Bopapa—Na bo Thehiloe ke Kreste?
“PAKENG tsa Petrose, Mobishopo oa pele oa Roma, le mopapa oa rōna oa hona joale, John Paul II, ho na le letoto le lelelele la babishopo ba phahameng—ha e le hantle, ba ka holimo ho 260.” Ke kamoo ho bolelang moitlami oa Mok’hatholike Anthony Foy ho The Southern Cross, e leng koranta ea beke le beke ea K’hatholike ea Afrika e ka boroa. O tsoela pele: “Ka kholiseho re ka supa mokoloko ona o sa kang oa khaoha oa bapapa, ha re kōptjoa ho paka hore Kereke e K’hatholike e ile ea thehoa ke Jesu Kreste.”
Na ka kholiseho ho ka boleloa hore mokoloko ona o molelele oa bapapa o qalile ka moapostola Petrose? Ho ea ka thuto ea bolumeli ea K’hatholike, ho boleloa hore bapapa ba bane, Line, Anacletus, Clement I, le Evaristus, ba ile ba hlahlama Petrose ho fihlela ka selemo sa 100 C.E. Bibele e bua ka Mokreste ea bitsoang Line ea neng a lula Roma. (2 Timothea 4:21) Leha ho le joalo, ha ho letho le bontšang hore Line, kapa leha e le mang e mong, ke eena mopapa ea ileng a hlahlama Petrose. Moapostola Johanne, ea ileng a ngola libuka tse hlano tsa Bibele lilemong tsa ho qetela tse leshome tsa lekholo la pele la lilemo, ha aa ka a supa leha e le ofe oa bana ba ka holimo bao ho boleloang hore ke bahlahlami ba Petrose. Ha e le hantle, haeba Petrose a ne a e-na le mohlahlami, na khetho e utloahalang e ne e ke ke ea e-ba Johanne ka boeena?
Ha e le tabeng ea ho bolela hore Petrose e ne e le mobishopo oa pele oa Roma, ha ho bopaki ba hore o kile a etela motse oo. Ha e le hantle, Petrose ka boeena o bolela hore o ngotse lengolo la hae la pele a le Babylona. (1 Petrose 5:13) Khang ea Mak’hatholike ea hore Petrose o ile a sebelisa “Babylona” e le ha a supa Roma ka mokhoa oa sephiri ha e na motheo. Babylona ea sebele e ne e le teng mehleng ea Petrose. Ho feta moo, Babylona e ne e e-na le sechaba se seholo sa Bajode. Kaha Jesu o ile a fa Petrose kabelo ea ho bolela ho Bajode ba bolotseng, ho utloahala ka ho felletseng ho lumela hore Petrose o ile a etela Babylona ka oona morero ona.—Ba-Galata 2:9.
Hlokomela hape hore le ka mohla Petrose ha aa ka a itlhalosa ka tsela e ’ngoe ntle le hore ke e mong oa baapostola ba Kreste. (2 Petrose 1:1) Ha ho kae kapa kae ka Bibeleng moo a bitsoang “Ntate ea Halalelang,” “Mobishopo e Moholo,” kapa “Mopapa” (ka Selatine, papa ke lebitso le reneketsang bakeng sa “Ntate”). Ho e-na le hoo, ka boikokobetso o ile a itšoarella ka mantsoe a Jesu a hlahang ho Mattheu 23:9, 10 (NW): “Ho feta moo, le se ke la bitsa leha e le mang lefatšeng ntat’a lōna, hobane o mong eo e leng Ntate oa lōna, Ea leng leholimong. Hape le se ke la bitsoa ‘baeta-pele,’ hobane Moeta-pele oa lōna o mong, e leng Kreste.” Petrose ha aa ka a lumela ho rapeloa. Ha molaoli oa lekholo oa Roma Kornele “a itihela maotong a hae, a mo khumamela . . . , Petrose o ile a mo tsosa, a re: ‘Tsoha; le ’na ke motho feela.’”—Liketso 10:25, 26, NW.
Ha e le ka bapapa bao ho buuoang ka bona ba 260, moprista Foy oa lumela hore: “Ba bangata ba bona ba ne ba sa tšoanelehe ho ba boemong ba bona bo phahameng.” Boitekong ba ho lokafatsa sena, New Catholic Encyclopedia e re: “Se neng se le bohlokoa mererong ea puso e ne e le boemo, eseng botho ba mopapa ka mong. Ho ka etsahala hore ka botho e ne e le mohalaleli, e le motho feela ea tloaelehileng, kapa e le molotsana.” Empa na u lumela hore Kreste o ne a ka sebelisa batho ba joalo ho mo emela?
Boemong leha e le bofe, khopolo ea hore bopapa bo ile ba thehoa ke Jesu ha e tšehetsoe ka Bibeleng. Ho ea ka Encyclopedia of Religion, esita le litsebi tsa hona joale tsa K’hatholike li lumela hore “ha ho na bopaki bo tobileng ba Bibele ba hore Jesu o ile a theha bopapa e le boemo ba ka ho sa feleng ka kerekeng.”