Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 4/1 maq. 7-10
  • Ke Mang ea Tla Isa Batho Khotsong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Mang ea Tla Isa Batho Khotsong?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litšoaneleho Tse Fetang Tsa Botho
  • Mehato e Isang Khotsong
  • Mohato o Latelang
  • Lefatše le Tla ba Khotsong
  • Tšepo e Tiileng
  • “Khotso ea Molimo” e ke e Lebele Pelo ea Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Khotso ea ’Nete—E Tsoa Mohloling Ofe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Batla Khotso ea ’Nete ’me U e Phehelle!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ha e le Hantle Khotso e sa Feleng e Tla Tla Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 4/1 maq. 7-10

Ke Mang ea Tla Isa Batho Khotsong?

NA ’NETE ea hore batho ba ke ke ba tlisa khotso e bolela hore ha ho mohla re tla ke re bone khotso? Che. Feela joalokaha Satane, ea matla ho re feta, e le tšitiso e ka sehloohong ea ho ba teng ha khotso lefatšeng, kahoo ho na le E Mong ea matla le ho feta Satane eo qetellong a tla isa batho khotsong. Bibele, e re bolellang ka Satane, e boetse e re bolella ka Enoa. E re: “Borena bo beiloe lehetleng la hae, ’me o tla bitsoa Moeletsi ea makatsang, Molimo o matla, Ra-bo-sa-feleng, Morena oa khotso.” (Esaia 9:6, 7) Morena eo oa Khotso ke mang? Hase e mong haese Jesu Kreste, ’me a ka tlisa khotso hobane o tšoaneleha haholo ho feta rōna. Ka litsela life?

Litšoaneleho Tse Fetang Tsa Botho

Ntho e ’ngoe, Jesu ha a shoe, lefu ha le na matla holim’a hae. Ke ’nete hore o phetse joaloka motho ’me a shoa lefu la sehlabelo. Empa joale o ile a tsosetsoa bophelong ba ho se shoe leholimong, ’me o fetoha Morena oa Khotso a le boemong bona. Ke ka hona boprofeta bo reng: “Borena ba hae ha bo ka ke ba e-ba le bofelo.” (Luka 1:32, 33) Ho fapana le moemphera Aśoka oa Bochabela, Jesu o tla phela bophelo bo se nang ho fela ho tiisa hore mosebetsi oa hae o motle ha o senngoe ke bahlahlami ba hae ba tlaasana.

Ho feta moo, Jesu ha aa qaphaletsoa ke sebe. Bobusi ba hae bo theiloe holim’a bohlale ba bomolimo le melao-motheo e nepahetseng. Moprofeta Esaia o boletse esale pele: “Moea oa Jehova o tla lula holim’a hae, moea oa bohlale le oa kelello, moea oa keletso le oa matla, moea oa ho tseba le oa ho tšaba Jehova . . . a ke se ke a ahlola ka chalimo ea mahlo, leha e le ho tsoa ka ho utloa taba ea ba re. Empa o tla ahlola mafutsana ka ho loka.” (Esaia 11:2-4) Ho fapana le Maeurope a mehleng ea pejana, Jesu a ke ke a boloka khotso hae feela e be o ntšetsa ntoa pele linaheng lisele. Tlas’a hae, khotso e tla ba ea bokahohleng bohle.

Ho feta moo, Jesu o na le matla a ho tlisa khotso. Boprofeta bo re: “Moea oa Jehova . . . , moea oa keletso le oa matla,” o holim’a hae. Moea ona ke oona o ileng oa susumelletsa pōpo ea bokahohle hammoho le mesebetsi eohle e matla ea ho loka e tlalehiloeng ka Bibeleng. Esita le mohanyetsi e moholo, Satane, ha a na lihlomo tseo ka katleho li ka emang pele matla a moea oa Molimo.

Mehato e Isang Khotsong

Jesu o tla isa batho khotsong joang? U ka ’na ua makatsoa ke ho tseba hore o se a ntse a qalile. Bukeng ea boprofeta ea Tšenolo, Jesu o bonoa a amohela borena ho Molimo ’Musong oa leholimo. (Tšenolo 11:15) Haeba re hlahloba ka hloko boprofeta ba Bibele ’me re bo bapisa le liketsahalo tsa lekholong la rōna la lilemo, re bona hore ho behoa ha Jesu teroneng e le Morena ho etsahetse leholimong morao koana ka 1914. (Mattheu 24:3-42) Oo e bile oona mohato o moholo oa ho tlisa khotso lefatšeng.

Empa, haeba ho joalo, ke hobane’ng ha Ntoa ea I ea Lefatše e ile ea qhoma ka 1914? Hona ke hobane’ng ha lekholo la rōna la lilemo le bone lintoa tse mpe ho feta nako leha e le efe e ’ngoe historing? Hobane khato ea pele ea Morena oa leholimo e bile ho leleka Satane ka ho sa feleng maholimong le ho mo lahlela tlaase tikolohong ea lefatše. Phello? Boprofeta bo re: “Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.” (Tšenolo 12:7-12) Lintoa tse khōlō tsa lekholong la rōna la lilemo li amana le khalefo ea Satane. Empa hlokomela: Khalefo ea Satane ke ea ‘nako e seng kae.’ Haufinyane tlokotsi e tla feta!

Empa pele e feta, Morena oa Khotso o etsa litokisetso tsa bohlokoa tse eketsehileng bakeng sa khotso. Ea ho qala, batho ba lokela ho tseba morero oa Molimo oa ho tlisa khotso ka Kreste. Ka ho tšoanang, Jesu o ile a profeta hore nakong ea rōna “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Mattheu 24:14) Ho phethahatsa sena, kajeno litaba tse molemo li boleloa ke Lipaki tsa Jehova sekhutlong se seng le se seng sa qitikoe ena.

Joale, batho ba lipelo li ntle ba lokela ho rutoa litsela tsa khotso. Bibele ea tšepisa: “Bara ba hao kaofela e tla ba batho ba rutoang ke Jehova, ’me khotso ea bara ba hao e tla ba e khaphatsehang.” (Esaia 54:13, NW) Limillione tsa batho ba lipelo li ntle li se li ntse li amohela thuto ena esita le hona joale.

Mohato o Latelang

Joale e se e batla e le nako ea mohato o mong oa makhaola-khang mosebetsing oa ho bōpa khotso. Oo ke ofe? Ke oo ba bangata ba o tsebang ka lebitso feela empa e le ba seng bakae ba tsebang morero oa oona oa sebele. Bibele e o bitsa “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle,” kapa Harmagedone. (Tšenolo 16:14, 16) Ba bangata ba nahana ka Harmagedone e le ntoa ea nuclear e tla senya tsoelo-pele. Ho fapana le hoo, ke khato e tobileng ea Jesu, Morena oa Khotso, ea ho finyella lintho tse hlokahalang bakeng sa khotso.

Pele, Harmagedone e tla tlosa litšitiso tsohle tsa batho tse thibelang khotso. Boprofeta bo Pesalemeng ea 37:10 bo re: “Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo; u tla qamaka tulo tsa hae, empa o tla be a setse a le sieo.” E, Jesu o tla tlosa “molotsana”—ba fehlang ntoa, batlōli ba molao, likhukhuni, hammoho le bohle ba hanang ho amohela Morena e moholo oa Khotso—holim’a lefatše. Ba ke ke ba hlola ba e-ba le tokelo ea ho tsoela pele ho phela naletsaneng ena.—Tšenolo 19:19-22.

Taba ea bobeli, ka Harmagedone boprofeta ba Daniele bo tla phethahatsoa: “Mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.” (Daniele 2:44) Likarohano tsa lichaba tseo hangata li ’nileng tsa lebisa ntoeng li tla felisoa. Qetellong, ho tla ba le puso ea lefatše tlas’a ’musi eo re ka mo tšepang!

Harmagedone e tla tla neng? Bibele ha e bolele. Empa liketsahalo tsa lefatše tse phethahatsang boprofeta li bontša hore e tla ba haufinyane haholo. Ka ho hlaka Bibele e bolela esale pele ka ketsahalo eo e tla ba selelekela se tla lateloa ke eona hang-hang. Moapostola Pauluse o re: “Neng le neng ha ba re: ‘Khotso le tšireletseho!’ joale timetso ea tšohanyetso e tla ba holim’a bona hang-hang.” (1 Ba-Thessalonika 5:3, NW) Joale, hang-hang ka mor’a timetso ea tšohanyetso eo e tla ba sehlohlolo sa Harmagedone, tšitiso e khōlō ka ho fetisisa ea khotso e tla tlosoa. ‘Nako e seng kae’ ea Satane e tla be e felile, ’me o tla behoa boemong boo ho bona a ke keng a hlola a baka likhathatso mona lefatšeng. (Tšenolo 20:1-3) E tla ba topollo e kaakang!

Lefatše le Tla ba Khotsong

U ka inahanela boemo bo tla ba teng ka nako eo. Mopesaleme o profetile: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e khōlō.” (Pesaleme ea 37:11) Bana ba bonolo ba tla tsoela pele ho phethahatsa boprofeta bona bo botle ba Esaia: “Ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”—Esaia 2:4.

Qetellong, ka lekhetlo la pele haesale ho tlohuoa Edene, batho bohle ba phelang ba tla thabela tlhohonolofatso ea Jehova Molimo, ’me o tla phethahatsa tšepiso ea hae: “Bonang tabernakele ea Molimo e har’a batho; o tla aha le bona; e tla ba lichaba tsa oona, ’me Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4.

Tšepo e Tiileng

Ka hona, ke mang ea tla isa batho khotsong? Ke Jesu Kreste, Morena oa Khotso ea khethiloeng. Na tšepo ee ke ea sebele bakeng sa rōna kajeno? Haeba litšepiso tsa Bibele e ne e le tse sa tšepahaleng, ho ne ho ke ke ha e-ba le tšepo ea ’nete bakeng sa khotso. Batho ba ne ba tla tsoela pele ho loantšana le ho bolaeana ho sa bonahale moo ba tla fella teng. Empa Bibele e hlile ea tšepahala, ’me ’Muso oa Molimo tlas’a Kreste o tla tlisa khotso. Re u khothalletsa ho mamela litaba tse molemo tsa ’Muso tseo Lipaki tsa Jehova li li tlisang lapeng la hao ’me u iponele sena ka bouena. Joale, ha nako e fihla, e se eka u ka ba har’a ba bonolo ba tla ja lefa la lefatše ’me ba ithabele khotsong e khaphatsehang.

Tšepo ea ho fumana khotso e hlalositsoeng sehloohong sena e tsoa Bibeleng. Kajeno, ha ba bangata ba se ba sa lumele Bibele, u ka ’na ua ipotsa hore na tšepo ena ke ea sebele. Lipaki tsa Jehova li lumela ka tieo hore ke ea sebele. Li amohela Bibele e le Lentsoe la Molimo le bululetsoeng, ka hona e tšepahala ka ho felletseng. Ka 1989 li ile tsa hatisa buka e nang le sehlooho se reng Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? e hlahisang bopaki bo bongata ba ’nete ena. Bo bong ba boitsebiso bo ka bukeng eo bo hlalositsoe lihloohong tse peli tse latelang, tseo re u memang hore u li bale.

Boitsebiso bo eketsehileng ka tšepiso ea Bibele ea khotso bo tla hlaha sehloohong “Khotso ea Lefatše—Ha e le Hantle e Tla Bolela Eng?” se tla hatisoa tokollong ea Molula-Qhooa oa April 15, 1990.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

Ke Jesu feela ea nang le litšoaneleho tsa ho isa batho khotsong

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]

Kajeno, litaba tse molemo tsa ’Muso li boleloa sekhutlong se seng le se seng sa qitikoe ena

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela