Batho ba Fanang ka Tsela ea Bomolimo ba Letetsoe ke Thabo e sa Feleng
“Molimo o ratile lefatše haholo hoo o ileng oa fana ka Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a tle a se ke a timetsoa empa a fumane bophelo bo sa feleng.”—JOHANNE 3:16, NW.
1, 2. (a) Mofani e moholo ka ho fetisisa ke mang, ’me mpho e khōlō ka ho fetisisa eo a e fileng batho ke efe? (b) Molimo o ile oa bonahatsa tšoaneleho efe ka ho fana ka mpho ea oona e khōlō ka ho fetisisa?
JEHOVA MOLIMO ke Mofani e moholo ho feta bohle. Morutuoa oa Mokreste Jakobo o ne a hopotse eena, ’Mōpi oa leholimo le lefatše, ha a ngola sena: “Mpho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle, leha e le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethehileng, e tsoa holimo, e theoha ho Ntat’a maseli, eo ho seng tika-tiko ho eena, leha e le seriti sa ho fetoha.” (Jakobo 1:17) Hape Jehova ke Mofani oa mpho e khōlō ka ho fetisisa e kileng ea fanoa. Mabapi le mpho e khōlō ka ho fetisisa eo a e fileng batho, ho itsoe: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo o ileng oa fana ka Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a tle a se ke a timetsoa empa a fumane bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16, NW.
2 Sebui sa mantsoe ao ke Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo ka boeena. Joalokaha ho ka lebelloa mora ea tsoetsoeng a ’notši oa ntate o ne a tla ananela le ho rata ntate ea joalo e le mohloli oa bophelo ba hae le oa lintho tsohle tse molemo tseo a li fuoeng hore a thabele bophelo. Empa lerato la Molimo ha lea ka la fella ho Mora enoa oa oona a le mong feela. Ho fa libōpuoa tse ling tsa oona mpho e joalo ho ne ho tla bonahatsa lerato la Molimo ka tekanyo e khōlō ka ho fetisisa. (Bapisa le Ba-Roma 5:8-10.) Sena se totobala haholoanyane ha re hlahloba seo lentsoe “fana” le hlileng le se bolelang tabeng ena.
Mpho ea Molimo ea “Mora oa Oona ea Ratoang”
3. Ntle le “Mora oa oona ea ratoang,” ke bo-mang hape ba neng ba thabela lerato la Ntate oa leholimo?
3 Ka nako e sa boleloang, Molimo o ’nile oa thabela kamano ea botho le Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši—“Mora oa oona ea ratoang”—leholimong. (Ba-Kolosse 1:13) Nakong ena eohle, Ntate le Mora ba ne ba ratana haholo hoo ho seng batho ba kileng ba ratana joaloka bona. Libōpuoa tse ling tseo Molimo o li bōpileng o sebelisa Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši le tsona li ne li ratoa joaloka litho tsa lelapa la bomolimo la Jehova. Ka hona, ka har’a lelapa la Molimo ka kakaretso ho ne ho e-na le lerato le leholo. Ka nepo, ka Mangolong a halalelang ho thoe “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8, BPN) Ka hona, lelapa la bomolimo le ne le tla etsoa ka batho bao Ntate, Jehova Molimo, a ba ratang.
4. Ke joang ho fana ha Molimo ka Mora oa oona ho sa kang ha akarelletsa feela ho lahleheloa ke kamano ea botho, ’me ho ne ho le molemong oa bo-mang?
4 Tlamahano e neng e le teng pakeng tsa Jehova le Mora oa hae oa letsibolo e ne e le e atamelaneng haholo hoo ho tela kamano e haufi-ufi joalo e neng e ka ba tahlehelo e khōlō. (Ba-Kolosse 1:15) Empa ‘ho fana’ ka Mora enoa ea tsoetsoeng a ’notši ho ne ho bolela ho hoholo ho feta ho tela ha Molimo kamano ea oona ea botho le “Mora oa oona ea ratoang.” Ho ile ha isa bohōleng ba hore Jehova a lumelle Mora oa hae hore a shoe ’me ka nakoana e se be setho sa lelapa la Molimo la bokahohle. Lefu lena le ne le le molemong oa bao e neng e e-s’o ka e e-ba litho tsa lelapa la Molimo ho hang. Ha ho mpho e ’ngoe e khōlō eo Jehova a neng a ka fana ka eona molemong oa batho ba hlokang haese Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, eo Mangolo a boetseng a mo khethollang e le “qalo ea pōpo ea Molimo.”—Tšenolo 3:14, NW.
5. (a) Boemo ba tsieleho ba bana ba Adama e ne e le bofe, ’me toka ea Molimo e ne e hloka eng ho e mong oa bara ba Oona ba tšepahalang? (b) Mpho e khōlō ka ho fetisisa ea Molimo e ne e tla hloka hore o etse’ng?
5 Banyalani ba pele ba batho, Adama le Eva, ba ile ba hlōleha ho boloka boemo ba bona bo loketseng joaloka litho tsa lelapa la Molimo. Bona ke boemo boo ba ileng ba iphumana ba le ho bona ka mor’a ho lelekoa tšimong ea Edene ka baka la ho siteloa Molimo. Hase feela hore e ne e se e se litho tsa lelapa la Molimo empa ba ne ba boetse ba le tlas’a kotlo ea lefu. Ka hona, bothata e ne e se feela ho khutlisetsa bana ba bona mohaung oa Molimo joaloka litho tsa lelapa la oona, empa e ne e boetse e le bothata ba ho tlosa kotlo ea bomolimo ea lefu holim’a bona. Ho latela toka ea bomolimo, sena se ne se tla hloka hore e mong oa bara ba Jehova Molimo ba tšepahalang a shoe joaloka topollo, kapa thekollo. Ka hona, potso e khōlō e ne e le ena: Na ea khethiloeng o ne a tla ikemisetsa ho shoa lefu le joalo la topollo molemong oa batho ba baetsalibe? Ho feta moo, ho hlahisa sena ho ne ho tla hloka hore Molimo o Matla ’Ohle o etse mohlolo. Hape ho ne ho tla hloka hore Molimo o bontše lerato ka tekanyo e khōlō ka ho fetisisa.—Ba-Roma 8:32.
6. Mora oa Molimo o ile a khona joang ho finyella litlhokahalo tsa boemo ba batho ba baetsalibe, ’me o ile a re’ng tabeng ee?
6 Ke Mora oa letsibolo oa Jehova feela ea neng a ka finyella litlhokahalo tse khethehileng tsa boemo bo amang batho ba baetsalibe. Ke setšoantšo sa Ntate oa hae oa leholimo ho bontšeng lerato ho litho tsa lelapa le hlahisitsoeng ke Molimo hoo ho seng ea lekanang le eena har’a bara ba Molimo. Kaha libōpuoa tse ling tsohle tse bohlale li ile tsa bōptjoa ho sebelisoa eena, ka sebele lerato la hae ho tsona e ne e tla ba le leholo. Ho phaella moo, lerato ke tšoaneleho e laolang Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Jehova, Jesu Kreste, hobane ke “lehlaseli la khanya [ea Molimo], le setšoantšo sa boleng ba oona.” (Ba-Heberu 1:3) Ha a bontša boikemisetso ba hae ba ho bontša lerato ka tekanyo e khōlōhali ka ho nyehela bophelo ba hae molemong oa batho ba baetsalibe, Jesu o ile a bolella baapostola ba hae ba 12: “Mor’a motho ha a ka a tlela ho sebeletsoa, empa e le ho sebeletsa, le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo [“thekollo,” NW] ea ba bangata.”—Mareka 10:45; bona le Johanne 15:13.
7, 8. (a) Ke eng se ileng sa susumelletsa Jehova ho romela Jesu Kreste lefatšeng la batho? (b) Molimo o ile oa roma Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši ka thōmo ea mofuta ofe?
7 Jehova Molimo o ne a e-na le lebaka le khethehileng la ho romela Jesu lefatšeng lena le tsietsing la batho. Lerato la Molimo ke lona le ileng la susumelletsa sena, hobane Jesu o itse: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo o ileng oa fana ka Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a tle a se ke a timetsoa empa a fumane bophelo bo sa feleng. Hobane Molimo o romile Mora oa oona lefatšeng, e seng hore a ahlole lefatše, empa e le hore lefatše le bolokehe ka eena.”—Johanne 3:16, 17, NW.
8 Ka lerato Jehova o ile a roma Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši ka thōmo ea ho fana ka poloko. Molimo ha oa ka oa romela Mora oa oona mona e le hore a ka ahlola lefatše. Haeba Mora oa Molimo a ne a romiloe ka thōmo e joalo ea kahlolo, pono ea batho bohle e ne e tla ba e hlokisang tšepo. Kotlo ea kahlolo e boima eo Jesu Kreste a ka beng a e file lelapa la motho e ne e tla ba kahlolo ea lefu. (Ba-Roma 5:12) Ka hona, ka pontšo ena e ikhethang ea lerato la bomolimo, Molimo o ile oa leka-lekanya kotlo ea lefu e neng e tla hlokoa ke toka e felletseng.
9. Mopesaleme Davida o ne a ikutloa joang ka ho fana ha Jehova?
9 Linthong tsohle, Jehova Molimo o bonahatsa lerato joaloka tšobotsi e phahameng ea botho ba hae. Ka nepo ho ka thoe ka lerato Molimo o fa barapeli ba oona ba tšepahalang ba leng lefatšeng lintho tse ngata haholo tse molemo. Mopesaleme Davida o ne a ikutloa ka tsela eo tabeng ena ha a ne a re ho Molimo: “Molemo oa hao ke o khaphatsehang hakaakang, oo u o boloketseng ba u tšabang! Oo u o nehileng ba u entseng setšabelo, ka pel’a bara ba batho.” (Pesaleme ea 31:19, NW) Nakong ea ha Davida e sa le morena oa sechaba sa Iseraele—e, bophelong bohle ba hae joaloka setho sa sechaba seo se neng se khethiloe ke Molimo ka ho khetheha—hangata o ile a latsoa molemo oa Jehova. ’Me Davida o ile a fumana hore oa khaphatseha.
Ho Lahleheloa ha Iseraele ke Mpho e Khōlō e Tsoang ho Molimo
10. Ke hobane’ng ha Iseraele ea boholo-holo e ne e fapane le lichaba tse ling lefatšeng?
10 Iseraele ea boholo-holo e ne e sa tšoane le sechaba leha e le sefe lefatšeng kaha Jehova e ne e le Molimo oa eona. Jehova o ile a kenya litloholo tsa Abrahama, Isaaka, le Jakobo kamanong ea selekane a sebelisa moprofeta Moshe joaloka mokena-lipakeng. O ne a e-s’o ka a sebelisana le sechaba leha e le sefe ka mokhoa ona. Ka hona, mopesaleme ea bululetsoeng o ne a ka hooa ka ho re: “O senoletse Jakobo lentsoe la hae, o neile Iseraele melao ea hae le likahlolo tsa hae. Ha a ka a etsa joalo bakeng sa lichaba tse ling kaofela, ’me ha li tsebe likahlolo tsa hae. Bokang Jehova!”—Pesaleme ea 147:19, 20.
11. Iseraele e ile ea thabela boemo ba eona bo bontšang mohau oa Molimo ho fihlela neng, ’me Jesu o ile a hlalosa phetoho e teng kamanong ea oona le eona joang?
11 Sechaba sa Iseraele ea tlhaho se ile sa tsoela pele se le kamanong ena e bontšang mohau oa Molimo ho fihlela se lahla Jesu Kreste joaloka Messia selemong sa 33 sa Mehla ea rōna e Tloaelehileng. Ka sebele e ne e le letsatsi le mahlonoko ho Iseraele ha Jesu a hooa ka seboko se seholo: “Jerusalema, Jerusalema, ea bolaeang baprofeta, ea tlepetsang ka majoe ba rongoang ho uena, ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao, joale ka khoho ha e bokella litsuanyana tsa eona tlas’a mapheo a eona, empa le hanne. Bonang, ntlo ea lōna e tla sala e le lesupi.” (Mattheu 23:37, 38) Mantsoe a Jesu a ne a bontša hore sechaba sa Iseraele, le hoja nakong e fetileng se ne se fumane mohau oa Jehova, se ne se lahlehetsoe ke mpho e khethehileng e tsoang ho Molimo. Joang?
12. ‘Bana ba Jerusalema’ e ne e le bo-mang, ’me ha Jesu a ne a ka ba bokella see se ne se tla bolela eng?
12 Ka ho sebelisa lentsoe “bana,” Jesu o ne a bua feela ka Bajode ba tlhaho ba bolotseng ba neng ba phela Jerusalema ’me ba emela sechaba sa Bajode ka kakaretso. Ha Jesu a ne a ka bokella ‘bana ba Jerusalema’ sena se ne se tla bolela hore o kenya “bana” bana selekaneng se secha le Molimo, seo ho sona eena a sebeletsang joaloka Mokena-lipakeng pakeng tsa Jehova le Bajode bana ba tlhaho. (Jeremia 31:31-34) Sena se ne se tla tlisa tšoarelo ea libe, hobane lerato la Molimo le ne le pharalletse ho isa bohōleng boo. (Bapisa le Malakia 1:2.) Kannete sena e ne e tla be e le mpho e khōlō.
13. Ho lahla ha Iseraele Mora oa Molimo ho ile ha tlisa tahlehelo efe, empa ke hobane’ng ha thabo ea Jehova e sa ka ea fela?
13 Tumellanong le Lentsoe lena la boprofeta, Jehova o ile a ema nako e lekaneng pele a fetisetsa mpho ea ho kopanela selekaneng se secha ho Balichaba. Empa ka ho lahla Mora oa Molimo, Messia, sechaba sa Iseraele ea tlhaho se ile sa lahleheloa ke mpho ena e khōlō. Ka hona Jehova o ile a sebetsana le ho lahloa ha Mora oa hae ka ho fetisetsa mpho ena ho batho ba ka ntle ho sechaba sa Bajode. Ka tsela eo, thabo ea Jehova joaloka Mofani e Moholo e ile ea tsoela pele e sa fele.
Thabo ea ho Fana
14. Ke hobane’ng ha Jesu Kreste e le sebōpuoa se thabileng ka ho fetisisa bokahohleng bohle?
14 Jehova ke “Molimo o thabileng.” (1 Timothea 1:11, NW) Ho fa ba bang ke e ’ngoe ea lintho tse mo thabisang. ’Me lekholong la pele la lilemo C.E., Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši o ile a re: “Ho na le thabo e eketsehileng ho faneng ho feta ho fuoeng.” (Liketso 20:35, NW) Tumellanong le molao-motheo ona, Jesu ke sebōpuoa se thabileng ka ho fetisisa sa ’Mōpi oa bokahohle bohle. Joang? Kaha Jesu Kreste o haufi le Jehova Molimo, o ile a fana ka mpho e khōlō ho feta tsohle ka ho nyehela bophelo ba hae molemong oa batho. Ha e le hantle, ke eena ‘’Musi ea thabileng.’ (1 Timothea 6:15, NW) Ka hona Jesu o behile mohlala o motle oa seo a se buileng ka thabo e khōlō ea ho fana.
15. Jehova a ke ke a khaotsa ho beha mohlala o motle oa eng, ’me libōpuoa tsa hae tse bohlale li ka latsoa thabo ea hae ka tekanyo e itseng joang?
15 A sebelisa Jesu Kreste, le ka mohla Jehova Molimo a ke ke a hlōleha ho ba Mofani ea seatla se bulehileng ho libōpuoa tsa hae tsohle tse bohlale ’me ka linako tsohle o tla li behela mohlala o motle ka ho fetisisa oa ho fana. Feela joalokaha Molimo o thabisoa ke ho fa ba bang limpho tse molemo, ka ho tšoanang o kentse moea oa ho fana ka seatla se bulehileng ka lipelong tsa libōpuoa tsa hae tse bohlale tse lefatšeng. Ka tsela eo li bonahatsa botho ba hae ebile lia bo etsisa ’me li latsoa thabo ea hae ka tekanyo e itseng. (Genese 1:26; Ba-Efese 5:1) Ka ho loketseng, Jesu o ile a bolella balateli ba hae: “Fanang, ’me le tla fuoa: mekotlaneng ea lōna le tla tšèlloa haholo, e hlohloe, e hlōkōhloe, e sasamale, hobane le tla lekanyetsoa ka tekanyo eo le lekanyang ka eona.”—Luka 6:38, BPN.
16. Jesu o ne a bua ka ho fana ha mofuta ofe ho Luka 6:38? (BPN)
16 Jesu o ile a behela barutuoa ba hae mohlala o motle ka ho fetisisa oa ho itloaetsa ho fana. O ile a re ba fuoang ba ne ba tla arabela hamolemo ketsong e joalo ea ho fana. Ho Luka 6:38, (BPN) Jesu o ne a sa bue ka ho khetheha ka ho fana ka limpho tsa lintho tse bonahalang. O ne a sa bolelle barutuoa ba hae hore ba hahamalle tsela e neng e tla ba phophotha lintho tse bonahalang. Ho e-na le hoo, o ne a ba lebisa tseleng e neng e tla ba fa boikutlo ba khotsofalo moeeng.
Tiiso ea ho Fumana Thabo e sa Feleng
17. Molimo o file Lipaki tsa oona mpho efe e hlollang mehleng ee ea bofelo?
17 Jehova, Hlooho ea libōpuoa tsohle, o file Lipaki tsa hae mpho e hlollang hakaakang mehleng ee ea bofelo! O re file litaba tse molemo tsa ’Muso oa hae. Re na le tokelo e khōlō ea ho ba baboleli ba ’Muso o hlonngoeng oa Molimo o tlas’a Mora oa oona ea busang, Jesu Kreste. (Mattheu 24:14; Mareka 13:10) Ho etsoa Lipaki tse buellang Molimo o Phahameng ka ho Fetisisa ke mpho e ke keng ea lekanngoa, ’me tsela e molemohali eo re ka etsisang Molimo ka eona ka ho fana ke ka ho arolelana molaetsa oa ’Muso le ba bang pele bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho bo fihla.
18. Joaloka Lipaki tsa Jehova, ke eng seo re tlamehang ho se fa batho ba bang?
18 Moapostola Pauluse o ile a bua ka mathata ao a ileng a hlaheloa ke ’ona ha a bolella ba bang molaetsa oa ’Muso. (2 Ba-Korinthe 11:23-27) Lipaki tsa Jehova tsa kajeno le tsona li ’nile tsa hlaheloa ke mathata ’me tsa tela lintho tseo li li ratang ha li ntse li etsa boiteko ba ho fa ba bang tšepo ea ’Muso. Mohlomong ha re na tšekamelo ea ho ea malapeng a batho, haholo-holo haeba re le lihlong. Empa joaloka balateli ba Kreste, re ke ke ra qoba tokelo ea ho fa ba bang lintho tsa moea ka ho bolela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” kapa ra e balehela. (Mattheu 24:14, NW) Ho hlokahala hore re be le boikutlo bo tšoanang le boo Jesu a bileng le bona. Ha a le lintšing tsa lefu, o ile a rapela: “Ntate, . . . ho se ke ha etsoa thato ea ka, ho mpe ho etsoe ea hao!” (Mattheu 26:39) Tabeng ea ho fa ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso, bahlanka ba Jehova ba tlameha ho etsa thato ea Molimo, eseng thato ea bona—ba tlameha ho etsa seo o se ratang, eseng seo bona ba se ratang.
19. Beng ba ‘meaho e sa feleng’ ke bo-mang, ’me re ka etsa setsoalle le bona joang?
19 Ho fana ho joalo ho tla akarelletsa nako le matlotlo a rōna, empa ka ho fana ka tsela ea bomolimo, re tla be re tiisa hore thabo ea rōna e tla ba ea ka ho sa feleng. Hobane’ng? Hobane Jesu o itse: “Iketsetseng metsoalle ka leruo le sa lokang [“leruo la lefatše,” New International Version], hore e tle ere ha le fela, ba le amohele meahong e sa feleng.” (Luka 16:9, BPN) Re lokela ho ikemisetsa ho sebelisa “leruo le sa lokang” bakeng sa ho etsa setsoalle le Beng ba ‘meaho e sa feleng.’ Joaloka ’Mōpi, Jehova ke eena mong’a lintho tsohle, ’me Mora oa hae oa letsibolo o na le kabelo linthong tseo joaloka Mojalefa oa lintho tsohle. (Pesaleme ea 50:10-12; Ba-Heberu 1:1, 2) E le hore re ka etsa setsoalle le bona, re tlameha ho sebelisa leruo ka tsela e tla etsa hore ba re amohele. Sena se akarelletsa ho ba le boikutlo bo nepahetseng ka ho sebelisa lintho tse bonahalang molemong oa ba bang. (Bapisa le Mattheu 6:3, 4; 2 Ba-Korinthe 9:7, BPN.) Re ka sebelisa chelete ka tsela e nepahetseng bakeng sa ho tiisa setsoalle sa rōna le Jehova Molimo le Jesu Kreste. Ka mohlala, re etsa sena ka ho sebelisa seo re nang le sona ka thabo bakeng sa ho thusa batho ba hlokang le ho sebelisa matlotlo a rōna bakeng sa ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso.—Liproverbia 19:17; Mattheu 6:33.
20. (a) Ke hobane’ng ha Jehova le Jesu ba ka re kenya “meahong e sa feleng,” ’me libaka tsee li ka ’na tsa ba hokae? (b) Tokelo ea rōna ea ka ho sa feleng e tla ba efe?
20 Ka baka la bophelo ba bona ba ho se shoe, Jehova Molimo le Jesu Kreste e ka ba Metsoalle ea rōna ka ho sa feleng ’me ba ka re kenya “meahong e sa feleng.” Ho tla ba joalo ho sa tsotellehe hore na meaho ena e tla ba leholimong hammoho le mangeloi a halalelang kaofela kapa lefatšeng lena Paradeiseng e tsosolositsoeng. (Luka 23:43) Mpho ea Molimo e lerato ka Jesu Kreste ke eona e entseng hore sena sohle se fumanehe. (Johanne 3:16, NW) ’Me Jehova Molimo o tla sebelisa Jesu bakeng sa ho tsoela pele a fana ka lintho pōpong eohle, bakeng sa thabo ea Hae e ikhethang. Ha e le hantle, ka ho sa feleng re tla ba le tokelo ea ho fana tlas’a puso ea bokahohle ea Jehova Molimo le borena ba Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, Morena le ’Moloki oa rōna, Jesu Kreste. Sena se tla tlisetsa batho ba fanang ka tsela ea bomolimo thabo e sa feleng.
Na U sa Hopola?
◻ Mpho e khōlō ka ho fetisisa ea Molimo e ne e tla hloka hore o etse eng?
◻ Molimo o ile oa roma Mora oa oona ka thōmo ea mofuta ofe?
◻ Sebōpuoa se thabileng ka ho fetisisa bokahohleng bohle ke mang, hona hobane’ng?
◻ Batho ba fanang ka tsela ea bomolimo ba tla latsoa thabo e sa feleng joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Na u ananela mpho eo Molimo o faneng ka eona ea Mora oa oona e le sehlabelo sa thekollo?
[Litšoantšo tse leqepheng la 12]
Na u batla ’Muso oa Molimo pele ka ho bolela litaba tse molemo le ho tšehetsa mosebetsi oo ka matlotlo a hao?