Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 9/15 leq. 3
  • Na Molimo o Arabela Lithapelo tsa Hao?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Molimo o Arabela Lithapelo tsa Hao?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Eng Seo ba Bang ba se Rapellang?
  • Selelekela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
  • Ke Lithapelo tsa Bo-mang tse Arabeloang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lithapelo Tse Arabeloang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Atamela ho Molimo ka Thapelo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 9/15 leq. 3

Na Molimo o Arabela Lithapelo tsa Hao?

MOSALI e mong ea lulang Hokkaido, Japane, o itse: “Ha ke e-s’o ka ke ba le boikutlo bo thabisang ba hore lithapelo tsa ka li arabeloe.” Ha a mong tabeng ena. Batho ba bangata ba ikutloa hore le ka mohla lithapelo tsa bona ha li arabeloe. Ha e le hantle, e ka ’na eaba ua ipotsa hore na ebe Molimo o arabela lithapelo tsa hao.

Limillione li lebisa lithapelo tse ngata-ngata ho melimo e mengata-ngata. Ke hobane’ng ha ho bonahala eka lithapelo tse ngata hakana ha li arabeloe? Ho fumana karabelo, a re hlahlobeng pele mefuta ea lithapelo tse etsoang.

Ke Eng Seo ba Bang ba se Rapellang?

Nakong ea Selemo se Secha, karolo tse peli ho tse tharo tsa baahi ba Japane, kapa batho ba ka bang limillione tse 80, ba rapela matlong a thapelo a Shinto kapa litempeleng tsa Buddha. Ba fana ka lichelete e le linyehelo ’me ba rapella lehlohonolo le tšireletseho ea lelapa.

Ka January le February—nakoana feela pele ho litlhahlobo tseo liithuti li lokelang ho feta ho tsona e le hore li ka amoheloa likolecheng tse tummeng—liithuti li phallela matlong a thapelo a kang a leng Tokyo e tsebahalang haholo ka molimo oa eona oa thuto. Li ngola litakatso tsa tsona mekhabisong e entsoeng ka lehong ’me li e fanyehe lithupeng tsa lehong sebakeng se potolohileng matlo a thapelo. Bonyane mekhabiso e 100 000 e ile ea khabisa mabota a ntlo ea thapelo e tsebahalang haholo e Tokyo nakong ea litlhahlobo tsa 1990.

Lithapelo tse ngata li kopanyelletsa bophelo bo botle. Ntlong ea thapelo e Kawasaki, Japane, batho ba rapella ho sireletseha khahlanong le AIDS. Moprista oa ntlo ea thapelo o ile a hlalosa: “Bohlokoa ba ho rapela khahlanong le AIDS ke hore ho tla etsa hore batho ba be masene boitšoarong ba bona.” Empa na ebe hona ke hona feela ho teng thapelong?

Tempeleng e ’ngoe, mosali e mong ea hōlileng o ile a rapella hore a “shoe ka tšohanyetso.” Hobane’ng? Hobane o ne a batla ho qoba ho utloa bohloko ba ho kula ka nako e telele ’me o ne a sa batle ho ba moroalo lelapeng la hae.

Naheng e ’ngoe eo ho thoe’ng ke ea Bokreste, moeta-pele oa sehlopha sa papali ea bolo o ile a rapella hore sehlopha sa hae se hlōle le ho sireletseha kotsing. Mak’hatholike Poland a rapella bophelo ba bona bo botle ba botho ’me a khabisa Madonna oa ’ona ka mabenyane e le ha a lumela hore lithapelo tsa ’ona lia utluoa. Batho ba bangata ba phallela likerekeng tse kang Guadalupe e tsebahalang e Mexico City, le Lourdes, Fora, ba kōpa pholiso ea mohlolo.

Karolong e ka Bochabela kapa karolong e ka Bophirimela ea lefatše, batho ba etsa lithapelo ka mabaka a mangata le a fapaneng a botho. Ho hlakile hore, ba batla hore lithapelo tsa bona li utluoe ’me li arabeloe. Leha ho le joalo, na hoa utloahala ho lebella hore lithapelo tsohle li tla utluoa hantle? Ho thoe’ng ka lithapelo tsa hao? Na lia arabeloa? Ha e le hantle, na e hlile Molimo o arabela lithapelo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela