Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 9/15 maq. 3-7
  • Ke Hobane’ng ha Batho ba Lokileng ba Utloa Bohloko?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Batho ba Lokileng ba Utloa Bohloko?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Utloa Bohloko ha Jobo
  • Hase Molimo ea Molato
  • Ba Lokileng le ba Babe ba Utloa Bohloko
  • Lebaka Leo Batho ba Tšabang Molimo ba Utloang Bohloko ka Lona
  • Haufinyane—Ha ho sa Tla ba le Bohloko!
  • Jobo—Monna ea Ileng a Mamella a ba a Tšepahala
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Seo Bibele e se Buang ka Mahlomola
    Tsoha!—2015
  • Botšepehi ba Jobo—Ke Hobane’ng ha Bo Tsoteha Hakaale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Jobo o Ile a Mamella—Le Rōna Re ka Mamella!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 9/15 maq. 3-7

Ke Hobane’ng ha Batho ba Lokileng ba Utloa Bohloko?

SELEMO e ne e le sa 1914, ’me lefatše le ne le kenelletse ntoeng. Hang-hang, lefu la typhus le ile la hlasela kampo ea batšoaruoa ba ntoa e Serbia. Empa seo e ne e le qalo feela. Boloetse bona bo tšajoang bo ile ba fetela ho baahi ’me ba bolaea ba 150 000 ka likhoeli tse tšeletseng feela. Maemong a nako ea ntoa le phetohelo e ileng ea etsahala Russia, ba limillione tse tharo ba ile ba bolaoa ke typhus. Ka nepo u ka fihlela qeto ea hore batho ba bangata ba lokileng le litho tsa malapa a bona tse utloisitsoeng bohloko ke ho shoeloa, ba ne ba le har’a ba hlasetsoeng ke boloetse.

Ona e mpa e le mohlala o le mong oa tlokotsi ea batho. Le uena e ka ’na eaba u kile oa utloa bohloko bo bakoang ke ha bao u ba ratang ba hlaseloa ke boloetse, likotsi, le litlokotsi tsa mefuta e sa tšoaneng. Mohlomong ua khathatseha ha motho ea lokileng a hoehla ke bohloko ba boloetse bo sa foleng. Mohlomong u hlomoha haholo ha motho ea lokileng—mohlomong monna oa lelapa ea khothetseng—a e-shoa kotsing. Mahlomola a batho ba shoetsoeng a ka ’na a etsa hore pelo ea hao e ba utloele bohloko.

Ba bangata ba ikutloa hore motho ea etsang se lokileng o lokela ho putsoa ka ho se utloe bohloko. Ba bang ba nahana hore ho utloa bohloko ke bopaki ba hore motho ke mofosi. Ena e ne e le khang ea banna ba bararo ba neng ba phela lilemo tse 3 600 tse fetileng. E ne e le ba mehleng ea monna ea lokileng ea bitsoang Jobo. A re khutleleng mehleng ea bona joalokaha re qala ho batla karabo ea potso ena, Ke hobane’ng ha batho ba lokileng ba utloa bohloko?

Ho Utloa Bohloko ha Jobo

Ha ba ipolelang hore ke metsoalle ea Jobo ba mo etela, o ne a hoehla ke bohloko bo ke keng ba hlalosoa le boloetse. O ne a utloisitsoe bohloko ke ho shoeloa ke bana ba hae ba leshome ’me a lahlehetsoe ke lintho tsa hae tse bonahalang tsohle. Batho ba neng ba nka Jobo e le oa bohlokoa ba ne ba se ba mo nyonya. Esita le mosali oa hae o ile a khaotsa ho mo tšehetsa ’me a phehella hore a rohake Molimo ’me a shoe.—Jobo 1:1—2:13; 19:13-19.

Baeti ba Jobo ba ile ba mo shebella ba khutsitse ha a ntse a utloa bohloko ka matsatsi a supileng le masiu a supileng. Eaba e mong oa bona o mo qosa ka boitšoaro bo sa lokang boo mohlomong a neng a otloa ka baka la bona. Elifaze o ile a re: “Ak’u elelloe: motho ke ofe ea timetseng, ha a se na molato? Ho lahlehile kae batho ba lokileng? Hoo ke ho boneng ke hoba ba lemileng bokhopo, ba jetseng bolotsana, bona ba kotula jona; ba felisoa ke pululo ea Molimo, ba timetsoa ke phefumoloho ea khalefo ea oona.”—Jobo 4:7-9.

Kahoo, Elifaze o ne a pheha khang hore Molimo o otla Jobo ka baka la libe tsa hae. Hape kajeno batho ba bang ba pheha khang hore litlokotsi ke liketso tsa Molimo tse etselitsoeng ho otla bafosi. Empa Jehova o ne a sa otle Jobo ka baka la ho etsa liketso tse sa lokang. Re tseba sena hobane hamorao Molimo o ile a bolella Elifaze: “Bohale ba ka bo tuketse uena le metsoalle ea hao e ’meli, hobane ha lea ka la bolela tsa ka hantle, joale ka ha ho entse Jobo, mohlanka oa ka.”—Jobo 42:7.

Hase Molimo ea Molato

Kajeno, batho ba limillione—ka sebele ho akarelletsa le ba bangata ba lokileng—ba bofutsaneng ’me ba lintšing tsa ho bolaoa ke tlala. Batho ba bang baa halefa ’me ba beha Molimo molato ka baka la ho utloa bohloko. Empa ha se eena ea lokelang ho behoa molato ka baka la tlala. Ha e le hantle, ke Eena ea fanang ka lijo bakeng sa batho.—Pesaleme ea 65:9.

Boithati, meharo, le mabaka a mang a batho li ka thibela ho romeloa ha lijo ho ba lapang. Ntoa ke e ’ngoe ea lintho tse bakang tlala. Ka mohlala, The World Book Encyclopedia e re: “Phello ea ntoa e ka ’na ea e-ba tlala haeba balemi ba bangata ba tlohela masimo a bona ’me ba kenela mabotho a ntoa. Mabakeng a mang, lebotho le baka tlala ka boomo ho etsa hore sera se bolaoe ke tlala e le hore se inehele. Lebotho le senya lijo tse behiloeng le lijalo tse hōlang ’me le beha lithibelo ho sitisa phepelo ea lijo tsa sera. Lithibelo li ile tsa sitisa thomello ea lijo ho finyella sebaka sa Biafra nakong ea Ntoa ea Lehae ea Nigeria (1967-70). Tlala e ile ea ba teng, ’me batho ba Biafra ba ka holimo ho millione mohlomong ba ile ba bolaoa ke tlala.”

Haholo-holo ka Ntoa ea II ea Lefatše, ba bang ba ile ba beha Molimo molato ka phoso ha batho ba bangata ba lokileng ba utloa bohloko ’me ba shoa. Leha ho le joalo, batho ba tlōla melao ea Molimo ka ho hloeana le ho loantšana. Ha Jesu Kreste a ne a botsoa hore na ke molao ofe oo e leng “oa pele ho melao eohle,” o ile a araba: “Molao oa pele ho melao eohle ke o reng: Utloa, Iseraele; Morena, Molimo oa rōna, ke Morena a ’notši, ’me u rate Morena, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle, le ka khopolo ea hao eohle, le ka matla a hao ’ohle; ke oona molao oa pele. ’Me oa bobeli o tšoanang le oona ke o reng: Rata oa heno joale ka ha u ithata. Ha ho molao o moholo ho eona eo.”—Mareka 12:28-31.

Ha batho ba tlōla melao ea Molimo ka ho kopanela polaong e khōlō, na motho a ka ’meha molato ka nepo haeba phello e e-ba ho utloa bohloko? Haeba motsoali a bolella bana ba hae hore ba se loantšane ’me ba sa mamele keletso ea hae e molemo, na oa ikarabella ha ba utloa bohloko? Motsoali ha a ikarabelle joalokaha Molimo a sa ikarabelle bakeng sa ho utloa bohloko ha batho ha ba tlōla melao ea bomolimo.

Le hoja phello e ka ba ho utloa bohloko ha melao ea Jehova e sa tsotelloe, Bibele ha e bontše hore litlokotsi ka ho tloaelehileng ke liketso tsa Molimo tse etselitsoeng ho otla ba khopo. Ha batho ba pele ba babeli ba etsa sebe, ba ile ba lahleheloa ke tlhohonolofatso ea hae e khethehileng le tšireletso. Ntle ho maemo ao Molimo a ileng a kenella ho ’ona ho phethahatsa merero ea Jehova, se etsahetseng ho batho letsatsi le letsatsi se ’nile sa laoloa ke molao-motheo oa Lengolo lena: “Hase ba mathang ka sekhahla ba sieang peisong, kapa hona hore ntoa ke ea liqhenqha, kapa hona hore lijo ke tsa ba bohlale, leha e le hona hore leruo ke la ba nang le kutloisiso, le ho ratoa hase ha ba nang le tsebo; hobane nako le ketsahalo e sa lebelloang li ba oela bohle.”—Moeklesia 9:11, NW.

Ba Lokileng le ba Babe ba Utloa Bohloko

Ha e le hantle, batho ba lokileng le ba babe ba utloa bohloko hobane ba futsitse sebe le ho se phethahale. (Ba-Roma 5:12) Ka mohlala, batho ba lokileng le ba khopo ka ho tšoanang ba tšoaroa ke maloetse a bohloko. Mokreste ea tšepahalang Timothea o ne a utloisoa bohloko ke ‘lipabo tse ngata.’ (1 Timothea 5:23) Ha moapostola Pauluse a bua ka “phatsa e hlabang ka nameng,” mohlomong o ne a bua ka pabo e ’ngoe ea ’mele. (2 Ba-Korinthe 12:7-9) Esita le ho bahlanka ba hae ba tšepahalang, Molimo ha a tlose mefokolo eo re e futsitseng kapa ho bulehela maloetse.

Batho ba tšabang Molimo ba ka utloa bohloko hobane ka linako tse ling ba sebelisa kahlolo e fokolang kapa ho hlōleha ho sebelisa keletso ea Mangolo. Ka mohlala: Motho ea sa mameleng Molimo ’me a nyala motho ea sa lumelang a ka ba le mathata a lenyalo ao a ka beng a a qobile. (Deuteronoma 7:3, 4; 1 Ba-Korinthe 7:39) Haeba Mokreste a sa je lijo tse loketseng ’me a sa fumane phomolo e lekaneng, a ka utloa bohloko hobane a sohloka bophelo ba hae bo botle.

Phello e ka ba ho utloa bohloko maikutlong haeba re inehela mefokolong ’me re kenela boitšoaro bo bobe. Bofebe ba Morena Davida le Bathe-Sheba bo ile ba mo tlisetsa bohloko bo boholo. (Pesaleme ea 51) O ile a utloa bohloko ke khatello e khōlō ha a leka ho pata phoso ea hae. O ile a re: “Enere ha ke khutsitse, masapo a ka a na a felisoa ke ho bobola ha ka ka letsatsi lohle . . . metsi a bophelo ba ka a na a omeletse joale ka hola ke lebatama la selemo.” (Pesaleme ea 32:3, 4) Tsieleho ea molato oa hae e ile ea felisa matla a Davida joalokaha sefate se ka lahleheloa ke mongobo o se phelisang komellong kapa mochesong oa lebatama oa lehlabula. Kamoo ho bonahalang ka teng, o ile a utloa bohloko kelellong le ’meleng. Empa Pesaleme ea 32 e bontša hore bohloko bo joalo bo ka felisoa ka hore motho a ipolele libe le ho tšoareloa ke Molimo.—Liproverbia 28:13.

Hangata batho ba babe ba utloa bohloko ka baka la ho phehella tsela e se nang boitšoaro, eseng joaloka kotlo ea bomolimo. Heroda e Moholo o ne a tšoeroe ke boloetse ka baka la mekhoa e litšila. Rahistori oa Mojode Josephus o ile a re matsatsing a ho qetela a Heroda, “o ile a utloisoa bohloko ke tlhokofatso e khōlō. O ne a e-na le takatso e mpe ea ho ingoaea, o ile a bereha liso ka maleng, ’me litho tsa hae tsa botona li ne li na le seso se kekang ebile li tsoa liboko. O ile a leka ho felisa ho hema ha hae ho boima le ho akheha lilibeng tse futhumetseng tsa Callirrhoe empa ha se ke ha thusa letho. . . . Heroda joale o ne a le mahlomoleng a tšabehang hoo a ileng a leka ho itlhaba, empa motsoala oa hae a mo thibela.”—Josephus: The Essential Writings, e fetoletsoeng le ho hlophisoa ke Paul L. Maier.

Ho khomarela molao oa Molimo ho fana ka tšireletso e itseng khahlanong le lintho tse kang boloetse bo fetisoang ka likamano tsa botona le botšehali. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha batho ba lokileng ba batlang ho amoheloa ke eena ho bonahala ba utloa bohloko bo fetisisang?

Lebaka Leo Batho ba Tšabang Molimo ba Utloang Bohloko ka Lona

Lebaka le ka sehloohong la hore batho ba tšabang Molimo ba utloe bohloko ke hore ba lokile. Sena se bonahala ho se etsahetseng ho mor’a mopatriareka Jakobo, Josefa. Le hoja mosali oa Potifaro a ne a phehella Josefa a sa phetse ho ba le likamano tsa botona le botšehali le eena, o ile a botsa: “Nka etsa joang bobe bo boholo hakalo, ka siteloa Molimo na?” (Genese 39:9) Hona ho ile ha lebisa ho kenngoeng ha hae teronkong ho se nang toka, ’me Josefa o ile a utloisoa bohloko hobane o ne a lokile.

Empa ke hobane’ng ha Molimo a lumella bahlanka ba hae ba tšepahalang ho utloa bohloko? Karabo e tsekong e ileng ea phahamisoa ke lengeloi la lerabele, Satane Diabolose. Tseko ena e ama botšepehi ho Molimo. Re tseba joang? Hobane sena se ile sa bontšoa ketsahalong ea monna ea lokileng Jobo, eo ho buuoeng ka eena pejana.

Sebokeng sa bara ba Molimo ba mangeloi leholimong, Jehova o ile a botsa Satane: “Na ha ua ka ua lemoha Jobo, mohlanka oa ka, na? Hobane ha ho motho ea joale ka eena lefatšeng, ea tsamaeang ka ho loka le ka bokhabane, ea tšabang Molimo, ea sesefang bobe.” Karabelo ea Diabolose e paka hore ho ne ho e-na le tsekisano ka hore na batho ba ka boloka botšepehi ho Jehova tlas’a teko. Satane o ile a tiisa hore Jobo o sebeletsa Molimo ka baka la litlhohonolofatso tsa lintho tse bonahalang eseng hobane a susumetsoa ke lerato. Joale Satane o ile a re: “U mpe u otlolle letsoho la hao joale, u ame tseo [Jobo] a nang le tsona kaofela, ’me u tla bona hore na a ke ke a u rohaka pontšeng.” Jehova o ile a araba: “Bona, tsee a nang le tsona kaofela li letsohong la hao; feela, u se ke ua bea letsoho la hao ho eena.”—Jobo 1:6-12.

Ho sa tsotellehe lintho tsohle tseo Satane a ka li etsang, Jobo o ile a boloka tsela ea hae ea ho loka ’me a paka hore o ne a sebeletsa Jehova a susumetsoa ke lerato. Ha e le hantle, Jobo o ile a bolella baqosi ba hae: “Ha ho utloahale ho bolela hore lōna banna ting le lokile! Ho fihlela ke e-shoa nke ke ka lahla botšepehi ba ka!” (Jobo 27:5, NW) E, baboloki ba joalo ba botšepehi ka mehla ba ne ba ikemiselitse ho utloisoa bohloko ka baka la ho loka. (1 Petrose 4:14-16) Bibele e re bolella ka ba bangata ba bileng le lerato le sa hlōleheng ho Molimo ’me ba ile ba phela bophelo bo lokileng ho mo hlompha le ho shanofatsa polelo ea Satane ea hore a ka faposa batho bohle ho Jehova. Motho e mong le e mong ea utloisoang bohloko hobane a boloka botšepehi ho Molimo a ka thaba hore o paka Diabolose a le leshano ’me o thabisa Jehova pelo.—Liproverbia 27:11.

Molimo ha a iphapanyetsa bohloko boo bahlanka ba hae ba tšepahalang ba bo utloang. Mopesaleme Davida o ile a re: “Jehova o kokotlelisa bohle ba khothometsehang, o emisa ba inamisitsoeng.” (Pesaleme ea 145:14) Ba inehetseng ho Jehova ba ka ’na ba hloka matla a lekaneng a botho ho jara lintho tse utloisang bohloko bophelong le mahloriso ao ba tobanang le oona joaloka batho ba hae. Empa Molimo oa ba matlafatsa le ho ba tšehetsa ’me o ba fa bohlale bo hlokahalang ho mamella liteko tsohle tsa bona. (Pesaleme ea 121:1-3; Jakobo 1:5, 6) Haeba bahlorisi ba ka bolaea ba bang ba bahlanka ba tšepahalang ba Jehova, ba na le tšepo eo ba e filoeng ke Molimo ea tsoho. (Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15) Esita le bohōleng boo, Molimo a ka etsolla liphello tse bohloko ho ba mo ratang. O ile a felisa ho utloa bohloko ha Jobo ’me a hlohonolofatsa monna eo ea lokileng haholo. ’Me re ka kholiseha hore Jehova a ke ke a lahla batho ba hae mehleng ea rōna.—Jobo 42:12-16; Pesaleme ea 94:14.

Haufinyane—Ha ho sa Tla ba le Bohloko!

Ka hona, bohle ba utloa bohloko ka baka la ho se phethahale ho futsitsoeng le bophelo tsamaisong ena ea lintho e khopo. Batho ba tšabang Molimo ba ka lebella ho utloisoa bohloko hobane ba boloka botšepehi ho Jehova. (2 Timothea 3:12) Empa ba ka thaba, hobane haufinyane Molimo o tla felisa meokho, lefu, masoabi, ho bokolla, le bohloko. Tabeng ena, moapostola Johanne o ngotse:

“Eaba ke bona leholimo le lecha le lefatše le lecha; hobane leholimo la pele le lefatše la pele li ne li fetile, le lona leoatle le ne le se le le sieo. Eaba ke bona motse o halalelang, Jerusalema e mocha, o theoha leholimong ho Molimo, o itokisitse joale ka monyaluoa ea itlhophiselitseng monna oa hae. Ka utloa lentsoe le phahameng le e-tsoa teroneng, le re: Bonang tabernakele ea Molimo e har’a batho; o tla aha le bona; e tla ba lichaba tsa oona, ’me Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile. Joale ea lutseng teroneng a re: Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha. A ntoo re ho ’na: Ngola; hobane lipolelo tseo li tiile; ke tsa ’nete.”—Tšenolo 21:1-5.

Ka ho tšoanang, moapostola Petrose o itse: “Re lebeletse, ka pallo ea oona [Jehova Molimo], maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.” (2 Petrose 3:13) Ke tebello e khōlō hakaakang e larileng ka pele! Bophelo lefatšeng la paradeise e ka ba tokelo ea hao e thabisang. (Luka 23:43, NW) Ka hona, u se lumelle bohloko boo u bo utloang kajeno ho u halefisa. Ho e-na le hoo, sheba bokamoso ka tšepo. Beha tšepo ea hao le kholiseho lefatšeng le lecha la Molimo le haufi haholo. Phehella tsela e amohelehang ho Jehova Molimo, ’me u ka phela lefatšeng le se nang bohloko.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Le hoja Jobo a ne a utloa bohloko, o ile a phehella tsela e amohelehang ho Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

U ka phela lefatšeng le se nang bohloko bohle

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

Collier’s Photographic History of the European War

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela