Bolumeli—Ke Hobane’ng ha ho E-na le Thahasello e Fokolang Hakaale ho Bona?
“MONNA ea se nang bolumeli o tšoana le ntlo e se nang lifensetere.” Ke kamoo monna e mong oa Lejapane a ileng a hlalosa tlhokahalo ea tsebo ea bolumeli ho mora oa hae, Mitsuo. Leha ho le joalo, Mitsuo ha aa ka a nka mantsoe a ntat’ae ka ho teba. Joaloka libakeng tse ling, batho ba ntseng ba eketseha ka palo Japane, ba bonahala ba ikutloa ka tsela e tšoanang. Ba khotsofalletse ho ba ‘matlo a se nang lifensetere’ ka ho ba le thahasello e fokolang ea ho lumella leseli la bolumeli hore le khanye bophelong ba bona.
Kahoo, ha Japane e ne e etsa Tlhahlobo ea Tšobotsi e Khethollang Sechaba, baahi ba eona ba etsang karolo ea 69 lekholong ba ile ba bolela hore ha ba inke e le balumeli. Har’a bacha, tekanyo e ne e bile e phahame haholoanyane. Ka ho tšoanang, naheng ea Thailand eo e kileng ea e-ba e chesehang bolumeling ba Buddha, karolo ea 75 lekholong ea ba phelang libakeng tsa bo-’masepala ha e sa ea litempeleng tsa Buddha. Hoo e ka bang kereke e le ’ngoe ho tse robeli likerekeng tsa Chache Engelane e ile ea koaloa lilemong tse fetileng tse ka holimo ho 30 ka baka la ho se sebelisoe.
Leha ho le joalo, mekhabiso ea bolumeli Japane e sa ntsane e bonahala haholo. Empa joaloka lijana tsa letsopa tse bitsang chelete e ngata, e ntšoa feela liketsahalong tse khethehileng—tse kang mekete ea manyalo le mapato. Bolumeli bo nkoa e le ba bohlokoa haholo ka baka la karolo eo bo e phethang ho bolokeng mokhoa oa bophelo oa sebaka le lefa la lelapa ho feta ho fana ka tsebo ea moea. Ba bangata ba nka bolumeli e le ntho e thobang ba fokolang le ba mathateng; ba hlōleha ho bona melemo leha e le efe e meng ea sebele e ka fumanehang ho bona. Ba bang ba re: ‘Bolumeli bo lokile haeba u e-na le nako ea bona kapa u ikutloa u bo hloka, empa u lokela ho itšepa bakeng sa ho iphelisa le ho lefa melato.’
Ke eng e susumelletsang ho hloka thahasello hona? Ho ka fanoa ka mabaka a mangata. La pele, ho ameha maemo a potolohileng motho sechabeng. Bacha ba bangata ba fumane koetliso e fokolang ea bolumeli kapa ha baa e fumana ho hang. Ka hona, ha ho makatse hore ba bangata har’a ba phelang mokhatlong oa batho o hatellang telekiso ea lintho tse bonahalang ba fetoha batho ba ratang lintho tse bonahalang ha ba hōla.
Linaheng tse ling boitšoaro bo hlabisang lihlong ba baevangeli ba meharo le ba boitšoaro bo bobe ba thelevisheneng le baeta-pele ba bang ba hlahelletseng ba bolumeli le bona ba furallisitse batho bolumeli, joaloka ho kenella ha bolumeli litabeng tsa lipolotiki le mosebetsing oa ntoa. Sena se bontšoa ke se ileng sa etsahala mabapi le bolumeli ba Shinto Japane. Encyclopædia of the Japanese Religions e re: “Ha ntoa [Ntoa ea II ea Lefatše] e fella ka ho hlōloa ka August 1945, libaka tse halalelang tsa Shinto li ile tsa talimana le qaka e tebileng.” Shinto, e ileng ea hlohlelletsa ntoa le ho tšepisa tlhōlo, e ile ea soabisa batho. Filosofi ea hore ha ho na Molimo kapa Buddha e ile ea ata ka potlako.
Leha ho le joalo, na ka sebele re lokela ho khotsofalla lipono tsa boithati tsa nakoana—tsa hona joale? Batho ba bangata ba na le likelello tse batlisisang. Ba ka rata ho tseba moo ba tsoang teng, moo ba eang teng, lebaka leo ba phelang ka lona, le hore na ba lokela ho phela joang. Ba phela hantle ha ba e-na le tšepo. Ho qhelela lipotso tse mabapi le bophelo ka thōko, kapa ho li hatella ka khopolo ea hore “lintho tsena li ke ke tsa tsejoa,” ha ho khotsofatse. Esita le Bertrand Russell ea sa lumeleng ho Molimo o ile a bua ka ho ba le “bohloko bo boholo ba ho batla tsebo—ho batla ntho e ’ngoe eo lefatše le se nang eona.” Bolumeli ba ’nete bo ne bo ka felisa ho batla hoo. Empa joang? Ho na le bopaki bofe ba hore ho na le bolumeli bo lokelang ho nkoa ka ho teba hakaalo?