Lentsoe la Molimo ke ’Nete
“U ba halaletse ka ’nete ea hao; lentsoe la hao ke ’nete.”—JOHANNE 17:17.
1. Mopesaleme oa Moheberu o ne a talima Bibele joang, empa ba bangata ba e talima joang kajeno?
“LENTSOE la hao ke lebone la maoto a ka, ke leseli tseleng ea ka.” (Pesaleme ea 119:105) Ho buile joalo mopesaleme oa Moheberu. Ke batho ba seng bakae feela kajeno ba nang le tlhompho e tšoanang le eo bakeng sa Lentsoe la Molimo. Lekholong lena la bo20 la lilemo, Lentsoe la Molimo le lutse le ngotsoe fatše e le Bibele e Halalelang. E fetoletsoe ka lipuo tse ngata le ho abjoa ka tsela e pharalletseng ho feta buka leha e le efe e ’ngoe historing. Leha ho le joalo, ba bangata ba hana ho e amohela e le lebone la maoto a bona. Esita le ba bolelang hore ke Bakreste, hangata ba khetha ho latela likhopolo tsa bona ho fapana le ho lumella Bibele hore e bonese tsela ea bona.—2 Timothea 3:5.
2, 3. Lipaki tsa Jehova li talima Bibele joang, ’me see se li tliselitse melemo efe?
2 Ka ho fapaneng, rōna re le Lipaki tsa Jehova re lumellana le mopesaleme. Ho rōna, Bibele ke tataiso e fanoeng ke Molimo. Rea tseba hore “lengolo lohle le bulutsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho hōlisa ka khōlo ea ho loka.” (2 Timothea 3:16) Ho fapana le ba bangata kajeno, ha re batle ho ithuta ka phihlelo ea sebele litaba tsa boitšoaro le motsamao. Re tseba se nepahetseng hobane Bibele e re bolella sona.
3 Sena se re tliselitse melemo e meholo. Re tsebile Jehova, ’me re ithutile merero ea hae e tsotehang bakeng sa lefatše le batho, kahoo re kholisehile hore rōna le malapa a rōna re ka fumana bokamoso bo khanyang. Re lumellana ka pelo eohle le mopesaleme ea itseng: “Molao oa hao ke o rata hakakang! Ke o nahana tsatsi lohle. Litaelo tsa hao li ntlhalefisa haholo ho fetisa lira tsa ka, hobane li na le ’na ka mehla.”—Pesaleme ea 119:97, 98.
Ho Paka ka Motsamao
4. Ho hlokomela Bibele e le Lentsoe la Molimo ho re tlama ho etsa joang?
4 Ka hona, re na le mabaka ’ohle a ho lumellana le mantsoe a Jesu a neng a lebisitsoe ho Ntat’ae: “Lentsoe la hao ke ’nete.” (Johanne 17:17) Empa ho hlokomela ’nete ena ho re tlama ho etsa ho hong. Re tlameha ho thusa ba bang ho hlokomela hore Lentsoe la Molimo ke ’nete. Ka tsela ena le bona ba tla khona ho thabela mahlohonolo ao re a latsoang. Ke joang re ka ba thusang ka tsela eo? Ntho e ’ngoe, re tlameha ho etsa boiteko bohle ba ho sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi. Ka tsela eo, ba lipelo li ntle ba tla bona hore kannete tsela ea Bibele ke eona e molemohali.
5. Petrose o fane ka keletso efe mabapi le ho paka ka motsamao oa rōna?
5 Ona e ne e le oona ’moko-taba oa keletso ea moapostola Petrose ho basali ba Bakreste bao banna ba bona e neng e se balumeli. O ile a re ho bona: “Ha e le lōna basali, le utloe banna bao e leng ba lōna joalo, hore leha ba bang ba ka ba teng ba sa lumeleng lentsoe, ba mpe ba hapuoe, leha e ke ke ea e-ba ka lentsoe, e be ka metsamao ea basali ba bona.” (1 Petrose 3:1) Hape e ne e le oona molao-motheo o neng o susumetsa keletso e lebisitsoeng ho Bakreste bohle—banna, basali, le bana—ha a re: “Le be le motsamao o motle har’a bahedene, hore tabeng tseo ba le sebang ho tsona, joale ka hola le le lisenyi, ba rorise Molimo mohla o ba etelang, ha ba bontšisa mesebetsi ea lōna e metle.”—1 Petrose 2:12; 3:16.
Bohlale bo Phahameng ba Bibele
6. Petrose o re thusa joang ho bona hore re lokela ho thusa ba bang ho ananela Bibele?
6 Ho feta moo, Bakreste ba ka thusa ba bang ho ananela Bibele haeba ba etsa kamoo Petrose a eletsang ka teng hape: “Le mpe le tšabe Morena Jesu lipelong tsa lōna, ’me le itokisetse ka mehla ho ikarabela, ka mosa le ka hlompho, ho ea le botsang tšepo e ho lōna.” (1 Petrose 3:15) Basebeletsi ba Bakreste e lokela ho ba ba khonang ho sireletsa Bibele le ho hlalosetsa ba bang hore ke Lentsoe la Molimo. Ba ka etsa seo joang?
7. Ke ’nete efe ka Bibele e bontšang hore e tlameha e be ke Lentsoe la Molimo?
7 Mokhoa o mong o kholisang oa ho beha mabaka o fumanoa bukeng ea Liproverbia. Moo rea bala: ‘Mora oa ka, etlere ha u amohela litaba tsa ka, ’me u ipolokela melao ea me ka ho uena, u e sekehela tsebe, ke moo u tla fihlela tsebo ea Molimo; hobane Jehova ke eena ea fanang ka bohlale; tsebo le kutloisiso li tsoa molomong oa hae.’ (Liproverbia 2:1-6) Bohlale ba Molimo bo fumanoa maqepheng a Bibele. Ha motho ea tiileng a bona bohlale boo bo tebileng, ha ho kamoo a ke keng a hlokomela hore Bibele hase lentsoe la motho feela.
8, 9. Keletso ea Bibele mabapi le ho ba le pono e leka-lekaneng ka ho bokella leruo e bontšitsoe e le e nepahetseng joang?
8 Nahana ka mehlala e seng mekae. Kajeno, katleho bophelong hangata e lekanngoa ka chelete. Ha motho a fumana chelete e eketsehileng, ho nahanoa hore o atlehile haholoanyane. Leha ho le joalo, Bibele e lemosa khahlanong le ho beha khatiso e khōlō linthong tse bonahalang. Moapostola Pauluse o ngotse: “Ba ratang ho rua, ba oela melekong, le lerabeng, le litakatsong tse ngata, tse sa utloahaleng, tse senyang, tse tebisetsang batho timelong le tahlehong. Hobane lerato la leruo ke motso oa libe tsohle; ba bang ka ho le lakatsa ba khelohile tumelo, ’me ba itlhabile ka mahlomola a mangata.”—1 Timothea 6:9, 10; bapisa le Mattheu 6:24.
9 Phihlelo e bontšitse kamoo temoso ena e leng e tšoanelehang ka teng. Setsebi se seng sa kelello tleleniking e ’ngoe se re: “Ho ba oa pele le ho rua ha ho etse hore u ikutloe hore u khotsofetse, u anetse, hore kannete ua hlonephuoa e bile ua ratoa.” E, ba qetang matla ’ohle a bona ba lelekisa leruo hangata ba qetella ba ikutloa ba saretsoe ba bile ba ferekane. Mangolo, le hoja a lumela hore chelete e na le molemo, a supa ntho e ’ngoe ea bohlokoa le ho feta: “Hobane bohlale ke tširelo, joale ka ha le eona chelete e le tširelo; empa moo tsebo e fetisang ka molemo, ke hobane bohlale bo phelisa ba bo ruileng.”—Moeklesia 7:12.
10. Ke hobane’ng ha re lokela ho utloa keletso ea Bibele ea ho ela hloko bao re tloaelanang le bona?
10 Bibele e na le melao-motheo e mengata e joalo. O mong ke ona: “Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa, empa ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.” (Liproverbia 13:20) Phihlelo e boetse e pakile sena e le ’nete. Khatello ea lithaka e entse hore bacha ba kene botahoeng, tšebelisong e mpe ea lithethefatsi, le boitšoaro bo bobe. Batho leha e le bafe ba itsoakanyang le ba sebelisang puo e litšila qetellong ba iphumana ba sebelisa puo e nyelisehang ka ho tšoanang. Ba bangata ba utsoetsa bahiri ba bona hobane ‘e mong le e mong oa ho etsa.’ Ruri, joalokaha Bibele le eona e bolela: “Litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.”—1 Ba-Korinthe 15:33.
11. Phuputso e ’ngoe ea tulisano e bontšitse bohlale ba ho latela Molao oa Gauda joang?
11 E ’ngoe ea likeletso tse tsebahalang ka ho fetisisa tse hlahang ka Bibeleng ke ho bitsoang Molao oa Gauda: “’Me joale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna.” (Mattheu 7:12) Haeba batho ba ne ba latela molao ona, ka ho hlakileng lefatše e ne e tla ba sebaka se molemonyana. Empa esita le haeba batho ka kakaretso ba sa latele molao oo, ho molemo hore uena u le motho ka mong u etse joalo. Hobane’ng? Hobane re etselitsoe ho hlokomela ba bang le ho ameha ka bona. (Liketso 20:35) Phuputso ea thuto ea kelello e ileng ea etsoa United States bakeng sa ho fumana hore na batho ba arabela joang haeba ba thusa ba bang e ile ea fihlela qeto ena: “Ka hona, ho bonahala hore ho hlokomela ba bang ke karolo ea sebopeho sa botho joaloka ho itlhokomela rōna ka borōna.”—Mattheu 22:39.
Keletso ea Bibele—E na le Bohlale bo Ikhethang
12. Ntho e ’ngoe e etsang hore Bibele e be e ikhethang ke efe?
12 Ho hlakile hore kajeno ho na le mehloli e mengata ea keletso ka ntle ho Bibele. Likoranta li na le likaroloana tse fanang ka keletso, mabenkele a rekisang libuka a tletse libuka tse bontšang kamoo u ka ithusang ka bouena. Ho phaella moo, ho na le litsebi tsa kelello, baeletsi ba nang le mangolo, le ba bang ba fanang ka keletso mabaleng a fapaneng. Empa Bibele ea ikhetha bonyane lintlheng tse tharo. Ea pele, ka mehla keletso ea eona e molemo. Le ka mohla hase e rutoang feela, ’me ha ho mohla e ka re ntšang kotsi. Motho leha e le ofe ea latelang keletso ea Bibele o tlameha ho lumellana le mopesaleme eo thapelong ho Molimo a ileng a re: “Litemoso tsa hao li tšepahala haholo.”—Pesaleme ea 93:5, TLP.
13. Ke eng e bontšang hore Bibele e phahametse mehloli ea batho ea bohlale haholo?
13 Taba ea bobeli, Bibele e mamelletse teko ea nako. (1 Petrose 1:25; Esaia 40:8) Keletso e tsoang mehloling ea batho e tsebisahala ka ho feto-fetoha, ’me se keneng fesheneng selemong se seng hangata sea nyatsoa selemong se latelang. Leha ho le joalo, le hoja Bibele e ile ea phethoa hoo e batlang e le lilemong tse 2 000 tse fetileng, e sa ntsane e e-na le keletso e bohlale ka ho fetisisa e ka fumanehang, ’me mantsoe a eona a sebetsa hohle. A sebetsa ka matla a lekanang ho sa tsotellehe hore na re phela Afrika, Asia, Amerika Boroa kapa Leboea, Europe kapa lihleke-hlekeng tse nyenyane tsa leoatle.
14. Ke ka tsela efe keletso ea Lentsoe la Molimo e phahametseng tsohle?
14 Qetellong, ha ho se ka lekanngoang le ho pharalla ha keletso ea Bibele. Maele a Bibele a re: “Jehova ke eena ea fanang ka bohlale,” ’me ho sa tsotellehe hore na re talimane le bothata kapa qeto ea mofuta ofe, ka Bibeleng ho na le bohlale bo re thusang ho e rarolla. (Liproverbia 2:6) Bana, bacha, batsoali, batho ba hōlileng, bahiruoa, bahiri, batho ba boholong, kaofela ba fumana hore bohlale bo ka Bibeleng boa sebetsa ho bona. (Liproverbia 4:11) Esita le ha re talimane le maemo a neng a sa tsejoe mehleng ea Jesu le baapostola ba hae, Bibele e re fa keletso e sebetsang. Ka mohlala, morao koana lekholong la pele la lilemo, ho tsuba koae ho ne ho sa tsejoe Bochabela bo Hare. Kajeno, ho se ho atile haholo. Leha ho le joalo, mang kapa mang ea hlokomelang keletso ea Bibele ea ho qoba ho ‘busoa [kapa ho laoloa] ke eng kapa eng’ le ea ho itlhoekisa “litšila tsohle tsa nama le tsa moea” o tla qoba mokhoa ona, o bakang temalo haesita le ho senya bophelo.—1 Ba-Korinthe 6:12; 2 Ba-Korinthe 7:1.
Bakeng sa Molemo oa Rōna oa Nako e Telele
15. Ke hobane’ng ha ba bangata ba bolela hore Bibele e siiloe ke nako?
15 Ke ’nete hore ba bangata ba bolela hore Bibele e siiloe ke nako ’me litaba tsa eona ha li re ame lekholong lena la bo20 la lilemo. Leha ho le joalo, mohlomong lebaka ke hore Bibele ha e bolele seo ba batlang ho se utloa. Ho latela keletso ea Mangolo ho re tlisetsa molemo oa nako e telele, empa hangata ho hloka mamello, khalemelo, le ho itima lintho tse itseng—litšobotsi tse sa ratoeng lefatšeng le khothalletsang ho batla monyaka o fumanehang hang-hang.—Liproverbia 1:1-3.
16, 17. Bibele e beha litekanyetso life tse phahameng tsa boitšoaro ba botona le botšehali, ’me ke joang li ’nileng tsa hlokomolohuoa mehleng ea kajeno?
16 Nahana ka taba ea boitšoaro ba botona le botšehali. Litekanyetso tsa Mangolo ke tse tiileng haholo. Sebaka feela se loketseng sa katamelano e haufi ea botona le botšehali ke ka hare ho lenyalo, ’me katamelano eohle e haufi joalo ka ntle ho lenyalo e thibetsoe. Rea bala: “Ha e le ba litšila, ha e le ba rapelang litšoantšo, ha e le babōki le bafebi, leha e le basodoma . . . ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo.” (1 Ba-Korinthe 6:10) Ho feta moo, Bibele e hloka lenyalo la batho ba babeli, monna a le mong bakeng sa mosali a le mong ho Bakreste. (1 Timothea 3:2) ’Me le hoja ho e-na le maemo a fetelletseng ao ho ’ona tlhalano kapa karohano e ka ’nang ea lumelloa, Bibele e re ka kakaretso tlamo ea lenyalo ke ea bophelo bohle. Jesu ka boeena o itse: “Ea ba entseng tšimolohong, o ba entse e le e motona le e motšehali, a re: Ka baka leo, monna o tla tlohela ntat’ae le ’m’ae, a khomarele mosali oa hae, ’me ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe feela . . . Ha ho le joalo, ha ba sa hlola ba e-ba babeli, empa e le nama e le ’ngoe feela. Ke moo ke reng: Seo Molimo o se kopantseng hammoho, se se ke sa aroloa ke motho.”—Mattheu 19:4-6, 9; 1 Ba-Korinthe 7:12-16.
17 Kajeno litekanyetso tsena li hlokomolohuoa ka tsela e pharalletseng. Mekhoa e hlephileng ea botona le botšehali ea mamelloa. Likamano tsa botona le botšehali pakeng tsa bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba ntseng ba laetsana li talingoa e le tsa tlhaho. Ho phela hammoho ka ntle ho lenyalo hoa amoheloa. Har’a banyalani, likamano tse litšila tsa botona le botšehali tse etsoang ke ofe kapa ofe ho balekane li tloaelehile. ’Me tlhalano ke seoa lefatšeng lena la kajeno. Leha ho le joalo, litekanyetso tsena tse nyehlileng ha lia tlisa thabo. Liphello tse mpe li pakile hore ha e le hantle Bibele e ne e nepile ha e tsitlallela litekanyetso tse tiileng tsa boitšoaro.
18, 19. Phello ea ho hlokomolohuoa ho pharalletseng ha litekanyetso tsa Jehova tsa boitšoaro e bile efe?
18 Ladies’ Home Journal e itse: “Khatiso e behoang holim’a likamano tsa botona le botšehali e ileng ea tšoaea lilemo tsa bo-1960 le bo-1970 ha ea tlisa thabo ea batho e ke keng ea lekanngoa empa e tlisitse mesarelo ea batho e tebileng.” “Mesarelo ea batho e tebileng” eo ho buuoang ka eona mona e akarelletsa ea bana ba hlokofatsoang ke tlhalano ea batsoali ba bona le ea batho ba baholo ba hlokofatsoang ke bohloko bo tebileng ba maikutlo. E boetse e akarelletsa keketseho ea malapa a motsoali a le mong le seoa sa bananyana ba sa nyaloang ba bang le bana ha bona ka bobona ba ntse ba e-s’o tsoe bongoaneng. Ho feta moo, e akarelletsa seoa sa mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, a kang herpes ea litho tsa botona le botšehali, qhoshola, mokaola, chlamydia, le AIDS.
19 Ha a talima sena sohle, moprofesa e mong oa tulisano o ile a bolela: “Mohlomong re hōlile ka ho lekaneng ho nahanisisa ka hore na ho ne ho ke ke ha re tsoela molemo kaofela ho khothalletsa bohloeki pele ho lenyalo e le leano le tla arabela ka ho fetisisa litlhoko tsa baahi ba rōna le tokelo ea bona ea tokoloho: tokoloho mafung, tokoloho kemarong e sa batloeng.” Ka nepo Bibele ea bolela: “Ho lehlohonolo motho ea beang tšepo ea hae ho Jehova, ea sa tloaeleng baikhantši le ba ineetseng leshano.” (Pesaleme ea 40:4) Ba tšepang bohlale ba Bibele ha ba thetsoe ke mashano a ba hanyetsang Bibele le ba reng melao e nyehlisitsoeng haholoanyane e tlisa thabo. Litekanyetso tsa Bibele tse bohlale, le hoja e le tse tiileng, li tlisa se molemohali.
Mathata a Boima Bophelong
20. Ke melao-motheo efe ea Bibele e ipakileng e le molemo ho ba tlamehang ho talimana le bofutsana bo boholo bophelong ba bona?
20 Bohlale ba Bibele bo boetse bo re thusa ho sebetsana le mathata ao re thulanang le ’ona bophelong. Ka mohlala, linaheng tse ’maloa, ho na le Bakreste ba phelang bofutsaneng bo boima, bo tebileng. Leha ho le joalo ba sebetsana le bofutsana ba bona ka katleho ’me ba ntse ba fumana thabo. Joang? Ka ho latela Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. Ba nka ka ho teba mantsoe a tšelisang a Pesaleme ea 55:22: “Jarisa Jehova phahlo tsa hao, ’me o tla u tšehetsa.” Ba itšetleha ka Molimo bakeng sa matla a ho mamella. Joale ba sebelisa melao-motheo ea Bibele ’me ba qoba mekhoa e kotsi, e senyang, e kang ho tsuba le ho tahoa. Ba mahlaha-hlaha, joalokaha Bibele e khothalletsa, ka hona hangata ba fumana hore ba ka fepa malapa a bona ha batho ba botsoa kapa ba inehelang ho felloeng ke tšepo ba hlōleha. (Liproverbia 6:6-11; 10:26) Ho feta moo, ba utloa temoso ea Bibele: “U se ke ua honohela ba etsang ho hobe.” (Pesaleme ea 37:1) Ha ba retelehele papaling ea chelete kapa mesebetsing e meng ea tlōlo ea molao, e kang ho rekisa lithethefatsi. Lintho tsena li ka ’na tsa fana ka “tharollo” e potlakileng mathateng a bona, empa litholoana tsa tsona ka mor’a nako e telele ke tse babang.
21, 22. (a) Mosali e mong oa Mokreste o ile a fumana thuso le matšeliso joang Bibeleng? (b) Ke ’nete efe e eketsehileng mabapi le Bibele e re thusang ho hlokomela hore ke Lentsoe la Molimo?
21 Na ho latela Bibele ho hlile ho thusa ba futsanehileng haholo? E, joalokaha liphihlelo tse ngata-ngata li paka. Mohlolohali e mong oa Mokreste Asia oa ngola: “Le hoja ke phela moeling oa bofutsana, ha kea hlonama kapa hona ho sareloa. ’Nete ea Bibele e ntlatsa pono e nang le tšepo.” O tlaleha hore tšepiso e khōlō e fanoeng ke Jesu e phethahetse boemong ba hae. Jesu o itse: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.” (Mattheu 6:33) O tiisa hore ka ho etelletsa tšebeletso ea hae ho Molimo ka pele bophelong ba hae, ka mehla o amohela lintho tse bonahalang tse hlokahalang bophelong, ka litsela tse fapa-fapaneng. ’Me tšebeletso ea hae ea Bokreste e mo fa seriti le sepheo bophelong tse etsang hore a khone ho mamella bofutsana ba hae.
22 Ruri botebo ba bohlale ba eona bo bontša hore kannete Bibele ke Lentsoe la Molimo. Ha ho buka e ’ngoe e entsoeng ke batho feela e neng e ka akarelletsa litšobotsi tse ngata hakaalo tse fapaneng tsa bophelo ’me ea ba le temoho e tebileng joalo ’me hape ea ba e nepileng ka mehla. Empa ho na le ’nete e ’ngoe ka Bibele e bontšang hore e tsoa ho Molimo. E na le matla a ho fetola batho hore e be ba molemonyana. Re tla tšohla sena sehloohong se latelang.
Na u ka Hlalosa?
◻ Lipaki tsa Jehova li hlohonolofalitsoe ka tsela efe ka ho amohela ha tsona Bibele e le Lentsoe la Molimo?
◻ Joaloka ba lumelang Lentsoeng la Molimo, re na le tlamo efe, ’me motsamao oa rōna o ka re thusa ho phethahatsa tlamo ee joang?
◻ Ke eng e etsang hore keletso e bohlale ea Bibele e phahamele keletso ea batho feela?
◻ Mehlala e meng e bontšang botebo ba bohlale ba Bibele ke efe?