‘Ho Jala ka Meokho le ho Kotula ka Mehoo ea Thabo’
Joalokaha ho boletse Miyo Idei
“Kea shoa! Kea shoa! Nthuseng!” Ntate o ne a leka ka matla hore a hoeletse. Lentsoe la hae le ne le utloahala haholo ha ke ne ke tloha lapeng ka lebelo. E ne e le bosiu bo boholo, ’me ntate o ne a hlasetsoe ke lefu la pelo. Ke ile ka mathela ho rangoane, ea neng a lula haufinyane, empa ha re khutla, pelo ea Ntate e ne e se e eme.
SEO se ile sa etsahala ka December 14, 1918. Ha ke le lilemo li 13, ke ne ke setse ke se na batsoali. ’Mè o ne a ile a shoa ha ke le lilemo li supileng. Ka baka la ho lahleheloa ke batsoali ka bobeli lilemong tse qalang tsa bophelo ba ka, ke ile ka qala ho ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha batho ba shoa? Ho etsahala’ng ka mor’a lefu?’
Ka mor’a hore ke qete sekolong sa botichere, ke ile ka ba tichere Tokyo ’me ka ruta Sekolong se Tlaase sa Shinagawa. Hamorao, motsoalle o ile a ntsebisa mohlankana ea bitsoang Motohiro, eo ke ileng ka nyalana le eena ha ke le lilemo li 22. Lilemong tse 64 tse fetileng, re ile ra kopanela le eena liphihlelong tse monate le tse bohloko tsa bophelo. Kapele re ile ra fallela Taiwan, eo ka nako eo e neng e le ka tlas’a puso ea Japane. Ka nako eo ke ne ke sa nahane hore nka fumana lebaka la ho etsa mohoo oa thabo naheng eo.
Ho Ithuta ’Nete
Nakong ea selemo ka 1932, ha re ne re phela libakeng tse ka thōko tsa Chiai e bohareng ba Taiwan, monna ea bitsoang Saburo Ochiai o ile a re etela. O ile a bontša hore boprofeta ba Bibele bo akarelletsa tšepiso ea tsoho ea bafu. (Johanne 5:28, 29) A tšepo e hlollang! Ke ne ke lakatsa haholo ho bona ’mè le ntate hape. Ka mabaka a eona a utloahalang, litlhaloso tse kholisang, le bopaki bo matla ba Bibele, mantsoe a hae a ne a utloahala e le ’nete. Nako e ile ea feta ka potlako ha re ntse re buisana ka Bibele letsatsi lohle. Hang-hang e ile ea fetoha buka e hohelang ho ’na.
Kapele Monghali Ochiai o ile a ea sebakeng se seng, a re siela libuka tse kang Creation, Harp of God, Government, Prophecy, Light, le Reconciliation, tseo kaofela li hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society. Ke ile ka hapeha hore ke li bale, ’me ha ke ntse ke li bala, ke ile ka susumelletseha ho bolella ba bang ka seo ke se balileng. Haeba Jesu a ile a qala tšebeletso ea hae motseng oa habo oa Nazaretha, ke hobane’ng ha ’na nke ke ka qala tšebeletso ea ka sebakeng seo ke lulang ho sona? Ke ile ka etela moahelani ea pel’a ka. Ha ho motho ea ileng a nthuta mokhoa oa ho bolela, kahoo ke ile ka ea ka ntlo le ntlo ke nkile Bibele le libuka tseo ke li balileng, ke bolela hamolemo kamoo ke neng nka khona ka teng. Batho ba ile ba arabela hamolemo ba ba ba nka limakasine. Ke ile ka kōpa Todaisha, e leng tsela eo Mokhatlo oa Watch Tower o neng o bitsoa ka eona Japane ka nako eo, hore e nthomelle likopi tse 150 tsa bukana The Kingdom, the Hope of the World, ’me ka li aba.
Ka tsatsi le leng motho e mong ea neng a nkile lingoliloeng ho ’na o ile a mpolella hore mapolesa a ile a tla hantle feela ka mor’a hore ke tsamaee ’me a nka libuka tseo. Kapele ka mor’a moo, mafokisi a mane a ile a tla ntlong ea ka ’me a nka libuka tsohle tsa ka le limakasine. A ile a siea Bibele feela. Ka lilemo tse hlano, ha kea ka ka kopana le batho ba Jehova, empa cheseho bakeng sa ’nete e ne e ntse e tuka ka pelong ea ka.
Eaba ho thoasa December 1937! Barekisi ba libuka ba babeli ba tsoang Japane ba ile ba re etela. Ka baka la ho makala, ke ile ka botsa: “Le tsebile joang hore re mona?” Ba ile ba re: “Re na le lebitso la hao hona mona.” Jehova o ne a re hopotse! Lipaki tsena tse peli, Yoriichi Oe le Yoshiuchi Kosaka, li ne li tsamaile ka libaesekele tsa khale sebaka se ka bang lik’hilomithara tse 240 ho tloha Taipei ho ea Chiai, thepa ea bona e entse qubu karolong e ka morao ea libaesekele. Ha ba ntse ba bua le rōna, ke ile ka ikutloa joaloka leqhalaha la Moethiopia le ileng la re: “Ho ka hana eng hore ke se ke ka kolobetsoa na?” (Liketso 8:36) Bosiung boo ba fihlileng ka bona, ’na le monna oa ka re ile ra kolobetsoa.
Ho Hlokomela Baena ba Teronkong
Ka 1939 ho tšoaroa ha Lipaki tsa Jehova ho ile ha fihla ka tšohanyetso le ka potlako ho pholletsa le Japane. Kapele leqhubu la mahloriso le ile la fihla Taiwan. Ka April Baena, Oe le Kosaka ba ile ba tšoaroa. Likhoeli tse peli hamorao le rōna re ile ra tšoaroa. Kaha ke ne ke le tichere, ke ile ka lokolloa letsatsing le latelang, empa monna oa ka o ile a bolokoa litlamong ka likhoeli tse ’nè. Ka mor’a hore monna oa ka a lokolloe, re ile ra fallela Taipei. Kaha re ne re le haufi le teronko eo baena bana ba babeli ba neng ba le ho eona, ena e ile ea ba tokisetso e ntle.
Teronko ea Taipei e ne e e-na le melao e thata ea tšireletso. Ke ile ka nka liaparo le lijo, ka ea bona baena. Ha hlaha Moena Kosaka pele, molebeli le lefokisi ba le ka mor’a fensetere ea terata e lohelletsoeng e boholo ba li-square sentimithara tse 30. O ne a fifetse ’me melomo ea hae e le mefubelu joaloka li-strawberry tse sa tsoa khuoa. O ne a tšoeroe ke lefuba.
Eaba Moena Oe o hlahella a bososela, ka thabo a pheta mantsoe ana: “Ke hantle ha le tlile.” Joalokaha sefahleho sa hae se ne se le sesehla se bile se ruruhile, ke ile ka ’motsa hore na o phela joang. O ile a araba: “Ke phela hantle haholo!” O ile a re: “Sebaka sena se setle haholo. Ha ho na litšitšili kapa linta. Ke khona le ho ja li-noodle tsa koro. Sebaka sena se tšoana feela le ntlo ea borena.” Lepolesa le molebeli ba sitoa ho ithiba hore ba se ke ba tšeha ’me ba re: “Oho, re ke ke ra hlōla monna enoa Oe.”
Re Kenngoa Teronkong Hape
Hoo e ka bang bosiu bo boholo ka November 30, 1941, matsatsi a seng makae ka mor’a hore ke khutlele hae ho tsoa etela baena, ke ile ka utloa lemati le otloa ka matla. Ke ile ka bona liriti tsa likatiba tse kang lithaba ka lemati la khalase. E ne e le batho ba robeli. E ne e le mapolesa. Ba ile ba qobella ho kena ka tlung ’me ba phenyekolla ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka tlung—empa ha ba ka ba fumana letho. Ka mor’a ho batlisisa ka hloko ka nako e etsang hora, ba ile ba nka lialbamo tsa lifoto tse seng kae ’me ba re re tsamaee le bona. Ke ile ka hopola hore Jesu o ile a tšoaroa bosiu bo boholo. (Mattheu 26:31, 55-57; Johanne 18:3-12) Taba ea hore banna ba robeli ba ikhathatse hakaalo ka rōna re le babeli e ile ea nqabola.
Re ile ra isoa mohahong o sa tloaelehang o moholo ebile o le lefifi. Hamorao re ile ra fumana hore ke Teronko ea Taipei Hichisei. Re ile ra lula ka pel’a deske e khōlō, ’me ba qala ho re hloma lipotso. Ba ne ba botsa khafetsa: “Ke mang eo le mo tsebang?” ’Me ka bobeli re ile ra araba: “Ha ho motho eo ke mo tsebang.” Ke joang re neng re ka tseba baena ba motse-moholo oa Japane? Re ne re tseba Baena, Oe le Kosaka feela, ’me ha rea ka ra hlahisa mabitso ao re ’nileng ra utloa ka ’ona ka mokhoa o sa tobang.
Kapele ea e-ba hora ea bohlano hoseng, ’me mafokisi a mabeli a ile a nkisa seleng ea ka. Ho ile ha feta nako e telele pele nka tloaela tikoloho ena e ncha. Ka lekhetlo la pele bophelong ba ka, ke ile ka bona litšitšili. Likokoanyana tsena tse nyenyane, li ikemisetsa ho loma ba fihlang, li ile tsa ntoma li sa khathale, tsa tlohela basali ba bang ba babeli ba ka seleng—ho sa tsotellehe hore ke ne ke ntse ke bolaea tseo ke li bonang. Qetellong ke ile ka khathala ’me ka li tlohella hore li ntome.
Lijo tsa rōna e ne e le kopi ea motoho oa reise e sa butsoang, empa lehano la ka le ile la phehella ho utloa eka ke reise e tala. Motoho ona o ne o jeoa ka mahaba a seng makae a rapa (ea Japane) a nokiloeng ka letsoai a lometsang. Lekhetlong la pele, kaha lijo tsena li ne li nkha hampe li bile li sa hloeka, ke ne ke sitoa ho li ja, ’me bao ke lulang le bona ba ne ba e-tla ’me ba li ja. Ha e le hantle, ke ile ka itloaetsa tsona butle-butle e le hore ke ’ne ke phele.
Bophelo ba teronkong bo ne bo le sehlōhō. Ka lekhetlo le leng, ke ile ka utloa monna eo ho neng ho belaeloa hore ke mpimpi, a bokolla letsatsi le letsatsi ka baka la ho hlokofatsoa. Ke ile ka boela ka bona motho seleng e haufi le ea ka a shoa habohloko. Ka baka la tsena tsohle tse etsahalang ke li shebile, ke ile ka ba le boikutlo ba ho lakatsa hore tsamaiso ena ea khale e fele, ’me tšepo ea ka litšepisong tsa Molimo e ile ea ba matla ho feta leha e le neng pele.
Ho Hlongoa Lipotso
Ke ile ka ba teronkong ka nako e ka etsang selemo ’me ke ile ka hlongoa lipotso ka makhetlo a mahlano. Ka tsatsi le leng mochochisi o ile a tla ka lekhetlo la pele, ’me ke ile ka isoa kamoreng e nyenyane eo ho botsetsoang lipotso ho eona. Ntho ea pele eo a ileng a e bua ke hore: “Ke mang e moholo, Amaterasu Omikami [molimotsana oa letsatsi] kapa Jehova? Mpolelle!” Ka motsotsoana ke ile ka nahana hore na ke tla arabela joang.
O ile a ntilola ka leihlo ’me a re: “Mpolelle hore na ke mang e moholo ho e mong, ho seng joalo ke il’o u otla!”
Ke ile ka araba ke khobile matšoafo: “Qalong ea Bibele, ho ngoliloe, ‘Tšimolohong, Molimo o ne o hlole maholimo le lefatše.’” Ke ile ka bona ho sa hlokahale hore ke eketse ho hong. O ile a ntjamela a sa re letho eaba o bua taba e ’ngoe e fapaneng.
Ha e le hantle, ke ne ke boloketsoe’ng litlamong? Tlaleho ea lipatlisiso e itse: “Ho tšajoa hore a ka ’na a khelosa sechaba ka lipuo tsa hae le liketso.” Ke kahoo ke neng ke kentsoe teronkong ke sa hlaha khotla.
Ka mehla Jehova o ne a ntse a le pel’a ka ha ke ntse ke mamella lintho tsena. Ka mosa oa Jehova, ke ile ka fuoa Bibele ea Mangolo a Segerike a Bokreste e fellang ka pokothong. Ka tsatsi le leng lefokisi le leng le ile la e lahlela ka seleng ea ka, la re: “Ke tla u lumella hore u be le eona.” Ke ile ka e bala letsatsi le leng le le leng ho isa bohōleng boo ke neng ke se ke e tseba ka hlooho. Mehlala ea sebete sa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo e bukeng ea Liketso e ile ea fetoha mohloli o moholo oa khothatso. Mangolo a 14 a Pauluse le ’ona a ile a ’matlafatsa. Pauluse o ile a hlorisoa haholo, empa ka mehla moea o halalelang o ne o mo tšehetsa. Litlaleho tse joalo li ile tsa ’matlafatsa.
Ke ne ke otile haholo ebile ke fokola, empa Jehova o ile a ntšehetsa, hangata e le ka litsela tseo ke neng ke sa li lebella. Ka Sontaha se seng lefokisi le leng leo le ka mohla ke neng ke e-s’o le bone le ile la tla ho ’na le tšoere sephutheloana sa lesela. Le ile la bula lemati la sele ’me la ’ntšetsa ka ntle lebaleng. Ha re fihla sefateng se seholo sa camphor le ile la phutholla sephutheloana sena. Khele! Se ne se tšetse libanana le libanse. Le ile la mpolella hore ke li jelle hona moo. Lefokisi lena le ile la re: “Kaofela ha lōna le batho ba molemo. Le hoja re tlameha ho le tšoara ka tsela ena. Ke batla ho tlohela mosebetsi ona haufinyane.” Ka hona balebeli le mafokisi ba ile ba qala ho ba mosa ho ’na. Ba ne ba ntšepa hoo ba ileng ba mpha mosebetsi oa ho hloekisa likamore tsa bona le mesebetsi e meng e neng e fuoa batšoaruoa ba tšeptjoang.
Ho ea mafelong a 1942, le leng la mafokisi a ileng a re tšoara le ile la mpitsa. Le ile la re: “Le hoja u lokeloa ke kahlolo ea lefu, u tla lokolloa kajeno.” Monna oa ka o ne a ile a khutlela hae khoeli pele ke lokolloa.
Ho Nchafatsa Kamano le Lipaki
Ha re ntse re le teronkong, Japane e ile ea kena Ntoeng ea II ea Lefatše. Joale ka 1945, re ile ra utloa hore Japane e hlōtsoe ntoeng, ’me ra bala likoranteng hore batšoaruoa ba lipolotiki ba tla lokolloa. Re ne re tseba hore Moena Kosaka o ile a bolaoa ke ho kula teronkong, empa hang-hang ke ile ka romela mangolo literonkong tse Taipei, Hsinchu, le metseng e meng ke botsa hore na Moena Oe o kae. Leha ho le joalo, ha kea ka ka fumana karabo. Hamorao ke ile ka utloa hore Moena Oe o ile a bolaoa ke sehlopha sa masole se phethahatsang kahlolo ea lekhotla ka ho thunya ba ahlotsoeng.
Ka 1948 re ile ra fumana lengolo leo re neng re sa le lebella le tsoang Shanghai. Le ne le tsoa ho Moena Stanley Jones, ea neng a rometsoe Chaena a tsoa Gileade, sekolo se sa tsoa hlongoa sa baromuoa sa Lipaki tsa Jehova. Jehova o ne a re hopotse hape! Ke ile ka thabela ho ba le kamano e joalo le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Lilemo tse supileng li ne li fetile ka mor’a hore re bone Moena Oe. Le hoja re ne re arohane ka ho felletseng le Lipaki tse ling tsa Jehova ka nako ena eohle, ke ne ke ntse ke bolella ba bang litaba tse molemo.
Ha Moena Jones a re etela ka lekhetlo la pele, e ne e le nako ea thabo. O ne a na le botsoalle. Le hoja re ne re qala ho mo tseba, re ne re ikutloa eka re amohela mong ka rōna ea haufi haholo lelapeng la rōna. Nakoana ka morao ho moo, Moena Jones o ile a ea T’ai-tung, ka ’nģane ho lithaba, a tsamaea le monna oa ka joaloka mofetoleli oa hae. Ba ile ba khutla ka mor’a hoo e ka bang beke, ’me nakong eo ba ile ba tšoara kopano ea letsatsi le le leng ba ba ba kolobetsa Maami a 300 a lebōpong le ka bochabela.
Boeti ba Moena Jones bo ile ba ba molemo ka tsela e ’ngoe hape ho ’na. Ke ne ke ntse ke bolela ke le mong ho fihlela ka nako eo. ’Me joale banyalani bao monna e neng e le mong’a ntlo eo re neng re e hirile, ba ile ba kolobetsoa nakong ea ketelo ea Moena Jones. Ho tloha ka nako eo, ke ile ka ba le thabo ea ho etsa barutuoa ba bangata ho ekelletsa thabong ea ho bolela ka ’Muso. Hamorao re ile ra fallela Hsinchu, moo Moena Jones a ileng a re etela hararo, lekhetlo ka leng ka libeke tse peli. Ke ile ka thabela botsoalle bo molemo ka ho felletseng. Lekhetlong la ho qetela, o ile a re: “Nakong e tlang, ke tla tla le molekane oa ka, Harold King.” Empa ‘nako eo e tlang’ ha ea ka ea hlola e fihla, hobane kapele ka mor’a moo bobeli ba bona ba ile ba kenngoa teronkong Chaena.
Ka 1949, Joseph McGrath le Cyril Charles, baromuoa ba sehlopha sa bo11 sa Gileade, ba ile ba fihla Taiwan. Ba ile ba ntšetsa mosebetsi pele Taiwan, ba sebelisa lehae la rōna joaloka setsi sa bona. Ruri mehlala ea bona e ile ea nkhothatsa. Leha ho le joalo, boemo ba lipolotiki bo ile ba ba qobella ho ea Hong Kong. Ke ne ke sitoa ho ithiba hore ke se ke ka lla ka nako eo ba neng ba tsamaea le lepolesa. Joe o ile a re: “U se ke ua lla, Miyo.” A boela a re: “Kea leboha,” eaba o mpha pene ea hae eo a e sebelisitseng ka nako e telele hore ke tle ke ’ne ke mo hopole ka eona.
Ho Sebetsana le Koetliso ea Ngoana
’Na le monna oa ka re ne re se na bana, kahoo re ile ra ithaopela ho hōlisa mochana oa monna oa ka ea likhoeli li ’nè. Bophelo ba ’mè oa hae bo ne bo le kotsing ka baka la asthma.
Ka 1952, Moena Lloyd Barry, ea neng a sebeletsa joaloka moromuoa Japane, o ile a etela Taiwan ho ea batla tumello ea molao bakeng sa mesebetsi ea Lipaki tsa Jehova. O ile a lula le rōna ’me a re khothatsa haholo. Ka nako eo morali oa rōna o ne a na le likhoeli tse 18. O ile a mo nka ’me a ’motsa: “Lebitso la Molimo ke mang?” Ke maketse, ke ile ka mo botsa: “U bolela hore re lokela ho mo ruta a sa le monyenyane hakaale?” O ile a araba ka tieo: “E.” Eaba o bua le ’na ka bohlokoa ba ho koetlisa ngoana ho tloha bonyenyaneng. Mantsoe a hae: “Ke mpho e tsoang ho Jehova bakeng sa ho u tšelisa,” a ile a lula ka kelellong ea ka.
Hang-hang, ke ile ka qala ho koetlisa morali oa ka, Akemi, hore a tsebe Jehova le ho mo rata le ho fetoha mohlanka oa hae. Ke ile ka mo ruta matšoao a melumo, ka qala ka litlhaku tse tharo e, ho, le ba tse etsang lentsoe “Ehoba,” kapa Jehova, ka Sejapane. Ha a le lilemo li peli, o ne a utloisisa seo ke mo bolellang sona. Kahoo bosiu bo bong le bo bong pele a robala, ke ne ke mo phetela lipale tsa Bibele. O ne a mamela ka thahasello a bile a li hopola.
Ha a ne a le lilemo li tharo le halofo, Moena Barry o ile a re etela hape ’me a fa Akemi Bibele e ngotsoeng ka Sejapane se sebelisoang puong. O ile a pota-pota kamore a tšoere Bibele ena, a ntse a re: “Bibele ea Akemi! Bibele ea Akemi!” Joale metsotso e seng mekae hamorao, o ile a phasoloha: “Bibele ea Akemi ha e na Jehova! Ha ke e batle!” O ile a e lahlela fatše. Ke maketse, ke ile ka hlahloba se ka hare ho eona. Ka qala ka ho phetla Esaia khaolo ea 42, temana ea 8. Moo lebitso Jehova le neng le nketsoe sebaka ke lentsoe “Morena.” Ke ile ka phetla mangolo a mang, empa ha kea ka ka fumana lebitso la Molimo, Jehova. Khotso ea Akemi e ile ea khutla ha ke boela ke mo bontša lebitso la Jehova ka Bibeleng ea ka ea khale, e ngotsoeng ka Sejapane sa khale.
Re Khutlela Japane
Re ile ra khutlela Japane ka 1958 ’me ra kopanela le Phutheho ea Sannomiya e Kobe. Ke e-na le mabaka a mangata hakana a ho leboha Jehova, ke ne ke batla ho bontša teboho eo ka ho ba pula-maliboho—mosebeletsi oa Lipaki tsa Jehova oa nako e tletseng. Ke ile ka ikitlaetsa tšebeletsong ea bopula-maliboho. Phello ea e-ba hore ke ile ka khona ho khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele ka ba ka latsoa thabo ea ho thusa batho ba 70 ho ea ho 80 ho kena ’neteng. Ke bile ka ba le tokelo ea ho sebeletsa joaloka pula-maliboho ea khethehileng oa nakoana, ke sebetsa lihora tse fetang 150 khoeli le khoeli tšimong, ha ka nako e le ’ngoe ke ne ke ntse ke hlokomela monna oa ka le morali.
Joalokaha re ne re phetse Taiwan ka nako e fetang lilemo tse 30, ho ile ha ba thata hore ke tloaele bophelo ba Japane, ’me ke ile ka ba le liphihlelo tse ngata tse lekang. Ka linako tse joalo Akemi o ile a fetoha motšelisi oa ka le motšehetsi, joalokaha Moena Barry a ile a mpolella lilemo tse ’maloa pele. Ha ke ne ke nyahame, o ne a ka re ho ’na: “’Mè, khothala. Jehova u tla u thusa.” Ke ne ke ee ke mo arabe le ho mo kopa ke re: “E, o tla etsa joalo, na ha ho joalo?” E bile mohloli o mokaakang oa khothatso! Ke ne ke tlameha ho leboha Jehova!
Ke fa Jehova Morali oa ka
Akemi e ile ea e-ba mohoeletsi ha a ne a le lilemo li supileng ’me a kolobetsoa ha a le lilemo li 12, lehlabuleng la 1963. Ke ile ka leka ho qeta nako e ngata kamoo nka khonang le eena. (Deuteronoma 6:6, 7) Ho ne ho e-na le linako tse thata ha a ne a le lilemong tsa ho hōla, empa ka baka la mehlala e metle le khothatso ea bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ileng ba romeloa phuthehong ea rōna, qetellong Akemi o ile a iketsetsa pakane ea ho bula maliboho masimong a macha.
Kopanong ea setereke ea 1968, o ne a tšoantšetsa morali oa Jafeta tšoantšisong ea Bibele. Ha ke ntse ke shebelletse tšoantšiso ena, ke ile ka etsa qeto ea ho fana ka morali oa ka ea mong, eo ke mo ratileng ho fihlela hona joale, ho Jehova tšebeletsong ea nako e tletseng, joalokaha Jafeta a ile a etsa. Bophelo bo ne bo tla ba joang ha morali oa ka a le sieo pel’a ka? E ne e le phephetso, joalokaha ke ne ke se ke fetile lilemo tse 60.
Ka 1970 nako ea hore morali oa rōna a re siee ea fihla. O ile a fumana tumello ho monna oa ka ’me a ea Kyoto ho ea sebeletsa joaloka pula-maliboho. A utloisisa maikutlo a rōna, o ne a bonahala a utloile bohloko ha a re siea. Ke ile ka mo qotsetsa Pesaleme ea 126:5, 6 e le lengolo leo ke mo fang lona ha re arohana: “Ba jalang ka meokho, ba tla kotula ka mehoo ea thabo. Mojali o tsoela pele a ntse a lla, a jere lipeō tseo a li hasang; o tla khutla ka thabo, a ntse a thotha mangata a hae.” Mantsoe ana a ile a ipaka e le a sebele esita le pelong ea ka.
Hamorao Akemi o ile a nyaloa ’me a tsoela pele ka mosebetsi oa bopula-maliboho bo khethehileng le monna oa hae. Ho tloha ka 1977, ha monna oa hae a ne a khetheloa ho ba molebeli oa potoloho, ba ile ba etsa mosebetsi oa potoloho. Ke ne ke phetla ’mapa khafetsa ebe ke “tsamaea” ’mapeng ona le morali oa ka. Ke thabela ho utloa liphihlelo tsa bona le ho tsebana le bo-khaitseli ba bangata ka morali oa ka.
Ke se ke le lilemo li 86. Matsatsi a fetileng a tšoana feela le tebelo ea bosiu. Ha ke khone ho sebetsa haholo joaloka pele, empa tšebeletso ea tšimo e ntse e ntlisetsa thabo. Ha ke ntse ke thuisa ka lilemo tse 60 tse fetileng ho tloha ha ke ne ke ithuta ’nete, tšepiso e kholisang ea Molimo e ntse e eketseha ka pelong ea ka. E, Jehova ea tlang ho etsa ka botšepehi ho ba tšepahalang o etsa hore re kotule thabo e ngata.—Pesaleme ea 18:25.