Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 1/15 maq. 25-31
  • Boinehelo ba Bomolimo—Bo Molemo Bakeng sa Lintho Tsohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boinehelo ba Bomolimo—Bo Molemo Bakeng sa Lintho Tsohle
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Piątek w Poznaniu (Labohlano Poznan)
  • Sobota w Chorzowie (Moqebelo Chórzow)
  • Niedziela w Warszawie (Sontaha Warsaw)
  • Lea Amoheloa Likopanong Tsa Setereke Tsa “Boinehelo ba Bomolimo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Mamellong ea Lōna le Eketse Boinehelo ba Bomolimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Ekeletsang Mamellong ea Lōna Boinehelo ba Bomolimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Phehellang Boinehelo ba Bomolimo le le Bakreste ba Kolobelitsoeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 1/15 maq. 25-31

Boinehelo ba Bomolimo—Bo Molemo Bakeng sa Lintho Tsohle

LIPAKI TSA JEHOVA lia tseba hore “boinehelo ba bomolimo bo molemo bakeng sa lintho tsohle” ’me boa hlokahala borapeling ba ’nete. (1 Timothea 4:8, NW) Ka ntle ho bona, bolumeli ke ho phetha tšoanelo feela. Ka hona “Boinehelo ba Bomolimo” e ne e le lebitso le loketseng bakeng sa letoto la likopano tsa tsona tsa setereke tse qalileng ka Phuptjane selemong se fetileng.

Ka Phato, likopano tse tharo tse joalo li ile tsa tšoareloa Poland ka mor’a boemo bo thabisang. Li bile teng ka mor’a hore Lipaki tsa Jehova li amoheloe ka molao ka Motšeanong. (Bakeng sa lintlha tse ling tse qaqileng tsa likopano tsa Poland, bona Awake! ea December 22.) Mona a re ke re ikhopotseng lenaneo la kopano kamoo le ileng la hlahisoa ka teng Poland.

Piątek w Poznaniu (Labohlano Poznan)

Ba batla bohobe le bolokolohi, batho ba 50 000 ba neng ba kenelletse pontšong ea nyatso ba ne ba etse morusu Poznan ka Phuptjane 1956. Sena se ile sa fella ka ho shoa ha batho ba fetang 50 le ho theoa ha ’muso o mocha oa Poland. Ho fapana le hoo, lilemo tse 33 hamorao, moeeng o neng o khethollehile ka khaphatseho ea bohobe ba moea le bolokolohi ba Bokreste, Bakreste ba phelang ka khotso ba ile ba kopana mono ho tla utloa lipuo holim’a sehlooho sa Labohlano se neng se re “Ho Sebeletsa Molimo o Batlang Boinehelo o ’Notši.” Tlhoro ea ba neng ba phuthehile moo ka Sontaha e bile 40 442.

Ka mor’a puo ea kamohelo ea molula-setulo oa kopano le ho buisana le batho ba “Ho Phela Bophelo bo Tletseng Boinehelo ba Bomolimo,” ho ile ha fanoa ka keletso e sebetsang puong e reng “Qoba Molomo o Utloisang Bohloko.” Ho bobebe hakaakang hore puo ea moqoqo feela e fetohe ho seba ho bohloko! ’Me ho seba ho kotsi ho ka lebisa ketselletsong e bolaeang. Empa pele ba bua ka batho ba bang, Bakreste ba hōlileng, ba chesehelang ho boloka khotso le bonngoe, ka bohlale baa ipotsa: ‘Na Jesu o ne a tla bua ntho ee? Na ho hlokahala hore e buuoe? Na e tla ba e hahang? Lebaka la ka la ho e bua ke lefe?’

Ho hong ho neng ho ikhetha likopanong tsa Poland ke nako e ileng ea behelloa ka thōko letsatsi le leng le le leng ho utloa litlaleho tse fanoang ke Lipaki tse tsoang linaheng tse ling. Liphihlelo tse ileng tsa fanoa ke baemeli ba lichaba tse 24 tse fapaneng li ile tsa hatisa ’nete ea hore lena ke lelapa la machaba leo ruri le kopaneng ka ho hlokomela ’nete ea hore “Jehova o Batla Boinehelo bo Isoe ho Eena a ’Notši.” Kaha Molimo o tšoaneloa ke boinehelo bo joalo, bahlanka ba oona ba tlameha hore ba se ke ba arohana leratong le mofuthu le borapeling. Mohlala oa Jesu o bontša hore ha ho letho le ka etsoang ka pelo e sa fellang boinehelong bo khethehileng.

Boinehelo ba bomolimo bo akarelletsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang. Ka hona, puisano e likarolo li tharo e ile ea lemosa Bakreste hore ba “Qobang ho Kheloha” litabeng tsa lijo le lino, moaparo le boitlhopho, le boithabiso. Bonyollo le botahoa ke mefuta e meng ea meharo e thotofatsang maikutlo a phalimeho ea moea, e bakang mathata a bophelo, e khothalletsang boitšoaro bo bobe, le e lebisang likotsing. Mekhoa e fetelletseng ea moaparo—e sa itekanelang, e sa amoheleheng, e sa tloaelehang, kapa esita le e nyarosang—e tlameha ho qojoa. Liaparo tse bohlasoa, tse bontšang ho se tsotelle ho fetelletseng, kapa tse tlenyang ha lia lokela. Taba hase hore na mokhoa o itseng o fesheneng hakae, empa hore na o loketse bakeng sa mosebeletsi oa Molimo. Hape, boithabiso bo silafalitsoeng ke bofetoheli, pefo, lithethefatsi, bonohe, kapa boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali ha boa lokela Bakreste.—Ba-Filippi 1:27.

Lenaneo la Labohlano motšehare oa mantsiboea le ile la qala ka puo e reng “‘Lekhoba le Tšepahalang’ le Sehlopha se Busang sa Lona.” A kholisehile ka botšepehi ba libōpuoa tsa hae tse tšepahalang, Jehova o fa baemeli matla. Mora oa hae le eena o etsa joalo. Ka har’a balateli ba hae ba tlotsitsoeng, “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” o khethile ba seng bakae ho sebeletsa e le sehlopha se busang se bonahalang. (Mattheu 24:45) Lekholong la pele la lilemo, sehlopha sena se ne se entsoe ka baapostola le baholo ba bang ba ’maloa ba Jerusalema.

Mehleng ea kajeno Sehlopha se Busang se ’nile sa amahanngoa haufi-ufi le ba sebetsanang le bohlophisi Mokhatlong oa Watch Tower le sehlopha sa oona sa batsamaisi. Empa Sehlopha se Busang se fapane le mokhatlo oo oa molao, joalokaha sebui se bontšitse: “Kaha ho ba teng ha mokhatlo oo ke taba feela ea molao, ’me o hlonngoe sebakeng se itseng, o ka qhaloa ka Cesare, Naha.” Ha ho joalo ka Sehlopha se Busang, kaha hase kofuto ea molao empa litho tsa sona “li khethoa ka moea o halalelang tlas’a tsamaiso ea Jehova le Kreste.” Ka hona, Sehlopha se Busang se tsoela pele ho sebetsa le ho amohela tšehetso e sa lekanyetsoang ea Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara.

Likopanong tsa Poland ho ne ho le teng litho tse 5 tsa Sehlopha se Busang seo hona joale se entsoeng ka banna ba 12. Se seng sa tsona se ile sa fana ka puo ea sehlooho, “Lebaka la ho Ithuta Sephiri se Halalelang sa Boinehelo ba Bomolimo.” Ho eona ho ile ha boleloa hore sephiri sa boinehelo ba bomolimo ha e sa le sephiri, kaha “se ile sa etsoa motho Jesu.” Sebui se ile sa tšohla likarolo tse tšeletseng tsa sephiri sena se halalelang se boletsoeng ho 1 Timothea 3:16 (NW), ’me sa re: “Kananelo ea rōna bakeng sa sephiri se halalelang sa boinehelo ba bomolimo e lokela ho re susumelletsa ho latela mehlala ea Jesu haufi-ufi.”

Lineheletsano tse peli li ile tsa hlakisa hore boinehelo ba bomolimo bo hlokahala ka ho tšoanang ho bana le ba hōlileng. Batsoali ba na le boikarabelo ba ho fa bana ba bona lefa la moea ka ho ba ruta ho hōlisa boikutlo bo loketseng ba se nepahetseng le se fosahetseng. Thuto ea lelapa e nang le morero, ho akarelletsa ho buisana ka mathata a sebele a bana, ke tlamo. Ba falimehetse matšoao a kotsi ka mehla, batsoali ba tlameha ho lebela bana ba bona khahlanong le setsoalle se sa haheng, esita le ka har’a phutheho.

Ka lehlakoreng le leng, hore bacha ba tle ba phele bophelo bo putsang, ba tlameha ho talima ho Kreste, ea ‘ba sietseng mohlala hore ba latele mehato ea hae haufi-ufi.’ (1 Petrose 2:21, NW) Ka nepo, ba ile ba botsoa: “Haeba u hōliselitsoe ’neteng, u tseba seo u se lumelang, empa na ua tseba hore na hobane’ng?” Ba ile ba khothalletsoa ho ithuela ’nete ka ho ikholisa ka bobona hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le hore kannete Lipaki tsa Jehova li tšoere ’nete.

Linaheng tse ngata puisano ena e ile ea fihla tlhorong ka ho lokolloa ha buka e maqephe a 320 Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. (Ka kōpo bona lebokose le ka thōko, “‘Mpho e Tsoang ho Jehova’ Bakeng sa Bacha.”) Ho tšeptjoa hore ka letsatsi le leng bacha ba Poland le ba linaha tse ling tsa Europe Bochabela le bona ba tla khona ho rua molemo keletsong e ntle e tšoeroeng ke khatiso ena ka ho e bala ka puo ea habo bona.

Sobota w Chorzowie (Moqebelo Chórzow)

Chorzów ke setsi sa mesebetsi e meholo se khubung ea masimo a mashala a ka boroa ho Poland. Merafo ea mashala ea Silesia e ’nile ea bolela leruo le eketsehileng moruong oa sebaka seo. Empa taba ea sehlooho eo ho neng ho buisanoa ka eona har’a batho ba 65 710 ba neng ba le Lebaleng la Lipapali la Slaski ka Phato selemong se fetileng e ne e le leruo la mofuta o mong.

Sehlooho sa Moqebelo, “Boinehelo ba Bomolimo ke Leruo le Leholo,” se ile sa hlalosoa ke sebui sa pele lenaneong la motšehare oa mantsiboea. (1 Timothea 6:6, NW) Ho ileng ha hatisa bonnete ba mantsoe a sebui seo ke ho buisana le batho ba latsoitseng leruo le leholo bophelong ba bona ka ho phehella boinehelo ba bomolimo.

Nakong ea lenaneo la hoseng, melemo ea ho phehella boinehelo ba bomolimo e ile ea hatisoa ka neheletsano. “Ka ho Bala [Lentsoe la Molimo] ka Temohisiso ka Mehla,” ho fata moelelo oa seo re se balang, le ho nahanisisa ka thapelo hore na re ka sebelisa seo re ithutang sona joang, rōna joaloka Bakreste re khona ho phehella boinehelo ba bomolimo “Ka ho Etsa Hore Leseli la Rōna le Khanye ka Mehla.” (Joshua 1:8) Ho ile ha boleloa hore haeba e mong le e mong oa Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara a ne a ka qeta metsotso e 15 ka letsatsi a buisana le ba bang ka mokhoa o sa reroang, ho ne ho ka qetoa lihora tse eketsehileng tse limillione tse 327 ka selemo mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso.

Boinehelo ba bomolimo bo boetse bo phehelloa “Ka ho Hanela Teko.” Lintho tse kang lijo, lino, likamano tsa botona le botšehali, kapa chelete, le hoja tsona ka botsona li se mpe, li ka ba mpe tlas’a maemo a sa lokelang. Tsela ea ho itšireletsa ke ho qoba ho ipepesetsa ka mokhoa o sa hlokahaleng lerato la lefatše la lintho tse bonahalang, libuka tsa boitšoaro bo bobe, lithethefatsi, le botahoa, hammoho le ho tšoareha ha lona ka ho fetelletseng ka menyaka, e kang ’mino, lipapali, le liboka tsa ho thabela botsoalle. Thapelo ke ea bohlokoa. Bakreste ba tlameha ho ithuta ho hloea ho hobe. Sena se loketse, kaha sebui se latelang se ile sa bontša hore ba lokela “Ho se Hlole ba Phelela Thato ea Motho Empa ea Molimo.”

Batho ba bangata ka ho eketsehileng ba etsa qeto ea ho etsa sona seo. Sena se ile sa totobala ha Lipaki tse ncha tse 2 663 li senola phatlalatsa boikemisetso ba tsona ba ho “Hahamallang Boinehelo ba Bomolimo le le Bakreste ba Inehetseng, ba Kolobelitsoeng.” (Likopanong tse tharo kaofela tse neng li le Poland, kakaretso ea batho ba kolobelitsoeng e bile 6 093.) Ho boloka thabo tšebeletsong ea Jehova, ba eang kolobetsong ba ile ba khothalletsoa ho nahanisisa ka mabaka a mangata a ho thaba: Setsoalle sa Jehova, mokhatlo oa bona oa baena oa lefatše ka bophara, le tšepo ea bophelo Paradeiseng.

Boikokobetso ba Bokreste bo ile ba tšohloa puong e reng “Ho Bonahatsa Mesebetsi ea Boinehelo ba Bomolimo—Le le Banna ba Tlas’a Bohlooho ba Kreste.” Banna ba nang le boinehelo ba bomolimo ba tla hlokomela boikarabelo ba malapa ka tsela e lerato, e kang ea Kreste. “Le le Basali ba Bontšang Boikokobetso bo Nepahetseng,” bo-khaitseli ba rōna ba Bakreste e tla ba ba tšehetsang, eseng ba susumelletsang lihlooho tsa malapa phosong kapa ba lumellang boikutlo ho ba hulela ho etseng liqeto tsa booatla. “Le le Bana ba Utloang Batsoali,” bana ba tla ithuta ho utloa, ho fana ka litlhaloso libokeng, le ho kopanela tšebeletsong ea Bokreste.

Ke keletso e ntle hakaakang! Empa, bolumeli ba bohata bo hlōlehile ka mokhoa o soabisang hakaakang ho fana ka tataiso e joalo e loketseng! Ka baka lena, bo tšoaneloa ke nyatso e matla, e ileng ea tla puong e reng “Ho Senola ‘Motho ea Hlokang Molao.’” Motho enoa eo e neng e le sephiri o ile a tsebahatsoa e le “‘motho’ ea entsoeng ka batho ba bangata, baruti bohle ba bolumeli ba Bokreste-’mōtoana ba bokoenehi.” Kaha ba tumme hampe ka ho hlorisa ha bona bahlanka ba Molimo, joale baruti ba kopane le “bakoenehi ba kajeno, bao pele ba neng ba ipolela e le Lipaki, [empa ba] ’nileng ba khutlela mahlatseng a lithuto tsa Bokreste-’mōtoana le ba entseng ’momori le matahoa a moea a Babylona e Moholo bakeng sa ho otla le ho hlasela sehlopha sa mohlanka ea khabane ea bohlale oa Jehova.” Litlatse li ile tsa senola hore bamameli ba lumellana le sebui ha se phatlalatsa: “Re tla tsoela pele ho pepesa Babylona e Moholo le ‘motho oa hae oa bokhopo.’”

Sena se hloka sebete, haholo-holo nakong ea ha, ho latela M. G. Henschel, setho sa Sehlopha se Busang, batho ba bangata “ba furalla Molimo le Lentsoe la oona, Bibele.” Le hoja “kajeno tlhompho bakeng sa Bibele e theohile ho feta leha e le neng pele,” Bibele e mamelletse teko ea nako. Sebui se ile sa pheha khang ea hore “ha ho buka e entsoeng ke batho feela e ka lemohang lintho tse tebileng hakaalo ’me ka mehla ea e-ba e nepileng joalo.” Se ile sa phatlalatsa hore “Lipaki tsa Jehova li lumella Lentsoe la Molimo ho fana ka matla bophelong ba tsona [’me] mokhatlo oa machaba oa baena ba Bakreste ba ’nete o tlisitsoeng ke hoo ke bopaki bo matla ba hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng.” Letsatsi le ile la fihla tlhorong e thabisang ka phatlalatso ea buka e ncha Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?, e lokollotsoeng ka lipuo tse ’maloa.

Niedziela w Warszawie (Sontaha Warsaw)

Ka tloaelo baeti ba Warsaw ba etela moo ho nang le khopotso e tšoaeang karolo e tummeng hampe ea Motse oa Warsaw ea Batho ba Nyelisoang, moo Manazi a ileng a qhoba Bajode ba makholo a likete hore ba ee teng ho ea bolaoa nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Le hoja e le sebakeng sa leeto la metsotso e seng mekae feela ka koloi, Lebala la Lipapali la X-Lecia le ile la tlala haholo, ka la 13 Phato, ka batho ba 60 366 ba neng ba mametse lintlha sehloohong sa Sontaha, “Telang ho se Tšabe Molimo ’me le Phele ka Boinehelo ba Bomolimo.”—Tite 2:12, NW.

Ka ho hlakileng ho phela ka boinehelo ba bomolimo ho qhelela ka thōko ho bontša moea oa lefatše oa boitaolo. Tšoantšiso ea lintho tsa sebele tse etsahalang bophelong e reng “Ikokobeletseng Jehova,” e ileng ea fanoa ka cheseho eo Mapolish a tsebahalang ka eona, e ile ea hatisa liphetoho tsa bohlokoa tseo Bakreste ba tlamehang ho li etsa hore ba amoheloe ke Molimo.

Setho sa Sehlopha se Busang se ile sa qotsa 1 Ba-Korinthe 8:6, e reng: “Ho rōna Molimo o mong feela, e leng Ntat’a rōna.” Se ile sa bolela hore thuto ea sehlooho ea Bokreste hase Boraro-bo-bong, kamoo ba bangata ba bolelang ka teng, empa ke ho phahamisoa ha Jehova ka ’Muso oa hae tlas’a Kreste. Se ile sa hlalosa: “Thuto ea Boraro-bo-bong ke ho kheloha ’nete, ho e koenehela.” Ka hona, batho ba bitsang Maria ’m’a Molimo le ’Muelli oa Mosali pakeng tsa Molimo le motho ha ba “lumele ho Molimo ka tsebo e nepahetseng.” (Ba-Roma 1:28, NW) Tumellanong le hoo, “ho rapela Molimo ka nepo ho bolela ho hana thuto ea Boraro-bo-bong.” Litlatse li ile tsa thooletsa ho lokolloa ha bukana e boholo ba makasine e maqephe a 32, Czy wierzyć w Trójcę? (Na u Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?) Ke kofuto e ntle hakaakang bakeng sa ho pepesa leshano la thuto ee e hlomphollang Molimo!

Ha ho mohla batho ba Nyelisoang ba Warsaw ba kileng ba fumana topollo. Empa tšepiso ea Molimo, joalokaha e ile ea hlalosoa puong ea phatlalatsa, ke hore “Topollo e Haufi ho Batho ba Boinehelo ba Bomolimo!” (2 Petrose 2:9, NW) Hona ke ’nete le hoja Bakreste ba hlaseloa ke pefo e imenneng habeli—ea letsatsi le leng le le leng hammoho le e lebisitsoeng ho bona e le mahloriso. Ha se mema batho hore ba itlhahlobe, sebui se ile sa hatella hore “topollo e tlela feela bao e leng batho ba nang le boinehelo ba bomolimo, bao boinehelo ba bona e leng ba ’nete, bao kutlo ea bona e leng pontšo ea botšepehi.”

Ka mor’a khopotso ea ho qetela ea hore “Le be le Cheseho Moeeng,” kopano e ile ea qetella ka nehelano e susumetsang sehloohong se reng “Ho Ikoetlisa ha Rōna ho Tsoelang Pele ka Boinehelo ba Bomolimo ho Molemo.” Joale ba neng ba le teng kopanong ba ile ba bula libuka tsa bona tsa lipina tsa Sepolish, tse neng li le ncha li tsoa mechining ea khatiso libeke tse seng kae pejana, ’me ba kopane ba etsa “Thapelo ea Teboho” ka pina ea 45.

Ho ile ha latela thapelo e matla e koalang, ’me joale ha utloahala litlatse tse kang sealuma Warsaw, Poznan, le Chorzów. Warsaw ho optjoa ho matla ha liatla tse mashome a likete ho ile ha phetoa-phetoa joaloka maqhubu a latellanang ka metsotso e fetang 11. Ho ne ho se ea batlang ho tsamaea, ’me ho ema ha batho ho etsa litlatse, ho neng ho senola nyakallo ea letšoele lena le leholo la Lipaki, leo har’a lona ba likete ba neng ba bile teng kopanong ea bona ea ho qala ea matsatsi a mararo, ka mokhoa o susumetsang ho ile ha senola teboho ea bona ho Jehova le mokhatlo o hlophisitsoeng oa hae. Ho ne ho tšoana le ha ba arabela Pesalemeng ea 47:1, 2: “Lōna lichaba kaofela, opang ka liatla! Hlasimolohelang Molimo ka lipina tsa nyakallo! Hobane Jehova, Mookameli ea phahameng, o tšoaneloa ke ho tšajoa; ke eena Morena e moholo oa lefatše lohle.” Ha e ’ngoe ea liketsahalo tse khōlō ka ho fetisisa tsa histori ea mehleng ea kajeno ea Lipaki tsa Jehova e atamela qetellong, baena bao ba chesehang ba ile ba lokisetsa ho kena leetong la ho ea hae, lipelo tsa bona li tšoloha thabo le boikemisetso ba ho eketsa bopaki bo boholo ba ’Muso tumellanong le mohlala oa bohlokoa oa Jesu oa boinehelo ba bomolimo.

[Lebokose le leqepheng la 27]

Litokollo Tse Ncha li Susumelletsa ‘Liketsong Tsa Boinehelo ba Bomolimo’

Buka e ncha Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? le bukana e boholo ba makasine Na u Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? ka bobeli li ile tsa tlisa lipolelo tse ngata tsa kananelo. Khaitseli e mong oa ngola mabapi le bukana e boholo ba makasine ea Boraro-bo-bong: “Ke maketse, ke hloletsoe, ’me ke e thabetse. Ke le leboha haholo bakeng sa nako, matla, le mosebetsi o moholo haholo o entsoeng bakeng sa ho hatisa khatiso ena e ntle.”

Khaitseli e mong o ngotse mabapi le buka Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?: “Ke batla ho le leboha ho tsoa botebong ba pelo ea ka bakeng sa buka ena e ncha e ntle. Kea ipotsa, na le lōna lea hlokomela hore na ke mosebetsi o mokaakang oa botsebi? Hangata ke thala mola tlas’a mantsoe a bohlokoa. Empa le nkemisitse hlooho hobane lentsoe le leng le le leng ke la bohlokoa. Ke sa tsoa qeta khaolo ea 5 feela, empa ke ne ke tlameha hore ke re kea leboha.”

[Lebokose le leqepheng la 30]

‘Mpho e Tsoang ho Jehova’ Bakeng sa Bacha

Tšobotsi e ikhethang ea likopano tsa United States le linaha tse ling tse ngata e ne e le lenaneo la Labohlano motšehare oa mantsiboea, moo bacha ba pakeng tsa lilemo tse 10 le 19 ba ileng ba kōptjoa ho lula karolong e behetsoeng bona feela. Ka mor’a letoto le khethehileng la lipuo, mocha ka mong o ile a fuoa kopi e sa lefelloeng ea buka e ncha Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. Lefatšeng ka bophara, likopi tse ka bang 8 840 000 li ile tsa lokolloa ka lipuo tse 21, ’me ho amohetsoe mangolo a kananelo a makholo-kholo!

Ngoananyana e mong ea ka tlaase ho lilemo tse 20 oa ngola: “Likopanong tse fetileng, ho na le lipuo tse ’nileng tsa fuoa bacha, empa phello ea hore kaofela ha rōna re lule ’moho e ne e le eo ho leng thata ho e lumela.” Mocha e mong oa ngola: “Ke ile ka lula karolong e lokiselitsoeng bacha. Ke ile ka khothatsoa haholo ke sena hoo, ho tloha ka nako eo, ke ’nileng ka nka lintlha libokeng, ka ithuta ka ho eketsehileng, ’me ka fana ka litlhaloso. Ke nahana ka kolobetso lehlabuleng le tlang.”

Ho bacha ba bangata, phihlelo eo e ile ea e-ba ketsahalo e khethehileng. Ngoananyana e mong oa hopola: “Ha sebui se phatlalatsa hore re lokela ho lula karolong e khethehileng, ke ile ka tseba hore ho na le ntho e ’ngoe e khōlō e tla etsahala. Ha ba phatlalatsa ho lokolloa ha buka, ke ile ka ikutloa ke thabile hoo ke neng ke batla ho lla. Haesale ke ntse ke tseba hore lea re tsotella rōna bacha, empa sena se ile sa teba pelong ea ka. Buka ena ke sona hantle seo re neng re se hloka!”

Mocha ea bitsoang Leah o re: “E ngotsoe hantle haholo, ’me litšoantšo ke tsa sebele ’me kannete li etsa hore u nahane.” Likhatiso tsa kopano tsa buka ena li ne li e-na le molaetsa o mokhutšoanyane o tsoang ho Sehlopha se Busang o lebisitsoeng ho “Lipaki Tsohle Tse Nyenyane Tsa Jehova.” Andreá e monyenyane o re: “Molaetsa oo o khethehileng o ile oa nkama haholo. Ho ’na hono ho utloahala eka motho e mong eo Jehova a mo khethetseng ho ea phela le eena leholimong o hlile o bua le ’na!”

Ba bangata ba ile ba ananela hore buka eo e fanoe e le mpho. Motsoali e mong oa hopola. “Meokho ea ka e ile ea tšoloha. Baena, ba bahlano har’a bacha bano e ne e le ba ka, ba lilemo li 11 ho ea ho 16. Ke ne ke tla khona ho ntša monehelo bakeng sa libuka tse peli feela.” Mocha ea bitsoang Mark oa ngola: “Ke ile ka qala ho bala hore na e tlameha e be ho tlisitse litšenyehelo tse kae ho fana ka kopi ho mocha ka mong, empa joale ka hlokomela hore tataiso e ka har’a eona ke e ke keng ea lekanngoa ka theko. Haeba buka eo e thusa mocha a le mong feela ea tsoileng tseleng ho khutlela tseleng e isang bophelong kapa, ho molemo le ho feta, e thusa ba bangata ho rōna ho lula tseleng eo, e ne e tla be e tšoanela litšenyehelo tseo tsohle.”

Bacha ba bangata ba ile ba qala ho rua molemo bukeng eo hang-hang. Mocha e mong o re: “Ke ile ka ba teng kopanong ea rōna ka la 7-9 Phupu, ’me ka ’Mantaha oa la 10 Phupu, ke ne ke se ke e qetile!” E mong o itse: “Kannete likhaolo tse peli tsa ho qetela li ile tsa nkhothalletsa ho qala ho nka bophelo ba ka ka ho teba. Ka lekhetlo le leng ke ne ke il’o kolobetsoa empa ka fetola maikutlo a ka. Kaha joale ke amohetse khatiso ena e babatsehang, ke hlokomela hore ‘lefatše lea feta’ le hore ho hlokahala hore ke nke khato hona joale.”

Ngoananyana e mong o ngotse: “Kaha linako li fetohile, haesale ke ntse ke nahana hore batho ba baholo ha ba tsebe hore na re ikutloa joang. Ha le tsebe hore na ke thabile hakaakang ho bona hore ke fositse. Ho lebisa ha lōna tlhokomelo ho rōna bana ho etsa hore ke ikutloe ke le oa bohlokoa.” Sehlopha sa bacha ba Sweden se ile sa ngola: “Re ikutloa hore lea re utloisisa rōna bacha, ’me hape re ikutloa re le haufi haholoanyane le lōna.”

Mocha e mong o ile a ho akaretsa hantle ha a re: “’Na le ngoan’eso le khaitseli ea ka re rata buka eo. Re ikutloa hore ke mpho e tsoang ho Jehova ka ho toba.” Re rapela hore e se eka mpho ena e ka tsoela pele ho sebeletsa ho tlisa mahlohonolo ho bacha ba tšabang Molimo.

[Chate e leqepheng la 29]

Boinehelo ba Bomolimo–Boa Eketseha Europe!

Tlhoro ea ba Bileng Teng Kopanong Ba Kolobelitsoeng

Kopanong

1979 1984 1989 1979 1984 1989

AUSTRIA 17 847 20 908 25 153 236 257 307

BELGIUM 23 185 28 456 30 622 234 248 429

BRITHANI 113 910 137 008 160 704 605 937 1 344

DENMARK 21 057 23 267 24 645 122 147 249

FINLAND 20 293 23 501 25 679 215 302 329

FORA 89 073 110 745 156 751 1 361 1 856

ITALY 117 163 169 328 240 041 2 515 3 769 6 295

JEREMANE 129 342 140 681 159 819 1 154 1 009 1 694

LUXEMBOURG 1 141 1 327 3 131 8 12 61

NETHERLANDS 36 768 42 060 44 185 126 143 271

NORWAY 10 327 11 352 13 829 107 159 294

POLAND — 94 134a 166 518 — 3 140b 6 093

PORTUGAL 35 108 47 843 59 797 862 1 068 1 546

SPAIN 62 201 84 706 115 981 1 278 1 521 2 935

SWEDEN 21 286 25 204 30 943 279 323 410

SWITZERLAND 14 455 17 457 23 867 130 225 349

LIKAKARETSO 713 156 977 977 1 281 665 9 232 15 116 25 807

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Manane a 1985

b Manane a 1985

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ho lokolloa ha bukana e boholo ba makasine ea “Boraro-bo-bong” e ile ea e-ba mohloli oa thabo Warsaw

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Chorzów Lipaki tse sa tsoa inehela li phehella boinehelo ba bomolimo ka ho kolobetsoa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela