Phehella Mosa o Lerato ka Linako Tsohle
“Ea phehellang ho loka le mosa o lerato o tla fumana bophelo, ho loka le khanya.”—LIPROVERBIA 21:21, NW.
1. Ke hobane’ng ha re lokela ho lebella hore ba tataisoang ke moea oa Molimo ba bontše mosa?
JEHOVA o mosa ebile o na le kutloelo-bohloko. Ke “Molimo o mohau le o lereko, o liehang ho halefa le o tletseng mosa o lerato le ’nete.” (Exoda 34:6, 7, NW) Ka hona, ka ho utloahalang tholoana ea moea oa hae o halalelang e akarelletsa lerato le mosa.—Ba-Galata 5:22, 23, NW.
2. Joale ke mehlala efe eo re tla e hlahloba?
2 Ba tataisoang ke moea oa Jehova o halalelang, kapa matla a sebetsang, ba bonahatsa tholoana ea oona ea mosa. Ba bonahatsa mosa o lerato litšebelisanong tsa bona le ba bang. Ha e le hantle, ba latela mohlala oa moapostola Pauluse, ba ipuella e le basebeletsi ba Molimo “ka mosa” le ka litsela tse ling. (2 Ba-Korinthe 6:3-10, NW) Moea oa bona o mosa, o nang le kutloelo-bohloko, o tšoarelang, o lumellana le botho ba Jehova, ea “tletseng mosa o lerato” le eo Lentsoe la hae le nang le mehlala e mengata ea mosa. (Pesaleme ea 86:15, NW; Ba-Efese 4:32, NW) Re ithuta eng ho e meng ea mehlala ee?
Mosa o Etsa Hore re Hloke Boikhabi ’me re Amohele Baeti
3. Abrahama o ile a beha mohlala o motle joang oa ho bontša mosa, ’me Pauluse o fana ka khothatso efe tabeng ee?
3 Mopatriareka Abrahama (Abrame)—‘motsoalle oa Jehova’ le “ntat’a bohle ba lumelang”—o behile mohlala o motle oa ho bontša mosa. (Jakobo 2:23; Ba-Roma 4:11) Eena le lelapa la hae, ho akarelletsa le mochana oa hae Lota, ba ile ba siea motse oa Bakalde oa Ure ’me ba kena Kanana ba laeloa ke Molimo. Le hoja Abrahama a ne a tsofetse ebile e le hlooho ea lelapa, o ne a le mosa a bile a hloka boikhabi ka ho lumella Lota ho khetha libaka tse nang le makhulo a matle ka ho fetisisa, ’me eena a nka tse setseng. (Genese 13:5-18) Mosa o tšoanang o ka re susumelletsa ho itella ho hlahisetsa ba bang molemo. Mosa o joalo o se nang boikhabi o lumellana le keletso ea moapostola Pauluse: “Ho se ke ha e-ba motho ea batlang tse tšoanelang eena a ’notši, empa motho ka mong a ke a batle le tse tšoanelang ba bang.” Pauluse ka boeena o ne a ‘khahlisa batho bohle linthong tsohle, o ne a sa batle se hlahisetsang eena feela molemo empa le se hlahisetsang ba bangata molemo, e le hore ba ka bolokeha.’—1 Ba-Korinthe 10:24, 33.
4. Abrahama le Sara ba ile ba putsoa joang ka ho bontša mosa ka ho amohela baeti?
4 Ka linako tse ling mosa o ka bontšoa ka ho amohela baeti ka mofuthu. Abrahama le mosali oa hae, Sara, ba ile ba ba mosa ’me ba amohela batho ba bang bao ba sa ba tsebeng ba neng ba feta ka tsela. Abrahama o ile a ba phehella hore ba lule ka nakoana, ’me eena le Sara ba ile ba potlakela ho ea phehela baeti bao lijo tse monate. Ho ile ha fumaneha hore batho bana bao ba neng ba sa ba tsebe ke mangeloi a Jehova, ’me le leng la ’ona le ile la fetisa tšepiso ea hore Sara ea tsofetseng eo hape e leng nyopa o ne a tla ba le mora. (Genese 18:1-15) Oo e ile ea ba moputso o mokaakang oa ho amohela baeti ka mosa!
5. Gaiuse o ile a bontša mosa ka tsela efe, hona ke joang re ka etsang se tšoanang?
5 Tsela e ’ngoe eo ka eona Bakreste bohle ba ka bontšang mosa ke ka ho amohela baeti. (Ba-Roma 12:13; 1 Timothea 3:1, 2) Ka ho utloahalang, ka mosa bahlanka ba Jehova ba amohela balebeli ba tsamaeang. Sena se re hopotsa mosa o ileng oa bontšoa ke Mokreste oa lekholong la pele la lilemo Gaiuse. O ile a etsa ‘mosebetsi o tšepahalang’ ka ho amohela baena ba baeti ka mofuthu—’me e ne e bile e le batho “basele” bao a sa ba tsebeng. (3 Johanne 5-8) Hangata, rea tseba hore na ke bo-mang bao re ka ba amohelang ka mosa. Mohlomong rea hlokomela hore khaitseli oa rōna oa moea o nyahame. Mohlomong molekane oa hae ha aa lumela kapa ebile ke motho ea khaotsoeng. Oo ke monyetla o motle hakaakang oa ho ’montša mosa ka ho mo mema hore a tl’o thabela botsoalle ba moea le lijo hammoho le lelapa la rōna nako le nako! Le hoja mohlomong re ke ke ra etsa mokete oa semetletsa, ka sebele lelapa la rōna le tla fumana thabo ea ho bontša mosa ho khaitseli ea joalo. (Bapisa le Liproverbia 15:17.) ’Me ntle ho pelaelo o tla leboha sena ka molomo kapa ka lengolo le lekhutšoanyane le mosa la teboho.
6. Lydia o ile a bontša mosa joang, ’me ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho bontša kananelo bakeng sa liketso tse bontšang mosa?
6 Ka mor’a hore mosali ea inehetseng Lydia a kolobetsoe, o ile “a re rapela, a re: Ha ekaba [Pauluse le ba tsamaeang le eena] le ahlotse hore ke ea lumetseng ruri ho Morena, a le keng le tle ka tlung ea ka, le lule teng. ’Me a re tiisetsa matla [“a re qophella,” BPN],” Luka o ile a phaella joalo. Ntle ho pelaelo, mosa oa Lydia o ile oa ananeloa. (Liketso 16:14, 15, 40) Empa ho hlōleha ho bontša kananelo e ka ba ho sithabetsang. Ka lekhetlo le leng, khaitseli e mong ea lilemo li 80 ea nang le matla a fokolang le chelete e fokolang o ile a sebetsa ka thata hore a phehele baeti ba hae ba seng bakae lijo. Ntho e ileng ea mo nyahamisa le ho feta ke ha mohlankana e mong a sa mo tsebise hore a ke ke a tla. Ka lekhetlo le leng, bo-khaitseli ba babeli ba ile ba hlōleha ho ba teng lijong tseo mosetsana e mong a neng a ba phehetse tsona ka ho khetheha. O re: “Ke ne ke nyahame kaha ha ho lea mong ho bona ea neng a lebetse. . . . Mohlomong ke ne ke tla utloisisa ha ba re ba lebetse ho tla lijong tseo tsa motšehare, empa ha ho khaitseli lea mong ea ileng a ba mosa kapa a bontša lerato ka ho lekaneng hore a ka ntetsetsa.” Na tholoana ea moea o halalelang ea mosa e ka u susumelletsa ho bontša kananelo le ho nahanela ba bang tlas’a maemo a tšoanang?
Mosa o re Etsa Hore re Nahanele ba Bang
7. Boiteko bo etsoang ba ho iphaphatha le seo Jakobo a neng a se batla mabapi le ho patoa ha hae bo hlakisa ntlha efe mabapi le ho bontša mosa?
7 Mosa o lokela ho re etsa hore re nahanele ba bang le ho nahanela litakatso tsa ba bang tse loketseng. Ha re etsa papiso: Jakobo (Iseraele) o ile a kōpa mora oa hae Josefa ho ’montša mosa o lerato ka ho se mo pate Egepeta. Le hoja sena se ne se hloka hore setopo sa Jakobo se isoe sebakeng se hōle, Josefa le bara ba bang ba Jakobo “ba mo isa naheng ea Kanana, ba mo pata lehaheng la tšimo ea Makpela, leo Abrahama a neng a le rekile hammoho le tšimo, hore e be setša sa hae sa mabitla, ho Efrone, mo-Hethe, ka ’nģa Bochabela ho Mamre.” (Genese 47:29; 49:29-31; 50:12, 13) Tumellanong le mohlala oo, na mosa o lerato ha oa lokela ho re susumelletsa ho iphaphatha le litokisetso tsa lepato tse amoheloang ke Mangolo tse batloang ke setho sa lelapa la Bokreste?
8. Mohlala oa Rahaba o re ruta eng mabapi le ho buseletsa mosa o lerato oo re o bontšitsoeng?
8 Ha ba bang ba re bontša mosa o lerato, na ha rea lokela ho bontša kananelo kapa re ba buseletse ho hong ka tsela e itseng? Ka sebele re lokela ho etsa joalo. Rahaba oa seotsoa o ile a bontša mosa ka ho pata lihloela tsa Baiseraele. Ka hona, Baiseraele ba ile ba bontša mosa o lerato ka ho ’moloka le ho boloka ba ntlo ea hae ha ba ne ba ripitla motse oa Jeriko. (Joshua 2:1-21; 6:20-23) Oo ke mohlala o motle hakaakang o bontšang hore re lokela ho buseletsa mosa oo re o bontšitsoeng ka ho nahanela ba bang le ho ba mosa!
9. Ke hobane’ng ha u ka re ho loketse ho kōpa hore motho e mong a re bontše mosa o lerato?
9 Ka baka leo, ke ho loketseng hore re kōpe motho e mong ho re bontša mosa o lerato. Jonathane, mora oa morena oa pele oa Iseraele, Saule, o ile a etsa sena. Jonathane o ile a kōpa motsoalle oa hae e monyenyane ea ratoang Davida hore a ’montše mosa o lerato hammoho le lelapa la hae. (1 Samuele 20:14, 15; 2 Samuele 9:3-7) Davida o ile a hopola sena ha a ne a pheteletsa Bagibeone bao Saule a neng a ba hlokofalitse. Kaha Davida o ile a hopola “kano ea Jehova” pakeng tsa hae le Jonathane, o ile a bontša mosa o lerato ka ho pholosa bophelo ba mora oa Jonathane, Mefiboshethe. (2 Samuele 21:7, 8) Na le rōna ka ho tšoanang re etsa hore ‘E ea rōna e be E’? (Jakobo 5:12) ’Me haeba re baholo ka phuthehong, na le rōna re bontša kutloelo-bohloko ka ho tšoanang ha ho hlokahala hore balumeli-’moho ba bontšoe mosa o lerato?
Mosa o Matlafatsa Likamano
10. Mosa oo Ruthe a ileng a o bontša o ile oa hlohonolofatsoa joang?
10 Mosa o lerato o matlafatsa likamano tsa lelapa ’me o eketsa thabo. Sena se ile sa bonahala tabeng ea Momoabe oa mosali Ruthe. O ile a sebetsa ka thata a khoahlapisa tšimong ea Boaze ea tsofetseng e haufi le Bethlehema, o ne a itlhokomela ka lijo ’me a hlokomela le ’m’ae matsale, Naomi, eo e neng e le mohlolohali a bile a hloka. (Ruthe 2:14-18) Hamorao Boaze o ile a bolella Ruthe: “U bontšitse mosa oa hao o lerato hamolemonyana lekhetlong la ho qetela ho feta lekhetlong la pele, ka ho se latele bahlankana ebang ba futsanehile kapa ke barui.” (Ruthe 3:10, NW) Ntlha ea pele, Ruthe o ile a bontša mosa o lerato ho Naomi. “Lekhetlong la ho qetela,” Momoabe enoa oa mosali o ile a bontša mosa o lerato ka ho ikemisetsa ho nyaloa ke Boaze ea tsofetseng e le hore a ka tsoalla monna oa hae ea shoeleng bana le bakeng sa Naomi ea tsofetseng. Ka Boaze, Ruthe o ile a tsoala ntate-moholo oa Davida, Obede. ’Me Molimo o ile oa mo fa “moputso o phethehileng” oa ho ba nkhono oa Jesu Kreste. (Ruthe 2:12; 4:13-17; Mattheu 1:3-6, 16; Luka 3:23, 31-33) Mosa o lerato oa Ruthe o ile oa mo tsoela molemo oa ba oa tsoela lelapa la hae molemo hakaakang! Kajeno, ho ba le mahlohonolo, thabo, ’me likamano tsa lelapa lia matlafala ha ho e-na le mosa o lerato ka malapeng a ba tšabang Molimo.
11. Mosa oo Filemone a ileng a o bontša o ile oa ba le phello efe?
11 Mosa o matlafatsa likamano ka liphuthehong tsa batho ba Jehova. Monna oa Mokreste Filemone o ne a tsebahala ka ho bontša mosa o lerato ho balumeli-’moho. Pauluse o ile a ’molella: “Ke leboha Molimo oa ka ka mehla, ha ke ntse ke u hopola merapelong ea ka, kamoo ke utloang tumelo ea hao ho Morena Jesu, le lerato la hao ho bahalaleli bohle. . . . Efela, re na le thabo le tšeliso e kholo leratong la hao, kahobane lipelo tsa bahalaleli li khatholotsoe ke uena, ngoan’eso.” (Filemone 4-7) Mangolo ha a bolele hore na Filemone o ile a khatholla lipelo tsa bahalaleli joang. Leha ho le joalo, e tlameha e be o ile a bontša mosa o lerato ho batlotsuoa hammoho le eena ka litsela tse sa tšoaneng tse ileng tsa ipaka li khatholla ho bona, ’me ntle ho pelaelo sena se ile sa matlafatsa likamano tse pakeng tsa bona. Kajeno ho etsahala lintho tse tšoanang ha Bakreste ba bontša mosa o lerato.
12. Mosa oo Onesifore a ileng a o bontša o ile oa ba le phello efe?
12 Mosa oa Onesifore le oona o ile oa ba le phello e molemo. Pauluse o ile a re: “Morena a ke a hauhele ntlo ea Onesifore; hobane o ntšelisitse hangata, ’me ha a ka a ntlhabeloa ke lihlong ka baka la mahlaahlela a ka; empa mohla a fihlang Roma, o mpatlile ka mafolo-folo, a ba a mphumana. Morena a mo fumanise mohau pel’a Morena [“Jehova,” NW], ka tsatsi lela. Tsohle tseo a ntšebelelitseng Efese ka tsona, li tsejoa ka ho fetisisa ke uena.” (2 Timothea 1:16-18) Haeba re ikitlaetsa hore re bontše mosa o lerato ho balumeli-’moho le rōna, re tla thaba ’me re tla matlafatsa likamano tsa lerato le mofuthu la boena ka har’a phutheho ea Bokreste.
13, 14. Phutheho e Filippi e ile ea beha mohlala o motle joang, hona Pauluse o ile a arabela joang moseng oa eona?
13 Ha phutheho eohle e bontša mosa o lerato ho barapeli-’moho, sena se matlafatsa likamano ka har’a eona. Ho ne ho e-na le likamano tse joalo tse haufi-ufi pakeng tsa Pauluse le phutheho e motseng oa Filippi. Ha e le hantle, lebaka le leng leo a ileng a ngola lengolo le eang ho Bafilippi ka lona e ne e le ho bontša teboho ea mosa oa bona le thuso ea lintho tse bonahalang. O ngotse: “Ha ke tsoa Macedonia, ha ke qala ho le bolella Evangeli, ha hoa ka ha e-ba kereke e ’neileng letho le ka bitsoang mpho, leha e le kamohelo, ha e se lōna le ’notši. Esitile leha ke le Thessalonika, le nthometse hang le habeli seo ke neng ke se hloka. . . . Ke fela ke amohetse tsohle, ’me ke atetsoe haholo; ho tletse ho ’na, ka ho nka ho Epafrodite tse tsoang ho lōna, tseo e leng monkho o monate le sehlabelo se amohetsoeng ke Molimo, se o khahlisang.”—Ba-Filippi 4:15-18.
14 Ha ho makatse hore ebe Pauluse o ile a rapella Bafilippi bao ba mosa! O itse: “Ke leboha Molimo oa ka ka mehla eohle ha ke le hopola; ke ntse ke le rapella bohle ka mehla, ka thabo, merapelong eohle eo ke e etsang, kahobane le fela le khomaretse Evangeli, ha e sa le mohla le qalang ho e utloa, ho fihlela joale.” (Ba-Filippi 1:3-5) Ho tšehetsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso ka pelo e mosa le ka seatla se bulehileng joalo le ka mohla ho ke ke ha etsa hore phutheho e futsanehe. Ka mor’a hore ka mosa Bafilippi ba etse sohle seo ba neng ba ka se khona tabeng ena, Pauluse o ile a ba kholisa: “’Me Molimo oa ka o tla le tlatsetsa ka tsohle tseo le li hlokang, ka monono oa oona, khanyeng, ka Jesu Kreste.” (Ba-Filippi 4:19) E, Molimo o buseletsa mosa le ho fana ka seatla se bulehileng. Lentsoe la oona le re: ‘E mong le e mong o tla nehoa ke Jehova ka tekano ea botle boo a bo entseng.’—Ba-Efese 6:8.
Ha Basali ba Bontša Mosa
15, 16. (a) Mosa oa Dorkase o ile oa hopoloa joang, hona ho ile ha etsahala eng ha a e-shoa? (b) Ke joang basali ba Bakreste ba lipelo tse mosa ba tletseng ka liketso tse ntle kajeno?
15 Mosa o lerato oa morutuoa Dorkase (Tabitha) oa Joppo o ile oa putsoa. “O na a tletse mesebetsi e metle le lithuso tseo a neng a li etsa,” ’me eitse ha ‘a kula ’me a e-shoa,’ barutuoa ba ile ba re ho latoe Petrose Lydda. Ha a fihla, “ba mo isa phaposing e kaholimo; basali ba bahlolohali kaofela ba itlhahisa pel’a hae, ba ntse ba lla, ba ’montša mese le liaparo tseo Dorkase a neng a ba etsetsa tsona, ha a sa na le bona.” Ak’u etse setšoantšo sena ka kelellong: Bahlolohali ba saretsoeng, ba llang ba ile ba bolella moapostola kamoo Dorkase a neng a bile mosa ka teng ’me ba ’montša liaparo tseo e leng bopaki ba lerato la hae le mosa. Ka mor’a ho bolella bohle hore ba tsoele ka ntle, Petrose o ile a khumama ’me a rapela eaba o retelehela ho setopo. Mamela! O ile a re: “Tabitha, tsoha!” ’Me bona! “O tutubolla mahlo, ’me ha a bona Petrose, a lula. Petrose a mo tšoara ka letsoho, a mo emisa, ’me eitse hobane a bitse bahalaleli le bahlolohali, a ba nea eena a boetse a phela.” (Liketso 9:36-41) Eo e ne e le tlhohonolofatso e kaakang e tsoang ho Molimo!
16 Ena ke tsoho ea pele e tlalehiloeng e entsoeng ke moapostola oa Jesu Kreste. ’Me maemo a lebisitseng mohlolong ona o tsotehang a ne a susumetsoa ke mosa. Ke mang ea ka bolelang hore Dorkase a ka be a tsositsoe hoja e se hore o ne a tletse ka liketso tse ntle le limpho tsa mohau—hoja e se hore o ne a tletse mosa o lerato? Hase feela hore Dorkase le bahlolohali bao ba ile ba hlohonolofatsoa empa mohlolo oa tsoho ea hae o ile oa fana ka bopaki bo ileng ba tlotlisa Molimo. E, “hoo ha tsejoa ke ba motse oa Joppo kaofela, ’me ha lumeloa ho Morena ke ba bangata.” (Liketso 9:42) Kajeno, basali ba Bakreste ba lipelo li mosa le bona ba tletse ka liketso tse ntle—mohlomong ba rōkela balumeli-’moho liaparo, ba phehela ba hōlileng ba leng har’a rōna lijo, ba bontša moea oa ho amohela baeti ho ba bang. (1 Timothea 5:9, 10) See ke bopaki bo boholo hakaakang ho batho ba shebelletseng! Ka holim’a tsohle, re thaba hakaakang hore e be boinehelo ba bomolimo le mosa o lerato li susumetsa ‘lebotho lee le leholo la basali ho bolela litaba tse molemo’ tse tlotlisang Molimo oa rōna, Jehova!—Pesaleme ea 68:11, NW.
U ’ne U Phehelle Mosa o Lerato
17. Ke eng se boleloang ho Liproverbia 21:21, (NW) ’me mantsoe ao a sebetsa joang ho batho ba tšabang Molimo?
17 Bohle ba lakatsang ho amoheloa ke Molimo ba tlameha ho phehella mosa o lerato. Maele a bohlale a re: “Ea phehellang ho loka le mosa o lerato o tla fumana bophelo, ho loka le khanya.” (Liproverbia 21:21, NW) Motho ea tšabang Molimo o phehella ho loka ha Molimo ka matla, ka mehla o tataisoa ke litekanyetso tsa Molimo. (Mattheu 6:33) Ha a khaotse ho bonahatsa lerato le tšepahalang, kapa mosa o lerato, ho ba bang ka litsela tsa lintho tse bonahalang, haholo-holo ka litsela tsa moea. Ka hona, o fumana ho loka, hobane moea oa Jehova o mo thusa ho phela ka tsela e lokileng. Ha e le hantle, o ‘ikapesitse ka ho loka’ joaloka monna ea tšabang Molimo Jobo. (Jobo 29:14) Motho ea joalo ha a ipatlele khanya. (Liproverbia 25:27) Ho fapana le hoo, o fumana khanya efe kapa efe eo Jehova a mo lumellang hore a e fumane, mohlomong e le tlhompho e tsoang ho batho ba bang ba susumetsoang ke Molimo hore ba sebelisane le eena ka mosa ka baka la mosa oa hae o lerato oo a ba bontšang oona. Ho feta moo, ba etsang thato ea Molimo ka botšepehi ba tla fumana bophelo—eseng feela ka lilemo tse seng kae tse fetang kapele empa ba tla fumana bophelo bo sa feleng.
18. Ke hobane’ng ha re lokela ho phehella mosa o lerato?
18 Ka hona, bohle ba ratang Jehova Molimo a ba ke ba tsoele pele ho phehella mosa o lerato. Tšoaneleho ena e etsa hore re ratoe ke Molimo le batho ba bang. E hōlisa moea oa ho amohela baeti ’me e etsa hore re nahanele ba bang. Mosa o matlafatsa likamano ka har’a lelapa le ka phuthehong ea Bokreste. Basali ba bontšang mosa o lerato baa ananeloa ebile ba hlomphuoa haholo. ’Me bohle ba phehellang tšoaneleho ena e babatsehang ba tlotlisa Molimo oa mosa o lerato, Jehova.
U ne U Tla Arabela Joang?
◻ Abrahama o ile a beha mohlala o motle joang ka ho bontša mosa?
◻ Mohlala oa Rahaba o re ruta eng ka ho buseletsa mosa?
◻ Phutheho e Filippi e ile ea bontša mosa joang?
◻ Ke joang basali ba Bakreste ba lipelo tse mosa ba tletseng liketso tse ntle kajeno?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho phehella mosa o lerato?