Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 8/15 maq. 4-7
  • Bophelo bo Botle le Thabo—U ka li Fumana Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bophelo bo Botle le Thabo—U ka li Fumana Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bophelo bo Botle le Thabo—Ka Bokhutšoaane
  • ’Muso, Kapa Puso, ea Molimo
  • Na re ka Thabela Bophelo bo Botle le Thabo Hona Joale?
  • Bophelo ba Hao bo Botle, Thabo ea Hao
  • Bophelo bo Botle le Thabo—Na U ka li Fumana?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Kamoo re ka Fumanang Thabo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Ho Batla Thabo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Ke Hokae Moo ho ka Fumanoang Thabo ea Sebele?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 8/15 maq. 4-7

Bophelo bo Botle le Thabo—U ka li Fumana Joang?

KE KHALE motho a hlokometse kamano e haufi e teng pakeng tsa bophelo bo botle le thabo. Hippocrates, eo ho nahanoang hore ke “moqapi oa phekolo ea meriana,” o ile a re: “Motho ea bohlale o lokela ho hlokomela hore bophelo bo botle ke tlhohonolofatso e khōlōhali ea motho.” Rafilosofi oa Lejeremane Arthur Schopenhauer o ile a hlokomela: “Lira tse peli tsa thabo ea motho ke bohloko le bolutu.”

Bukeng Anatomy of an Illness as Perceived by the Patient, Norman Cousins o ile a pheta phihlelo ea hae ea ho sebelisa litšeho ho loantša lefu la hae le neng le ka ’na la ’molaea. O ile a re ho hlaphoheloa ha hae bonyane ho tlisitsoe ke litšeho tse tsoang botebong ba pelo tseo a ileng a li thabela ha a ne a shebelletse lifilimi tse qabolang. Lingaka tse hlomphehang li qalile ho batlisisa molemo o ka ’nang oa hlahisoa ke lik’hemik’hale tse itseng tse bitsoang endorphins, tse ntšoang ke ’mele ha re tšeha. Ka hona re ka hlokomela bohlale ba maele a bululetsoeng: “Pelo e thabileng ke sehlare se matlafatsang.”—Liproverbia 17:22.

Leha ho le joalo, ka ho makatsang, babatlisisi ba fumane hore bophelo bo botle hase ka mehla bo bolelang thabo, hobane batho ba bangata ba phetseng hantle ha baa thaba. Patlisiso e thehiloeng lipotsong le lipuisanong tsa batho ba ka holimo ho 100 000 e ile ea etsa hore Jonathan Freedman a fihlele qeto e sa lebelloang ea hore batho ba etsang karolo e ka holimo ho 50 lekholong bao bophelo ba bona bo neng bo sa ba thabise haholo-holo e ne e le ba phelang hantle.

Bophelo bo Botle le Thabo—Ka Bokhutšoaane

Joale, ke kae moo re ka talimang teng bakeng sa kopano eo ho leng thata ho e fumana ea bophelo bo botle le thabo? Confucius o ile a fana ka temoho e thahasellisang makholong a lilemo a fetileng: “Puso e ntle e tšoarella ha ba leng haufi le eona ba thabisoa, ’me ba leng hōle ba hoheloa.” Ha re tla mehleng ea rōna, Thomas Jefferson ea ithutetseng litaba tsa puso o ile a bolela hore sepheo feela sa puso ke “ho tiisa hore ho ba le tekanyo e khōlōhali ea thabo e ka fumanehang bakeng sa batho bohle ba tlas’a eona.”

Ha e le hantle, patlisiso e hlokolosi e bontša hore ka sebele karabo feela bakeng sa lenyora la moloko oa batho la ho fumana bophelo bo botle le thabo e itšetlehile ka ntho e le ’ngoe—puso.

Ka lilemo-lemo, batho ba ’nile ba talima moo—pusong—bakeng sa ho fumana thabo. Ka mohlala, Phatlalatso ea Boipuso ea United States e na le mantsoe ana a tsebahalang: “Re nka linnete tsena e le tsa sebele, hore batho bohle ba bōpiloe ba lekana, hore ’Mōpi oa bona o ba file Litokelo tse itseng tseo ba ke keng ba li amohuoa, le hore tse ling tsa litokelo tsena ke Bophelo, Bolokolohi le ho phehella Thabo.” Hlokomela hore puso eo bangoli ba Phatlalatso eo ba neng ba nahanne ka eona e ile ea tšepisa bafo ba eona tokelo ea ho phehella thabo feela. Ha e le tabeng ea bophelo bo botle, ka ho babatsehang mebuso e mengata e ’nile ea phahamisa mananeo a etselitsoeng ho ntlafatsa bophelo bo botle ba bafo ba eona. Ho ntse ho le joalo, bophelo bo botle ka kakaretso bakeng sa batho ba bangata bo ipakile e le bo ke keng ba ba teng.

Leha ho le joalo, boemo ke bofe mabapi le puso e tšepisang ho fana ka ho eketsehileng? Ho thoe’ng haeba e sa tšepise ho phehella thabo feela empa e tšepisa thabo ka boeona? ’Me ho thoe’ng haeba e sa tšepise tšireletso ea bophelo bo botle feela, empa e tšepisa bophelo bo botle ka bobona? Na u ke ke ua thabela hore pusong ena ho na le senotlolo sa ho felisa lenyora la moloko oa batho bakeng sa bophelo bo botle le thabo?

Kajeno ba bangata ba ka ’na ba nahana hore hona ke toro e se nang motheo, leha ho le joalo, puso e joalo e hlile e boletsoe esale pele ’me e hlalositsoe ka ho qaqileng. Re ka fumana boitsebiso bo tšepahalang Bibeleng e Halalelang, ’me puso eo ke ’Muso oa Molimo oa Messia.

’Muso, Kapa Puso, ea Molimo

Hangata Bibele e bua ka “’muso oa Molimo.” Empa ’muso ona ke eng? Webster’s New World Dictionary of the American Language e hlalosa “’muso” e le “puso kapa naha e etelletsoeng pele ke morena kapa mofumahali.” Ka mantsoe a bonolo, ’Muso oa Molimo ke puso, puso ea borena e etelletsoeng pele ke Mora ea tlotsitsoeng oa Molimo le Morena, Jesu Kreste. Ha e le hantle ’Muso ona o bohlokoa hakae morerong oa Molimo? E re mantsoe a Jesu a arabele: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo . . . Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle . . . E ka khona ke bolelle le metse e meng Evangeli ea ’muso oa Molimo; hobane ke rometsoe hona. . . . ’Muso oa Molimo oa boleloa, ’me e mong le e mong o o kena ka matla.”—Mattheu 6:33; 24:14; Luka 4:43; 16:16.

Lentsoe “’muso” le sebelisitsoe ka makhetlo a ka holimo ho lekholo litlalehong tsa Kosepele tsa bophelo ba Jesu, ka linako tse ling ka ho khetheha le amahanngoa le bophelo bo botle le thabo. Hlokomela Mattheu 9:35: “Jesu a tsamaea, a chalakela metse eohle le metsana, a ruta masynagogeng a teng, a bolela Evangeli ea ’muso, a folisa maloetse ’ohle le mefokolo eohle.” Le hoja Jesu a ile a hokahanya ho tlisa bophelo bo botle le thuto ea hae ka ’Muso, re lokela ho hlokomela hore ho folisa ha hae maloetse e ne e le ho ka tlaasana ho boboleli le ho ruta ha hae. O ne a tsejoa e le “Moruti,” eseng “Mofolisi.” (Mattheu 26:18; Mareka 14:14; Johanne 1:38) O ne a sa ameha haholo-holo ka ho folisa batho kapa ka ho fana ka tlhokomelo ho ba kulang. Ka mehla kameho ea hae ea sehlooho e ne e le ’Muso. Ka ho ameha ka maloetse a batho, o ile a bontša kutloelo-bohloko ea hae e khōlō ’me a bonahatsa hore o ne a tšehelitsoe ke Molimo.

Lipholiso tse entsoeng ke Jesu li ile tsa boela tsa sebeletsa e le selelekela sa tsosoloso ea bophelo bo botle ba batho eo a tla e finyella ha ’Muso oa Molimo o nka taolo e felletseng holim’a lefatše. Tsosoloso ena ea bophelo bo botle ba batho e tiisoa ke pono e hlalosoang ho Tšenolo 22:1, 2: “Lengeloi la mpontša hape nōka e ntle ea metsi a bophelo, a hloekileng joale ka kristale, e tsoang teroneng ea Molimo le Konyana. Mahareng a lepatlelo la motse le mabopong a nōka, ka mose o mong le o mong, ho na le sefate sa bophelo se beang litholoana haleshome le metso e ’meli, ’me se bea litholoana ka likhoeli tsohle; mahlaku a sefate seo ke a ho folisa balichaba.”

Empa ke hokae moo re tla khona ho thabela see? Ho lebella hore pholiso e joalo e hlollang e ka etsahala lefatšeng ho ka ’na ha bonahala ho le hotle haholo hoo ho ka bang thata ho ho lumela. Leha ho le joalo, hopola mantsoe a Jesu ao e ka ’nang eaba uena ka bouena u kile ua a bua thapelong: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.”—Mattheu 6:10.

’Musong oa Molimo oa Messia, ke moo re tla fumana tšepo ea rōna ea sebele, e tšepahalang, ea bophelo bo botle le thabo nakong e tlang. Leha ho le joalo, potso ea sala.

Na re ka Thabela Bophelo bo Botle le Thabo Hona Joale?

Esita le hona joale, ho latela ha rōna melao-motheo ea Bibele ho ka ’na ha re nolofalletsa ho thabela tekanyo e khōloanyane ea bophelo bo botle, hammoho le thabo e eketsehileng. Joalokaha ho ’nile ha bontšoa hangata maqepheng a khatiso ena, hangata ba sebelisang Bibele bophelong ba bona ba letsatsi le letsatsi ba sireletsoa mathateng a bophelo bo botle a bakoang ke boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali, ho tsuba, ho noa ho tlōlisa, le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi. Ba boetse ba latsoa phihlelo ea melemo e tlisoang ke bophelo bo se nang likhathatso le likamano tse ntlafetseng le beng ka bona le ba bang.

Leha ho le joalo, re se re bone hore ho ba le bophelo bo botle hase ka mehla ho fellang ka thabo e sa feleng. Ho hlokahala hore u etse’ng hore u thabele thabo ka tekanyo e khōloanyane?

Phuputsong e bontšitsoeng pejana, Jonathan Freedman o ile a tšohla potso eo ka ho teba. O ile a sheba litšusumetso tse kang “Lerato le Likamano tsa Botona le Botšehali,” “Bocha le Lilemo,” “Moputso oa Motho le Thuto,” esita le “Toropo le Naha.” U ka ’na ua thahasella ho tseba hore o ile a fumana hore litšusumetso tsena li ne li e-na le phello e fokolang haholo thabong ea motho. Ka mohlala, ha a bua ka maemo ao ho ’ona batho ba neng ba e-na le lintho tse bonahalang empa ba ntse ba sa thaba, o ile a fihlela qeto: “Re bone hore, ka ho makatsang, moputso oa motho kapa thuto ho bonahala e sa phethe karolo ea bohlokoa ho fumaneng thabo ha motho.”

Liqeto tsa hae li ne li tšoana le tsa mongoli ea bohlale oa Bibele, moapostola Pauluse ea ileng a re: “Ke ithutile, hore boemong leha e le bofe boo ke bang ho bona, ke khotsofale.” (Ba-Filippi 4:11, King James Version) Hopola hape mantsoe a Jesu: “Iponeleng, le ipoloke bakeng sa takatso ea leruo; hobane bophelo ba motho bo ke ke ba tsoa bongateng ba lintho tseo a li ruileng, leha li mo atetse haholo.”—Luka 12:15.

Ka sebele, Moprofesa Freedman o ile a fumana sena: “Nako le nako, ha re shebisisa se buuoang ke batho ba sa thabang bao ho bonahalang ba e-na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe, re fumana ba hlalosa hore bophelo ba bona bo hloka morero le tataiso.” O ile a eketsa: “Ke leqe ho hatisa sena haholo, empa ho bonahala eka lintho tsa bohlokoa tsa moea li susumetsa maikutlo a motho hamolemo ka lintho tsa sebele, ha ho haelloa ke tsona ka tekanyo e itseng ho senya ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”

Mehleng ea rōna re bona bopaki ba ’nete ea litlhahlobo tsena. Ak’u shebe se u potolohileng. Na ha u bone hore hoo e batlang e le batho bohle—ba bang ba nang le lintho tse fokolang tse bonahalang, ba bang ba nang le tse ngata—ba lelekisa thabo empa ha ba e fumane? Ke ’nete, ba bang ba se ba tetse ’me ba phela ka ho nyahama, leha ho le joalo ba bangata ba phela bophelo ba bona joalokaha eka ba hamela letanteng, ba lelekisa ntho e itseng, empa ha ho mohla ba e tšoarang. Ba bang baa nyala e le hore ba ka fumana thabo, esita le hoja moahisani oa bona a kenya tlhalo ka lebaka le tšoanang. Ba bang ba sebelisa matla ’ohle a bona a ’mele kapa a maikutlo mosebetsing, ha ba bang ba ntse ba tlohela mesebetsi ea bona ho ea maetong a phomolo a malelele mohlomong e le a jang chelete e ngata. Bohle ba batla phello eo ho bonahalang ho le thata ho e fumana, ho fumana bophelo bo botle le ho thaba. Na baa li fumana? Na u li fumane?

Bophelo ba Hao bo Botle, Thabo ea Hao

’Nete ke hore, hona joale u ka ba le tekanyo e khōlō ea bophelo bo botle le thabo. Joang?

Ka sebele ho bohlale ho leka ho hlokomela bophelo ba hao bo botle ka tsela e leka-lekaneng, joaloka ho sebelisa keletso e sebetsang ea Bibele. Ho tla boela ho u thuse hore u be ea nkang lintho kamoo li leng ka teng. Sena se akarelletsa ho hlokomela hore ho kula ho ka ’na ha ba teng ’meleng ea rōna e sa phethahalang, empa ho ke ke ha re sithabetsa ha ho hlaha. Sena se ka ’na sa hloka boiteko bo eketsehileng ba ho boloka pono e nang le tšepo ha re ntse re tsepamisitse mahlo tšepisong ea bophelo bo phethahetseng lefatšeng le lecha le tlang.

E le hore u ka bona haeba hona joale u na le tekanyo e khotsofatsang ea thabo, ipotse lipotso tsena: 1. Na ke laola bophelo ba ka ka ho loketseng? 2. Na ke na le khotso ka bonna le ho ba le khotso le ba mpotileng? 3. Na ka kakaretso ke thabela seo ke se finyellang bophelong ha se leka-lekanngoa leseling la Bibele? 4. Na ’na le lelapa la ka re thabela ho khona ho sebeletsa Molimo?

Ho isa tekanyong e khōlō, khetho ke ea rōna. E ka ’na eaba ba bangata ba rōna re phela hantle, ’me re na le tokelo ea ho thaba. Empa re lokela ho ba le lipakane tsa moea ’me re sebeletse ho li finyella. Hopola mantsoe a Jesu: “Moo letlotlo la hao le leng teng, ke moo le pelo ea hao e tla ba teng.” (Mattheu 6:21) ’Me re na le lebaka le thehiloeng Bibeleng la ho lebella bophelo bo botle haholoanyane le thabo tlas’a puso e phethahetseng ea ’Muso oa Messia. Joale re ka fumana bophelo bo botle bo felletseng le thabo nakong ea puso eo ea ’Muso.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Batho ba thabileng ba thabela ho abelana le ba bang tšepo ea bona ea bophelo bo botle bo phethahetseng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela