Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 4/1 leq. 31
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likotlo Tsa Jehova Holim’a Bokreste-’mōtoana
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Nako ea Kahlolo ea Molimo e Fihlile
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Tšenolo—I
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Sephiri se Halalelang sa Molimo—Tlhōrō ea Sona e Khanyang!
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 4/1 leq. 31

Lipotso tse Tsoang ho Babali

◼ Melumo ea terompeta ea mangeloi a supileng e ho Tšenolo e qalile ho utloahala neng?

Ho Tšenolo likhaolo 8, 9 le 11, re bala ka mangeloi a supileng a neng a letsa literompeta tse supileng, tse phatlalatsang likotlo tse khōlō haholo likarolong tsa batho. Tsena li emela liphatlalatso tsa likahlolo tsa Jehova tse ’nileng tsa phatlalatsoa ke batho ba Jehova ho pholletsa le nako ea bofelo ho qala ka kopano ea Cedar Point ka 1922 ka ho hlokomelehang.—Bona Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, likhaolo 21 ho ea ho 23 le khaolo 26.

Melumo ea pele e mene ea terompeta e senola boemo ba ho shoa moeeng ba karolo ea Bokreste-’mōtoana ea “lefatše,” le ea “leoatle,” haesita le boemo bo hlephileng ba baruti le lefifi la moea la Bokreste-’mōtoana.—Tšenolo 8:7-12.

Histori e bontša hore ho pepesoa ha linnete tsena ha e le hantle ho qalile pele ho 1922. Ka mohlala, puo “Limillione tse Phelang Hona Joale Mohlomong li ke ke Tsa Hlola li Shoa,” eo pele e ileng ea fanoa ka 1918 ’me ea hatisoa e le bukana ka 1920, e ne e bolela ka ho hlōleha ha Bokreste-’mōtoana le ka ho atamela ha bofelo ba lefatše lena. The Golden Age ea September 29, 1920, e ile ea pepesa Bokreste-’mōtoana ka ho toba e le sehlola, mothetsi ea leshano, le mokhelosi oa batho.

Kahoo, ke hobane’ng ha buka Tlhōrō ea Tšenolo e re literompeta tsee tse ’nè li qalile ho letsoa feela kopanong ea Cedar Point ka 1922? Hobane ke ka nako eo feela ho ileng ha tsoa mohoo o reng “tsebahatsang, tsebahatsang, tsebahatsang Morena le ’Muso,” o faneng ka tšusumetso e khōlō tšebetsong ea ho bolela. Tokollo ea November 1, 1922, ea The Watch Tower, e re: “Metsoalle . . . e ile ea ho nka e le taba ea sehlooho ea kopano hore tokelo ea sebele le tlameho ea ba inehetseng hona joale lefatšeng ke ho tsebahatsa boteng ba Morena, Morena e moholo oa marena, le hore ’muso oa hae o teng, le hore ena ke ntho ea bohlokoahali ho bona hore ba e etse.”

Hape ho lokela ho hlokomeloa hore le hoja melaetsa ena ea kahlolo kaofela e mene e phatlalalitsoe ke Lipaki tsa Jehova ho tloha ka 1922, o mong le o mong o fumane tšusumetso e matla ho amoheloeng ha liqeto tse ’nè likopanong tse neng li tšoeroe pakeng tsa 1922 le 1925. Ho ile ha latela ho abuoa ha likopi tse limillione tse mashome-shome tsa liqeto tsena e le likhatiso, tse neng li pepesa boemo ba ho shoa moeeng ha Bokreste-’mōtoana ka katleho.—Bona Buka Tlhōrō ea Tšenolo, leqephe 133, serapa 15.

Melumo ea ho qetela ea terompeta e meraro e akarelletsa ‘bomalimabe.’ (Tšenolo 8:13) E fapane le melumo ea pele e mene ea terompeta ka hore e amana le liketsahalo tse khethehileng. Molumo oa bohlano oa terompeta o amana le ho lokolloa ha batho ba Molimo ka 1919 “sekoting.” Oa botšelela o amana le “makhotla a ba kaletseng” le phutuho e khōlō ea machaba ea ho bolela e qalileng ka 1922. Oa bosupa o amahanngoa le ho tsoaloa ha ’Muso oa Molimo ka 1914.—Tšenolo 9:1-19; 11:15-19.

E ’ngoe le e ’ngoe ea liketsahalo tsena e ile ea tlisa bomalimabe ho Satane le lefatše la hae. Ho lokolloa ha batlotsuoa ka 1919 sekoting sa ho se sebetse ho ile ha hlaba baruti ba Bokreste-’mōtoana ’me ha bontša hore Jehova o bo lahlile ka ho felletseng. Ho tloha ka 1922 ho fihlela kajeno, lekhotla le leholo la ba kaletseng le bolaile Bokreste-’mōtoana, ka puo ea moea, le pepesa boemo ba bona ba ho shoa ’me le lemosa ka ho felisoa ha bona ho tlang. ’Me ka mor’a ho tsoaloa ha ’Muso ka 1914, Satane o ile a lelekoa leholimong, e leng ho ileng ha fehla khathatso e senyang har’a batho. Haufinyane ’Muso oo o tla tlosa mokhatlo oa batho o bonahalang eka o tsitsitse oo Satane a o hahileng (lefatše), o felise batho ba marabele (leoatle) ka Harmagedone.—Tšenolo 11:17–12:12; 21:1.

Kopanong ea Cedar Point ka 1922, “bomalimabe” bo tlang hararo kaofela bo ile ba hlaka lefatšeng ka kakaretso. Phutuho ea ho bolela e ileng ea qalisoa ka nako eo e ile ea hlakisa hore “litsie” li ne li tsoile “sekoting” ’me ho hlasela ha “makhotla a ba kaletseng” ho ne ho tsoela pele. ’Me mohoo o susumetsang oa ho tsebahatsa Morena le ’Muso o ne o lumellana ka botlalo le molumo oa bosupa oa terompeta. Tokollo ea March 1, 1925, ea The Watch Tower e ile ea hlalosa hore liketsahalo tsa 1914, 1919, le 1922 li ne li boletsoe esale pele ho Tšenolo khaolo ea 12. Ena e ne e le kutloisiso e tebileng haholoanyane ea ho tsoaloa ha ’Muso, ’me ka botšepehi e ile ea phatlalatsoa ke Lipaki tsa Jehova. Ho phaella moo, ho tsebahatsoa ha boitsebiso bona ba likotlo ho ile ha fumana tšusumetso ea sehlooho ho amoheloeng le ho abuoeng ho ileng ha latela ha liqeto tse matla nakong ea likopano tse neng li tšoeroe ho tloha ka 1926 ho ea ho 1928.—Bona Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, maqephe 147, 149, 172.

Ka hona, ho letsoa ha literompeta tse supileng ho qalile ka 1922 ’me ha tsoela pele nakong ea bo-1920. Ho tloha ka nako eo, batho ba Jehova ba sebelisane ’moho le mangeloi ba sa tšabe letho ho bolelleng batho bohle hore Bokreste-’mōtoana bo shoele moeeng, baruti ba bona ke baeta-pele ba hlephileng boitšoarong, ’me haufinyane bo tla timetsoa le lefatše lena lohle la bosatane.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela