Ba Nang le Botho bo Bonolo ba Thabile Hakaakang!
“Ho thabile ba nang le botho bo bonolo, kaha ba tla rua lefatše.”—MATTHEU 5:5, NW.
1. Ho ba le botho bo bonolo hoo Jesu a buileng ka hona Thutong ea hae ea Thabeng ke eng?
THUTONG ea hae ea Thabeng, Jesu Kreste o itse: “Ho thabile ba nang le botho bo bonolo, kaha ba tla rua lefatše.” (Mattheu 5:5, NW) Botho bona bo bonolo, kapa boikokobetso, hase tšireletso ea bonolo ba boikaketsi, kapa sebōpeho feela sa botho ba tlhaho. Ho fapana le hoo, ke bonolo ba sebele bo ka hare le khutso eo motho a e bontšang haholo-holo ka ho nka khato tumellanong le thato ea Jehova Molimo le tataiso ea hae. Batho bao kannete ba nang le botho bo bonolo ba na le boikutlo bo matla ba hore ba itšetlehile ka Molimo bo bontšoang ke boitšoaro ba bona bo bonolo ha ba sebelisana le batho ba bang.—Ba-Roma 12:17-19; Tite 3:1, 2.
2. Ke hobane’ng ha Jesu a itse batho ba nang le botho bo bonolo ba thabile?
2 Jesu o ile a re ba nang le botho bo bonolo ba thabile hobane ba tla rua lefatše. Joaloka Mora oa Molimo ea nang le botho bo bonolo ka ho phethahetseng, Jesu ke Mojalefa ea ka Sehloohong oa lefatše. (Pesaleme ea 2:8; Mattheu 11:29, NW; Ba-Heberu 1:1, 2; 2:5-9) Empa joaloka “mor’a motho” oa Bomessia, ’Musong oa hae oa leholimo o ne a tla ba le babusi-’moho le eena. (Daniele 7:13, 14, 22, 27) Joaloka “majalefa hammoho” le Kreste, batho bana ba tlotsitsoeng ba nang le botho bo bonolo ba tla kopanela lefeng la hae la lefatše. (Ba-Roma 8:17) Batho ba bang ba nang le botho bo bonolo le ba kang linku ba tla thabela bophelo bo sa feleng Paradeiseng tlas’a puso ea ’Muso lefatšeng. (Mattheu 25:33, 34, 46; Luka 23:43) Ka sebele tebello eo e etsa hore ba thabe.
3. Molimo le Kreste ba behile mohlala ofe mabapi le ho ba bonolo?
3 Mojalefa ea ka Sehloohong ea nang le botho bo bonolo o fuoa lefatše ke Ntate oa hae, Jehova, e leng eena ea behang mohlala o ka sehloohong oa ho ba le botho bo bonolo. Ke ka makhetlo a mangata hakaakang Mangolo a bolelang hore Molimo ‘o lieha ho halefa ’me o tletse mosa o lerato’! (Exoda 34:6, NW; Nehemia 9:17; Pesaleme ea 86:15) O na le matla a maholo empa o bontša bonolo hoo barapeli ba oona ba ka o atamelang ba sa tšabe letho. (Ba-Heberu 4:16; 10:19-22) Mora oa Molimo, ea nang le “botho bo bonolo le pelo e ikokobelitseng,” o ile a ruta barutuoa ba hae hore ba be bonolo. (Mattheu 11:29, NW; Luka 6:27-29) Bahlanka bana ba nang le botho bo bonolo ba Molimo le Mora oa oona ba ile ba etsisa ‘bonolo le mosa oa Kreste’ ba ba ba ngola ka ’ona.—2 Ba-Korinthe 10:1; Ba-Roma 1:1; Jakobo 1:1, 2; 2 Petrose 1:1.
4. (a) Ho latela Ba-Kolosse 3:12, (NW) batho bao kannete ba nang le botho bo bonolo ba entse eng? (b) Ke lipotso life tseo re lokelang ho buisana ka tsona?
4 Kajeno, ho hlokahala hore Bakreste ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona e lefatšeng ba be le botho bo bonolo. Kaha ba lahlile bobe bohle, thetso, boikaketsi, mohono, le ho seba, moea o halalelang oa Molimo o ba thusitse ho nchafatsa ‘matla a susumetsang likelello tsa bona.’ (Ba-Efese 4:22-24; 1 Petrose 2:1, 2, NW) Ba phehelloa hore ba apare “maikutlo a bonolo a kutloelo-bohloko, mosa, boikokobetso, bonolo, le mamello.” (Ba-Kolosse 3:12, NW) Empa ha e le hantle bonolo bo akarelletsa eng? Ke hobane’ng ha ho ba le botho bo bonolo ho le molemo? Tšoaneleho ee e ka tlatsetsa joang thabong ea rōna?
Ho Hlahlobisisa Seo Bonolo bo se Bolelang
5. Bonolo bo ka hlalosoa joang?
5 Motho ea nang le botho bo bonolo o mosa boikutlong le boitšoarong. Liphetolelong tse ling tsa Bibele, lentsoe la sehlakisi pra·ysʹ ke lona le fetoletsoeng e le “boikokobetso,” “bonolo,” “botho bo bonolo,” le “mosa.” Segerikeng sa boholo-holo, lentsoe la sehlakisi pra·ysʹ le ka sebelisoa bakeng sa moea o fokang habonolo kapa lentsoe le bonolo. Hape le ka bolela motho ea molemo. Setsebi W. E. Vine se re: “[Lereho pra·yʹtes] le sebelisoa ka lekhetlo la pele ho Molimo ka ho khetheha. Ke boikutlo bo leka-lekaneng ba moea boo ka bona re amohelang litšebelisano tsa oona le rōna li le molemo, re sa phehe khang kapa ho hanyetsa; le amana haufi-ufi le lentsoe tapeinophrosunē [boikokobetso].”
6. Ke hobane’ng ha ho ka thoe bonolo ha se bofokoli?
6 Bonolo ha se bofokoli. Setsebi William Barclay se ngotse: “Praus e tletse mosa, empa mosa o susumetsoa ke boikemisetso bo matla.” Hore motho a be le botho bo bonolo ho hlokahala hore a be le boikemisetso. Ka mohlala, ho hlokahala hore re be le boikemisetso ba ho ba bonolo ha re halefisoa kapa re hlorisoa. Mora oa Molimo ea nang le botho bo bonolo, Jesu Kreste, o behile mohlala o motle tabeng ena. “Enere ha a rohakoa, o na a sa rohake; ha a na a utloisoa bohloko, o na a sa bope; empa o na a tšepa [Jehova Molimo] ea ahlolang ka ho loka.” (1 Petrose 2:23) Joaloka Jesu ea nang le botho bo bonolo, re ka kholiseha hore Molimo o tla nka khato ka basomi ba rōna le ba re hlorisang. (1 Ba-Korinthe 4:12, 13) Re ka ba le khutso, joaloka Setefane ea neng a hlorisoa, re hlokomele hore haeba re tšepahala, Jehova o tla re tšehetsa ’me a ke ke a lumella eng kapa eng ho re ntša kotsi ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 145:14; Liketso 6:15; Ba-Filippi 4:6, 7, 13.
7. Liproverbia 25:28 e bontša eng ka motho ea haelloang ke bonolo?
7 Jesu o ne a na le botho bo bonolo, empa o ile a bontša boikemisetso ba ho ema a tiile bakeng sa se nepahetseng. (Mattheu 21:5; 23:13-39) E mong le e mong ea nang le “khopolo ea Kreste” o tla tšoana le eena tabeng ena. (1 Ba-Korinthe 2:16) Haeba motho a se bonolo, ha a tšoane le Kreste. Ho fapana le hoo, o tšoaneloa ke mantsoe ana: “Motho ea hlōloang ke ho busa pelo ea hae, ke motse o kenoeng ke lira, o se nang lerako.” (Liproverbia 25:28) Motho ea joalo ea haelloang ke bonolo a ka hlaseloa habonolo ke mehopolo e fosahetseng e ka etsang hore a etse lintho tse fosahetseng. Le hoja Mokreste ea nang le botho bo bonolo e se motho ea fokolang, ho sa tsotellehe hoo oa tseba hore “karabo e bonolo e thethefatsa bohale, empa polelo e hlabang ea bo leotsa.”—Liproverbia 15:1.
8. Ke hobane’ng ha ho se bobebe ho ba le botho bo bonolo?
8 Ho ba le botho bo bonolo ha ho bobebe, hobane re futsitse ho se phethahale le sebe. (Ba-Roma 5:12) Haeba re bahlanka ba Jehova, re boetse re loana le matla a khopo a moea a ka ’nang a beha bonolo ba rōna tekong ka mahloriso. (Ba-Efese 6:12) Ba bangata ho rōna ba sebetsa har’a batho ba nang le moea o bohale oa lefatše le leng tlas’a taolo ea Diabolose. (1 Johanne 5:19) Kahoo, re ka hlaolela bonolo joang?
Kamoo Bonolo bo ka Hlaoleloang
9. Ke pono efe e tla re thusa ho hlaolela bonolo?
9 Kholiseho e thehiloeng Bibeleng ea hore ho hlokahala hore re bonahatse bonolo e tla re thusa ho hlaolela tšoaneleho ena. Letsatsi le letsatsi re tlameha ho loanela ho hlaolela bonolo. Ho seng joalo, re tla tšoana le batho ba talimang bonolo joaloka bofokoli le ba nahanang hore katleho e tlisoa ke ho ikhantša, ho ba mabifi, le ho ba sehlōhō. Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo le nyatsa boikhohomoso, ’me maele a bohlale a re: “Monna ea mohau o iketsetsa tse molemo, athe ea sehlōhō eena oa itšiteloa.” (Liproverbia 11:17, NW; 16:18) Batho ba qoba motho ea bohale, ea hlokang mosa, le hoja ba etsa joalo hore ba qobe ho ntšoa kotsi ke ho ba sehlōhō le ho haelloa ke bonolo ha hae.
10. E le hore re ka ba le botho bo bonolo, re tlameha ho ikokobeletsa eng?
10 Hore re be le botho bo bonolo, re tlameha ho ikokobeletsa tšusumetso ea moea o halalelang oa Molimo, kapa matla a oona a sebetsang. Joalokaha Jehova a entse hore lefatše le khone ho hlahisa lijalo, ka ho tšoanang o nolofalletsa bahlanka ba hae ho hlahisa litholoana tsa moea oa hae, ho akarelletsa bonolo. Pauluse o ngotse: “Litholoana tsa moea ke lerato, thabo, khotso, mamello, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro. Ha ho molao o khahlanong le lintho tse joalo.” (Ba-Galata 5:22, 23, NW) E, bonolo ke e ’ngoe ea litholoana tsa moea oa Molimo tse bonahatsoang ke batho ba o khahlisang. (Pesaleme ea 51:9, 10) Bonolo bo hlahisa liphetoho tse tsotehang hakaakang! Ha re etsa papiso: Ho na le motho ea leqhōkō eo lebitso la hae e leng Tony ea neng a loantša batho, a ba utsoetsa, a rekisa lithethefatsi ka bokunyata, e le moeta-pele oa sehlopha sa litlokotsebe se tsamaeang ka lithuthuthu, ’me o ile a qeta nako e itseng a le teronkong. Leha ho le joalo, ka ho fumana tsebo ea Bibele le ka thuso ea moea oa Molimo, o ile a fetoha ’me ea ba mohlanka oa Jehova ea nang le mekhoa e bonolo. Pale ea Tony hase mokhelo. Ka hona, motho a ka etsa eng haeba botho ba hae bo ’nile ba laoloa ke tšobotsi ea ho haelloa ke bonolo?
11. Thapelo e phetha karolo efe mabapi le ho hlaolela bonolo?
11 Ho rapella moea oa Molimo ka tieo le ho rapella tholoana ea oona ea bonolo ho tla re thusa ho hlaolela tšoaneleho ena. Ho ka ’na ha hlokahala hore re ‘’ne re kōpe,’ joalokaha Jesu a boletse, ’me Jehova Molimo o tla amohela kōpo ea rōna. Ka mor’a ho bontša hore bo-ntate ba batho ba fa bana ba bona lintho tse molemo, Jesu o itse: “Ha esita lōna [le le baetsalibe ’me ha ho bapisoa le le] ba lonya, le tseba ho nea bana ba lōna lintho tse molemo, Ntat’a lōna ea leholimong o tla fetisisa hakakang ka ho nea Moea o Halalelang ho ba o kōpang ho eena!” (Luka 11:9-13) Thapelo e ka etsa hore bonolo e be tšobotsi ea ka mehla ea botho ba rōna—tšoaneleho e tlatsetsang thabong ea rōna le ea metsoalle ea rōna.
12. Ke hobane’ng ha ho hopola hore batho ha baa phethahala ho ka re thusa ho ba le botho bo bonolo?
12 Ho hopola hore batho ha baa phethahala ho ka re thusa ho ba le botho bo bonolo. (Pesaleme ea 51:5) Re ke ke ra nahana kapa ra etsa lintho ka mokhoa o phethahetseng, feela joalokaha le batho ba bang ba ke ke ba etsa joalo, kahoo ruri re lokela ho ipeha boemong ba bona ’me re ba tšoare ka tsela eo re ratang ho tšoaroa ka eona. (Mattheu 7:12) Ho hlokomela hore kaofela ha rōna re etsa liphoso ho lokela ho re etsa hore re tšoarele ba bang ’me re be le botho bo bonolo litšebelisanong tsa rōna le bona. (Mattheu 6:12-15; 18:21, 22) Ha e le hantle, na ha re lebohe hore e be Molimo o bontša lerato le bonolo litšebelisanong tsa oona le rōna?—Pesaleme ea 103:10-14.
13. Haeba re amohela taba ea hore Molimo o entse batho ba na le bolokolohi, see se ka re thusa joang ho hlaolela bonolo?
13 Ho amohela taba ea hore Molimo o entse batho ba na le bolokolohi le hona ho ka re thusa ho hlaolela bonolo. Sena ha se lumelle mang kapa mang ho hlokomoloha melao ea Jehova ntle ho kotlo, empa se fana ka tumello ea litšekamelo tse sa tšoaneng, ho rata lintho tse itseng, le ho se rate lintho tse itseng har’a batho ba hae. Kahoo a re amoheleng taba ea hore ha ho motho ea tlamehileng ho ipapisa le botho boo re nkang hore ke bona bo molemohali. Boikutlo bona bo tla re thusa ho ba le botho bo bonolo.
14. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng mabapi le ho ba bonolo?
14 Ho ikemisetsa ho se lahle bonolo ho tla re thusa ho tsoela pele ho hlaolela tšoaneleho ena. Ho ikokobeletsa tšusumetso ea moea oa Jehova ho fetotse monahano oa rōna. (Ba-Roma 12:2) Hona joale moea o bonolo le o kang oa Kreste o re thusa ho qoba ho kenella liketsong tsa ‘bootsoa, le litakatsong, le botahoeng, le meharong ea lijo le ea lino, le tšebeletsong e manyala ea melimo ea bohata.’ Le ka mohla ha rea lokela ho lahla bonolo ka mabaka a lichelete, tulisano, kapa ka mabaka a mang kapa hobane batho ba nyefola boitšoaro ba rōna ba bomolimo. (1 Petrose 4:3-5) Ha rea tlameha ho lumella eng kapa eng ho re susumelletsa ho kenella ‘mesebetsing ea nama,’ ebe re lahla bonolo ba rōna ’me re hlōleha ho rua ’Muso oa Molimo kapa ho thabela mahlohonolo a oona. (Ba-Galata 5:19-21) Ka mehla a re nkeng tokelo ea ho ba batho ba Molimo ba nang le botho bo bonolo e le ea bohlokoa, ebang re tlotsitsoe bakeng sa bophelo ba leholimo kapa re na le tšepo ea lefatšeng. Ho finyella seo, a re hlahlobeng melemo e meng e tlisoang ke bonolo.
Melemo e Tlisoang ke Bonolo
15. Ho latela Liproverbia 14:30, ke hobane’ng ha e le bohlale ho ba bonolo?
15 Motho ea bonolo o na le pelo, kelello, le ’mele o nang le khutso. Ho joalo hobane ha a kopanele likhohlanong, ha a halefisoe ke liketso tsa ba bang, kapa ho ngongorehisoa ke lipelaelo tse sa feleng. Bonolo bo mo thusa ho laola maikutlo a hae, ’me sena se molemo kelellong le ’meleng. Maele a re: “Pelo e nang le khotso e phelisa motho hantle.” (Liproverbia 14:30, BPN) Ho se be bonolo ho ka etsa hore motho a halefe, e leng ho ka phahamisang khatello ea mali kapa ha baka likhathatso tsa ka maleng, asthma, ho tšoaroa ke mahlo, le mathata a mang. Mokreste ea nang le botho bo bonolo o thabela melemo e sa tšoaneng, ho akarelletsa le “khotso ea Molimo” e lebelang pelo ea hae le matla a ho nahana. (Ba-Filippi 4:6, 7, NW) Ho ba le botho bo bonolo ke ntho e bohlale hakaakang!
16-18. Bonolo bo ba le phello efe litšebelisanong tsa rōna le ba bang?
16 Tšoaneleho ea bonolo e ntlafatsa kamano ea rōna le ba bang. Mohlomong re kile ra ba le tloaelo ea ho susutlella ba bang ho amohela litaba ho fihlela re atleha ho etsa joalo. Mohlomong batho ba ’nile ba re halefela hobane re haelloa ke boikokobetso le bonolo. Tlas’a maemo a joalo, ha ho makatse haeba mohlomong re ne re kena har’a likhang nako le nako. Leha ho le joalo, maele a re: “Mollo o tima ke ho hlokeha ha patsi; ho joalo likomang, li fela ha mosebi a le sieo. Mashala a matšo a etsa mashala a hlenneng, patsi e hotetsa mollo; ho joalo motho ea likomang, o tukisa likhang.” (Liproverbia 26:20, 21) Haeba re na le botho bo bonolo, ho e-na le ho ‘eketsa patsi mollong’ le ho halefisa ba bang, re tla ba le kamano e ntle le bona.
17 Ho na le monyetla oa hore motho ea nang le botho bo bonolo a fumane metsoalle e molemo. Batho ba thabela ho kopanela botsoalle le eena hobane o na le boikutlo bo ratehang, le mantsoe a hae aa khatholla ’me a monate joaloka mahe a linotši. (Liproverbia 16:24) Jesu o ne a le joalo, ke ka hona a neng a ka re: “Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, hobane ke na le botho bo bonolo le pelo e ikokobelitseng, ’me le tla fumana khatholoho bakeng sa liphefumolohi tsa lōna. Hobane joko ea ka e mosa ’me mojaro oa ka o bobebe.” (Mattheu 11:29, 30, NW) Jesu o ne a se bohale, ’me joko ea hae e ne e sa hatelle. Ba tlang ho eena o ne a ba tšoara hantle ’me a ba khatholla moeeng. Ho ba le boemo bo tšoanang ha re kopanela botsoalle le motsoalle oa Mokreste ea nang le botho bo bonolo.
18 Bonolo bo etsa hore balumeli-’moho ba re rate. Ntle ho pelaelo, Bakreste ba bangata Korinthe ba ile ba atamela Pauluse hobane o ile a ba tšoara “ka bonolo le ka mosa oa Kreste.” (2 Ba-Korinthe 10:1) Ka sebele e tlameha e be Bathessalonika ba ile ba arabela hamolemo ho moapostola, kaha e ne e le tichere e bonolo le e mosa. (1 Ba-Thessalonika 2:5-8, BPN) Ha ho pelaelo hore baholo ba Efese ba ne ba ithutile ho hongata ho Pauluse ’me ba ne ba mo rata haholo. (Liketso 20:20, 21, 37, 38, NW) Na u bontša bonolo bo ka etsang hore ba bang ba u rate?
19. Bonolo bo thusa batho ba Jehova joang hore ba boloke sebaka sa bona ka har’a mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng?
19 Botho bo bonolo bo thusa batho ba Jehova hore ba ikokobetse ’me ba boloke boemo ba bona ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng. (Ba-Filippi 2:5-8, 12-14; Ba-Heberu 13:17) Ho ba bonolo ho re thibela ho ipatlela botumo, bo thehiloeng boikhohomosong le bo halefisang Molimo. (Liproverbia 16:5) Motho ea bonolo ha a inke a phahametse balumeli-’moho, ’me ha aa leke ho iphahamisa ka holim’a bona. (Mattheu 23:11, 12) Ho e-na le hoo, o amohela boemo ba hae ba boetsalibe le hore o hloka tokisetso ea Molimo ea topollo.
Bonolo bo Hōlisa Thabo
20. Bonolo bo ba le phello efe bophelong ba lelapa?
20 Bahlanka bohle ba Molimo ba lokela ho hopola hore bonolo ke tholoana ea moea oa oona e hōlisang thabo. Ka mohlala, kaha batho ba Jehova ba bonahatsa litšoaneleho tse kang lerato le bonolo, ho na le malapa a mangata a thabileng har’a bona. Ha monna le mosali ba sebelisana ka tsela e bonolo, bana ba bona ba hōlela tikolohong e khutsitseng, ha ba hōlele lelapeng le lemalletseng mantsoe a bohale le liketso tse bohale. Ha ntate a fa bana ba hae keletso ka tsela e bonolo, sena se ba le phello e ntle likelellong tsa bona tse fokolang, ’me ho ka etsahala hore bonolo e be karolo ea botho ba bona. (Ba-Efese 6:1-4) Botho bo bonolo bo thusa banna ho ipoloka ba ntse ba rata basali ba bona. Bo thusa basali ho ikokobeletsa banna ba bona ’me bo susumelletsa bana ho utloa batsoali ba bona. Bonolo bo boetse bo etsa hore litho tsa lelapa li be le moea oa ho tšoarela o tlatsetsang thabong.—Ba-Kolosse 3:13, 18-21.
21. Ha e le hantle, moapostola Pauluse o fane ka keletso efe ho Ba-Efese 4:1-3?
21 Litho tsa malapa le batho ka bomong ba nang le botho bo bonolo ba etsa hore thabo e hōle ka har’a liphutheho tseo ba kopanelang le tsona. Ka hona, ho hlokahala hore batho ba Jehova ba etse boiteko bo matla ba ho ba le botho bo bonolo. Na u etsa joalo? Moapostola Pauluse o ile a ipiletsa ho Bakreste ba tlotsitsoeng hore ba tsamaee ka mokhoa o tšoanelang pitso ea bona ea leholimo, ba etse joalo “ka boikokobetso bohle, le ka mosa [“bonolo,” NW], le ka sebete, [ba] ntse [ba] mamellana ka lerato. [Ba] tiee matla ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo ea khotso.” (Ba-Efese 4:1-3) Bakreste ba nang le tšepo ea lefatšeng le bona ba tlameha ho bonahatsa bonolo le litšoaneleho tse ling tsa bomolimo. Ena ke tsela e tlisang thabo ea ’nete. Ka sebele ba nang le botho bo bonolo ba thabile!
U ne U Tla Arabela Joang?
◻ Ke hobane’ng ha batho ba nang le botho bo bonolo ba thabile?
◻ Ho ba le botho bo bonolo ho bolela eng?
◻ Bonolo bo ka hlaoleloa joang?
◻ Bonolo bo tlisa melemo efe e meng?