Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 11/15 leq. 26
  • Bolokang Tumelo ho Molimo le Kreste

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bolokang Tumelo ho Molimo le Kreste
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ananela Boemo ba Kreste
  • Ananela Molimo le Kreste
  • Buka ea Bibele ea 51—Ba-Kolosse
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Reka Khauta e Hloekisitsoeng ka Mollo
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Mamela Seo Moea o se Buang!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Jehova A ka U Etsa Hore U be Matla
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 11/15 leq. 26

Bolokang Tumelo ho Molimo le Kreste

Lintlha tse Khōlō tse ho Ba-Kolosse

TUMELO ho Jehova Molimo le Jesu Kreste ke ea bohlokoa bakeng sa poloko. Empa ho boloka tumelo e joalo ke phephetso. Ho bile joalo ho Bakreste ba Kolosse, motse o ka bochabela ho Efese Asia Minor. Hobane’ng? Hobane baruti ba bohata moo ka phoso ba ne ba lumela hore poloko e itšetlehile ka lebollo, ka seo motho a se jang, le ka ho bolokoa ha litšebeletso tse itseng.

Ka hona, hoa utloahala hore moapostola Pauluse o ne a amehile ka boiketlo ba moea ba Bakreste ba Kolosse, ’me ruri o ne a batla hore ba boloke tumelo ea bona ho Molimo le Kreste. Kahoo ho ea bofelong ba ho kenngoa teronkong ha moapostola ka lekhetlo la pele Roma (hoo e ka bang ka 60-61 C.E.), o ile a ngolla Bakolosse lengolo le neng le etselitsoe ho loantša maikutlo a fosahetseng le ho haha tumelo ea bona. A re boneng kamoo le rōna re ka ruang molemo ka teng mantsoeng a hae a lerato.

Ananela Boemo ba Kreste

Pejana lengolong la hae, Pauluse o ile a totobatsa kananelo bakeng sa boemo ba Jesu. (1:1–2:12) O ile a babatsa Bakolosse ka tumelo ea bona mabapi le Kreste le lerato la bona ho balumeli-’moho. Pauluse o ile a bua ka bophahamo ba Kreste joaloka Eo lintho tse ling tsohle li bōpiloeng ka eena, Hlooho ea phutheho, le letsibolo la ba tsohileng bafung. Poelano le Molimo e finyelloa ka Kreste, eo ho eena ho patiloeng matlotlo ’ohle a bohlale le tsebo. Ka baka la sena sohle, Bakreste ba lokela ho tsoela pele ba tsamaea bonngoeng le Kreste ’me ba se lumelle mang kapa mang ho ba khelosa ka filosofi ea motho.

Molimo o felisitse Molao ka Kreste. (2:13-23) Ka tšoantšetso o ile oa khokhotheloa thupeng eo Jesu a ileng a shoela ho eona. Litlhokahalo tsa Molao e ne e mpa e le “seriti sa tse tlang ho tla, empa ’mele oa tsona ke Kreste.” Ka ho itšoarella ka matla ho Kreste, ba ne ba ke ke ba lumella motho ofe kapa ofe ho ba amoha moputso oa bophelo ba ho se shoe maholimong.

Ananela Molimo le Kreste

Pauluse o ile a boela a phehella Bakolosse hore ba apare botho bo bocha ’me ba ikokobelletse bolaoli ba Jesu Kreste. (3:1-17) Ka ho hopola lintho tse ka holimo, ba ne ba tla be ba beha lithahasello tsa moea boemong ba pele bophelong. Hona ho ne ho hloka ho lahla boikutlo bo fosahetseng le puo e fosahetseng. Ba ne ba tla hlohonolofatsoa hakaakang haeba ba ne ba ikapesa ka litšoaneleho tse kang kutloelo-bohloko, boinyenyefatso ba kelello le lerato! Khotso ea Kreste e ne e tla laola lipelo tsa bona haeba ba ne ba etsa tsohle ka lebitso la Jesu, ba leboha Molimo ka eena.

Kananelo ho Jehova Molimo le Jesu Kreste e boetse e lokela ho susumetsa likamano tsa Mokreste le ba bang. (3:18–4:18) Basali, banna, bana, makhoba, le benghali ba ne ba lokela ho phethahatsa litšoanelo tsa bona ka tšabo ea Molimo le ho amohela Kreste. ’Me ho hlokahala hakaakang ho tiisetsa thapelong le ho tsamaea ka bohlale!

Lengolo la Pauluse le eang ho Bakolosse le ka re thusa ho qoba lithuto tsa bohata tse ka re amohang moputso oa bophelo. Ho hatella ha moapostola hore ho amoheloe bolaoli ba Jehova le ba Mora oa hae ho ka ba le tšusumetso e ntle litšebelisanong tsa rōna le ba bang. ’Me re tiisetsoa mahlohonolo a enneng haeba re boloka tumelo ea rōna ho Molimo le ho Kreste.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 26]

Lengolo le Eang Laodicea: Pauluse o ile a ngolla Bakolosse hore: “Etlere ha lengolo lena le baliloe ha heno, le bone hore le baloe le kerekeng ea Laodicea; ’me le lōna le bale le tsoang Laodicea.” (Ba-Kolosse 4:16) Laodicea e ne e le motse o ruileng o ka bophirima ho Asia Minor, o hokahantsoeng ke mebila le metse e kang Filadelfia le Efese. Ho ka etsahala hore mosebetsi oa Pauluse ha a le Efese o ile oa fihla le Laodicea, le hoja a sa ka a sebeletsa moo. O ile a romela lengolo ho Bakreste ba Laodicea, le hoja litsebi tse ling li lumela hore ho ne ho kopilitsoe leo a le ngoletseng Baefese. Lengolo le eang Laodicea ha le fumanehe ka Bibeleng, mohlomong hobane le ne le se na boitsebiso boo re bo hlokang kajeno, kapa mohlomong le ne le phetile lintlha tse akarelitsoeng ka ho lekaneng mangolong a mang ao e leng karolo ea Mangolo a Halalelang.

[Setšoantšo]

Lithako tse Laodicea

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela