Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 1/1 maq. 8-9
  • Ba Pepesoa ke Litšoantšo Tsa Tšimo ea Merara

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Pepesoa ke Litšoantšo Tsa Tšimo ea Merara
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Pepesoa ke Litšoantšo tsa Tšimo ea Merara
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lipapiso Tse Peli Tsa Masimo a Morara
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ho Malimabe Serapa sa Morara se sa Tšepahaleng!
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
  • Papiso ea Basebetsi ba Tšimo ea Morara
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 1/1 maq. 8-9

Jesu Bophelo le Tšebeletso tsa Hae

Ba Pepesoa ke Litšoantšo Tsa Tšimo ea Merara

JESU o tempeleng. O sa tsoa arabela baeta-pele ba bolumeli ba neng ba batla ho tseba hore na o ne a etsa lintho ka matla a mang ka mokhoa o ileng oa ba emisa hlooho. Pele ba hlaphoheloa pherekanong ea bona, Jesu oa botsa: “Empa le re’ng ka taba ena?” ’Me joale a sebelisa setšoantšo o ba bontša hore na kannete ke batho ba mofuta ofe.

Jesu oa tlaleha: “Motho o na a na le bara ba babeli; a ea ho oa pele, a re ho eena: Mor’a ka, e-ea, u sebetse kajeno tšimong ea ka ea merara. Eo a araba, a re: Kea hana. Empa hamorao, a baka, a ea. A ea ho oa bobeli, le ho eena a rialo, ’me eo a mo araba a re: Kea ea, morena. Empa a se ke a ea.” Jesu oa botsa: “Ana ho bona ba babeli, ke ofe ea entseng thato ea ntat’ae?”

Bahanyetsi ba hae baa arabela: “Ke oa pele.”

Kahoo Jesu oa hlalosa: “Ka ’nete kea le bolella, ke re: Ba-lekhetho le basali ba bafebi ba le raka ’musong oa Molimo.” Balekhetho le basali ba bafebi, ha e le hantle, qalong ba ile ba hana ho sebeletsa Molimo. Empa joale, ho tšoana le ngoana oa pele, ba ile ba baka ’me ba o sebeletsa. Ka lehlakoreng le leng, baeta-pele ba bolumeli, ho tšoana le ngoana oa bobeli, ba ne ba ipolela hore ba sebeletsa Molimo, empa, joalokaha Jesu a bolela: “Johanne [Mokolobetsi] o tlile ho lōna ka tsela ea ho loka, ’me ha lea ka la mo lumela; empa ba-lekhetho le basali ba bafebi ba mo lumetse; ’me lōna, leha le bone hoo, ha lea ka la baka, la mo lumela.”

Ka mor’a moo Jesu o bontša hore ho hlōleha ha baeta-pele bana ba bolumeli ha ea ba feela ho hlokomoloha ho sebeletsa Molimo. Che, empa e hlile ke batho ba babe, ba khopo. Jesu oa tlaleha: “Motho o na a le teng, e leng mong a ntlo, ea hlomileng tšimo ea merara; a e sireletsa ka motero, a cheka sehatelo teng, a e hahela tora, ’me a e laeletsa balemi, a ntoo eta. Eare ha nako ea litholoana e atametse, a roma bahlanka ba hae ho balemi ho nka litholoana tsa hae. Empa balemi ba tšoara bahlanka ba hae, ba otla e mong, ba bolaea e mong, ba tlepetsa e mong ka majoe. A boela a roma bahlanka ba bang, ba fetisang ba pele ka bongata, ’me le bona ba etsoa joale ka ba pele.”

“Bahlanka” ke baprofeta bao “mong a ntlo,” Jehova Molimo, a ileng a ba romela ho “balemi” ba ‘tšimo ea hae ea merara.’ Balemi bana ke baemeli ba etelletseng pele ba sechaba sa Iseraele, e leng sechaba seo Bibele e se tsebahatsang e le ‘tšimo ea Molimo ea merara.’

Kaha “balemi” ba tšoara “bahlanka” hampe ba bile baa ba bolaea, Jesu oa hlalosa: “Ho feleng, [mong’a tšimo ea merara] a romela mor’a hae ho bona, a re: Ba tla hlompha mora oa ka. Empa balemi, ha ba bona mor’a hae, ba bolellana, ba re: Enoa ke mojalefa; tlong, re ’molaeeng, re tle re inkele lefa la hae. Eaba ba mo tšoara, ba mo lahlela ka ntle ho tšimo ea merara, ba ’molaea.”

Joale, a tobisitse taba ho baeta-pele bao ba bolumeli, Jesu oa botsa: “Ana mohla mong a tšimo ea merara a fihlang, balemi bao o tla ba etsa joang na?”

Ba arabela: “O tla timetsa ba babe bao hampe, ’me tšimo ea hae ea merara o tla e laeletsa balemi basele, ba tla mo nea litholoana nakong ea tsona.”

Ka hona baeta-pele bao ba bolumeli ba ikahlola ba sa hlokomele, kaha baa akarelletsoa har’a “balemi” ba Baiseraele ba “tšimo ea merara” ea Jehova ea sechaba sa Iseraele. Litholoana tseo Jehova a li lebelletseng ho balemi ba joalo ke tumelo ho Mora oa hae, Messia oa ’nete. Ka baka la ho hlōleha ha bona ho fana ka litholoana tse joalo, Jesu oa lemosa: “Ana ha lea ka la bala Mangolong [ho Pesaleme ea 118:22, 23] taba e reng: Lejoe leo bahahi ba le lahlileng, ke lona le entsoeng la motheo, la sekhutlo? Le entsoe le joalo ke Morena, ’me ke le makatsang mahlong a rōna. Ka baka leo ke re ho lōna: ’Muso oa Molimo le tla o amohuoa, ’me o tla neoa sechaba se seng se tla bea litholoana tsa oona. Ea tla oela holim’a lejoe leo, o tla robeha, ’me le tla pitla eo le mo oelang holimo.”

Joale bangoli le baprista ba baholo ba hlokomela hore Jesu o bua ka bona, ’me ba batla ho ’molaea, eena “mojalefa” oa molao. Kahoo e le sechaba ba tla amohuoa tokelo ea ho ba babusi ’Musong oa Molimo, ’me ho tla bōptjoa sechaba se secha sa ‘balemi ba tšimo ea merara,’ se tla hlahisa litholoana tse loketseng.

Ka baka la hore baeta-pele ba bolumeli ba tšaba matšoele, a talimang Jesu e le moprofeta, ha ba leke ho ’molaea lekhetlong leo. Mattheu 21:28-46; Mareka 12:1-12; Luka 20:9-19; Esaia 5:1-7.

◆ Bana ba babeli ba setšoantšong sa Jesu sa pele ba emela bo-mang?

◆ Setšoantšong sa bobeli “mong a tšimo,” “tšimo ea merara,” “balemi,” “bahlanka,” le “mojalefa” ba emela bo-mang?

◆ Ho tla etsahala joang ka ‘balemi ba tšimo ea merara,’ ’me ba tla nkeloa sebaka ke bo-mang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela