Pauluse Khahlanong le Plato Tabeng ea Tsoho ea Bafu
MOAPOSTOLA Pauluse o ile a ngola ka tsoho ho 1 Ba-Korinthe 15:35-58 le ho 2 Ba-Korinthe 5:1-10. Ka ho etsa joalo, na o ne a latela likhopolo tsa Plato le bo-rafilosofi ba Bagerike tsa sephefumolohi se sa shoeng, kapa o ne a le tumellanong le thuto ea Jesu le Mangolo a mang?
Bukana Immortality of the Soul or Resurrection of the Individual: St. Paul’s View with Special Reference to Plato, e ngotsoeng ka 1974 le ho saenoa ke moarekabishopo oa Kereke ea Greek Orthodox ea Amerika Leboea le Boroa, e fana ka karabelo e hlakileng. Ka mor’a ho bua ka mokhoa oo tsoho ea bafu e tla etsahala ka ’ona mangolong a boletsoeng ka holimo le ka litšusumetso tsa Bagerike tsa nako eo, mongoli o etsa qeto ena:
“Plato o ruta hore sephefumolohi se tsoela pele se le teng ka ho sa feleng, ka ntle ho ’mele. Ho Plato sephefumolohi ke se sa shoeng ka ho sa feleng . . . Mohalaleli Pauluse ha a rute pono e joalo leha e le hona ho bolela se ka ’nang sa lebisa moo . . .
“Moapostola Pauluse ha aa ameha ka ho se shoe ha psyche kapa moea e le ntho e arohileng le e ikhethang empa o amehile ka tsoho ea ’mele oa motho o kopaneng oa sephefumolohi le moea e le phello ea ho tsoha ha Kreste. Ha ho moo khopolo ea Pauluse ea mokhoa oo batho ba tla tsosoa ka ’ona e amanang le ho kenya litopo bophelo mabitleng.
“Khopolo ea hae ka ’mele o tsositsoeng e ka hlalosoa hamolemo e le ho fetoha, ho bōptjoa bocha, le ho etsoa hape, ka matla a Molimo, ka kopano ea motho ea felletseng, ea motho eena eo, ea botho bo tšoanang, boleng bo nang le kelello le ’mele, ea motho ea nang le litšoaneleho tsa kelello le tsa nama. Tsoho ea rōna e tlang e tla etsahala e se ntho eo e leng ea rōna, empa e le mpho ea bohlokoa ea Molimo.”
E, ho se shoe ha se ntho eo motho leha e le mang a nang le eona ka ho sa feleng. Ho e-na le hoo, ke mpho ea bohlokoa le e phahameng e tsoang ho Jehova ka Morena oa rōna Jesu Kreste ho ba etsang phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng.—1 Ba-Korinthe 15:20, 57; Ba-Filippi 3:14.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Rafilosofi oa Mogerike Plato
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Vatican Museum photograph