Ke’ng se Boleloang ke Boikokobetso Lenyalong?
HA MOSALI oa Mokreste a nyaloa, o lokela ho etsa liphetoho tse ngata. Mohlomong e khōlō ka ho fetisisa ho tsona e ama bolokolohi ba hae. Joaloka motho e moholo ea seng lenyalong, e ka ’na eaba o ne a lokolohile ho iketsetsa karolo e khōlō ea liqeto tsa hae ho se na motho e mong eo a mo rerisang. Empa joale ha a se a e-na le monna, o tlameha ho mo rerisa le ho kōpa tumello ea hae bakeng sa ho etsa lintho tse ngata tseo a neng a tloaetse ho iketsetsa liqeto ho tsona. Ke hobane’ng ha ho le joalo?
Ke hobane ha ’Mōpi oa batho a nyalisa mosali oa pele monna oa pele, O ile a khetha monna hore e be hlooho ea mosali oa hae le ea bana bao a neng a tla ba le bona ka moso. Ena e ne e le taba e utloahalang. Sehlopheng sefe le sefe se hlophisitsoeng sa batho, e mong o lokela ho etella pele le ho etsa liqeto tsa ho qetela. Tabeng ea lenyalo, ’Mōpi o fane ka taelo ea hore “monna ke hloho ea mosali.”—Ba-Efese 5:23.
Ha e tšehetsa taba ena, taelo ea Molimo e re: “Lōna basali, le ikokobetse ka tlas’a banna ba lōna.” (Ba-Efese 5:22) Tsela eo ka eona tokisetso ena e amang mosali e itšetlehile ka lintho tse peli: Ea pele, o ikemiselitse ho ikokobelletsa tokisetso ee hakae? ’Me ea bobeli, monna oa hae o tla sebelisa bolaoli ba hae ka tsela efe? Ke ’nete hore ha balekane ba babeli ba talima tokisetso ena hantle, ba fumana hore ke tlhohonolofatso ho mosali, monna, le bana ba bona.
E se ke ea E-ba Mohatelli
Monna o lokela ho sebelisa bolaoli ba hae joang? Ka ho latela mohlala o motle oa Mora oa Molimo. Bibele e re: “Monna ke hloho ea mosali, joale ka ha Kreste le eena e le hloho ea Kereke, ’me ke eena ’Moloki oa ’mele oa hae. Lōna banna, ratang basali ba lōna, joale ka ha Kreste le eena a ratile Kereke, ’me a iteletse lefu ka baka la eona.” (Ba-Efese 5:23, 25) Ho sebelisa ha Jesu Kreste bohlooho e ne e le tlhohonolofatso ho phutheho. E ne e se mohatelli. O ne a sa etse hore barutuoa ba hae ba ikutloe ba behetsoe meeli e itseng kapa ba hatelletsoe. Ho e-na le hoo, o ile a ikhapela tlhompho ea bohle ka ho ba tšoara ka tsela e lerato le ka ho ba utloela bohloko. Ke mohlala o motle hakaakang o ka lateloang ke banna ha ba sebelisana le basali ba bona!
Leha ho le joalo, ho na le banna ba sa lateleng mohlala ona o motle. Ba sebelisa bohlooho boo Molimo o ba fileng bona ka boithati, ho e-na le ho bo sebelisa molemong oa basali ba bona. Ba hatella basali ba bona ka mokhoa oa bompoli, ba batla hore ba ikokobetse ka ho felletseng ’me hangata ha ba ba lumelle hore ba iketsetse liqeto leha e le life. Hoa utloahala hore basali ba banna ba joalo hangata ha ba phele bophelo bo thabileng. ’Me monna ea joalo le eena o utloa bohloko hobane o hlōleha ho ikhapela tlhompho e lerato ea mosali oa hae.
Ke ’nete hore Molimo o laela hore mosali a hlomphe boemo boo monna oa hae a leng ho bona joaloka hlooho ea lelapa. Empa haeba monna a lakatsa hore mosali oa hae a mo hlomphe ho tloha botebong ba pelo, o lokela ho sebeletsa hoo, ’me tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho etsa sena ke ka ho etsa lintho ka tsela e nang le boikarabelo le ho hlaolela litšoaneleho tse ntle, tsa bomolimo joaloka hlooho ea lelapa.
Boikokobetso bo Lekanyelitsoe
Bolaoli ba monna holim’a mosali oa hae hase bo felletseng. Ka litsela tse ling boikokobetso ba mosali bo ka bapisoa le boikokobetso ba Mokreste ho ’musi oa lefatše. Molimo o fana ka taelo ea hore Mokreste o tlameha hore a “ikokobelletse balaoli ba phahameng.” (Ba-Roma 13:1, NW) Leha ho le joalo, boikokobetso bona bo tlameha hore ka mehla bo leka-lekanngoe le seo re se kolotang Molimo. Jesu o itse: “Ntšetsang Cesare tseo e leng tsa Cesare, ’me le ntšetse Molimo tseo e leng tsa Molimo.” (Mareka 12:17) Haeba Cesare (’muso oa lefatše) a batla hore re mo fe seo e leng sa Molimo, re hopola seo moapostola Petrose a ileng a se bua: “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho.”—Liketso 5:29.
Ka mokhoa o tšoanang, haeba mosali oa Mokreste a nyetsoe ke monna ea sa utloisiseng kapa ea sa hlompheng melao-motheo ea Bokreste, o ntse a tlameha ho ikokobelletsa eena. Ho e-na le ho hanyetsa tokisetso ena e hlohonolofalitsoeng ke Molimo, o ne a tla be a etsa hantle ha a sebelisana le eena ka lerato le ka ho mo nahanela ’me kahoo a leka ho etsa hore a mo tšepe. Mohlomong boitšoaro bo botle joalo bo ka etsa hore monna a fetohe; ebile bo ka ’na ba mo hulela ’neteng. (1 Petrose 3:1, 2) Haeba monna oa hae a mo laela hore a etse ntho e ’ngoe e haneloang ke Molimo, o lokela ho hopola hore Molimo ke ’Musi oa hae ea ka sehloohong. Ka mohlala, haeba monna a batla hore a kopanele boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali, bo kang ho fapanyetsana basali, o tlameha hore a se ke a ikokobetsa. (1 Ba-Korinthe 6:9, 10) Boikokobetso ba hae ho monna oa hae bo laoloa ke letsoalo la hae le boikokobetso bo ka sehloohong ho Molimo.
Nakong ea Morena Davida, Abigaile o ne a nyetsoe ke Nabale, monna ea neng a sa hlomphe melao-motheo ea Molimo le ea ileng a sebetsana le Davida le banna ba hae ka tsela e hlokang mohau le e se nang lerato. Ba ne ba ile ba sireletsa likete tsa linku le lipoli tsa Nabale, empa eitse ha Davida a kōpa monehelo oa lijo, Nabale o ile a hana.
Ha a hlokomela hore lekhonatha la monna oa hae le ne le tla tlisetsa lelapa tlokotsi, Abigaile ka boeena o ile a etsa qeto ea ho isetsa Davida lijo. “Abigaile a phakisa a nka makholo a mabeli a lipolokoe, le makuka a mabeli a veine, le nku tse hlano tse seng li lokisitsoe, le litekanyo tse hlano tsa liqhome, le lekholo le le leng la merara, le makholo a mabeli a linkhoa tsa lifeiga, a li belesa lieseleng. A re ho bahlanka ba hae: Fetelang pele, ’na ke se ke le sala morao. Empa a se ke a tsebisa monna oa hae Nabale.”—1 Samuele 25:18, 19.
Na Abigaile o ne a fositse ka ho sebetsa khahlanong le thato ea monna oa hae? Eseng tabeng ena. Boikokobetso ba Abigaile bo ne bo sa hloke hore e be ea se nang lerato joaloka monna oa hae, haholo-holo hobane tsela ea Nabale e booatla e ile ea beha lelapa lohle la hae tsietsing. Kahoo, Davida o ile a re ho eena: “Ho bokoe Jehova, Molimo oa Iseraele, ea u romileng kajeno lena ho tla nkhahlanyetsa! Ho bokoe le kelello ea hao.” (1 Samuele 25:32, 33) Ka mokhoa o tšoanang, basali ba Bakreste kajeno ha baa lokela ho kena-kenana le bohlooho ba banna ba bona, kapa ho bo hanyetsa, empa haeba ba nka tsela eo eseng ea Bokreste, basali ha baa lokela ho ba latela tabeng eo.
Ke ’nete hore lengolong la hae le eang ho Baefese Pauluse o re: “Joale ka ha Kereke e ikokobetsa ka tlas’a Kreste, basali le bona ba ikokobetse ho banna ba bona joalo nthong tsohle.” (Ba-Efese 5:24) Ho sebelisa ha moapostola poleloana “nthong tsohle” mona ha ho bolele hore boikokobetso ba mosali ha bo na moeli. Polelo ea Pauluse, “joale ka ha Kereke e ikokobetsa ka tlas’a Kreste,” e bontša seo a neng a se nahanne. Lintho tsohle tseo Kreste a laelang phutheho hore e li etse ke tse lokileng, tse lumellanang le thato ea Molimo. Kahoo, phutheho e ka nolofalloa le ho thabela ho ikokobelletsa eena linthong tsohle. Ka mokhoa o tšoanang, mosali oa monna oa Mokreste eo ka botšepehi a lekang ho latela mohlala oa Jesu o tla thabela ho ikokobelletsa eena linthong tsohle. Oa tseba hore o amehile haholo ka lithahasello tsa hae tse molemo, ’me le ka mohla a ke ke a ikemisetsa ho mo kōpa hore a etse ntho e ’ngoe e khahlanong le thato ea Molimo.
Monna o tla etsa hore mosali oa hae a ’ne a mo rate le ho mo hlompha haeba a bonahatsa litšoaneleho tsa bomolimo tsa hlooho ea hae, Jesu Kreste, ea ileng a laela balateli ba hae hore ba ratane. (Johanne 13:34) Le hoja monna a etsa liphoso a bile a sa phethahala, haeba a sebelisa bolaoli ba hae tumellanong le bohlooho bo phahameng ba Kreste, o etsa hore ho be bonolo haholoanyane bakeng sa mosali oa hae hore a thabele ho ba le eena joaloka hlooho ea hae. (1 Ba-Korinthe 11:3) Haeba mosali a hlaolela litšoaneleho tsa ho ba ea itekanetseng le ea nang le mosa o lerato, ha ho thata hore a ikokobelletse monna oa hae.
Ea Inyenyefatsang le ea Lekanyetsang Lintho Hantle
Banna le basali ba ka phuthehong ke baena le bo-khaitseli ba moea ba nang le boemo bo lekanang ka pel’a Jehova. (Bapisa le Ba-Galata 3:28.) Leha ho le joalo, Molimo o abetse banna hore ba sebeletse joaloka balebeli ba phutheho. Basali ba lipelo li sekametseng ho lokeng ka boikokobetso bohle ba ananela sena ka thabo. Banna ba hōlileng tsebong ka phuthehong ba ananela tlamo ea bohlokoa e behoang holim’a banna ea hore ba se ke ba busa mohlape ka thata.—1 Petrose 5:2, 3.
Haeba kamano e joalo e lokela ho ba teng pakeng tsa banna le basali ba ka phuthehong, ke joang monna oa Mokreste a ka lokafatsang ho iketsa ’mampoli holim’a mosali oa hae, khaitseli ea hae moeeng? ’Me ke joang mosali a ka lokafatsang ho hlōlisana ha hae le monna bakeng sa bohlooho? Ho e-na le hoo, ba lokela ho sebelisana joalokaha Petrose a eletsa litho tsohle tsa phutheho: “Bohle le be le khopolo e le ’ngoe, le hauhelane, le ratane le baena, le be le mohau, le be le mosa.” (1 Petrose 3:8) Le Pauluse o ile a fana ka keletso: “Le apare ke hona, kaha le le bakhethoa ba Molimo, ba halalelang, ba ratoang, maikutlo a mohau, a molemo, a boikokobetso, a bonolo, a mamello. Le mamellane, le rekolohelane, ’me ekare ha e mong a e-na le komang le e mong joale ka ha Kreste a le hauhetse, etsang joalo le lōna.”—Ba-Kolosse 3:12, 13.
Boikutlo bo joalo bo lokela ho hlaoleloa ka phuthehong. ’Me ka ho khetheha bo lokela ho hlaoleloa pakeng tsa monna le mosali ka lapeng la Bokreste. Monna a ka bontša kameho e bonolo le e mosa ka ho mamela litlhahiso tsa mosali oa hae. O lokela ho nahanela pono ea mosali oa hae pele a etsa liqeto tse amang lelapa. Basali ba Bakreste hase batho ba sa inahaneng. Hangata ba ka fa banna ba bona litlhahiso tse molemo, joalokaha Sara a ile a etsa ho monna oa hae, Abrahama. (Genese 21:12) Ka lehlakoreng le leng, mosali oa Mokreste a ke ke a batla hore monna oa hae a mo etsetse lintho tse ngata tse sa hlokahaleng. O tla bontša mosa oa hae le bonolo ka ho ikokobelletsa ketello-pele ea hae le ho tšehetsa liqeto tsa hae, le hoja ka linako tse ling li ka ’na tsa fapana le seo a se ratang.
Monna ea lekanyetsang lintho hantle, joaloka moholo ea lekanyetsang lintho hantle, oa atameleha ebile o mosa. ’Me mosali ea nang le lerato o arabela ka ho ba le kutloelo-bohloko le mamello, ka baka la ho hlokomela boiteko boo a bo etsang ho phethahatsa boikarabelo ba hae ho sa tsotellehe ho se phethahale le likhatello tsa bophelo. Haeba monna le mosali ba hlaolela boikutlo bo joalo, boikokobetso lenyalong e ke ke ea e-ba bothata. Ho e-na le hoo, ke mohloli oa thabo, tšireletseho, le khotsofalo e tšoarellang.