Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 8/1 maq. 10-14
  • Bacha ba Thabileng Tšebeletsong ea Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bacha ba Thabileng Tšebeletsong ea Jehova
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tumelo ea Hao ka Bouena
  • Fumana Tsebo
  • Hōla Kananelong
  • Hatela Pele Tšebeletsong ea Molimo
  • Ho Etse Pakane ea Hao ho Sebeletsa Molimo ka ho sa Feleng
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Bacha—Matlafatsang Boikemisetso ba Lōna ba ho Sebeletsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Na ke se ke Loketse ho Kolobetsoa?
    Tsoha!—1990
  • Bacha—Na le se le Loketse ho Kolobetsoa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 8/1 maq. 10-14

Bacha ba Thabileng Tšebeletsong ea Jehova

“Esita le ngoana o tsejoa ka liketso tsa hae, hore na boitšoaro ba hae bo hloekile ’me bo lokile.”—LIPROVERBIA 20:11, “New International Version.”

1. Tse ling tsa lintho tse ikhethang tseo Bibele e li buang ka Samuele ke life?

EKA ’na eaba Samuele e monyenyane o ne a e-na le lilemo tse tharo ho isa ho tse hlano feela ha a qala ho “sebeletsa” tabernakeleng ea Jehova Shilo. O mong oa mesebetsi ea hae e ne e le ho bula “mamati a ntlo ea Jehova.” Bibele e re “Samuele, o na a ntse a hola, a ntse a khahlisa Jehova le batho.” Ha a se a hōlile, o ile a khutlisetsa Iseraele borapeling ba ’nete. O ile a sebeletsa Molimo “ka tšiu tsohle tsa ho phela ha hae.” Esita le ha a se ‘a hōlile a le hloho e putsoa’ o ne a ntse a phehella batho hore ‘ba tšabe Jehova ’me ba mo sebeletse ka ’nete.’ Na e ne e ke ke ea e-ba ho babatsehang haeba batho ba ne ba ka khona ho bolela lintho tsee tse ntle ka uena hantle feela joalokaha Bibele e li bolela ka Samuele?—1 Samuele 1:24; 2:18, 26; 3:15; 7:2-4, 15; 12:2, 24.

2. Bana ba banyenyane ba ithuta eng libokeng tsa batho ba Jehova kajeno?

2 Haeba u e mong oa Lipaki tsa Jehova kapa u ba teng libokeng tsa tsona tsa Bokreste, ak’u qamake ka har’a Holo ea ’Muso eo ho ithutoang thuto ena ho eona. U bona batho ba lilemo tsohle. Mohlomong ho na le batho ba seng ba ‘hōlile ba bile ba le lihlooho li putsoa.’ Hape ho na le batsoali, bacha, bana ba banyenyane, esita le masea a sikiloeng. Na bana ba banyenyane ka ho fetisisa ba se ba ntse ba ithuta? E. Ak’u botse bao ba ileng ba tlisoa libokeng tse joalo ha ba sa ntsane ba le banyenyane. Ba tla u bolella ka botšepehi hore ho tloha lilemong tsa bonyenyane ba bona, ba ile ba ’na ba ithuta ho hlompha Molimo, ho rata batho ba oona, le ho ananela libaka tseo o rapeloang ho tsona. Ha nako e ntse e feta, bana ba banyenyane ba ithuta linnete tse babatsehang. Bacha ba bangata, ka mor’a ho hōla tsebong le kananelong, ba fetoha karolo ea ‘bahlankana le baroetsana, maqheku hammoho le bana’ bao mopesaleme a ileng a ba phehella hore “ba rorise lebitso la Jehova, hobane lebitso la hae ke lona le inotši le phahamileng.”—Pesaleme ea 148:12, 13.

3. Ho tla joang hore e be bacha ba tsebang Bibele ba talima bophelo ka tsela e fapaneng le kamoo ba sa e tsebeng ba bo talimang ka teng?

3 Haeba u mocha eo ka mehla batsoali ba hae ba mo tlisang libokeng tse joalo, u hlohonolofalitsoe ka ho khethehileng. Bacha ba bang ba bangata ba khathatsoa ke mathata a lefatše. Ba bang ba ka ’na ba tšaba hore batho ba tla senya lefatše. Ua tseba hore Molimo o ke ke oa lumella hoo hore ho etsahale, le hore o ke ke oa lumella batho hore ba tsoele pele ho senya naletsana ena e ntle. Ho latela Bibele, ho fapana le ho lumella hoo hore ho etsahale, Molimo o tla “senya ba senyang lefatše.” Ua tseba hore Bibele e tšepisa hore bokamoso bo khanyang lefatšeng le lecha le lokileng la Molimo bo haufi.—Tšenolo 11:18; Pesaleme ea 37:29; 2 Petrose 3:13.

Tumelo ea Hao ka Bouena

4. Ho tseba litsela tsa Molimo ho beha boikarabelo bofe holim’a bacha, ’me Samuele e monyenyane e bile mohlala o motle joang oa see?

4 Qalong, e ka ’na eaba tsela ea ’nete ea Bokreste e ne e le pakane e phehelloang ke batsoali ba hao. Mohlomong u ne u e-tla libokeng tsa Bokreste hobane ba u tlisa, ’me e ka ’na eaba u ne u kopanela tšebeletsong ea bomolimo hobane bona ba etsa hoo. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e-ea, ho sebeletsa Jehova le ho mo utloa e ka ba thabo ea hao ka bouena. ’Mè oa Samuele e monyenyane o ile a mo kenya tseleng e nepahetseng, empa eena ka boeena o ne a lokela ho e latela. Rea bala: “Esita le ngoana o tsejoa ka liketso tsa hae, hore na boitšoaro ba hae bo hloekile ’me bo lokile.”—Liproverbia 20:11, NIV.

5. (a) Bibele ke ea bohlokoa haholo hakae? (b) Pauluse o ile a bolella Timothea eng ka bohlokoa ba Lentsoe la Molimo le ngotsoeng?

5 Mangolo a re bolella seo Molimo o se batlang ho rōna. A re bontša ka ho hlaka hore na re ka o khahlisa joang, a fana ka boitsebiso bo bongata haholo bo ka re tsoelang molemo o moholo. Moapostola Pauluse o ile a bolella mothusi oa hae e monyenyane Timothea: “Lengolo lohle le bulutsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho hōlisa ka khōlo ea ho loka; motho oa Molimo a tle a phethehe, ’me a rutehele ruri mesebetsing eohle e molemo.”—2 Timothea 3:16, 17.

6. Buka ea Liproverbia e re’ng ka bohlokoa ba tsebo le bohlale ba bomolimo?

6 Bibele e boetse e re bolella hore re “mamele taeo ’me re hlalefe.” E re u “boloke joaloka letlotlo” litaelo tsa Molimo, u “bitse kutloisiso,” ’me u “tsoele pele ho batla” temoho joalokaha u ne u batla matlotlo a bohlokoahali a patiloeng. Haeba u latela keletso ena, joale “u tla utloisisa tšabo ea Jehova, ’me u tla fumana eona tsebo ea Molimo.” Re boetse re fumana keletso ena: “Joale, lōna bara, ’mameleng; e, ho thaba ba bolokang tsona litsela tsa ka. Mamelang taeo ’me le hlalefe, ’me le se ke la bontša ho hlokomoloha eng kapa eng. Ho thaba motho ea ’mamelang . . . Hobane ea mphumanang ka sebele o tla fumana bophelo, ’me o fumana mohau ho Jehova.” Na u talima Bibele e le ea bohlokoa hakaalo ’me u etsa boiteko ba mofuta oo bakeng sa ho ithuta lintho tseo e li bolelang?—Liproverbia 2:1-5, NW; 8:32-35, NW.

Fumana Tsebo

7. Lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa tseo re lokelang ho ithuta tsona ke life?

7 Bacha ba bang ba tseba lipalo-palo tsohle tsa lipapali, kapa ba ka u bolella ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka sehlopha sa ’mino seo ba se ratang ka ho fetisisa. Ba fumana ho le bobebe ho ithuta lintho tsena le ho li hopola hobane baa li thahasella. Empa potso ea bohlokoa ka ho fetisisa ke ena, Ba tseba eng ka Molimo? Ak’u nahane feela ka seo o se entseng. Molimo o entse bokahohle. O boletse esale pele seo batho ba neng ba tla se etsa le se neng se tla etsahala nako e telele pele liketsahalo tseo li etsahala. Bibele ha e re bolelle feela ka Molimo empa e re ruta hore na re ka o khahlisa joang. E re bontša kamoo re ka fumanang bophelo bo thabileng hona joale le kamoo re ka fumanang bophelo bo sa feleng lefatšeng la oona le lecha le lokileng. Na seo hase sa bohlokoa haholo ho feta ho tseba hore na ke mang ea hlōtseng papaling ea bolo kapa ho ithuta mabitso a libini tseo ka potlako batho ba tla li lebala?—Esaia 42:5, 9; 46:9, 10; Amose 3:7.

8. Josiase le Jesu ba behile mohlala ofe o motle?

8 Ha Morena Josiase e monyenyane a le lilemo li 15, o ile “a qala ho batla Molimo oa Davida ntat’ae.” Ha Jesu a le lilemo li 12, o ile a fumanoa “a lutse har’a baruti” ka tempeleng ea Jehova, “a ba mamela, a ba botsa.”a Ho sa tsotellehe hore na u lilemo likae, joaloka Josiase le Jesu, na u hlaoletse thahasello ea sebele ea ho ithuta ka lintho tseo Molimo o li entseng le tseo o sa ntsaneng o tla li etsa?—2 Likronike 34:3; Luka 2:46.

9. (a) Bacha ba bangata ba na le bothata bofe? (b) Ke eng e ka etsang hore ho bala le ho ithuta ho be bobebe haholoanyane, ’me na uena ka bouena u fumane hoo e le ’nete?

9 Leha ho le joalo, u ka ’na ua re: ‘Ho ithuta ke mosebetsi o boima.’ Batho ba bangata, ba bacha le ba hōlileng, ha ho mohla ba kileng ba bala ka ho lekaneng hore ho bala ho be bobebe. Ha u bala haholo, ho bala ho tla ba bobebe haholoanyane. Ha u ithuta haholo, ho ithuta ho ba bobebe haholoanyane. U hokahanya likhopolo tse ncha le tseo u seng u ntse u li tseba, e leng ho etsang hore ho be bobebe haholoanyane ho li utloisisa le ho li hopola.

10. (a) Ke joang u ka fumanang ho eketsehileng libokeng tsa Bokreste? (b) Phihlelo ea hao ke efe ntlheng ee?

10 Ke eng e ka u thusang ho ithuta ho eketsehileng ka Molimo? Mohlomong u ka ba teng ka mehla libokeng tsa Bokreste. Na u ka lokisetsa esale pele ’me u hle u nke karolo? Ka mohlala, na u ne u tla fumana boitsebiso bo tebileng haholoanyane thutong ena ka ho sheba litemana tsa Mangolo tse bontšitsoeng empa li sa qotsoa? Na u ngotse lentsoe le le leng kapa a mabeli ka thōko ho mōla ho u hopotsa seo temana ka ’ngoe ea tsee e phaellang ka sona serapeng kapa thutong? Na u tloaetse ho akarelletsa bonyane e ’ngoe ea litemana tsee tlhalosong e bontšang kananelo ea hao ea puisano ea Mangolo? Moholo oa phutheho ea ’nileng a ba teng libokeng ka mehla ka lilemo tse ngata o re: “Ke ho fumana ho le thata ho tsepamisa kelello ea ka thutong efe kapa efe eo ke hlileng ke sa e lokisetsang, empa ho thabisa haholo ho latela eo ke ithutileng eona ka ho felletseng.”

11. Ke joang u ka fumanang ho eketsehileng lipuong tse theiloeng Bibeleng, hona ke hobane’ng ha hoo e le habohlokoa hakaale?

11 Ha u mametse lipuo tsa Bibele, na u nka lintlha tse khutšoanyane ho u thusa ho hlahlobisisa kamoo puo e hōlisoang ka teng le ho tsepamisa kelello ea hao ho se buuoang? Na u bapisa seo u se utloang le seo u seng u se tseba e le hore u ka se utloisisa habobebe haholoanyane le ho se hopola hamolemonyana? Jesu o ile a rapela: “Bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.” (Johanne 17:3) Na tsebo e isang bophelong hase eona tsebo e molemo ka ho fetisisa eo u ka e fumanang? Hlokomela seo Bibele e se buang ka sena: “Hobane Jehova ke eena ea fanang ka bohlale; tsebo le kutloisiso li tsoa molomong oa hae. Hobane bohlale bo tla kena pelong ea hao, tsebo e khahlise moea oa hao; masene a u lebele, kutloisiso e u boloke.”—Liproverbia 2:6, 10, 11.

Hōla Kananelong

12. Tse ling tsa lintho tse ikhethang tseo Molimo o re etselitseng tsona ke life?

12 Na kannete re ananela seo Molimo o re etselitseng sona? O bōpile lefatše le letle oa ba oa le lokisetsa hore le be le bophelo. O bōpile batsoali ba rōna ba pele, ka hona oa etsa hore re khone ho tsoaloa. O lokiselitse hore re fumane tšehetso ea malapa le ea phutheho e lerato. (Genese 1:27, 28; Johanne 13:35; Ba-Heberu 10:25) O romile Mora oa oona oa letsibolo lefatšeng ho tla re ruta ho eketsehileng ka Oona le ho fana ka topollo e etsang hore bophelo bo sa feleng bo khone ho ba teng. Na u hlile u ananela limpho tse tsotehang joalo? Na li u susumelletsa ho amohela memo ea oona ea ho ithuta ka oona le ho o sebeletsa?—Mattheu 20:28; Johanne 1:18; Ba-Roma 5:21.

13. Ke hobane’ng ha u ikutloa hore Molimo o thahasella batho ka bomong?

13 ’Mōpi oa bokahohle o thahasella batho. O ile a bitsa Abrahama “motsoalle oa ka,” ’me a re ho Moshe: “Ke u tseba ka lebitso la hao.” (Esaia 41:8, NW; Exoda 33:12) Buka ea Tšenolo e bontša hore Molimo o na le buka ea tšoantšetso kapa ‘buka ea bophelo,’ e nang le mabitso a bahlanka ba oona ba tšepahalang ho tloha “ha e sa le lefatše le theoa.” Na lebitso la hao le tla akarelletsoa moo?—Tšenolo 3:5; 17:8; 2 Timothea 2:19, NW.

14. Ho latela melao-motheo ea Molimo ho ka ntlafatsa bophelo ba hao joang?

14 Melao-motheo ea Molimo ea sebetsa. Ho etsa lintho ka tsela ea oona ho felisa mathata a mangata—boitšoaro bo bobe, ho lemalla lithethefatsi, ho lemalla tahi, likemaro tse sa batleheng, mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, pefo, polao, le lethathamo le lelelele la likhathatso tse ling. Ho latela litsela tsa oona ho tla u thusa hape hore u fumane metsoalle ea sebele le hore u phele bophelo bo thabileng haholoanyane. Na seo ha se tšoaneloe ke boiteko? (1 Ba-Korinthe 6:9-11) Esita le mocha ea seng a ikemiselitse ho etsa lintho ka tsela ea Molimo a ka fumana matla a eketsehileng a ho etsa se nepahetseng. Bibele e re: “Ho ea tšepahalang, [Jehova] ua tšepahala.” E boetse e re tiisetsa hore a ke ke a “tlohela batho ba hae ba tšepahalang” kapa a “lahla batho ba hae.”—Pesaleme ea 18:26, TLP; 37:28, NW; 94:14, NW; Esaia 40:29-31.

Hatela Pele Tšebeletsong ea Molimo

15. Ke keletso efe ea bomolimo eo Salomone a ileng a e fa bacha?

15 Na lipakane tsa hao li thehiloe lefatšeng la khale le timelang kapa ho le lecha le lokileng? Na u mamela Molimo, kapa u mamela batho ba hlalefileng ka tsela ea lefatše ba o hanyetsang? Na boikhathollo, thuto e phahameng, kapa ho phehella mosebetsi oa lefatše o qetang nako li tla pele ho Molimo le tšebeletso ea oona? Morena Salomone ea bohlale o ile a ngola buka eohle ea Bibele ea Moeklesia ho bontša se lokelang ho tla pele bophelong ba rōna. O ile a qetella ka ho re: “U mpe u hopole ’Mōpi oa hao matsatsing a bocha ba hao, ho e-so ho tle litšiu tsa tlokotsi, ho e-so ho fihle le lilemo tseo ka tsona u tla re: Ha ke sa khahlisoa ke tsona; Bofello ba taba tseo kaofela ke jona: Tšaba Molimo, u boloke litaelo tsa oona, hobane, ke eona tšoanelo eohle ea motho.”—Moeklesia 12:1, 13.

16. Bacha ba ka hahamalla litokelo tse eketsehileng joang?

16 Baena bohle ba hōlileng ba Bakreste bao u ba tsebang—baholo, bo-pula-maliboho, le balebeli ba potoloho le ba setereke ba sebaka sa heno—e kile ea e-ba bana. Ke eng e lebisitseng mahlohonolong ao ba a thabelang kajeno? Ba ne ba rata Molimo ’me ba batla ho o sebeletsa. Bocheng ba bona ba bangata ho bona ba ile ba sebelisa monyetla oa nako e eketsehileng eo ba neng ba e-na le eona ho fumana tsebo le phihlelo. Ba ile ba ithuta ’me ba nka karolo libokeng. Ba ile ba kopanela ho ruteng, ’me ba hahamalla litokelo tse eketsehileng—ho bula maliboho, tšebeletso ea Bethele, kapa mosebetsi o mong o putsang. E ne e se ‘bacha ba mohlolo’; empa ba ne ba e-na le lithahasello tse tloaelehileng le lintho tseo ba amehang ka tsona joaloka uena. Leha ho le joalo, ba ile ba ikitlaetsa tumellanong le keletso ena: “Sohle seo le se etsang, le se etse ka lipelo tsohle tsa lōna, joaloka hoja le etsetsa Morena, e seng batho.”—Ba-Kolosse 3:23, TLP; bapisa le Luka 10:27; 2 Timothea 2:15.

17. Ke eng e ka thusang bacha ho etsa tsoelo-pele tšebeletsong ea Molimo?

17 Ho thoe’ng ka uena? Na u hlile u ananela lintho tsa bomolimo? Na u khetha metsoalle har’a ba etelletsang litaba tsa moea pele? Na u khothalletsa ba bang ho kopanela le uena mosebetsing oa Bokreste? Na u ea tšebeletsong ea Bokreste le ba hōlileng, ba nang le phihlelo e eketsehileng e le hore u ithute ho bona, u latsoe thabo ea bona, ’me u khothatsoe ke mesebetsi ea bona e metle? Mosali e mong oa Paki o hopola letsatsi leo, hoo e batlang e le lilemo tse 20 tse fetileng, ha ka lekhetlo la pele motho e mong ea hōlileng a mo mema ka mofuthu hore a tsamaee le eena tšebeletsong ea tšimo. O re ena e ile ea e-ba phetoho e khōlō bophelong ba hae: “Ka lekhetlo la pele ke ile ka ea hobane ke ne ke batla ho ea, eseng feela hobane batsoali ba ka ba nkisa.”

18. Ke lintho life tseo motho a lokelang ho nahana ka tsona pele a itlhahisa bakeng sa kolobetso?

18 Haeba u etsa tsoelo-pele ho etseng lintho ka tsela ea Molimo, mohlomong haufinyane u tla qala ho nahana ka kolobetso. Ke habohlokoa ho hopola hore kolobetso hase moetlo o mong o lokelang ho phethoa hore u fetohe motho e moholo. Ha e bontše hore ua hōla, leha e le hona hore ke ntho eo u lokelang ho e etsa hobane metsoalle ea hao e se e nkile mohato ona. Pele u kōpa ho kolobetsoa, u lokela ho ba le tsebo ea motheo ea ’nete ’me u phele tumellanong le Lentsoe la Molimo. U lokela ho ba le phihlelo e lekaneng ea ho arolelana tsebo eo le ba bang ’me u hlokomele hore ena ke karolo ea bohlokoahali ea borapeli ba ’nete. (Mattheu 24:14; 28:19, 20) Hape u lokela ho tseba hore ka mor’a ho nka mohato ona oa bohlokoa oa Bokreste u tla be u lebelletsoe ho phela tumellanong le melao-motheo ea Bibele e lokileng ea boitšoaro.b Pelong ea hao, u lokela hore u be u se u nehetse bophelo ba hao ho Ntate oa hao oa leholimo ea lerato.—Bapisa le Pesaleme ea 40:8, 9.

19. Motho o lokela ho kolobetsoa neng?

19 Kolobetso ke mohato oo u o nkang ha u se u entse qeto e tiileng ea hore ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng bophelong bohle ba hao, u tla sebeletsa Molimo. Ke pontšo ea phatlalatsa ea hore u entse boinehelo bo felletseng, u sa itšiele letho, le bo sa itšetlehang ka maemo a itseng ho Jehova ka Jesu Kreste ho etsa thato ea Molimo. Moholo e mong oa Mokreste o hopola letsatsi leo, hoo e batlang e le lilemo tse mashome a mahlano tse fetileng, ha a hlokomela: “Ke tlameha ho etsa ho hong ka hona!” Michelle, Paki e nyenyane e ileng ea kolobetsoa Newcastle, Engelane, lilemong tse seng kae tse fetileng, e re: “Ha ke le lilemo li 13, ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho nehelana ka bophelo ba ka le ho kolobetsoa; ha ho letho le leng leo ke neng nka le etsa haese ho sebeletsa Molimo.”

20. (a) Bacha ba likete-kete ba se ba behile mohlala ofe o motle? (b) Mohato oo o lokela ho talingoa joang?

20 Bacha ba likete-kete ba kolobelitsoe morao tjena. Ba ne ba ithutile Lentsoe la Molimo ba bile ba ithutile litsela tsa oona, eaba, ka kolobetso ea metsing, ka thabo ba ikopanya le ba bangata ba hōlileng ho tšoantšetseng phatlalatsa boinehelo ba bona ho Molimo. Baa tseba hore kolobetso hase qetello empa ke qalo feela ea tsela ea bophelo eo kannete e leng ea boinehelo eo ba ikemiselitseng ho e latela tšebeletsong ea Jehova ka ho sa feleng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona sehlooho “Bahlanka ba Bacha Linakong Tsa Bibele” ho leqephe 4.

b Sena ha se bolele hore ha motho a re ‘Ha ke e-s’o kolobetsoe’ hoo ke boikemelo bakeng sa ho etsa ho fosahetseng. Hang ha re tseba seo Molimo o se hlokang, ka ho hlakileng re na le boikarabelo ba ho o utloa.—Jakobo 4:17.

U ne u Tla Arabela Joang?

◻ Ke hobane’ng ha tsebo ea Lentsoe la Molimo e le ea bohlokoa hakaale?

◻ Ke joang u ka fumanang ho eketsehileng libokeng tsa Bokreste?

◻ Ke mahlohonolo afe a tsoang ho Molimo a lokelang ho re susumelletsa ho o utloa?

◻ U ka hatela pele joang tšebeletsong ea Molimo?

◻ Motho o lokela ho kolobetsoa neng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela