Jehova O Tšoarela Haholo
“Motho ea khopo a tlohele tsela ea hae, le motho ea kotsi a tlohele mehopolo ea hae; a khutlele ho Jehova, . . . hobane o tla tšoarela haholo.”—ESAIA 55:7, NW.
1. Hona joale batho ba tšoareloang ke Jehova ba hlohonolofatsoa ka eng?
JEHOVA o tšoarela bafosi ba bontšitseng pako ’me hona joale o ba nolofalletsa hore ba thabele khotso ea kelello paradeiseng ea moea. Lebaka la sena ke hore ba finyella litlhokahalo tsena: “Batlang Jehova, lōna batho, ha a sa fumanoa. Bitsang ho eena ha a sa le haufi. Motho ea khopo a tlohele tsela ea hae, le motho ea kotsi a tlohele mehopolo ea hae; a khutlele ho Jehova, ea tla mo hauhela, le ho Molimo oa rōna, hobane o tla tšoarela haholo.”—Esaia 55:6, 7, NW.
2. (a) Ho boleloa eng ka ho ‘batla Jehova’ le ho ‘khutlela ho eena,’ joalokaha ho boletsoe ho Esaia 55:6, 7, (NW)? (b) Ke hobane’ng ha Bajode ba leng kholehong Babylona ho ne ho hlokahala hore ba khutlele ho Jehova, ’me ho ile ha etsahala eng ka ba bang ba bona?
2 Hore motho ea khopo a ‘batle Jehova’ le ho bitsa ho eena ka tsela e amohelehang, ho hlokahala hore a tlohele tsela ea hae e fosahetseng le khopolo leha e le efe ea ho ntša ba bang kotsi. Tlhokahalo ea ho ‘khutlela ho Jehova’ e bontša hore mofosi o ne a tlohetse Molimo, eo a kileng a ba le kamano e haufi-ufi le eena. Ho bile joalo ka baahi ba Juda, bao ho se tšepahale ha bona ho Molimo qetellong ho ileng ha etsa hore ba isoe kholehong Babylona. Ho ne ho hlokahala hore Bajode ba ileng kholehong ba khutlele ho Jehova ka ho bakela liketso tse mpe tse entseng hore ba isoe botlamuoeng Babylona le ho etsoa lesupi ha naha ea habo bona ka lilemo tse 70 ho boletsoeng esale pele. Ka 537 B.C.E., naha eo e ile ea boela ea luloa ke masala a tšabang Molimo a Bajode a lokollotsoeng Babylona ka taelo ea ’muso. (Esdrase 1:1-8; Daniele 9:1-4) Liphello tsa ho tsosolosoa hoo li bile ntle hoo naha ea Juda e ileng ea tšoantšoa le Paradeise ea Edene.—Ezekiele 36:33-36.
3. Ke joang masala a Iseraele oa moea a bileng le phihlelo e tšoanang le ea batho ba tšabang Molimo ba neng ba le kholehong ba ileng ba khutlela Juda?
3 Baiseraele ba moea ba bile le phihlelo e tšoanang le ea Bajode bao ba tšabang Molimo ba ileng ba khutlela Juda ha ba tsoa kholehong Babylona. (Ba-Galata 6:16) Masala a Iseraele oa moea a ile a fetola tsela ea ’ona le mehopolo ea ’ona hang-hang ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše. Selemo sa 1919 se ile sa tšoaea ho fela ha ho ba kholehong ha bona ho ileng ha etsa hore a se fumane kamohelo e felletseng ea Molimo har’a Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Ka baka la hore ba ne ba baketse libe tse akarelletsang ho tšaba batho le ho se be mafolo-folo tšebeletsong ea Jehova, o ile a a lokolla ho Babylona e Moholo, a a khutlisetsa sebakeng sa ’ona se loketseng sa moea, ’me a qalella ho a sebelisa ho bolela molaetsa oa ’Muso. Ho tloha ka nako eo paradeise ea moea e ’nile ea tlokoma har’a batho ba Molimo, tlotlisong ea lebitso la hae le halalelang. (Esaia 55:8-13) Setšoantšong sa boholo-holo le sa kajeno, re na le bopaki bo hlakileng ba hore mahlohonolo a tlisoa ke tšoarelo ea bomolimo le hore ka sebele Jehova o tšoarela batho ba bontšitseng pako haholo.
4. Bahlanka ba bang ba Jehova ba na le tšabo efe?
4 Ka hona bahlanka ba Jehova ba hona joale ba ka tšepa ho tšoarela ha hae. Leha ho le joalo, ba bang ba bona ba nyahame ka baka la liphoso tsa nakong e fetileng, ’me maikutlo a ho ba molato a ba sithabelitse. Ha ba inke ba tšoaneleha ho lula paradeiseng ea moea. Ha e le hantle, ba bang ba ikutloa hore ba entse sebe se ke keng sa tšoareloa ’me ba ke ke ba tšoareloa ke Jehova. Na hoo ho ka etsahala?
Libe Tse Ling li ke ke Tsa Tšoareloa
5. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore libe tse ling li ke ke tsa tšoareloa?
5 Libe tse ling li ke ke tsa tšoareloa. Jesu Kreste o itse: “Batho ba ka tšoareloa sebe se seng le se seng le nyefolo e ’ngoe le e ’ngoe; empa nyefolo e nyefotseng Moea, batho ba ke ke ba e tšoareloa.” (Mattheu 12:31) Kahoo, ho nyefola moea o halalelang oa Molimo, kapa matla a sebetsang, ho ke ke ha tšoareloa. Moapostola Pauluse o ne a bua ka sebe se joalo ha a ne a ngola: “Hobane ba seng ba kile ba bonesetsoa, . . . ha ba ka oa, ha ho kamoo ba ka boelang ba nchafatsoa hore ba boele ba bake, hobane ba boela ba ithakhisetsa Mor’a Molimo, ba mo etsa nyeliso.”—Ba-Heberu 6:4-6.
6. Ke eng se rerang haeba sebe se ka tšoareloa kapa che?
6 Ke Molimo feela ea tsebang haeba motho a entse sebe se ke keng sa tšoareloa. Leha ho le joalo, Pauluse o ile a hlakisa taba ena ha a ngola: “Ekare ha re etsa sebe ka boomo, ha re se re filoe tsebo ea ’nete, ha ho sa le sehlabelo se seng sa libe; e se e mpa e le tebello e tšabehang ea kahlolo, le bohale ba mollo o tlang ho ja bahanyetsi.” (Ba-Heberu 10:26, 27) Motho ea etsang lintho ka boomo o li etsa ka morero, kapa “ka manganga ’me hangata e le ho satalatsa molala nthong e fosahetseng.” (Webster’s New Collegiate Dictionary) Motho leha e le mang kapa mang ea tsoelang pele ho etsa sebe ka boomo le ka manganga ka mor’a ho tseba ’nete ha a tšoareloe. Ka hona, taba ha e hlile hase sebe ka bosona empa ke boemo ba pelo, tekanyo ea ho etsa lintho ka boomo, bo etsang qeto haeba sebe e le se ke keng sa tšoareloa kapa che. Ka lehlakoreng le leng, hangata ho ee ho etsahale joang ha Mokreste oa mofosi a ferekantsoe ka ho tebileng ke phoso ea hae? Mohlomong ho ameha ha hae ho hoholo ho bontša hore ha e le hantle, o ne a sa etsa sebe se ke keng sa tšoareloa.
Libe Tsa Bona li ne li ke ke Tsa Tšoareloa
7. Ke hobane’ng ha re ka bolela hore ba bang ba bahanyetsi ba Jesu ba bolumeli ba ile ba etsa sebe se ke keng sa tšoareloa?
7 Baeta-pele ba bang ba bolumeli ba Bajode ba ileng ba hanyetsa Jesu ba ile ba etsa sebe sa ka boomo, ’me ka hona e le se ke keng sa tšoareloa. Le hoja ba ile ba bona moea o halalelang oa Molimo o sebetsa ka Jesu ha a ntse a etsa molemo le ho etsa mehlolo, baruti bao ba ile ba bolela hore matla a hae a tsoa ho Beelzebule, kapa Satane Diabolose. Ba ile ba etsa sebe ba tseba hantle hore e ne e le tšebetso e ke keng ea hanyetsoa ea moea oa Molimo. Ka hona, ba ile ba etsa sebe se ke keng sa tšoareloa, hobane Jesu o ile a re: “Ha a sebile Moea o Halalelang, a ke ke a tšoareloa, leha e le mehleng ena, leha e le ho e tlang ho tla.”—Mattheu 12:22-32.
8. Ke hobane’ng ha sebe sa Judase Iskariota se ke ke sa tšoareloa?
8 Sebe sa Judase Iskariota le sona se ne se ke ke sa tšoareloa. Ho eka ha hae Jesu ho hlahisitsoe ke ho fihla sehlohlolong ha tsela ea ka boomo le e reriloeng ea boikaketsi le ho se tšepahale. Ka mohlala, ha Judase a bona Maria a tlotsa Jesu ka oli e theko e thata, o ile a botsa: “Setlolo seo se ne se sa rekele’ng lidenare tse makholo a mararo, tsa neoa bafumanehi na?” Moapostola Johanne o ile a eketsa: “[Judase] a rialo, e seng kahobane a na a hlokomela bafumanehi, empa e le kahobane e ne e le lesholu; ke eena ea neng a na le mokotlana oa lichelete, ’me o na a inkela se kenngoang.” Hang ka mor’a moo, Judase o ile a eka Jesu bakeng sa likoto tse 30 tsa silevera. (Johanne 12:1-6; Mattheu 26:6-16) Ke ’nete hore, Judase o ile a itšoabela ’me a ipolaea. (Mattheu 27:1-5) Empa ha aa ka a tšoareloa, kaha tsela ea hae ea boithati ea ka boomo, le e leqoophe le ketso ea hae ea bohlaba-phio li ne li bontša ho etsa sebe ho moea o halalelang. Ho loketse hakaakang hore ebe Jesu o ile a bitsa Judase “mor’a timelo”!—Johanne 17:12; Mareka 3:29; 14:21.
Libe Tsa Bona li Ile Tsa Tšoareloa
9. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a tšoarela sebe sa Davida mabapi le Bathe-Sheba?
9 Libe tsa ka boomo li fapane haholo le liphoso tsa batho ba tšoaretsoeng ke Molimo. Nka Morena Davida oa Iseraele e le mohlala. O ile a etsa bofebe le Bathe-Sheba, mosali oa Uria, ’me hamorao a etsa hore Joabe a laole lintho ka tsela ea hore Uria a shoele ntoeng. (2 Samuele 11:1-27) Ke hobane’ng ha Molimo a ile a bontša Davida mohau? Lebaka la sehlooho e ne e le selekane sa ’Muso empa hape ke ka lebaka la mohau oo Davida a neng a e-na le ’ona le pako ea hae e tiileng.—1 Samuele 24:4-7; 2 Samuele 7:12; 12:13.
10. Le hoja Petrose a ile a etsa sebe se tebileng, ke hobane’ng ha Molimo a ile a mo tšoarela?
10 Nahana hape ka moapostola Petrose. O ile a etsa sebe se tebileng ka hore ka makhetlo a latellanang a latole Jesu. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a tšoarela Petrose? Ho fapana le Judase Iskariota, Petrose o ne a tšepahala tšebeletsong ea hae ho Molimo le ho Kreste. Sebe sa moapostola enoa se bakiloe ke bofokoli ba nama, ’me ruri o ile a bontša pako ’me “a lla habohloko.”—Mattheu 26:69-75.
11. U ka hlalosa “ho bontša pako” joang, hona motho o lokela ho etsa joang haeba a bontšitse pako e le kannete?
11 Mehlala e boletsoeng ka holimo e bontša hore esita le motho ea etsang sebe se tebileng a ka tšoareloa ke Jehova Molimo. Empa ke boikutlo bofe bo hlokahalang hore motho a tle a tšoareloe? Pako ea ’nete ke ea bohlokoa hore Mokreste ea fositseng a tle a tšoareloe ke Molimo. Ho bontša pako ho bolela “ho tlohela sebe ka baka la ho itšoabela bakeng sa liphoso tsa nakong e fetileng” kapa “ho soaba kapa ho inyatsa ka baka la se entsoeng kapa se neng se tlameha ho etsoa empa se sa etsoa.” (Webster’s Third New International Dictionary) Motho ea bontšitseng pako e le kannete o lokela ho itšoabela ka baka la thohako leha e le efe, masoabi, kapa mathata ao sebe sa hae se a tlisitseng lebitsong la Jehova le mokhatlong o hlophisitsoeng. Mofosi ea bontšitseng pako o boetse o tlameha ho hlahisa litholoana tse lumellanang le seo, a etse mesebetsi e loketseng pako. (Mattheu 3:8; Liketso 26:20) Ka mohlala, haeba a ne a qhekelletse motho e mong, o tla nka mehato e loketseng ea ho mo buseletsa seo a mo senyelitseng sona. (Luka 19:8) Mokreste ea bontšitseng pako joalo o na le mabaka a utloahalang a Mangolo a ho kholiseha hore Jehova o tla tšoarela haholo. Mabaka aa ke afe?
Mabaka a ho Kholiseha ka Tšoarelo ea Molimo
12. Ke motheong oa eng Pesaleme ea 25:11 e bontšang hore motho ea bontšitseng pako a ka rapella tšoarelo?
12 Mofosi ea bontšitseng pako a ka rapella tšoarelo ka kholiseho motheong oa lebitso la Jehova. Davida o ile a kōpa: “Ka baka la lebitso la hao, Jehova, u ntšoarele bokhopo ba ka, leha bo le boholo.” (Pesaleme ea 25:11) Thapelo e joalo, e tsamaisanang le ho bontša pako bakeng sa thohako leha e le efe eo mofosi a e tlisitseng lebitsong la Molimo, e lokela ho thibela sebe se tebileng nakong e tlang.
13. Thapelo e phetha karolo efe tabeng ea ho tšoareloa ke Molimo?
13 Jehova Molimo o arabela lithapelo tse tsoang botebong ba pelo tsa bahlanka ba hae ba fosang empa ba bontša pako. Ka mohlala, Jehova ha aa ka a iphapanyetsa Davida ka boomo, ea ileng a rapela ho tsoa pelong ka mor’a ho hlokomela botebo ba libe tsa hae mabapi le Bathe-Sheba. Ha e le hantle, mantsoe a Davida ho Pesaleme ea 51 a bontša mantsoe a mangata a motho ea etsang thapeli. O ile a kōpa: “Oho Molimo, nkhauhele ka lereko la hao; ka mehauhelo e meholo ea hao u hlakole litlōlo tsa ka! Ntlhatsoe, u be u ntlhatsoisise bokhopo ba ka, u mphekole sebe sa ka! Sehlabelo se ratoang ke Molimo, ke moea o robehileng. Molimo, ha u khese pelo e robehileng, e hlomohileng.”—Pesaleme ea 51:1, 2, 17.
14. Mangolo a fana ka tiisetso joang hore Molimo o tšoarela ba bontšang tumelo sehlabelong sa Jesu sa thekollo?
14 Molimo o tšoarela ba bontšang tumelo sehlabelong sa Jesu sa thekollo. Pauluse o ile a ngola: “Ke ka eena re nang le tokollo ka thekollo ka mali a hae, e, tšoarelo ea litlōlo tsa rōna.” (Ba-Efese 1:7, NW) E le ka moelelo o tšoanang, moapostola Johanne o ile a ngola: “Bana ba ka, ke le ngolla taba tseo, le tle le se ke la etsa sebe. Ekare ha motho a entse sebe, re na le moemeli pel’a Ntate: ke Jesu Kreste ea lokileng. Ke eena e leng pheko ea libe tsa rōna; e seng ea tsa rōna feela, empa e le le ea tsa lefatše lohle.”—1 Johanne 2:1, 2.
15. Moetsalibe ea bontšitseng pako o tlameha ho etsa joang e le hore a ka tsoela pele ho thabela mohau oa Molimo?
15 Mohau oa Jehova o neha mofosi ea bontšitseng pako motheo oa kholiseho ea hore o tla tšoareloa. Nehemia o itse: “U Molimo o tletseng tšoarelo le mohau le lereko, o liehang ho halefa, o tletseng khauhelo.” (Nehemia 9:17; bapisa le Exoda 34:6, 7.) Ha e le hantle, e le hore moetsalibe a tsoele pele a thabela mohau oa Molimo, o tlameha ho loanela ho boloka molao oa Molimo. Joalokaha mopesaleme a itse, “mehauhelo ea hao a e ke e ntlele, ke tle ke phele! hobane molao oa hao oa nthabisa. Mehauhelo ea hao, Jehova, e meholo; u ke u mphelise ka likahlolo tsa hao.”—Pesaleme ea 119:77, 156.
16. ’Nete ea hore Jehova oa re nahanela ka baka la boemo ba rōna ba boetsalibe e re tšelisa joang?
16 ’Nete ea hore Jehova oa re nahanela ka baka la boemo ba rōna ba boetsalibe e boetse e neha mofosi ea bontšitseng pako matšeliso le lebaka la ho rapela ka kholiseho ea hore Molimo o tla mo tšoarela. (Pesaleme ea 51:5; Ba-Roma 5:12) Mopesaleme Davida o ile a fana ka tiisetso e tšelisang ha a re: “[Jehova Molimo] ha a ka a re etsa kamoo libe tsa rōna li leng kateng, ha a ka a re putsa ka moputso oa makhopo a rōna. Empa joale ka leholimo ha le phahamile holimo ho lefatše, mohau oa hae o moholo joalo ho ba mo tšabang. Joale ka ha Bochabela bo le hole le Bophirimela, o lahlela makhopo a rōna joalo hole le rōna. Joale ka ha ntat’a motho a hauhela bana ba hae, Jehova o hauhela joalo ba mo tšabang. Hobane o tsebisisa ho bōpjoa ha rōna, o elelloa hoba re lerōle feela.” (Pesaleme ea 103:10-14) E, Ntate oa rōna oa leholimo o mohau ’me o lereko le ho feta motsoali oa motho.
17. Tlaleho ea motho ea nakong e fetileng ea tšebeletso e tšepahalang ho Molimo e ama ho tšoareloa ha hae joang?
17 Moetsalibe ea bontšitseng pako a ka rapella tšoarelo ka kholiseho ea hore Jehova a ke ke a lahla tlaleho ea hae ea nako e fetileng ea tšebeletso e tšepahalang. Nehemia o ne a sa kōpe tšoarelo ea sebe sa hae, empa o itse: “Oho, Molimo oa ka, u nkhopole u tle u nketse hantle!” (Nehemia 13:31) Mokreste ea bontšitseng pako a ka fumana matšeliso mantsoeng ana: “Molimo ha o khopo; o ke ke oa lebala mesebetsi ea lōna, le kamoo lerato la lōna le sebelitseng kateng ka baka la lebitso la oona.”—Ba-Heberu 6:10.
Thuso e Tsoang ho Banna ba Hōlileng
18. Ho lokela ho etsoa eng haeba sebe sa Mokreste se mo entse hore a kule moeeng?
18 Ho thoe’ng haeba Mokreste a ikutloa a sa tšoanele ho lula paradeiseng ea moea kapa a sa khone ho rapela ka baka la sebe se mo entseng hore a kule moeeng? Morutuoa Jakobo o ile a ngola: “A bitse baholo ba kereke [“phutheho,” NW], ’me ba mo rapelle, ba ntse ba mo tlotsa ka oli ka lebitso la Morena. ’Me thapelo e entsoeng ka tumelo e tla pholosa mobabi, ’me Morena o tla mo tsosa liphateng; ’me ekare ha a entse libe, o tla tšoareloa tsona.” E, baholo ba phutheho ba ka rapela ka katleho le molumeli-’moho ea bontšitseng pako ba mo rapella ka sepheo sa ho mo khutlisetsa bophelong bo botle ba moea.—Jakobo 5:14-16.
19. Haeba motho a khaotsoe, o tlameha ho etsa eng hore a tšoareloe ’me a khutlisetsoe?
19 Esita le haeba komiti ea boahloli e khaola moetsalibe ea sa bontšeng pako, sena ha se bolele hore o entse sebe se ke keng sa tšoareloa. Leha ho le joalo, e le hore a tšoareloe ’me a khutlisetsoe, ka boikokobetso o tlameha ho utloa melao ea Molimo, a hlahise litholoana tse loketseng pako, ’me a etse kōpo ho baholo bakeng sa ho khutlisetsoa. Ka mor’a hore motho ea entseng bohlola a khaoloe phuthehong ea Korinthe ea boholo-holo, Pauluse o ile a ngola: “Ho lekane ha motho eo a khalemetsoe joalo ke ba bangata. Empa joale, le tšoanetse ho mo rekolohela le ho mo tšelisa, motho eo a tle a se ke a qetoa ke masoabi a tlōlisang. Ke le rapela ke hona, ke re, le ke le ’montše lerato la lōna.”—2 Ba-Korinthe 2:6-8; 1 Ba-Korinthe 5:1-13.
Molimo o Fana ka Matla
20, 21. Ke eng se ka thusang motho ea tšoenyehileng ka baka la ho nahana hore o entse sebe se ke keng sa tšoareloa?
20 Haeba lintho tse kang bophelo bo fokolang ba ’mele kapa khatello li etsa hore motho a tšoenyehe hore o entse sebe se ke keng sa tšoareloa, ho fumana phomolo le boroko bo lekaneng ho ka thusa. Leha ho le joalo, u lokela ho hopola mantsoe a Petrose ka ho khethehileng: “Lahlelang lipelaelo tsohle tsa lōna holim’a oona [Molimo]; hobane oa le hlokomela.” ’Me le ka mohla u se ke ua lumella hore Satane a u nyahamise, hobane Petrose o ile a phaella: “Le tsohe masene, le falimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lōna, o ntse a lika-lika joale ka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang. Hanang ho eena ka ho tiea tumelong, le ntse le tseba hobane lihloreho li le ling le tsena li ntse li hlahela banab’abo lōna ba lefatšeng. Empa Molimo oa mehauhelo eohle, . . . ha le se le utloile bohloko ka litšiuana, o tla le etsa ba phethehileng, o le tiise, o le fe matla, o le thee.”—1 Petrose 5:6-10.
21 Kahoo haeba u bakile empa u ’nile ua tšaba hore u molato oa sebe se ke keng sa tšoareloa, hopola hore litsela tsa Molimo li bohlale, li lokile, ’me li lerato. Ka hona, mo rapele ka tumelo. U ’ne u je lijo tsa moea tseo a fanang ka tsona ka “mohlanka ea khabane, ea bohlale.” (Mattheu 24:45-47) Kopana le balumeli-’moho ’me u kopanele tšebeletsong ea Bokretse ka mehla. Sena se tla matlafatsa tumelo ea hao ’me se u lokolle tšabong leha e le efe ea hore mohlomong Molimo ha a tšoarela sebe sa hao.
22. Re tla boela re nahana ka eng?
22 Baahi ba paradeise ea moea ba ka tšelisoa ke ho tseba hore Jehova o tšoarela haholo. Leha ho le joalo, ha se hore kajeno bophelo ba bona ha bo na liteko. Mohlomong ba tepelletse maikutlo hobane ba shoeletsoe ke moratuoa kapa hobane motsoalle ea ratoang a kula haholo. Joalokaha re tla bona, maemong ana le a mang, Jehova o thusa batho ba hae ’me o ba tataisa ka moea oa hae o halalelang.
Likarabo Tsa Hao ke Life?
◻ Ke bopaki bofe bo teng ba hore Jehova ‘o tšoarela haholo’?
◻ Ha ho tšoarelo bakeng sa sebe sefe?
◻ Motho o tšoareloa libe tlas’a maemo afe?
◻ Ke hobane’ng ha bafosi ba bontšitseng pako ba ka kholiseha ka tšoarelo ea Molimo?
◻ Bafosi ba bontšitseng pako ba ka fumana thuso efe?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Na ua tseba hore ke hobane’ng ha Davida le Petrose ba ile ba tšoareloa empa Judase Iskariota a sa ka a tšoareloa?
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Thuso e fanoang ke baholo ba phutheho e ka etsa ho hoholo ho thusa Mokreste moeeng