Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 11/15 leq. 7
  • Sefapano—Na ke Letšoao la Bokreste?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sefapano—Na ke Letšoao la Bokreste?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Ruri Jesu o Shoeletse Sefapanong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa Sebelise Sefapano Borapeling?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • Lebaka Leo ka Lona Bakreste ba ’Nete ba sa Sebeliseng Sefapano Borapeling
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Seo Lerato la Molimo le se Bolelang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 11/15 leq. 7

Sefapano—Na ke Letšoao la Bokreste?

KA MAKHOLO a lilemo batho ba bangata ba ’nile ba amohela sefapano e le letšoao la Bokreste. Empa na ho hlile ho joalo? Batho ba bangata bao ka tieo ba kileng ba ba le tumelo eo ba maketse haholo ha ba hlokomela hore sefapano ho hang ha se sebelisoe ke Bokreste-’mōtoana feela. Ka ho fapaneng, se ’nile sa sebelisoa ka ho pharaletseng malumeling ao e seng a Bokreste lefatšeng lohle.

Ka mohlala, qalong ea lilemo tsa bo-1500, ha Hernán Cortés le lebotho la hae la “Bakreste” ba ne ba ikemiselitse ho hlasela ’Muso oa Aztec, ba ile ba nka liflaga tse nang le phatl alatso ena: “Ha re lateleng letšoao la Sefapano se Halalelang ka tumelo ea ’nete, hobane ha re na le letšoao lena re tla hlōla.” E tlameha ebe ba ile ba makala ha ba hlokomela hore lira tsa bona tsa bahetene li ne li rapela sefapano se tšoanang le sa bona. Buka Great Religions of the World e re: “Cortés le balateli ba hae ba baleha ka baka la ho tšaba mahlabelo a batho a Maaztec le ho neng ho bonahala e le litšoantšo tsa bosatane tse nyefolang Bokreste: . . . litšoantšo tse rapeloang tsa melimo ea moea le pula eo sebōpeho sa eona e leng sa sefapano.”

Sehloohong se bontšang maikutlo a bahlophisi ba koranta ea La Nación, mongoli José Alberto Furque o bontša hore halofong ea bobeli ea lekholo la bo18 la lilemo, ho ile ha qaleha “khang e chesang le e tsosang maikutlo har’a litsebi tsa tšimoloho ea motho le qetello ea hae le baepolli ba lintho tsa khale tabeng ea tšimoloho le moelelo oa matšoao a nang le sebōpeho sa sefapano” ao ba neng ba a fumana ka bongata Amerika Bohareng le Amerika Boroa. Ho ile ha bonahala eka ba bang ba ne ba chesehela ho sireletsa boemo ba sefapano joaloka letšoao le khethehileng la “Bokreste” hoo ba ileng ba etsa tlhahiso ea khopolo ea hore ka tsela e itseng Maamerika a ile a bolelloa evangeli pele ho leeto la sekepe leo Columbus a ileng a le nka ka morero oa ho beha meeli ea naha! Khopolo ena ea khale e ile ea tlameha ho lahloa joaloka e se nang motheo.

Ha nako e ntse e feta, lintho tse ileng tsa hlokomeloa mabapi le taba ena li ile tsa felisa khang ena eohle. Furque oa hlokomela: “Bukeng e hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Smithson ka 1893, ho ile ha fumanoa hore sefapano se ne se se se rapeloa . . . nako e telele pele batho ba pele ba Europe ba fihla Amerika Leboea, e leng se tiisang khopolo ena . . . ea hore letšoao le joalo le ne le le teng lichabeng tsohle e le karolo ea borapeli bo bontšang boinehelo bo sa thekeseleng ho matla a simolotseng bophelo.”

Bibele e bontša hore ho hang Jesu ha a ka a bolaeloa sefapanong, ho e-na le hoo o ile a bolaeloa thupeng e tloaelehileng, kapa stau·rosʹ. Lentsoe lena la Segerike, le hlahang ho Mattheu 27:40, ha e le hantle le bolela sefate se tloaelehileng se otlolohileng kapa palo, tse tšoanang le tse sebelisoang bakeng sa ho rala metheo ea mehaho. Kahoo, le ka mohla sefapano ha sea ka sa emela Bokreste ba ’nete. Jesu Kreste o ile a tsebahatsa pontšo ea sebele, kapa “letšoao” Bokreste ba ’nete ha a ne a re ho barutuoa ba hae: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.”—Johanne 13:35.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela