Lipaki Tse Chesehang Tsa Jehova li Hatela Pele!
LIPAKI tsa Jehova tsa lekholong la pele la lilemo e ne e le batho ba nkang khato ka sebete le ka cheseho. Ka cheseho li ile tsa phethahatsa thōmo ena ea Jesu: “E-eang . . . le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.”—Mattheu 28:19, 20, NW.
Empa re tseba joang hore balateli ba Kreste ba pele ba ile ba nka thōmo eo ka ho teba? Bonneteng, buka ea Bibele ea Liketso tsa Baapostola e paka hore e ne e le lipaki tse chesehang tsa Jehova, tseo ka ’nete li neng li hatela pele!
MELEMO LE LITŠOANELEHO TSE LING
Ho tšoana ha puo le mokhoa oa ho hlalosa mantsoe pakeng tsa Molaetsa o Molemo oa boraro le buka ea Liketso ho bontša hore li ngotsoe ke mongoli a le mong—Luka, “ngaka e ratoang.” (Ba-Kolosse 4:14) Har’a litšoaneleho tsa eona tse ikhethang ke lipuisano le lithapelo tse bolokiloeng ho Liketso. Hoo e ka bang karolo ea 20 lekholong ea buka eo ke lipuo, tse kang tse ileng tsa fanoa ke Petrose le Pauluse ha ba tšehetsa tumelo ea ’nete.
Buka ea Liketso e ile ea ngoloa Roma hoo e ka bang ka 61 C.E. Kamoo ho bonahalang ka teng leo ke lona lebaka leo e sa boleleng ka ho hlaha ha Pauluse ka pel’a Cesare kapa ka mahloriso ao Nero a ileng a a etsa khahlanong le Bakreste hoo e ka bang ka 64 C.E.—2 Timothea 4:11.
Joaloka Molaetsa o Molemo oa Luka, Liketso e ne e tobisitsoe ho Theofile. E ne e ngolloa ho matlafatsa tumelo le ho tlaleha ka ho pharalla ha Bokreste. (Luka 1:1-4; Liketso 1:1, 2) Buka eo e paka hore letsoho la Jehova le ne le na le bahlanka ba hae ba tšepahalang. E re hlokomelisa ka matla a moea oa hae ’me e matlafatsa kholiseho ea rōna boprofeteng bo bululetsoeng ke Molimo. Liketso e boetse e re thusa ho mamella mahloriso, e re susumelletsa hore re be Lipaki tsa Jehova tse itetseng, ’me e haha tumelo ea rōna tšepong ea ’Muso.
HO NEPAHALA HA HISTORI
Joaloka ’mate oa Pauluse, Luka o tlalehile ka maeto a bona. O boetse a bua le lipaki tse boneng ka mahlo. Lintho tsena le patlisiso e batsi li etsa hore mengolo ea hae e be mosebetsi o tsoileng matsoho tabeng ea ho nepahala ha histori.
Ke ka hona seithuti se seng William Ramsay se neng se ka re: “Luka ke rahistori oa boemo ba pele: lipolelo tsa hae tsa ’nete hase feela hore lia tšepahala, o na le bohlale ba ’nete ba histori . . . Mongoli enoa o lokela ho behoa har’a bo-rahistori ba baholo ka ho fetisisa.”
PETROSE—PAKI E TŠEPAHALANG
Mosebetsi oa ho phatlalatsa litaba tse molemo o fanoeng ke Molimo o ka phethahatsoa feela ka matla a moea o halalelang oa Jehova. Kahoo, ha balateli ba Jesu ba amohela moea o halalelang, ba tla fetoha lipaki tsa hae Jerusalema, Judea, le Samaria le “ho isa pheletsong ea lefatše.” Ka Pentekonta 33 C.E., ba tlala moea o halalelang. Kaha ke hona e leng 9:00 hoseng, ruri ha baa tahoa, joalokaha ba bangata ba nahana. Petrose o fana ka bopaki bo hlollang, ’me ho kolobetsoa ba 3 000. Bahanyetsi ba bolumeli ba leka ho khutsisa baboleli bao ba ’Muso, empa ha o arabela thapelo, Molimo o nolofalletsa lipaki tsa oona ho bua lentsoe la oona ka sebete. Li soketsoe hape, lia arabela: “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho.” Mosebetsi o tsoela pele ha ba ntse ba tsoela pele ho bolela ka ntlo le ntlo.—1:1–5:42.
Ho itšetleha ka moea oa Jehova ho nolofalletsa lipaki tsa hae ho mamella mahloriso. Ka hona, ka mor’a hore paki e tšepahalang Setefane e tlepetsoe ka majoe ho fihlela e shoa, balateli ba Jesu ba ile ba qhalana, empa hona ho mpa ho phatlalatsa lentsoe feela. ’Moleli oa evangeli Filipi o bula maliboho Samaria. Ka ho makatsang, mohlorisi ea mabifi Saule oa Tarese oa sokoloha. E se e le moapostola Pauluse, o utloa khatello ea mahloriso Damaseka empa o pholoha maqiti a Bajode a ho ’molaea. Ka nakoana, Pauluse o kopanela botsoalle le baapostola Jerusalema ’me joale o tsoela pele tšebeletsong ea hae.—6:1–9:31.
Letsoho la Jehova le na le Lipaki tsa hae, joalokaha Liketso e tsoela pele ho bontša. Petrose o tsosa Dorkase (Tabitha) bafung. Ha a arabela pitso, o phatlalatsa litaba tse molemo ho Kornele Cesarea, lelapa la hae, le ho metsoalle ea hae. Ba kolobetsoa e le Balichaba ba pele ba ho fetoha barutuoa ba Jesu. Ka hona ‘veke tse mashome a supileng’ lia fela, ho re tlisang ho 36 C.E. (Daniele 9:24) Nakoana ka mor’a moo, Heroda Agrippa I o bolaea moapostola Jakobo ’me o tšoarisa Petrose. Empa moapostola o latsoa ho lokolloa ke lengeloi chankaneng, ’me “lentsoe la Molimo la ’na la ata, la anafala.”—9:32–12:25.
MAETO A PAULUSE A MARARO A BOROMUOA
Litlhohonolofatso li tšolohela ho ba ikitlaetsang tšebeletsong ea Molimo, joaloka Pauluse. Leeto la hae la pele la boromuoa le qala Antioke, Syria. Sehleke-hlekeng sa Cypera, ’musisi Sergiuse Pauluse le ba bang ba bangata ba fetoha balumeli. Johanne Mareka o tloha Perge oa Pamfylia, o ea Jerusalema, empa Pauluse le Barnabase ba tsoela pele ho ea Antioke Pisidia. Lystra, ba-Jode ba fehla mahloriso. Le hoja Pauluse a ile a otloa ka majoe le ho tloheloa hobane ho thoe o shoele, oa hlaphoheloa ’me o tsoela pele tšebeletsong. Qetellong, eena le Barnabase ba khutlela Antioke Syria, ba qetela leeto la pele.—13:1–14:28.
Joaloka sehlopha se tšoanang le sona sa lekholong la pele la lilemo, Sehlopha se Busang sa kajeno se etsa liqeto ka lipotso ka tataiso ea moea o halalelang. Lebollo le ne le se har’a “lintho tse hlokahalang,” tse kopanyelletsang “ho tela lintho tse hlabetsoeng melimo ea litšoantšo le mali le lintho tse fenethiloeng le bohlola.” (15:28, 29, NW) Ha Pauluse a qala leeto la bobeli la boromuoa, Silase o tsamaea le eena, ’me hamorao Timothea o tsamaea le bona. Pitso ea ho tšelela Macedonia e lateloa ke khato e potlakileng. Filippi, ho paka ho fella ka hore ho qhome mofere-fere le ho koalloa chankaneng. Empa Pauluse le Silase ba lokolloa ke tšisinyeho ea lefatše ’me ba bolella molebeli oa teronko le lelapa la hae, ’me bana ba fetoha balumeli ba kolobelitsoeng.—15:1–16:40.
Bahlanka ba Jehova e lokela ho ba liithuti tse hloahloa tsa Lentsoe la hae, joaloka Pauluse le Baberea ba neng ba batlisisa Mangolo. Ha a le Areopago, Athene, o fana ka bopaki bo bontšang hore Jehova ke ’Mōpi, ’me ba bang ba fetoha balumeli. Korinthe ho bonahatsoa thahasello e khōlō haholo hoo a lulang motseng oo ka likhoeli tse 18. Ha a ntse a le moo, o ngola Ba-Thessalonika ba Pele le ba Bobeli. Ha a arohana le Silase le Timothea, moapostola o tsamaea ka sekepe ho ea Efese, joale o kena sekepeng se eang Cesarea, ’me o fetela Jerusalema. Ha a khutlela Antioke ea Syria, leeto la hae la bobeli la boromuoa lea fela.—17:1–18:22.
Joalokaha Pauluse a bontšitse, ho paka ka ntlo le ntlo ke karolo ea bohlokoa ea tšebeletso ea Bokreste. Karolo e khōlō ea leeto la boraro la moapostola (52-56 C.E.) ke ho tsamaea mehlaleng eo a e siileng leetong la hae la bobeli. Tšebeletso ea Pauluse e fehla khanyetso Efese, moo a ngolang Ba-Korinthe ba Pele teng. Ba-Korinthe ba Bobeli e ngolloa Macedonia, ’me o ngolla Baroma ha a ntse a le Korinthe. Mileta, Pauluse o teana le baholo ba Efese ’me o bolela kamoo a ileng a ba ruta ka teng pontšeng le ka ntlo le ntlo. Leeto la hae la boraro le fela ha a fihla Jerusalema.—18:23–21:14.
MAHLORISO HA A NA KATLEHO
Mahloriso ha a koale melomo ea lipaki tse tšepahalang tsa Jehova. Ka hona ha pefo ea mahoohoo e qhoma khahlanong le Pauluse tempeleng Jerusalema, ka sebete o pakela bo-ramerusu bao ba befileng. Morero oa ho ’molaea o nyopisoa ke ha a romeloa Cesarea ho ’Musisi Felikse a lebetsoe ke lesole. Pauluse o bolokoa litlamong ka lilemo tse peli ha Felikse a ntse a tsitlallela ho fumana tjotjo e sa kang ea tla ho hang. Mohlahlami oa hae, Festuse, o utloa boipiletso ba Pauluse ho Cesare. Leha ho le joalo, pele a leba Roma, moapostola o etsa boitšireletso bo matla ka pele ho Morena Agrippa.—21:15–26:32.
Ba sa tšosoe ke liteko, bahlanka ba Jehova ba tsoela pele ho bolela. Ruri sena ke sona seo e neng e le ’nete ka Pauluse. Ka baka la boipiletso ba hae ho Cesare, moapostola o kena leetong ho ea Roma a e-na le Luka hoo e ka bang ka 58 C.E. Ha ba le Myra, Lycia, ba kena sekepeng se seng. Le hoja ba robeheloa ke sekepe ’me ba theohela sehleke-hlekeng sa Melita, sekepe se seng se ba nkela Italy hamorao. Esita leha a ntse a lebetsoe ke lesole Roma, Pauluse o bitsetsa batho ho eena ’me o phatlalatsa litaba tse molemo ho bona. Nakong ena ea ha a koalletsoe chankaneng, o ngolla Baefese, Bafilippi, Bakolosse, Filemone, le Baheberu.—27:1–28:31.
HO HATELA PELE KA MEHLA
Buka ea Liketso e bontša hore mosebetsi o qaliloeng ke Mora oa Molimo o ile oa ntšetsoa pele ka botšepehi ke lipaki tsa Jehova tsa lekholong la pele la lilemo. E, tlas’a matla a moea o halalelang oa Molimo, li ile tsa paka ka cheseho.
Kahobane balateli ba Jesu ba pele ba ne ba itšetlehile ka Molimo ka thapelo, letsoho la Oona le ne le na le bona. Ka hona ba likete-kete ba ile ba fetoha balumeli, ’me ‘litaba tse molemo li ile tsa bolelloa pōpo eohle e tlas’a leholimo.’ (Ba-Kolosse 1:23, NW) Ka sebele, ka nako eo le hona joale, Bakreste ba ’nete ba ipakile e le lipaki tse chesehang tsa Jehova tse hatelang pele!
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 25]
KORNELE MOLAOLI OA LEKHOLO: Kornele e ne e le molaoli oa lebotho, kapa molaoli oa lekholo. (10:1) Moputso oa molaoli oa lekholo oa selemo le selemo o ne o feta oa lesole le tsamaeang fatše ka makhetlo a mahlano, kapa li-denare tse ka bang 1 200, empa o ne o ka ’na oa feta moo haholoanyane. Ha a ne a ea pencheneng, o ne a fumana mpho e itseng ea chelete kapa setša. Seaparo sa hae sa sesole se ne se na le mebala e khahlehang, ho tloha ka heleme ea silevera ho ea ho seaparo se kang mose oa ntoa, purepera ea boea ba nku bo boreleli, le litšireletso tsa ’momo tse khabisitsoeng. Ho latela khopolo e ’ngoe molaoli oa lekholo o ne a tsamaea le banna ba 100, empa ka linako tse ling ho ne ho e-ba le ba ka bang 80 feela. Litho tse ncha tsa ‘lekhotla la Italia’ kamoo ho bonahalang ka teng li ne li tsoa har’a baahi ba Roma le banna ba lokollotsoeng bokhobeng Italy.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 25]
THAPELO KA HOLIM’A NTLO: Petrose o ne a sa fetelletse litaba ha a ne a rapela a le mong ka holimo ho marulelo. (10:9) Mohlomong lehora le neng le pota-potile marulelo ao a bataletseng le ile la mo pata hore a se ke a bonahala. (Deuteronoma 22:8) Marulelo ao e ne e boetse e le sebaka sa ho phomola le ho balehela lerata le hlahang seterateng mantsiboea.
[Lebokose le leqepheng la 25]
MELIMO EO HO THOENG E NKILE SEBŌPEHO SA BATHO: Ho phekola ha Pauluse monna e mong ea sa tsebeng ho tsamaea ho ile ha etsa hore baahi ba Lystra ba nahane hore melimo e ne e itlhahisitse eka ke batho. (14:8-18) Zeuse, molimo oa Magerike o ka sehloohong, o ne a na le tempele motseng oo, ’me mora oa hae Hermese, eo e neng e le lengòsa la melimo, o ne a hlokomeleha ka ho bua ka bokheleke. Kaha batho ba ne ba nahana hore Pauluse e ne e le Hermese kahobane o ne a etelletse pele ka ho bua, ba ne ba talima Barnabase e le Zeuse. Ho ne ho tloaelehile ho roesa litšoantšo tsa molimo oa bohata meqhaka ea lipalesa kapa ea makhasi a lifate tsa kyprese kapa phaena, empa Pauluse le Barnabase ba ile ba hana ho tšoaroa ka tsela e joalo ea borapeli ba litšoantšo.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 25]
MOHLOKOMELI OA TERONKO OA LUMELA: Ha tšisinyeho ea lefatše e bula menyako ea chankana ’me e nyehlisa litlamo tsa batšoaruoa bao ba ka hare, mohlokomeli e mong oa teronko oa Filippi o ne a il’o ipolaea. (16:25-27) Hobane’ng? Hobane molao oa Roma o ne o laela hore mohlokomeli oa teronko o ne a lokela hore a jare kotlo ea motšoaruoa ea balehileng. Kamoo ho bonahalang ka teng mohlokomeli eo oa teronko o ile a ikhethela ho shoa lefu la ho ipolaea ho fapana le hore a fete lefung la ho hlokofatsoa, leo mohlomong le neng le emetse batšoaruoa ba bang. Leha ho le joalo, o ile a amohela litaba tse molemo, ’me “a kolobetsoa kapele, eena le ba ntlo ea hae kaofela.”—16:28-34.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 26]
HO IPILETSA HO CESARE: E le moahi oa Roma ho tloha ha a hlaha, Pauluse o ne a e-na le tokelo ea ho ipiletsa ho Cesare le hore a qosoe Roma. (25:10-12) Moahi oa Roma o ne a sa lokela hore a tlangoe, a shapuoe, kapa a hlokofatsoe ntle ho qoso.—16:35-40; 22:22–29; 26:32.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Musei Capitolini, Roma
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 26]
’MABALLI OA TEMPELE EA ARTEMISE: Se tennoe ke ho bolela ha Pauluse, setei sa silevera Demetriuse sa fehla morusu. Empa mongoli oa motse oa Efese a qhalakanya letšoele leo. (19:23-41, TLP) Litei tsa silevera li ne li etsa litempele tse nyenyane tsa silevera tsa karolo e neng e halalela ka ho fetisisa ea tempele moo ho neng ho behiloe seemahale sa molimotsana oa matla a ho hlahisa lintho tse ncha ea matsoele a mangata Artemise. Metse e ne e hlōlisana bakeng sa tlotla ea ho ba ne·o·koʹros ea oona, kapa “’maballi oa tempele.”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 26]
KHATHATSO LEOATLENG: Ha sekepe se neng se nkile Pauluse se ne se soahlamanngoa ke moea o mong oa sefefo o bitsoang Euroaquilo, ‘ba ne ba batla ba sitoa ho hulela sekepana ho bona.’ (27:15, 16) Sekepana e ne e le seketsoana se neng se atisa ho huloa ke sekepe se seholo. Sekepe se ne se nka mehala e neng e ka fetisoa ho pota ’mele oa sekepe ho se tlama ka tlaase le ho se sireletsa hore se se ke sa senngoa ke ha palo e tšehetsang seile ea sekepe e tsukutleha nakong ea lifefo. (27:17) Batsamaisi bana ba sekepe ba ile ba akhela liankora tse ’nè ka ntle ’me ba nyehlisa liropo tse tlammeng masokoana a lepolanka a laolang sekepe, a sebelisetsoang ho tsamaisa sekepe. (27:29, 40) Sekepe sa Alexandria se ne se e-na le setšoantšo sa “Bara ba Zeuse”—Kastore le Pollukse, ba neng ba nkoa e le bahlokomeli ba batsamaisi ba sekepe.—28:11.