Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 3/15 maq. 4-7
  • Seo ’Muso oa Molimo o ka se Bolelang ho Uena

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seo ’Muso oa Molimo o ka se Bolelang ho Uena
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pono ea Jesu ka ’Muso
  • Na ’Muso o ka Hare ho Rōna?
  • Nako eo o Tla Tla ka Eona
  • Kamoo ’Muso o Tlang ka Teng
  • Mahlohonolo a Puso ea ’Muso
  • Seo Jesu a se Rutileng ka ’Muso oa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Ka ’Muso oa Molimo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • ’Muso oa Molimo O-oa Busa
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Na ’Muso oa Molimo o ka Lipelong Tsa Batho?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 3/15 maq. 4-7

Seo ’Muso oa Molimo o ka se Bolelang ho Uena

JESU KRESTE o rutile balateli ba hae ho rapela: “’Muso oa hao o tle.” (Mattheu 6:10, BPN) Mantsoe ao a ’nile a lebisoa ho Molimo ka makhetlo a mangata hakaakang ke batho ba ipolelang hore ke balateli ba Jesu!

Leha ho le joalo, Jesu o entse ho fetang feela ho ruta barutuoa ba hae ho rapella ’Muso oa Molimo. O ile a etsa ’Muso sehlooho se seholo sa mosebetsi oa hae oa boboleli. Ha e le hantle, Encyclopædia Britannica e bolela hore ’Muso oa Molimo “ka kakaretso o nkoa e le sehlooho se seholo sa ho ruta ha Jesu.”

Ha balateli ba Kreste ba rapella ’Muso, ha e le hantle ba rapella eng? ’Muso oa Molimo o ka bolela’ng ho bona le ho uena? ’Me Jesu o ile a o talima joang?

Pono ea Jesu ka ’Muso

Hangata Jesu o ne a ipitsa “Mor’a motho.” (Mattheu 10:23; 11:19; 16:28; 20:18, 28) Sena se re hopotsa ka ho bua ha moprofeta Daniele ka “mor’a motho.” Mabapi le ketsahalo eo e tlang ea leholimo, Daniele o itse: “Ka ba ka talima ka lipono tsa bosiu, ’me bonang, e mong ea kang mor’a motho a hlaha ka maru a leholimo, a fihla ho Moholo oa matsatsi, a atametsoa ho eena; a neoa ’muso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta eohle, le ba lichaba tsohle, le ba lipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse.”—Daniele 7:13, 14.

Ha a bua ka nako eo a neng a tla amohela puso ena ka eona, Jesu o ile a bolella baapostola ba hae: “Mohla Mor’a motho a lulang teroneng ea khanya ea hae, lōna ba ntatetseng, le tla lula literoneng tse leshome le metso e ’meli.” Jesu o boetse a re: “Mohla Mor’a motho a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae, . . . lichaba tsohle li tla bokelloa pel’a hae; ’me o tla khetha ba bang ho ba bang, joale ka molisa ha a khetha linku ho lipōli. . . . Bao [ba sa lokang] ba tla ea bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng ba tla ea bophelong bo sa feleng.”—Mattheu 19:28; 25:31, 32, 46.

Ho bua hona ha boprofeta ka literone le lihlopha tsohle tsa lichaba ho bontša hore ’Muso ke puso eo ho eona Jesu le ba bang ba balateli ba hae ba tlang ho busa batho. Puso eo e tla ba le matla a ho felisa ba sa lokang. Leha ho le joalo, tlas’a puso ea ’Muso, batho ba nang le tšekamelo e lokileng ba tla amohela mpho ea Molimo ea bophelo bo sa feleng.

Joale, ka ho hlakileng, ’Muso oa Molimo ke puso ea leholimo e hlonngoeng ke Molimo. ’Muso hase kereke, ’me Mangolo ha a fane ka motheo oa pono ea lefatše ka oona. Ho feta moo, puso e fanoeng ke Molimo e ke ke ea e-ba ntho feela e ka pelong ea motho. Kaha ’Muso oa Molimo ke puso, ha e be ntho e ka lipelong tsa rōna ha re amohela Bokreste. Empa ke hobane’ng ha ba bang ba nahana hore ’Muso ke boemo bo amang pelo?

Na ’Muso o ka Hare ho Rōna?

Ba bang ba ikutloa hore ’Muso o ka lipelong tsa rōna ka baka la tsela eo Luka 17:21 e ileng ea fetoleloa ka teng ke bafetoleli ba bang ba Bibele. Ho ea ka New International Version, moo Jesu o itse: “’Muso oa Molimo o ka hare ho lōna.”

Tabeng ena The Interpreter’s Dictionary of the Bible e bolela hore: “Thuto ea hore ’muso oa Molimo ke boemo bo ka hare ba kelello, kapa ba polokeho ea botho, e khahlanong le taba e potolohileng temana ena, hape e hanana le kamoo T[estamente] eohle e N[cha] e hlalosang khopolo ena ka teng.”

Mongolo o ngotsoeng botlaaseng ba leqephe ho Luka 17:21 ho New International Version o bontša hore mantsoe a Jesu a ka fetoleloa tjena: “’Muso oa Molimo o ho lōna.” Liphetolelo tse ling tsa Bibele li baleha tjena: “’Muso oa Molimo o ho lōna” kapa “o har’a lōna.” (The New English Bible; The Jerusalem Bible; Revised Standard Version) Ho ea ka New World Translation of the Holy Scriptures, Jesu o itse: “’Muso oa Molimo o har’a lōna.” Jesu o ne a sa bolele hore ’Muso o ne o le lipelong tsa Bafarisi ba ikhohomosang bao a neng a bua le bona. Ho e-na le hoo, joaloka Messia le Morena ea Khethiloeng eo e leng khale a lebelletsoe, Jesu o ne a le har’a bona. Empa ho ne ho tla feta nako pele ’Muso oa Molimo o e-tla.

Nako eo o Tla Tla ka Eona

Balateli ba itseng ba Jesu Kreste ba khethiloe ho ba babusi-’moho le eena ’Musong oa leholimo oa Bomessia. Joaloka Jesu, ba shoa ba tšepahala ho Molimo ’me ba tsosetsoa bophelong ba moea leholimong. (1 Petrose 3:18) Kaha palo ea bona e nyenyane ha e bapisoa, e tla ba marena le baprista ba 144 000 ba rekiloeng har’a batho. (Tšenolo 14:1-4; 20:6) Babusi-’moho le Jesu ba kopanyelletsa baapostola ba tšepahalang.—Luka 12:32.

Ha a ne a bua le balateli ba hae ka nako e ’ngoe, Jesu o ile a tšepisa: “Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utloa ho shoa, ba e-so ho bone Mor’a motho a e-tla ’musong oa hae.” (Mattheu 16:28) Ka ho thahasellisang, temana e latelang e bontša hore tšepiso ea Jesu e ile ea phethahala matsatsi a ’maloa feela hamorao. Joale o ile a boela a nkela barutuoa ba hae ba bararo thabeng e leng moo a ileng a fetoha ka ponahalo e khanyang pel’a bona, ’me ka hona ba ile ba ba le pono ea hae a le khanyeng ea ’Muso. (Mattheu 17:1-9) Empa ’Muso o ne o sa hlongoa ka nako eo. Hoo ho ne ho tla etsahala neng?

E ’ngoe ea lipapiso tsa Jesu e bontša hore o ne a ke ke a beoa hang-hang ho ba Morena oa Messia. Ho Luka 19:11-15, (BPN) rea bala: “A bolela setšoantšo, hobane a na a atametse Jerusalema, ’me ba ne ba hopola hore ’Muso oa Molimo o se o tla hlaha kapele-pele. Eaba o re: ‘Monna e mong oa lelōko la borena o ne a ee lefatšeng le hōle ho ea neoa borena, a nt’o khutla. Hoba a bitse ba leshome ba bahlanka, a nea e mong le e mong oa bona mina, a nt’o re ho bona: “Hoèbang ka tsona, ho fihlela ke khutla.” . . . Eitse ha a khutla, e se e le khosi, a laela hore bahlanka bane bao a ba neileng chelete ba bitsetsoe ho eena, hore a tle a tsebe hore na ba fumane phaello e kae ka ho hoèba.”

Mehleng eo ho ne ho nka motho nako e telele hore a tlohe Iseraele ho ea Roma, a lete motseng oo ho fihlela a fumane matla a borena, ebe o khutlela ha habo e le morena. Jesu e ne e le “monna e mong oa lelōko la borena.” O ne a tla amohela matla joaloka Morena ho Ntate oa hae leholimong empa o ne a ke ke a beoa ho ba Morena oa Messia hang-hang. Balateli ba hae ba ne ba tla hoeba ka ho ntšetsa pele mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ka nakoana pele a khutla e le Morena.

Kamoo ’Muso o Tlang ka Teng

Batho ba ratang Molimo ba kōpa eng ha ba rapella hore ’Muso oa oona o tle? Ha e le hantle ba kōpa hore ’Muso oa leholimo o nke khato ea makhaola-khang ka ho felisa litsamaiso tsa puso tsa batho tse ’nileng tsa hlōleha ho tlisa khotso ea ’nete le katleho. Moprofeta Daniele a bua ka ketsahalo ena, o ile a ngola: “Mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.” (Daniele 2:44) See se ne se tla etsahala neng?

Jesu o ile a bolela esale pele hore sena se ne se tla etsahala nakong ea moloko oa batho ba neng ba tla bona pherekano e sa tloaelehang litabeng tsa lefatše. Mabapi le “ponahalo” ea hae, Jesu o ile a fana ka “pontšo” e entsoeng ka lipontšo tse ngata e amang liketsahalo tse kang ntoa, litšisinyeho tsa lefatše, tlala, mafu, tseo ho neng ho se tse kileng tsa tšoana le tsona—e, le boboleli ba lefatše ka bophara ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.—Mattheu, likhaolo 24, 25; Mareka, khaolo 13; Luka, khaolo 21.

Boprofeta ba Jesu bo akaretsa liketsahalo tse etsahalang hona joale—lekholong la rōna la bo20 la lilemo. Kahoo, ho ke ke ha feta nako e telele pele ’Muso oa Molimo o tlisetsa batho mahlohonolo a maholo. U ka ba har’a ba tla thabela melemo ea puso ea ’Muso. Empa ha e le hantle ’Muso oa Molimo o ka bolela eng ho uena le ho baratuoa ba hao?

Mahlohonolo a Puso ea ’Muso

Ho tla rena khotso lefatšeng ka bophara. Tlas’a “leholimo le lecha”—’Muso oa leholimo—ho tla ba le “lefatše le lecha,” e leng mokhatlo oa lefatše ka bophara oa bafo ba utloang ba ’Muso. Moapostola Johanne o ngotse: “Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona. . . . O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.” E tla ba thabo feela ka nako eo hobane, “ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko.”—Tšenolo 21:1-4.

Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng. Sesosa sena se tšabehang sa ho hlomoha se ke ke sa hlola se re amoha metsoalle le baratuoa. “Sera se tlang ho felisoa morao-rao ke lefu.” (1 Ba-Korinthe 15:26) E tla ba thabo e kaakang ha litšebeletso tsa lepato li nkeloa sebaka ke tsoho ea ba leng khopolong ea Molimo!—Johanne 5:28, 29.

Bophelo bo sehlahlo bo tla nkela ho kula le boloetse sebaka. Malao a sepetlele a ke ke a hlola a tlala batho ba khathatsoang ke mafu a ’mele kapa a kelello. Ngaka e Khōlō, Jesu Kreste, e tla sebelisa molemo oa sehlabelo sa eona sa thekollo “ho folisa ba-lichaba.” (Tšenolo 22:1, 2; Mattheu 20:28; 1 Johanne 2:1, 2) Lipholiso tseo a ileng a li etsa ha a sa le lefatšeng e ne e mpa e le mohlala oa seo a tla se etsa ka ’Muso.—Bapisa le Esaia 33:24; Mattheu 14:14.

Lijo li tla ba ngata. Joalokaha mopesaleme a boletse: “Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba.” (Pesaleme ea 72:16) Ho sena, boprofeta ba Esaia boa eketsa: “Thabeng ena, Jehova oa makhotla o tla etsetsa lichaba kaofela mokete oa lijo tse hlabosang, mokete oa liveine tse monate tse nkiloeng holim’a litšifa, mokete oa lijo tse hlabosang, tsa moko, oa liveine tse nkiloeng holim’a litšifa, tse hloekileng.” (Esaia 25:6) Ruri, tlala e ke ke ea hlokofatsa baahi ba lefatše tlas’a puso ea ’Muso.

Lefatše lohle le tla fetoha paradeise. Ka hona ho tla phethahatsoa tšepiso ea Jesu ho sesenyi se bakileng: “U tla ba le ’na Paradeiseng.” (Luka 23:43, NW) Le uena u ka thabela bophelo ka ho sa feleng lefatšeng lena, lefatšeng le tlositsoeng bokhopo le le fetotsoeng qitikoe e thabisang, e kang serapa sa lifate.—Johanne 17:3.

Litebello tsena tse hlollang li behiloe ka pel’a batho bohle ba utloang. Lentsoe le bululetsoeng la Jehova, Bibele, le fana ka litšepiso tsena tse thabisang. ’Me sena sohle ke seo ’Muso oa Molimo o ka se bolelang ho uena.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Na u lumela seo Jesu a ileng a se bolela ka ’Muso oa Molimo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela