Thabo eo ho Sebeletsa Jehova ho Ntliselitseng Eona
JOALOKAHA HO BOLETSE GEORGE BRUMLEY
Ke ne ke sa tsoa qeta ho fana ka lenaneo la sea-le-moea ho liithuti tse ncha tsa mapolesa tsa Moemphera Haile Selassie ha e mong oa tsona a mpolella ka lekunutu hore oa tseba hore ke moromuoa oa Lipaki tsa Jehova. O ile a mpotsa ka cheseho: “Na u ka ithuta Bibele le ’na?”
KAHA ka nako eo mosebetsi oa rōna o ne o thibetsoe Ethiopia, ke ne nka ’na ka lelekoa naheng eo, joakaha Lipaki tse ling li ne li ile tsa lelekoa, haeba ba boholong ba ne ba ka tseba ka ’na. Ke ile ka ipotsa hore na ebe seithuti seo se tiile kapa ebe ke lenģosa la ’muso le rometsoeng ho tla ntšoasa. Joaloka hlooho ea lelapa e nang le bana ba bararo bao e lokelang ho ba hōlisa, khopolo ea ho lahleheloa ke mosebetsi oa ka le ho qobelloa ho tloha naheng eo le ho siea metsoalle eo ke neng ke se ke e rata e ile ea ntšosa.
U ka ’na ua botsa: ‘Empa ho tla joang hore letsoalloa la Amerika le nang le lelapa leo le lokelang ho le phelisa le khethe ho phela Afrika e ka leboea le ka bochabela, hōle le hae le beng ka lona?’ E re ke hlalose.
Ho Hōlela United States
Ka bo-1920, ha ke sa ntse ke le sekolong sa mathomo, ntate oa ka o ile a etsa peeletso ea makasine oa Molula-Qhooa (ka Senyesemane) a ba a batla le sete ea Studies in the Scriptures. Ntate o ne a rata ho bala, ’me o ile a bala libuka tseo ka cheseho. E ne e le motho ea ratang ho bapala haholo, joalokaha ho pakoa ke tsela eo a neng a ka bapala ka baeti bao a ba memmeng ka Lisontaha. O ne a na le buka e ntle e sekoahelo sa letlalo e nang le mantsoe “Bibele e Halalelang” a ngotsoeng ka khauta bokaholimong le bokamoraong ba eona. O ne a qala moqoqo ka ho re, “Koana, ke Sontaha. Na u ka re balla litemana li se kae?”
Ka linako tsohle moeti o ne a lumela, empa ha a bula buka eo, ha ho na leqephe le le leng le neng le na le ho ngotsoeng ho lona! Ha ho pelaelo, motho eo o ne a makala. Joale ntate o ne a ka re ‘ha ho na ntho eo baruti ba e tsebang ka Bibele,’ ’me ebe o nka kopi ebe o bala Genese 2:7. Moo, Bibele ha e hlalosa pōpo ea motho oa pele, e re: “Motho ea e-ba sephefumolohi se phelang.”—Genese 2:7, King James Version.
Ntate o ne a hlalosa hore motho ha a na sephefumolohi empa eena ka boeena ke sona, hore moputso oa sebe ke lefu, le hore motho ha a shoa, o shoele e le kannete, ha a tsebe letho. (Moeklesia 9:5, 10; Ezekiele 18:4; Ba-Roma 6:23) Esita le pele ke tseba ho bala hantle, ke ne ke se ke tseba Genese 2:7 ka hlooho. Ena ke mehopolo ea pele eo ke bang le eona ea thabo ea sebele ea ho tseba linnete tsa Bibele le ho li arolelana le ba bang.
Kaha ka nako eo re ne re amohela Molula-Qhooa lapeng la rōna, lelapa lohle le ile la qala ho thabela phepo ena ea moea. Nkhono ’mè oa ’mè o ne a lula le rōna, ’me e ile ea ba mohoeletsi oa pele oa litaba tse molemo lapeng. Ho ne ho se na phutheho Carbondale, Illinois, moo re neng re lula teng, empa ho ne ho tšoaroa liboka tse sa reroang. ’Mè o ne a re nka rōna bana ba bahlano ho ea ka lehlakoreng le leng la toropo moo bo-mè ba baholo ba neng ba qhoba thuto ea Molula-Qhooa. Hape re ile ra qala ho nka karolo tšebeletsong ea tšimo.
Ho Tloha Mosebetsing oa Sea-le-moea ho ea Teronkong
Ke ile ka nyala ka 1937 ke le lilemo li 17 feela. Ke ile ka leka ho iphelisa ka ho lokisa lia-le-moea esita le ho ruta ba bang sena. Ka mor’a hore ho hlahe bana ba babeli, Peggy le Hank, lenyalo la ka le ile la fela. Tlhalo eo e ne e le molato oa ka; ke ne ke sa phele bophelo ba Bokreste. Taba ea hore ha kea ka ka khona ho hōlisa bana ba ka ba baholo e ’nile ea nkutloisa bohloko bophelong ba ka bohle.
Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea fihla ’me ea fumana ke nahana ka lintho tse ngata. Mabotho a sesole a mpha monyetla oa ho ba molaoli le ho ruta ba khethetsoeng tšebeletso ea bosole sea-le-moea, empa kameho ea ka ka seo Jehova a neng a se nahana ka ntoa e ile ea ntšusumetsa hore ke qale ho rapela ka mehla. Peeletso ea ka ea Molula-Qhooa e ile ea fela, ’me Lucille Haworth o ile a amohela tsebiso ea ho fela ha eona ’me a nketela. Perry Haworth, ntate oa Lucille, le litho tse ngata tsa lelapa labo e ne e le Lipaki ho tloha ka bo-1930. Re ile ra ratana le Lucille, ’me ra nyalana ka December 1943.
Ka 1944, ke ile ka kolobetsoa ’me ka kena tšebeletsong ea nako e tletseng le mosali oa ka ke le pula-maliboho. Kapele ka mor’a moo ka bitsetsoa tšebeletsong ea sesole empa ka hana ho e amohela. Ka baka leo, ke ile ka ahloleloa ho qeta lilemo tse tharo ke le setsing sa toantšo ea botlokotsebe sa ’muso se El Reno, Oklahoma. E ne e le thabo ho utloa bohloko ka baka la Jehova. Hoseng ho hong le ho hong ha ke tsoha ’me ke hlokomela hore na ke hokae hona hobane’ng, ke ne ke ba le khotsofalo e khōlō ’me ke lebohe Jehova. Ka mor’a ntoa rōna ba neng ba e-na le lilemo tse ka holimo ho 25 re ile ra qala ho lokolloa pele nako ea rōna e fela. Ke ile ka lokolloa ka February 1946.
Tšebeletso ea Nako e Tletseng
Ha ke khutlela ho Lucille, o ne a bula maliboho torotsoaneng ea Wagoner, Oklahoma. Re ne re se na koloi, kahoo re ne re tsamaea sebaka sohle ka maoto, re sebetsa toropo eohle. Hamorao re ile ra fallela Wewoka, Oklahoma. Kapelenyana ka fumana mosebetsi setsing sa sea-le-moea se haufi ’me ka qala mosebetsi oa ho ba seboholi. Ho sebetsa lihora tse tšeletseng ka letsatsi le ho sebetsa nako ea bopula-maliboho ho ne ho se bonolo, empa re ile ra thabela tokelo eo re neng re e-na le eona ea ho sebeletsa Jehova. Re ile ra khona ho reka koloi ea khale ka nako e nepahetseng bakeng sa ho ea kopanong Los Angeles ka 1947. Ha re le moo re ile ra qala ho nahana ka ho etsa kōpo ea ho ea Sekolong sa Bibele sa Watchtower sa Gileade bakeng sa thupelo ea boromuoa.
Re ile ra hlokomela hore ona e ne e tla ba mohato o moholo, ’me re ne re sa batle ho etsa qeto ea ho tloha United States ka lepotla-potla. Ke ne ke sa ntse ke utloile bohloko ba ho lahleheloa ke bana ba ka, kahoo re ile ra boela ra leka ho fumana tumello ea ho ba hlokomela. Ka baka la mokhoa oa ka oa bophelo oa nakong e fetileng le tlaleho ea ka ea teronko, ha hoa ka ha thusa. Kahoo re ile ra etsa qeto ea ho leka ho ba baromuoa. Re ile ra memeloa sehlopheng sa bo12 sa Gileade.
Re ile ra tsoa sekolong ka 1949, empa pele re ile ra fuoa kabelo ea ho etela liphutheho Tennessee. Ka mor’a lilemo tse tharo re le mosebetsing oa potoloho United States, re ile ra amohela lengolo ho tsoa ofising ea mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower le botsang hore na re ka rata ho ba tichere ea sekolo Ethiopia ho phaella mosebetsing oa boboleli. E ’ngoe ea litlhoko tsa ’muso e ne e le hore baromuoa e be matichere. Re ile ra lumela, ’me lehlabula la 1952, re ile ra ea Ethiopia.
Ha re fihla Ethiopia, re ne re ruta liklase tsa sekolo sa mathomo lihoreng tsa hoseng ’me re qhoba liklase tsa lithuto tsa Bibele tsa mahala lihoreng tsa motšehare oa mantsiboea. Kapele ka mor’a moo ba bangata ba ile ba qala ho tla lithutong tsa Bibele hoo hangata re neng re ruta Bibele lihora tse tharo kapa tse ’nè letsatsi le leng le le leng. Tse ling tsa liithuti e ne e le mapolesa; tse ling e ne e le matichere kapa baliakone likolong tsa boromuoa le likolong tsa Orthodox ea Ethiopia. Ka linako tse ling ho ne ho ba le ba 20 kapa ho feta klaseng e ’ngoe le e ’ngoe ea thuto ea Bibele! Ba bangata ba liithuti ba ile ba lahla bolumeli ba bohata ’me ba qala ho sebeletsa Jehova. Re ne re thabile hona hoo. Hape, ha ke tsoha hoseng ho hong le ho hong, ke ne ke leboha Jehova.
Ho Bolela Hape re le Batsoali Tlas’a Thibelo
Ka 1954 re ile ra hlokomela hore re tl’o ba batsoali, kahoo re ne re lokela ho etsa qeto ea hore na re tla boela United States kapa re tla lula Ethiopia. Ka ho hlakileng, ho lula ho ne ho itšetlehile ka hore na ke tla fumana mosebetsi oa boipheliso. Ke ile ka fumana mosebetsi oa ho ba moenjeniere oa khaso, ke laola setsi sa sea-le-moea sa Moemphera Haile Selassie. Kahoo re ile ra lula.
Ka September 8, 1954, morali oa rōna Judith o ile a hlaha. Ke ne ke nahana hore ke na le tšireletso ea mosebetsi hobane ke ne ke sebeletsa moemphera, empa ka mor’a lilemo tse peli ke ile ka lahleheloa ke mosebetsi oo. Leha ho le joalo, ka nako e ka tlaase ho khoeli, ke ile ka hiroa ke Lefapha la Sepolesa—ka moputso o holimonyana—bakeng sa ho ruta banna ba bacha ho lokisa lia-le-moea tsa ho fetisa melaetsa le ho e amohela. Lilemong tse tharo tse latelang, bara ba rōna Philip le Leslie ba ile ba hlaha.
Khabareng bolokolohi ba rōna ba ho nka karolo mosebetsing oa ho bolela bo ne bo ntse bo fetoha. Kereke ea Orthodox ea Ethiopia e ne e susumelitse ’muso ho leleka baromuoa bohle ba Lipaki tsa Jehova. Ka baka la ho eletsoa ke Mokhatlo ke ile ka fetola tumello ea ka ea ho lula ho tloha mosebetsing oa boromuoa ho ea ho mosebetsi oa boipheliso. Mosebetsi oa rōna oa boromuoa o ne o thibetsoe, ’me re ne re lokela ho ba masene le ho ba bohlale. Liboka tsohle tsa phutheho li ile tsa tsoela pele, empa re ne re kopana ka lihlopha tse nyenyane.
Mapolesa a ne a phenyekolla mahaeng a itseng a Lipaki tse belaelloang. Leha ho le joalo, ba sa tsebe, molaoli oa sepolesa eo e neng e le morapeli oa Jehova ka linako tsohle o ne a re eletsa ha matšolo a hlophisitsoe. Ka baka leo, ha ho na libuka tse ileng tsa senngoa lilemong tseo. Re ne re tšoara Lithuto tsa rōna tsa Molula-Qhooa ka Lisontaha ka ho ea matlong a ho jela a qetellong ea toropo moo litafole tsa pikiniki li neng li fumaneha bakeng sa ho jela ka ntle.
Ke nakong ena, ha ke ne ke ruta baithuti ba mapolesa sea-le-moea, ha seithuti seo ke se boletseng qalong se nkōpa thuto ea Bibele. Ke ile ka nahana hore se tiile, kahoo re ile ra qala. Ka mor’a lithuto tse peli feela, seithuti sa bobeli se ile sa tla le eena, hamorao ea e-ba sa boraro. Ke ile ka ba eletsa hore hohang ba se bolelle mang kapa mang hore rea ithuta, ’me ha baa ka ba bolella motho.
Ka 1958 Kopano ea Machaba ea Thato ea Bomolimo e ile ea tšoareloa Yankee Stadium le Polo Grounds New York. Khabareng Peggy le Hank, haesita le litho tse ling tsa lelapa la ka le leholo, e ne e le Lipaki tse mafolo-folo. Ke ile ka thaba haholo hore ebe ke ile ka khona ho ba teng! Ha kea ka ka thabela feela ho boela ke kopana le bana ba ka ba baholo le litho tse ling tsa lelapa empa ke ne ke boetse ke hloletsoe ke ho bona letšoele le leholo la batho ba ka holimo ho kotara ea millione le kopane ka letsatsi la ho qetela la kopano eo!
Selemo se latelang mopresidente oa Mokhatlo, Nathan H. Knorr, o ile a re etela Ethiopia. O ne a na le litlhahiso tse molemo tsa ho ntšetsa mosebetsi pele tlas’a thibelo hape o ne a boetse a e-na le thahasello lelapeng la rōna le hore na re ne re ntse re tsoela pele joang moeeng. Ke ile ka mo hlalosetsa hore re ne re ntse re ruta bana ho rapela. Ke ile ka ’motsa hore na a ka rata ho utloa Judith a etsa thapelo. O ile a re e, ’me ka morao a ’molella: “U entse hantle, Judith.” Eaba ka nako ea lijo ke kōpa Moena Knorr ho re etsetsa thapelo, ’me ha a qeta, Judith o ile a re: “U entse hantle, Moena Knorr!”
Ho Hōlisetsa Bana ba Rōna United States
Konteraka ea ka le Lefapha la Sepolesa e ile ea fela ka 1959. Re ne re batla ho lula, empa ’muso o ile oa hana ho nketsetsa likonteraka tse ncha. Kahoo re ne re ka ea kae? Ke ile ka leka ho kena linaheng tse ling moo tlhokahalo ea baena e neng e le khōlō empa ha nka ba ka khona. Re batla re utloile bohloko, re ile ra khutlela United States. Ha re fihla teng, re ile ra thabela ho ba le lelapa la rōna; bana ba ka ba bahlano ba ile ba tloaelana le ho ratana hang-hang. Esale ba atamelana ho tloha hoo.
Re ile ra lula Wichita, Kansas, moo ke ileng ka fumana mosebetsi oa ho ba moenjeniere oa sea-le-moea le seboholi sa ’mino. Lucille o ile a ikamahanya le mesebetsi ea lelapa, ’me bana ba ile ba kena sekolo haufi le hae. Ke ne ke qhoba thuto ea Molula-Qhooa ea lelapa bosiu bo bong le bo bong ba ’Mantaha, ka nako tsohle ke leka ho e etsa hore e be monate hape e thahasellise. Re ne re botsa letsatsi le leng le le leng ho bona hore na ebe mathata a teng sekolong.
Kaha bana kaofela ha bona ba ile ba ingolisa Sekolong sa Tšebeletso ea Puso ea Molimo, thupelo ena e ile ea ba thusa sekolong. Re ile ra ba ruta ho tloha boseeeng tšebeletso ea tšimo. Ba ile ba ithuta ho fana ka libuka tsa Bibele matlong, ’me ba ne ba ea le rōna lithutong tsa mahae tsa Bibele.
Re ile ra boela ra leka ho ruta bana lintho tsa motheo tsa bophelo, re ba hlalosetsa hore ba ke ke ba khona hore ka nako tsohle kaofela ba fumane ntho eo e mong a e fumanang. Ka mohlala, mpho e tšoanang e ne e sa fumanehe bakeng sa bohle ka nako tsohle. Re ne re ba behela mabaka: “Na ha moena oa hao kapa khaitseli ea hao a fumana ntho ea ho bapala, ’me e sa fumanehe bakeng sa hao, na ho loketse hore u belaele?” Ka ho hlakileng, ka linako tse ling bana ba bang ba ne ba amohela ho hong, kahoo ho ne ho se na ea qheloang. Re ne re ba rata kaofela ka nako tsohle, re sa rate e mong ho feta ba bang ba babeli.
Ka linako tse ling bana ba bang ba ne ba lumelloa ho etsa lintho tseo bana ba rōna ba neng ba sa lumelloa ho li etsa. Hangata ke ne ke utloa, “’Nyeo eena oa e etsa, hobane’ng rōna re ke ke ra e etsa?” Ke ne ke leka ho hlalosa, empa ka linako tse ling karabo e ne e lokela hore ebe feela, “Ha u oa lelapa leo; u oa ha Brumley. Re na le melao e fapaneng.”
Ho Sebeletsa Peru
Esale hoba re khutle Ethiopia, ’na le Lucille re ne re ntse re lakatsa ho nka karolo mosebetsing oa boromuoa hape. Qetellong, ka 1972, monyetla o ile oa hlaha oa ho ea Peru, Amerika Boroa. Re ne re ke ke ra khetha sebaka se molemo ho feta seo bakeng sa ho hōlisa bana ba rōna lilemong tsa bona tsa bocha. Botsoalle boo ba ileng ba bo thabela le baromuoa, bo-pula-maliboho ba khethehileng, le ba bang ba neng ba tlile Peru ho tla sebeletsa bo ile ba ba thusa ho iponela kamoo ba batlang lithahasello tsa ’Muso pele ba thabileng ka teng. Philip o ile a bitsa setsoalle sa hae khatello e molemo ea lithaka.
Ka mor’a nakoana metsoalle e meng ea khale ea Kansas e ile ea tseba ka katleho eo re neng re e-ba le eona boboleling ba ’Muso, ’me ba ile ba tla sebeletsa le rōna Peru. Ke ile ka hlophisa lelapa la rōna joaloka lehae la baromuoa. E mong le e mong oa rōna o ne a e-na le mesebetsi eo a e abetsoeng e le hore bohle ba ka ba le nako ea ho thabela tšebeletso ea tšimo. Re ne re tšohla temana ea Bibele tafoleng hoseng ho hong le hong. E ne e le nako e thabisang bakeng sa rōna bohle. Hape, ha ke tsoha hoseng ho hong le ho hong ’me ke hlokomela hore na ke hokae hona hobane’ng, ke ne ke leboha Jehova ka ho tebileng ka pelong.
Ka mor’a nako Judith o ile a nyaloa, ’me a khutlela United States, moo a ileng a tsoela pele tšebeletsong ea nako e tletseng. Ka mor’a lilemo tse tharo tsa tšebeletso ea bopula-maliboho bo khethehileng, Philip o ile a etsa kōpo ’me o ile a amoheloa bakeng sa tšebeletso ea Bethele e Brooklyn, New York. Qetellong, Leslie le eena o ile a khutlela United States. Ba ile ba tsamaea ka maikutlo a ferekaneng ’me khafetsa ba ne ba re bolella hore ho ba isa Peru ke ntho e molemo ka ho fetisisa eo re kileng ra ba etsetsa eona.
Ha moruo oa Peru o e-ba mobe, re ile ra hlokomela hore le rōna re lokela ho tsamaea. Hoba re fihle Wichita ka 1978, re ile ra fumana sehlopha sa Lipaki se buang Sepanishe. Ba ile ba re kōpa hore re lule re ba thuse, ’me re ile ra etsa joalo ka thabo. Ho ile ha theoa phutheho, ’me kapele-pele re ile ra e rata joaloka tseo re neng re ile ra li sebeletsa pele.
Ecuador ea Hoehla
Ho sa tsotellehe lefu la stroke le ileng la ntšiea ke batla ke holofetse, ke ile ka laba-labela haholo hore ’na le Lucille re ka sebeletsa naheng e ’ngoe hape. Ka 1984 molebeli ea tsamaeang o ile a re bolella ka khōlo e Ecuador le tlhokahalo ea baholo ba Bakreste moo. Ke ile ka mo hlokomelisa hore nka etsa ho honyenyane tšebeletsong ea tšimo ka baka la ho holofala ha ka, empa o ile a nkholisa hore esita le moholo ea lilemo li 65, ea batlang a holofetse a ka thusa.
Ka mor’a hore a tsamaee re ne re sa khone ho robala bosiu bohle, re bua ka monyetla oo re ka ’nang ra ba le oona oa ho ea Ecuador. Lucille o ne a na le takatso e matla ea ho tsamaea joaloka ’na. Kahoo re ile ra phatlalatsa khoebo ea rōna e fokolang ea taolo ea likokoana-hloko ’me ra e rekisa ka libeke tse peli. Re ile ra rekisa ntlo ea rōna ka matsatsi a leshome feela. Kahoo, lilemong tsa rōna tsa boqheku, re ile ra boela thabong ea rōna e khōlō ka ho fetisisa, ea tšebeletso ea boromuoa naheng esele.
Re ile ra lula Quito, ’me tšebeletso ea tšimo e ne e le monate, letsatsi le leng le le leng le e-ba le phihlelo kapa ketsahalo e ncha. Empa, ka 1987, ke ile ka fumanoa ke e-na le kankere ea mala; ke ne ke hloka ho sebetsoa kapele. Re ile ra khutlela Wichita bakeng sa ho sebetsoa hoo, ho ileng ha atleha. Re ne re boetse re le Quito lilemo tse peli feela ha kankere e boela e hlaha, ’me re ile ra tlameha ho khutlela United States ka ho felletseng. Re ile ra lula North Carolina, moo re ntseng re le teng le hona joale.
Bophelo bo Ruileng, bo Putsang
Bokamoso ba ka ba ’mele ha boa tsitsa. Ka 1989 ke ile ka tlameha ho etsoa lesoba la maiketsetso maleng a ka. Ho ntse ho le joalo, ke ntse ke khona ho sebeletsa joaloka moholo le ho qhoba lithuto tse seng kae tsa Bibele bakeng sa ba tlang lapeng la ka. Nakong ea lilemo tse fetileng, re ile ra thusa ba makholo e le kannete ka ho jala, ho nosetsa, kapa ho hlaolela peō ea ’nete. Eo ke thabo e sa tapeng, ho sa tsotellehe hore na e phetoa ka makhetlo a makae.
Ho phaella moo, ke bile le thabo e khōlō ea ho bona hore bana ba ka kaofela ba sebeletsa Jehova. Peggy o na le lilemo tse 30 a tšehelitse monna oa hae, Paul Moske, mosebetsing oa ho tsamaea United States. Philip le mosali oa hae, Elizabeth, hammoho le Judith, ba ntse ba tsoela pele tšebeletsong e khethehileng New York. Hank le Leslie le balekane ba bona ke Lipaki tse mafolo-folo, ’me baena ba ka ba bane le likhaitseli tsa ka le malapa a bona, ho akareletsa le beng ka ’na ba 80, bohle ba sebeletsa Jehova. ’Me Lucille e ’nile ea e-ba mohlala o motle oa mosali oa Mokreste lilemong tsa rōna tse batlang li e-ba 50 re nyalane. Lilemong tsa morao tjena o ’nile a etsa mesebetsi e mengata e sa thabiseng a sa belaele bakeng sa ho nthusa ho hlokomela ’mele oa ka o ntseng o ea o fokola.
Ka sebele, bophelo ba ka e bile bo thabisang. E bile bo thabisang ho feta kamoo mantsoe a ka hlalosang ka teng. Ho sebeletsa Jehova ho thabisa hona hoo e leng takatso ea ka ho mo sebeletsa ka ho sa feleng lefatšeng lena. Ka linako tsohle ke hopola Pesaleme ea 59:16, e reng: “Empa ’na, ke tla bina matla a hao, ke bolele lithoko tsa mohau oa hao e sa le ka meso, hobane u qhobosheane ea ka le setšabelo sa ka tsatsing la matsoalo.”
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
George Brumley hammoho le moemphera oa Ethiopia Haile Selassie
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
George Brumley le mosali oa hae, Lucille