Boloka Mohato le Koloi ea Jehova ea Leholimo
“U mpe u ba bolelle mantsoe a ka, leha ba ka mamela, leha ho se joalo.”—EZEKIELE 2:7.
1, 2. Ezekiele o ile a bona koloi efe ea borena, ’me o ile a bolelloa eng?
JOALE koloi ea Jehova ea leholimo e eme ka pel’a bahlanka ba hae. Ka mahlo a tumelo, ba bona sepalangoang seo sa borena sa Morena ’Musi oa bona. Sea khanya, sea tšosa, se seholo ka mokhoa o hlollang.
2 Koloi e tšoanang ea borena e ile ea emisoa ka pel’a moprofeta oa Molimo Ezekiele ponong lilemong tse ka bang 2 600 tse fetileng. A le koloing ena e jereng terone—e leng mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo oa leholimo oa libōpuoa tsa moea—Jehova o ile a fa Ezekiele taelo ena e matla: “Ke bana ba thatafalitseng lifahleho, ba satalalitseng lipelo; ke u romela ho bona. E-re ho bona: Morena Jehova oa bua. Leha ba ka mamela, kapa ho seng joalo, etsoe e le ntlo ea bahanyetsi, ba tla tseba hoba moprofeta o teng har’a bona.”—Ezekiele 2:4, 5.
3. Ke mang ea tšoanang le Ezekiele kajeno?
3 Ezekiele o ile a phethahatsa thōmo eo ka tieo, a sebeletsa e le kofuto e le ’ngoe letsohong la Molimo. Ka ho tšoanang, hona joale Molimo o na le kofuto e le ’ngoe ea mokhatlo o hlophisitsoeng o taolong ea oona. Sehlopha sa Ezekiele, masala a tlotsitsoeng, se etelletse pele mosebetsing oa ho fana ka bopaki ba ho qetela, hammoho le “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” bo se tšehelitseng. (Tšenolo 7:9, 10; Johanne 10:16) Ba bōpa “mohlape o le mong,” ’me Jesu Kreste, Molisa ea Molemo, o ba etelletse pele tlas’a bobusi ba Mopalami oa Koloi e moholo, Jehova Molimo.
4, 5. Mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa Molimo o bile teng joang, ’me o latsoitse phihlelo efe tumellanong le Esaia 60:22?
4 Tlas’a tsamaiso ea Jehova, mokhatlo ona o hlophisitsoeng oa lefatše ka bophara o se o hōlile ho tloha qalehong e nyenyane ho fihlela ha o se o fetohile mocha o matla oa ho phatlalatsa taelo ea ho ‘tšaba Molimo le ho isa khanya ho oona, hobane nako ea ho ahlola ha oona e tlile.’ (Tšenolo 14:7) Joalokaha Ezekiele a sa ka a itlhahisa kapa a ikhethela ho ba moprofeta, kahoo mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa Molimo ha oa ka oa iketsa kapa oa ikhetha ka booona. Ha oa hlaha ka thato kapa ka boiteko ba motho. Ke Molimo, Mopalami oa Koloi, o ileng oa etsa hore mokhatlo ona o hlophisitsoeng o be teng. Batho ba Jehova, ba matlafalitsoe ke moea oa Molimo ’me ba tšehelitsoe ke mangeloi a halalelang, ba latsoitse katoloso eo e khōlō ea hore ‘ea nyatsehang o fetohile sechaba se sengata.’—Esaia 60:22.
5 Lipaki tsa Jehova tse ka holimo ho 4 000 000 li phatlalatsa molaetsa oa ’Muso linaheng tse 212. Li arotsoe ka liphutheho tse 63 000 tse hlophisitsoeng ho etsa lipotoloho le litereke. Ofisi e khōlō ea lekala le meaho ea khatiso li sebetsa tlas’a tataiso ea Sehlopha se Busang e le setsi sa ntlo-khōlō ea mokhatlo o hlophisitsoeng. Joalokaha eka ke motho a le mong, bohle ba hatela pele ho boleleng litaba tse molemo, ho ruteng ba arabelang, ho haheng libaka tsa liboka. E, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o bonahalang o bolokile mohato le koloi ea leholimo le Mopalami oa eona.
6. Ho boloka mohato le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o bonahalang ho akarelletsa eng?
6 Haeba u e mong oa Lipaki tsa Jehova, na u boloka mohato le mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa Molimo? Ho etsa joalo hase feela taba ea ho kopanela libokeng tsa Bokreste le ho qeta nako u le tšebeletsong. Taba ea sehlooho ke hore mohato o tsamaisana le khatelo-pele le khōlo ea moea. O akarelletsa ho ba le pono e ntle ea litaba, ho hlophisa lintho tse tlang pele, le ho ipapisa le boitsebiso ba morao-rao. Haeba re bolokile mohato le koloi ea Jehova ea leholimo, bophelo ba rōna bo lumellana le molaetsa oo re o phatlalatsang.
7. Ke hobane’ng ha re lokela ho nahanisisa ka boitšoaro ba Ezekiele joaloka moprofeta oa Molimo?
7 Tabeng ea ho boloka mohato, bahlanka ba Jehova ba kajeno ba ka ithuta ho hongata mohlaleng oa Ezekiele. Le hoja Ezekiele a ne a khethiloe ka ho toba ke Jehova hore e be moprofeta, o ne a ntse a e-na le maikutlo, a e-na le lintho tseo a amehileng ka tsona, a bile a e-na le litlhoko. Ka mohlala, ha e sa ntsane e le monna e mocha ea sa tsoa nyala, o ile a utloa bohloko ba ho shoeloa ke mosali. Leha ho le joalo, le ka mohla ha aa ka a lebala thōmo ea hae joaloka moprofeta oa Jehova. Ka ho nahanisisa kamoo Ezekiele a ileng a itšoara ka teng maemong a mang, re ka imatlafatsa hore re boloke mohato le mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa Molimo. Sena se tla re nolofaletsa ho boloka mohato le mokhatlo oa oona o hlophisitsoeng o sa bonahaleng.
O Amohela Thōmo ’me oa e Phetha
8. Ezekiele o ile a beha mohlala ofe mabapi le thōmo ea hae?
8 Ezekiele o behile mohlala o motle ka ho amohela thōmo ea hae le ho e phetha. Leha ho le joalo, ho e phethahatsa ho ne ho hloka kutlo le sebete, hobane rea bala: “Ha e le uena, mor’a motho, u se ke ua ba tšaba, u se ke ua tšoha mantsoe a bona, leha bona ho uena e le bobatsi le meutloa, ’me u ahile le liphepheng. Se tšohe mantsoe a bona, u se ke ua tepella ka baka la bona, etsoe e le ntlo ea bahanyetsi. U mpe u ba bolelle mantsoe a ka, leha ba ka mamela, leha ho se joalo, etsoe e le bahanyetsi. Ha e le uena, mor’a motho, mamela seo ke u bolellang sona! U se ke ua hana, joale ka ha ho hana ntlo eo.”—Ezekiele 2:6-8.
9. Ezekiele o ne a ka hloka molato oa mali ka ho etsa eng feela?
9 Ezekiele o ne a sa lokela ho ba ea sa tsotelleng kapa ho ba le tšabo, ho ba ea hlokang hore khafetsa a ’ne a susutlelloe ho phetha thōmo ea hae. O ne a tla hloka molato oa mali haeba feela a ne a ka bolela mantsoe a Jehova ka ho rata le ka sebete. Ezekiele o ile a bolelloa: “Empa ha uena u tšositse molotsana, ’me a sa ka a kheloha bokhopo ba hae le tsela ea hae e sa lokang, ha e le eena o tla shoa ka bokhopo ba hae, empa uena etlaba u pholositse moea oa hao.”—Ezekiele 3:19.
10. Sehlopha sa Ezekiele se ipakile se tšoana le moprofeta joang?
10 Joaloka tabeng ea Ezekiele, sehlopha se tlotsitsoeng sa Ezekiele se amohetse thōmo ea sona eo se e nehiloeng ke Molimo ’me sea e phetha. Haeba re Lipaki tsa Jehova, re lokela ho hopola hore bophelo ba rōna le bophelo ba ba bang bo itšetlehile ka kutlo ea rōna. (1 Timothea 4:15, 16) Ho hlokahala hore Paki ka ’ngoe e boloke mohato le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Molimo o ke ke oa re faselletsa koloing ea oona eaba oa re hula. Ho se tsotelle le pelo e sa fellang li nyelisa Mopalami oa Koloi. Kahoo mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o bonahalang o re khothalletsa hore re boloke lithahasello tsa bomolimo e le eona ntho ea sehlooho bophelong ba rōna. Karabelo e tiileng khothatsong e joalo e re thusa ho hata ’moho le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo ’me e phahamisa tšebeletso ea rōna e halalelang hore e se be mokhoa feela, ntho e etsoang ka tloaelo. Ka sebele, batho ba Jehova ka kakaretso ba bonahatsa boinehelo bo tsotehang. Karolo ea rōna ka bomong ke ho boloka mohato.
Ho Kenya Mantsoe a Molimo Pelong
11. Ezekiele o ile a beha mohlala ofe mabapi le mantsoe a Molimo?
11 Ezekiele o ile a boela a beha mohlala o motle ka ho kenya mantsoe a Molimo pelong ea hae. Ho latela taelo eo a ileng a e fuoa, o ile a ja buka eo a e filoeng ke Molimo, kapa moqolo. Ezekiele o ile a re: “Molomong oa ka ea hlabosa joale ka linotši.” Le hoja buka eo e ne e tletse “lipoboli, le koli ea malla, le lifehelo,” ho Ezekiele e ne e hlabosa hobane o ne a ananela tlotla ea ho emela Jehova. E ile ea ba phihlelo e hlabosang ho moprofeta ho phetha kabelo ea hae eo a e filoeng ke Molimo. Molimo o ile oa ’molella: “Mor’a motho, amohela pelong ea hao mantsoe ’ohle a ka ao ke a buang ho uena, u a sekehele litsebe.” (Ezekiele 2:9–3:3, 10) Lipono tseo li ile tsa etsa hore Ezekiele a hlokomele ka ho felletseng seo Molimo o ileng oa mo lumella ho kopanela ho sona ’me li ile tsa matlafatsa kamano ea hae le Jehova.
12. Ezekiele o ile a etsa eng ka nako e fetang lilemo tse mashome a mabeli tsa tšebeletso ea boprofeta?
12 Ezekiele o ile a fuoa lipono le melaetsa bakeng sa merero e fapa-fapaneng le bamameli ba fapa-fapaneng. O ne a lokela ho mamela ka hloko e le hore a tle a bue ’me a etse joalokaha a laetsoe. O ile a senoleloa boitsebiso bo bocha le mekhoa e mecha ka tatellano nakong ea lilemo tse ka bang 22 tsa tšebeletso ea boprofeta. Ka linako tse ling Ezekiele o ne a bolela molaetsa o behiloeng ka mantsoe a khethehileng. Ha ka linako tse ling a ne a sebelisa lipontšo tsa ’mele, joalokaha a ne a robetse pel’a setene se tšoantšetsang Jerusalema. (Ezekiele 4:1-8) Mohlala oa hae litabeng tsa botho, tse kang tsela eo a ileng a itšoara ka eona mabapi le lefu la mosali oa hae, le oona o ile oa fetisa molaetsa. (Ezekiele 24:15-19) O ne a lokela ho ipapisa le linako, a fane ka molaetsa o nepahetseng ka mehla ’me a nke khato e nepahetseng ka nako e nepahetseng. Ezekiele o ne a tlanngoe ke kamano e haufi-ufi le Jehova, ea ho sebetsa ’moho le eena a sa khaotse.
13. Re ka haha kamano e haufi-ufi le Jehova joang?
13 Ka ho tšoanang, e le hore re hahe le ho boloka kamano e haufi-ufi le Jehova re le basebetsi-’moho le eena, re tlameha ho kenya Lentsoe la Molimo lipelong tsa rōna. (1 Ba-Korinthe 3:9) Ho boloka mohato le mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa Molimo tabeng ena ho hloka hore re tsamaisane le ho phalla ha lijo tsa moea joalokaha li fanoa ka nako e loketseng. (Mattheu 24:45-47) “Puo e hloekileng” e ntse e atoloha nako le nako. (Sofonia 3:9, NW) Ke feela ha re ipapisa le boitsebiso ba morao-rao re tla khona hore re hle re arabele ka ho bontša kutlo tataisong ea Mopalami oa Koloi.
14, 15. Ho hlokahala hore re hlaolele mokhoa ofe e le hore re tle re boloke mohato oo mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o tsamaeang ka oona?
14 Ho finyella seo, re hloka mokhoa o motle oa thapelo ea botho, oa thuto ea botho, le oa ho kopanela tšebeletsong e halalelang ea litaba tse molemo. (Ba-Roma 15:16) Hopola mohlala oa Ezekiele ha a e-ja buka e nang le molaetsa oa Molimo. Ezekiele o ile a ja buka eohle, eseng karolo ea eona. Ha aa ka a nka le ho khetha likaroloana tseo e ka ’nang eaba li ne li latsoeha haholo ho eena. Ka ho tšoanang, thuto ea rōna ea botho ea Bibele le likhatiso tsa Bokreste e lokela ho laoloa e le hore e boloke mohato le ho phalla ha lijo tsa moea, ’me re lokela ho ja sohle se behoang tafoleng ea moea, ho kopanyelletsa le linnete tse tebileng.
15 Na ka thapelo re etsa boiteko ba ho utloisisa lijo tse tiileng? Ho boloka mohato ho hloka hore tsebo ea rōna le kutloisiso li tsoele pele ho feta linthong tsa qalo, hobane rea bala: “Hobane e mong le e mong ea fepjoang ka lebese, o sitoa ho ikutloela lentsoe la ho loka; kahobane e sa le ngoana; empa lijo tse tiileng ke tsa banna ba tiileng, e leng bao likelello tsa bona li lemaletseng ho khetha ho hotle le ho hobe, ke ho sebelisoa hona.” (Ba-Heberu 5:13, 14) E, ho etsa khatelo-pele ea moea ke karolo ea bohlokoa ea ho boloka mohato oo mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o tsamaeang ka oona.
Ho se Nyahamisoe ke ho Iphapanya
16, 17. Ezekiele o ile a sebetsana le ho iphapanya, ho songoa le ho se arabele ha batho joang?
16 Ezekiele o ile a boela a beha mohlala o motle ka ho bontša kutlo le ka ho se itumelle hore a nyahamisoe ke ho iphapanya kapa ho songoa. Ka ho tšoanang, ka ho tsamaisana le tsoelo-pele ea puo e hloekileng, re tla tumellanong le tsela eo Mopalami oa Koloi oa morena a tsamaeang ka eona. Ka hona re hlomelloa ho arabela litaelong tsa hae, re matlafaletsoa hore re se nyahamisoe ke ho iphapanya kapa ho songoa ke bao re ba bolellang molaetsa oa Jehova oa kahlolo. Joaloka tabeng ea Ezekiele, Molimo o re lemositse esale pele hore batho ba bang ba ne ba tla hanyetsa ka matla, e be ba hlooho li thata le ba pelo li thata. Ba bang ba ne ba ke ke ba utloa hobane ba sa batle ho mamela Jehova. (Ezekiele 3:7-9) Esita le ba bang e ne e tla ba baikaketsi, joalokaha Ezekiele 33:31, 32 e re: “Ba tla ho uena ba kolokile; batho ba sechaba sa ka ba lula pel’a hao, ba mamela mantsoe a hao, ba mpa ba sa ee ka ’ona; hobane ba bua hantle ka melomo ea bona, empa pelo tsa bona li latetse leruo la bona. Ho bona u ka sebini se khahlehang, se lentsoe le letle, se tsebang ho letsa harepa. Ba mamela mantsoe a hao joalo, empa ha ba ee ka ’ona.”
17 Phello e ne e tla ba efe? Temana ea 33 ea eketsa: “Empa mohla taba e etsahalang—bonang, e se e le eona—ba tla tseba hoba moprofeta o na a le teng har’a bona.” Mantsoe ao a senola hore Ezekiele ha aa ka a nyahama ka lebaka la ho se arabele ha batho. Ho se tsotelle ha bona ha hoa ka ha mo fetola ea sa tsotelleng. O ile a utloa Molimo ’me a phetha thōmo ea hae ho sa tsotellehe hore na batho baa mamela kapa che.
18. Ke lipotso life tseo u ka ’nang ua ipotsa tsona?
18 Hona joale mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o ntse o eketsa mohoo oa hore bohle ba lokela ho tšaba Molimo ’me ba ise khanya ho oona. Na ua mamella ha u songoa ka baka la ho nka khato e sebete ea ho fana ka bopaki ba ’Muso, le ka ho phela bophelo ba boitšoaro bo botle? Na u ema u tiile ha u hlaseloa ke khatello ka baka la ho se amohele mali, ho se rapele litšoantšo tsa bochaba, le ho se keteke matsatsi e lefatše a phomolo?—Mattheu 5:11, 12; 1 Petrose 4:4, 5.
19. Mabapi le tataiso, re tla etsa eng haeba re boloka mohato le koloi ea Jehova ea leholimo?
19 Tsela ena ha e bobebe, empa ba mamellang ho isa qetellong ba tla bolokeha. (Mattheu 24:13) Ka thuso ea Jehova, re ke ke ra lumella batho ba lefatše hore ba re fetole hore re tšoane le bona ’me ka tsela eo ebe re lahleheloa ke mohato oa rōna le koloi ea Jehova ea leholimo. (Ezekiele 2:8; Ba-Roma 12:21) Haeba re boloka mohato le mokhatlo o hlophisitsoeng oa mangeloi o kang koloi, re tla ipapisa ka potlako le tataiso le litaelo tseo re li amohelang ka mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa Molimo. Jehova o fana ka seo re se hlokang bakeng sa hore re talimane le litlhaselo tsa tumelo ea rōna, re ipoloke re khomaretse Lentsoe la bophelo, le ho boloka mahlo a rōna a tsepame linneteng tsa moea tse itšetlehileng ka Mopalami oa Morena oa koloi ea leholimo.
Ho Susumelletsoa ho Boloka Mohato
20. Ezekiele o tlalehile lintho life tse lokelang ho re susumelletsa ho boloka mohato o loketseng?
20 Lipono tsa Ezekiele li lokela ho re susumelletsa ho boloka mohato o loketseng. Ha aa ka a phatlalatsa likahlolo tsa Molimo ho Iseraele feela empa o ile a boela a tlaleha boprofeta ba tsosoloso. Ezekiele o ile a bua ka Ea neng a tla ba le tokelo ea molao ea ho busa teroneng ea Jehova ka nako e khethiloeng. (Ezekiele 21:27) Mohlanka eo oa Morena, “Davida,” o ne a tla bokella batho ba Molimo hape ’me e be molisa oa bona. (Ezekiele 34:23, 24) Le hoja ba ne ba tla futuheloa ke Gogo oa Magogo, Molimo o ne o tla ba lopolla, ’me lira tsa Oona li ne li tla qobelloa ho ‘tseba Jehova’ esita le hona ha li ntse li ripitloa. (Ezekiele 38:8-12; 39:4, 7) Joale bahlanka ba Molimo ba ne ba tla thabela bophelo bo sa feleng tsamaisong ea borapeli bo hloekileng bo akarelletsang tempele ea moea. Metsi a bophelo a tsoang sehalalelong e ne e tla ba mohloli oa phepo le phekolo, ’me ba ne ba tla fuoa lefa la naha e le tlhohonolofatso ea bona.—Ezekiele 40:2; 47:9, 12, 21.
21. Ke hobane’ng ha karolo eo Lipaki tsa Jehova tsa kajeno li e phethang e le khōlō ho feta ea Ezekiele?
21 Ezekiele o tlameha a ile a thaba hakaakang ho tlaleha boprofeta boo! Leha ho le joalo, karolo eo Lipaki tsa Jehova li e phethang kajeno ke e khōloanyane. Re phela nakong ea ha bo bong ba boprofeta boo bo ntse bo phethahala. Ha e le hantle, re kopanela ka mafolo-folo phethahatsong e ’ngoe ea bona. Ka tsela eo re phelang ka eona, na ka bomong re bontša ho kholiseha ha rōna hore hona joale Jesu o busa e le Ea nang le tokelo ea molao? Na ka borōna re kholisehile hore haufinyane Jehova o tla ikhalaletsa ’me a kenye ba bolokang mohato le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng lefatšeng la hae le lecha? (2 Petrose 3:13) Kholiseho e joalo, hammoho le mesebetsi ea tumelo, e bontša hore ka sebele re boloka mohato le koloi ea Jehova ea leholimo.
Tsoela Pele ho Boloka Mohato o Loketseng
22. Re ka etsa eng ho qoba litšitiso e le hore re ka boloka pono e hlakileng ea moea?
22 Ha re se re ‘behile matsoho a rōna mohomeng,’ re tlameha hore re se hetle morao ka tlholohelo nthong leha e le efe eo lefatše le ka fanang ka eona. (Luka 9:62; 17:32; Tite 2:11-13) Kahoo a re laoleng tšekamelo leha e le efe ea ho bokella matlotlo lefatšeng, ’me re boloke mahlo a rōna a le bonolo, a tsepame ’Musong. (Mattheu 6:19-22, 33, NW) Ho nolofatsa bophelo ba rōna, ho itlhohlolla meroalo ea lefatše hohle moo ho khonehang, ho tla re thusa ho boloka mohato le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. (Ba-Heberu 12:1-3) Litšitiso li ka fifatsa pono ea rōna ea koloi ea leholimo le Mopalami oa eona. Empa ka thuso ea hae, re ka boloka pono e hlakileng ea moea, joalokaha Ezekiele a ile a etsa.
23. Ho hlokahala hore Lipaki tse tšepahalang li etse eng molemong oa ba bacha?
23 Karolo ea boikarabelo ba rōna re le Lipaki tsa Jehova e akarelletsa ho thusa ba bangata ba bacha ho boloka mohato le koloi ea Molimo ea leholimo. Ka 1990 ba ka bang 10 000 000 ba bile teng Sehopotsong sa lefu la Jesu Kreste. Le hoja e ka ’na eaba ba bangata ba batho bana ba ba teng libokeng tse ’maloa tsa Bokreste, ho hlokahala hore ba bone bohlokoa ba ho hatela pele le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o bonahalang. Joaloka Lipaki tse tšepahalang, re ka ba thusa ka moea oo re o bontšang le khothatso eo re fanang ka eona.
24. Re lokela ho etsa eng linakong tsee tsa makhaola-khang?
24 Tsena ke linako tsa makhaola-khang. Ka mahlo a tumelo, re bone ha koloi ea leholimo e ema ka pel’a rōna. Mopalami oa Koloi oa morena o file mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o bonahalang thōmo ea ho bolela lichabeng e le hore, qetellong, li tle li tsebe hore na Jehova ke mang. (Ezekiele 39:7) Sebelisa monyetla ona o moholo hamolemo bakeng sa ho kopanela ho tlotliseng bobusi ba Jehova le ho halaletseng lebitso la hae le halalelang ka ho boloka mohato le koloi ea Jehova ea leholimo.
U ne U Tla Arabela Joang?
◻ Ezekiele o behile mohlala ofe mabapi le thōmo ea hae?
◻ Ho boloka mohato le mokhatlo o hlo- phisitsoeng oa Molimo ho bolela eng?
◻ Ezekiele o ile a nka mantsoe a Jehova joang?
◻ Re ka latela mohlala oa Ezekiele oa ho sebetsana le ho iphapanya joang?
◻ Ke eng se lokelang ho susumelletsa bahlanka ba Jehova ho boloka mohato le koloi ea hae ea leholimo?
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Ho hlokahala eng e le hore re tle re boloke mohato le koloi ea Jehova ea leholimo?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ezekiele o ne a ananela litokelo tsa hae tseo a li fuoeng ke Molimo. Na le uena ua li ananela?