsa Sehlooho
Ha e le hantle, Bibele e hlalosa litšobotsi tse ikhethang tsa Molimo tse ngata. Ka mehla tse ’nè tse totobalang ke lerato la oona, toka ea oona, bohlale ba oona, le matla a oona a maholohali. (Deuteronoma 32:4; Jobo 12:13; Pesaleme ea 147:5; 1 Johanne 4:8) Haeba re ne re lokela ho khetha har’a litšobotsi tsena tse ’nè tse ikhethang, mohlomong re ne re tla re lerato la Molimo ke lona le re hohetseng ka ho fetisisa. Leha ho le joalo, ho amanang haufi-ufi le lerato la oona, ke molemo oa oona o fetisang. Lingoli tsa Bibele li ngotse ka oona ka bokheleke, ’me molemo o joalo o ka hulela batho kamanong e phetseng, e thabisang le ’Mōpi oa bona.
Ka mohlala, morao lekholong la botšelela la lilemo B.C.E., moprofeta Zakaria o ne a phatlalatse tjena ka Jehova: “Molemo oa hae ke o moholo hakaakang, ’me botle ba hae ke bo boholo hakaakang!” (Zakaria 9:17, NW) Lilemo tse ngata pele ho Zakaria, Esaia ka ho tšoanang o ne a rorise Molimo ha a ngola: “Ke tla bina mehauhelo ea Jehova . . . le holim’a lereko [“molemo,” NW] le leholo leo a rekolohetseng ntlo ea Iseraele ka lona.”—Esaia 63:7.
Makholo a mararo a lilemo pejana, Morena Davida o ne a ngotse ka ho susumetsang ka molemo oa Molimo. Davida o ngotse ho tsoa phihlelong, hoba a thabele molemo ona bophelong bohle ba hae. Molimo o ne o le molemo ka ho fetisisa ho Davida, haholo-holo ka mor’a tsona libe tsa hae tse tebileng mabapi le Bathe-Sheba le monna oa hae Uria, ha Molimo o ’montša mohau. (2 Samuele 12:9, 13) Ho Pesaleme ea 31:19, Davida o ile a bolela tjena ka kananelo: “Le leholo hakakang lereko [“molemo,” NW] leo u le boloketseng ba u tšabang.”
Na u nka molemo oa Molimo e le oa bohlokoa bo boholo joaloka barapeli bao ba boholo-holo? Haeba ho joalo, u tla latsoa ‘khotso ea sebele ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle,’ hammoho le ho susumelletseha ka ho teba ho etsa thato ea Molimo ka linako tsohle. (Ba-Filippi 4:7) Hona joale ha re nahanisiseng ho se hokae ka se akarelletsoang ke molemo oa Molimo le kamoo boholo ba oona bo tsotehang ka teng. Sena ruri se tla tebisa kananelo ea rōna ho Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo.